Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re ka Pakela Beng ka Rōna Joang?
    Tšebeletso ea ’Muso—2004 | December
    • Re ka Pakela Beng ka Rōna Joang?

      1 Re ne re tla thaba hakaakang haeba re ne re ka kena lefatšeng le lecha re e-na le baratuoa ba rōna, re kopane le bona borapeling ba Jehova! Ha re pakela beng ka rōna, ketsahalo ena e thabisang e ka ba ’nete. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore re be le temoho e le hore re ka ba pakela ka tsela e khathollang. Molebeli e mong oa potoloho o ile a hlokomela sena a re: “Ba atlehang ke ba tsosang thahasello ea beng ka bona ka ho bua hanyane ka hanyane ka lintho tseo ba li thahasellang.” Re ka etsa see joang?

      2 Tsosa Thahasello ea Bona: Nahanisisa ka hloko esale pele ka hore na u ka tsosa thahasello ea beng ka uena joang. (Liprov. 15:28) Ke’ng seo ba amehileng ka sona? Ba na le mathata afe? Mohlomong u ka ba bontša sehlooho se itseng kapa oa bua ka lengolo le ipiletsang le buang ka taba eo ba e thahasellang haholo. Haeba beng ka uena ba sa lule haufi le uena, mohlomong u ka ba ngolla kapa ua ba letsetsa. U sa ba imetse ka boitsebiso, jala peō ea ’nete, ’me u talime ho Jehova hore a hōlise peō eo.—1 Bakor. 3:6.

      3 Jesu o ile a laela monna eo a neng a lelekile bademona ba bangata ho eena a re: “E-ea lapeng ho beng ka uena, ’me u ba tlalehele lintho tsohle tseo Jehova a u etselitseng tsona le mohau oo a o bontšitseng oona.” (Mar. 5:19) Nahana ka phello eo e tlamehang ebe sena se bile le eona ho beng ka eena! Le hoja u ke ke ua ba le phihlelo e ikhethang joalo, ho ka etsahala hore beng ka uena ba thahaselle seo uena kapa bana ba hao le se etsang. Ho bua ka puo eo u faneng ka eona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, kopano eo u bileng ho eona, leeto leo u kileng ua le nka ho ea Bethele, kapa ketsahalo e itseng ea bohlokoa ho ka ’na ha u bulela monyetla oa ho ba bolella ho hong ho eketsehileng ka Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.

      4 E-ba le Temoho: Ha u pakela beng ka uena, qoba ho ba bolella lintho tse ngata ka nako e le ’ngoe. Ha mor’abo rōna e mong a hopola nako ea ha a qala ho ithuta Bibele o ile a re: “Ke ne ke atisa ho emella ’Mè ka lintho tsohle tseo ke neng ke ithutile tsona Bibeleng, ’me hangata sena se ne se lebisa liphehisanong, haholo-holo le Ntate.” Le haeba mong ka uena a bontša thahasello molaetseng oa Bibele, araba ka tsela eo a tla batla ho tseba se eketsehileng. (Liprov. 25:7) Kamehla bontša tlhompho, mosa le mamello feela joalokaha u ne u tla etsa ha u bua le batho bao u sa ba tsebeng tšebeletsong.—Bakol. 4:6.

      5 Ka nako e ’ngoe, beng ka Jesu ba ile ba nahana hore o lahlehetsoe ke kelello. (Mar. 3:21) Leha ho le joalo, hamorao ba bang ea e-ba balumeli. (Lik. 1:14) Haeba boiteko ba hao ba pele ba ho bolella beng ka uena ’nete bo sa atlehe, u se ke ua tela. Maemo a bona le maikutlo a ka fetoha. Tsoela pele ho batla monyetla o mong oa ho ba bolella ntlha e itseng e ka tsosang thahasello ea bona. U ka ’na ua thabela ho ba thusa ho kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Mat. 7:13, 14.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea ’Muso—2004 | December
    • Tsela ea ho Buella Limakasine

      Molula-Qhooa Dec. 15

      “Nakong ena ea selemo batho lefatšeng lohle ba hopola tsoalo ea Jesu ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Na u ne u tseba hore boprofeta ba Bibele bo amahanya tsoalo ea Jesu le khotso ea ka ho sa feleng? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 9:6, 7.] Makasine ena e bontša kamoo khotso eo e ka fumanoang kateng.”

      Molula-Qhooa Jan. 1

      “Malumeli a mangata a ruta hore batho ba lokela ho rata baahelani ba bona. [Bala Matheu 22:39.] Joale u nahana hore ke hobane’ng ha bolumeli bo ameha lintoeng tse ngata le likhohlanong tse teng lefatšeng? [Emela karabo.] Molula-Qhooa ona o tšohla potso ena e reng, Na Bolumeli bo ka Kopanya Moloko oa Batho?”

      Tsoha! Jan. 8

      “U ne u ka araba potso ee joang? [Bala potso e sekoahelong. Ebe u emela karabo.] Matlotlo a lefatše a fokotseha ka lebelo le tšosang. Leha ho le joalo, hlokomela tšepiso ena e khothatsang. [Bala Pesaleme ea 104:5.] Tsoha! ena e hlalosa kamoo haufinyane polanete ea rōna e tla tsosolosoa ka ho feletseng.”

      Nehelano e ’ngoe: “Na u hlokometse kamoo sechaba se lebisang tlhokomelo e eketsehileng kateng tseleng eo batho ba shebahalang ka eona? [Emela karabo.] Makasine ena e tšohla likotsi tse ling tse bakoang ke ho ameha ho tlōla ka botle. E boetse e totobatsa mofuta oa botle boo e leng ba bohlokoa haholo.” Bala 1 Petrose 3:3, 4.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela