-
Sebelisa Bibele HamolemoTšebeletso ea ’Muso—2004 | September
-
-
Sebelisa Bibele Hamolemo
1 Ho sa tsotellehe hore re rera ho tsamaisa lingoliloeng life tšebeletsong, ho molemo ho khetha lengolo le susumetsang motho ea tla re mamela ho nahana ka ho teba. (Baheb. 4:12) Ho khetha lengolo le sebelisitsoeng ka har’a sengoliloeng seo u se tsamaisang ho ka etsa hore ho be bonolo ho se tsamaisa. Libakeng tse ling, bahoeletsi ba bone ho le molemo ho tšoara Bibele ka letsoho ha ba atamela motho kapa ha ba sebetsa ka ntlo le ntlo.
2 Qala ka Lengolo: Bahoeletsi ba bang ba qalisa nehelano ea bona ka ho botsa mong’a ntlo potso e bonolo e fatang maikutlo mabapi le temana e itseng ea Bibele eo ka mor’a moo ba e balang. Sena se etsa hore ka potlako tlhokomelo e lebe Lentsoeng la Molimo. Na tse ling tsa likenyelletso tsee li ka atleha tšimong ea heno?
◼ “Haeba u ne u e-na le matla a ho etsa joalo, na u ne u tla etsa liphetoho tsee?” Bala Tšenolo 21:4.
◼ “Ke hobane’ng ha re phela linakong tse mahlonoko hakaale?” Bala 2 Timothea 3:1-5.
◼ “Na u nahana hore motse oa rōna e ne e tla ba sebaka se molemo haeba e mong le e mong a ne a latela keletso ee?” Bala Matheu 7:12.
◼ “Na u nahana hore bana ba hao ba tla thabela maemo a hlalositsoeng moo?” Bala Pesaleme ea 37:10, 11.
◼ “Na u nahana hore ho na le mohla mantsoe aa a tla phethahala?” Bala Esaia 33:24.
◼ “Na u tseba phetoho ea ’muso e boletsoeng moo?” Bala Daniele 2:44.
◼ “Na u kile ua rata ho botsa Molimo potso ee?” Bala Jobo 21:7.
◼ “Na ho ka khoneha hore re boele re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng?” Bala Johanne 5:28, 29.
◼ “Na bafu ba tseba se etsoang ke ba phelang?” Bala Moeklesia 9:5.
3 Hlalosa, Etsa Mohlala, Bontša Kamoo Taba e Sebetsang Kateng: Ha motho a rata ho qoqa, u se ke ua potlakisa moqoqo. Iphe nako ea ho hlalosa, etsa mehlala u be u bontše hore na lengolo leo u le balang le sebetsa joang e le hore motho a le utloisise. (Neh. 8:8) Ha batho ba utloisisa ’me ba amohela seo Lentsoe la Molimo le se rutang, sena se ka tlisa liphetoho tse hlollang bophelong ba bona.—1 Bathes. 2:13.
4 Tsoela pele ho sebelisa Bibele hamolemo ha u ntse u hlaolela thahasello. U ka sebelisa oona mokhoa ona ha u etsa maeto a ho boela: (1) Khetha lengolo le loketseng. (2) Botsa potso e bonolo e fatang maikutlo mabapi le temana. Ebe ua e bala. (3) Hlalosa, etsa mohlala u be u bontše hore na taba e sebetsa joang. Loanela ho eketsa tsebo ea motho ea Lentsoe la Molimo lekhetlo ka leng leo u mo etelang ka lona. Ho ka etsahala hore kapele u be u khanna thuto ea Bibele!
-
-
Tsela ea ho Buella LimakasineTšebeletso ea ’Muso—2004 | September
-
-
Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Sept. 15
“Lithapelong tsa batho ba limilione ho na le mantsoe ana a tsebahalang. [Bala Matheu 6:10.] U nahana hore bophelo bo ka be bo le joang haeba thato ea Molimo e ne e etsoa ka ho feletseng lefatšeng? [Emela karabelo.] Makasine ena e hlahloba moelelo oa karolo ka ’ngoe ea Thapelo ea Morena, ho akarelletsa le eo re sa tsoa e bala.”
Molula-Qhooa Oct. 1
“Kaofela ha rōna re hlolohetsoe ho bona ha tlōlo ea molao, pefo le ntoa li fela. U nahana hore mantsoe aa a tla ke a phethahale? [Bala Pesaleme ea 37:11. Ebe u emela karabelo.] Makasine ena e tšohla kamoo tšepiso ena e amanang kateng le morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa moloko oa batho le kamoo re ka kopanelang ho oona.”
Tsoha! Oct. 8
“Na hase ntho e bohloko hore ebe selemo le selemo banana ba limilione ba lilemo li ka tlaase ho 20 baa ima? [Emela karabelo.] Makasine ena e tšohla mehato eo ba ka e nkang hore ba talimane le liphephetso tse ngata tsa ho ba bo-’mè ba sa le banyenyane. E boetse e tšohla kamoo batsoali ba ka thusang bana ba bona ho qoba bothata bona.” Bala 2 Timothea 3:15.
Nehelano e ’ngoe: “Batho ba bangata ba amehile ka bothata bo ntseng bo tōta har’a bacha—e leng ba ho itlopa joala. Na u se u kile ua utloa ka bona? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 20:1.] Ho itlopa joala ho pepesetsa bacha likotsi tse ngata. Sehlooho sena se tšoere boitsebiso bo ka ba thusang ho hanela khatello ea ho sebelisa joala hampe.”
-