-
Mamello ea PutsoaTšebeletso ea ’Muso—2004 | August
-
-
Mamello ea Putsoa
1 “Le tla rua meea ea lōna ka ho mamella ha lōna.” (Luka 21:19) Mantsoe ana, ao e leng karolo ea boprofeta ba Jesu bo mabapi le “qetello ea tsamaiso ea lintho,” a bontša ka ho hlaka hore e le hore re boloke botšepehi, re lokela ho ikemisetsa ho tobana le liteko tse ngata. Empa ka matla a Jehova, e mong le e mong oa rōna a ka ‘mamella ho isa bofelong’ ’me a “pholoha.”—Mat. 24:3, 13; Bafil. 4:13.
2 Mahloriso, ho kula, mathata a lichelete le ho ferekana maikutlong ho ka etsa hore bophelo ba letsatsi le letsatsi bo be boima. Leha ho le joalo, le ka mohla re se lebale hore Satane o leka ho senya botšepehi ba rōna ho Jehova. Letsatsi ka leng leo ka lona re lulang re tšepahala ho Ntate oa rōna, re thusa ho araba phephetso ea Monyelisi. Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore ha re tobane le liteko “meokho” ea rōna ha e lebaloe! Ke ea bohlokoa ho Jehova, ’me botšepehi ba rōna bo mo thabisa pelo!—Pes. 56:8; Liprov. 27:11.
3 Ho Hloekisoa ke Liteko: Mahlomola a ka hlahatsa bofokoli ba tumelo kapa sekoli se itseng ho motho, se joaloka boikhohomoso kapa ho hloka mamello. Ho e-na le ho batla ho qoba kapa ho felisa liteko ka mekhoa eo e seng ea mangolo, re lokela ho mamela keletso ea Lentsoe la Molimo ea hore ‘mosebetsi oa mamello e ke e be o feletseng.’ Hobane’ng? Hobane ho mamella liteko ka botšepehi tlas’a matšoenyeho ho re thusa ho “ba ba feletseng le ba phethahetseng ka litsela tsohle.” (Jak. 1:2-4) Mamello e ka re thusa ho hlaolela litšobotsi tsa bohlokoahali, tse joaloka ho ba le kahlolo e molemo, kutloelo-bohloko le mohau.—Bar. 12:15.
4 Tšobotsi e Lekiloeng ea Tumelo: Ha re mamella liteko, re ba le tšobotsi e lekiloeng ea tumelo, e leng ea bohlokoa haholo mahlong a Molimo. (1 Pet. 1:6, 7) Tumelo e joalo e re hlomella hore re lule re tiile tlas’a liteko tsa nakong e tlang. Ho feta moo, re ka elelloa hore Molimo oa re amohela, ’me sena se matlafatsa tšepo ea rōna, se etsa hore e be ea sebele haholoanyane ho rōna.—Bar. 5:3-5.
5 Moputso o fetisisang oa mamello o totobalitsoe ho Jakobo 1:12, e reng: “Ho thaba motho ea ntseng a tsoela pele ho mamella teko, hobane ha e e-ba ea amohelehang o tla amohela moqhaka oa bophelo.” Kahoo, a re luleng re tiile boinehelong ba rōna ho Jehova, re kholisehile hore o tla putsa ka ho enneng “ba tsoelang pele ho mo rata.”
-
-
Karolo ea 2: Ho Lokisetsa ho Khanna ThutoTšebeletso ea ’Muso—2004 | August
-
-
Karolo ea 2: Ho Lokisetsa ho Khanna Thuto
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Ho ruta thuto ea Bibele ka katleho ho akarelletsa ho hongata ho feta ho buisana feela ka boitsebiso le ho bala mangolo a sa qotsoang. Re lokela ho fetisa boitsebiso ka tsela e amang pelo ea seithuti. Sena se hloka hore re lokisetse hantle re nahanne ka seithuti.—Liprov. 15:28.
2 Mokhoa oa ho Lokisetsa: Qala ka ho rapella motho eo le litlhoko tsa hae ho Jehova. Kōpa Jehova hore a u thuse ho finyella pelo ea seithuti. (Bakol. 1:9, 10) E le hore u ka utloisisa sehlooho hantle, nahana ka nakoana ka sehlooho sa khaolo kapa sa thuto, lihloohoana, le ka lithuso leha e le life tse bonahalang. Ipotse: ‘Sepheo sa boitsebiso boo ke sefe?’ Sena se tla u thusa ho lebisa tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho ha u ntse u khanna thuto.
3 Hlahloba serapa se seng le se seng sa boitsebiso boo ka hloko. Fumana likarabo tsa lipotso tse bukeng, u tšoaee feela mantsoe a sehlooho le lipolelo. Hlahloba kamoo mangolo a sa qotsoang a amanang kateng le lintlha tsa sehlooho serapeng, ’me u khethe ao u tla a bala thutong. U ka ’na ua bona ho le molemo ho ngola lintlha tse khutšoanyane ka mahlakoreng a sengoliloeng. Seithuti se lokela ho bona hantle hore seo se ithutang sona se tsoa Lentsoeng la Molimo.—1 Bathes. 2:13.
4 Etsa Hore Thuto e Tšoanele Seithuti: Ka mor’a moo, hlahloba thuto u nahanne ka seithuti. Leka ho nahana esale pele ka lipotso tseo se tla li botsa le ka lintlha tseo ho ka ’nang ha e-ba thata ho li utloisisa kapa ho li amohela. Ipotse: ‘Ke eng seo se lokelang ho se utloisisa kapa ho sebeletsa ho sona e le hore se ka hatela pele moeeng? Nka finyella pelo ea sona joang?’ Ka mor’a moo, lumellanya thuto ea hao le maemo ka tsela e loketseng. Ka linako tse ling, ho ka hlokahala hore u lokisetse papiso, tlhaloso, kapa letoto la lipotso ho thusa seithuti ho utloisisa se boleloang ke ntlha e itseng kapa lengolo. (Neh. 8:8) Empa qoba ho kopanyelletsa boitsebiso bo bongata bo sa amaneng le sehlooho. Tlhahlobo e khutšoanyane qetellong ea thuto e tla se thusa ho hopola lintlha tsa sehlooho.
5 Re thaba hakaakang ho bona ba bacha ba beha litholoana tse lokileng thorisong ea Jehova! (Bafil. 1:11) E le hore u ka ba thusa ho finyella pakane eo, lokisetsa hantle nako e ’ngoe le e ’ngoe ha u il’o khanna thuto.
-