Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na U Tla ba Teng?
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | October
    • Na U Tla ba Teng?

      1 Paki e ’ngoe ea khale e kile ea re: “Haeba u e-ba sieo letsatsing la pele la kopano, ka sebele, u tla be u lahlehetsoe haholo!” Ke hobane’ng ha e ne e ikutloa ka tsela eo? Hobane letsatsi la pele le qalisa mokete oa moea o enneng oo re o lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Esa. 25:6) Ho ba teng ho tloha qalong feela ho bontša hore re lumellana le mantsoe a mopesaleme a reng: “Ka thaba ha ba re ho ’na: ‘A re eeng ntlong ea Jehova.’”—Pes. 122:1.

      2 Leha ho le joalo, selemong se fetileng lenane la ba bileng teng ka Labohlano Likopanong Tsa Setereke Tsa “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo,” le ne le le tlaase haholo ha le bapisoa le la ba bileng teng ka Moqebelo le Sontaha. Sena se bolela hore barab’abo rōna ba bangata ha baa ka ba utloa lipuo tsa bohlokoa tse mabapi le lentsoe la boprofeta. Ha baa ka ba ba le botsoalle bo molemo le balumeli-’moho le bona.

      3 U se ke Ua Lumella Mosebetsi oa Boipheliso ho U Sitisa: Lebaka leo ho ka etsahalang hore ebe ba bang ba bile sieo ka Labohlano ke ho tšoenyeha ka hore ba tla felloa ke mosebetsi. Leha ho le joalo, Lipaki tse ngata li hlokometse hore bahiri ba tsona ba ikemisetsa ho sebelisana le tsona tabeng ena haeba li kōpa nako ea ho ba sieo mosebetsing esale pele. Mohiri e mong o ile a khahloa ke boikemisetso ba morali’abo rōna oa pula-maliboho ba ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho le likopanong hoo mohiri eo a ileng a qeta letsatsi lohle kopanong!

      4 U se ke ua nahana hore mohiri oa hao a ke ke a batla ho u lokolla, kapa hona ho etsa qeto ea hore ho se be teng letsatsi le le leng feela kopanong ha ho na taba. Ka kholiseho e feletseng le ka bohlale leka ho bontša mohiri oa hao ka Mangolo hore na ke hobane’ng ha ho ba teng kopanong e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba hao. (Baheb. 10:24, 25) Joale u kholisehe ka ho feletseng hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala, u elelloe hore o tla u fa eng le eng eo u e hlokang nameng haeba u etelletsa litlhoko tsa moea pele bophelong ba hao.—Mat. 6:33; Baheb. 13: 5, 6.

      5 Ntlha e ka sehloohong ke ho ananela “lintho tsa bohlokoa haholo.” (Bafil. 1:10, 11; Pes. 27:4) Sena se re susumelletsa ho lokisetsa esale pele e le hore re ka rua molemo o feletseng litokisetsong tsa bohlokoa tsa Jehova. Etsa litokisetso tse tobileng hona joale, ’me u ikemisetse ho ba teng matsatsi ’ohle a mararo!

  • Lebaka Leo ka Lona re Ratang Barab’abo Rōna Bohle
    Tšebeletso ea ’Muso—2002 | October
    • Lebaka Leo ka Lona re Ratang Barab’abo Rōna Bohle

      Lefatšeng la kajeno le se nang lerato, re ka boloka lerato la rōna le le matla joang ho barab’abo rōna ba moea? (1 Pet. 2:17) Re ka bontša ba bang joang hore ka sebele re kopane hammoho re le bara ba motho lefatšeng lohle? (Mat. 23:8) Re ka ba bontša ka ho sebelisa video ea Our Whole Association of Brothers. E bontša lebaka leo ka lona re ratanang. Bona hore na u ka khona ho araba lipotso tse latelang:

      (1) Re kopanela mesebetsing efe e meraro le barab’abo rōna lefatšeng ka bophara? (2) Barab’abo rōna ba bontša joang hore ba ikemiselitse ho bolela (a) lehoatateng la Alaska, (b) boema-kepeng bo boholo ba Europe le (c) likhoeng tsa Peru? (3) Ke kofuto efe ea ho paka eo ka ho khetheha e atlehang ka ho fetisisa? (4) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nka boboleli e le mosebetsi o tloaelehileng feela tjee? (5) Fana ka mehlala ea kamoo Lipaki Tsa Jehova li tšelisaneng le ho tšehetsana kateng linakong tsa tlokotsi—litšisinyeho tsa lefatše, maholiotsoana, lintoa tsa lehae. (Bona lipolelo tsa Takao leqepheng la 23 Tsoheng! (ea Senyesemane) ea August 22, 1995, le tsa Kotoyo leqepheng la 18 la Tsoha! ea November 8, 1996) (6) Kaofela ha rōna re ka bontša letšoao le khethollang bara bohle babo rōna ba Bakreste ka litsela life tse sebetsang? (Joh. 13:35) (7) Re lokela ho nka liboka tsa rōna tsa phutheho e le tsa bohlokoa hakae? (8) Ho kopanela Holong ea ’Muso ho ama ba neng ba se na eona joang? (9) Barab’abo rōna ba Europe Bochabela le ba Russia ba ile ba tsoella joang moeeng ha ba le tlas’a thibelo? (10) Le hona joale, Lipaki tse ngata li etsa boiteko bofe bo khethehileng hore li be teng likopanong, hona hobane’ng? See se amme pelo ea hao joang? (11) Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho rapela hammoho le ba bang, ho thusa ba bang ha ba hloka le ho bolela ka botšepehi neng le neng le ka hohle kamoo u ka khonang? (12) Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo ho ba le video ee le ho e bontša batho ba bangata kamoo ho ka khonehang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela