Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Ho Feptjoa ka Mantsoe a Tumelo’
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | January
    • ‘Ho Feptjoa ka Mantsoe a Tumelo’

      1 Ho phehella bophelo ba boinehelo ba bomolimo ho hloka boikitlaetso. (1 Tim. 4:7-10) Re ne re ka khathala kapele ’me ra khoptjoa ha re ne re leka ho latela tsela e joalo ka matla a rōna. (Esa. 40:29-31) Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka fumanang matla ho Jehova ke ka ho ‘feptjoa ka mantsoe a tumelo.’—1 Tim. 4:6.

      2 Lijo Tsa Moea Tse Enneng: Jehova o fana ka lijo tsa moea tse enneng ka Lentsoe la hae le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Na re phetha karolo ea rōna e le hore li ka re ruisa molemo? Na re bala Bibele letsatsi le letsatsi? Na re beheletse nako e tobileng ka thōko bakeng sa thuto ea botho le ho thuisa? (Pes. 1:2, 3) Lijo tsa moea tse joalo tse hahang lia re matlafatsa ’me li re sireletsa litšusumetsong tse fokolisang tsa lefatše la Satane. (1 Joh. 5:19) Haeba re tlatsa likelello tsa rōna ka lintho tse hahang ’me re li sebelisa bophelong ba rōna, Jehova o tla ba le rōna.—Bafil. 4:8, 9.

      3 Jehova o boetse o re matlafatsa ka liboka tsa phutheho. (Baheb. 10:24, 25) Thuto ea moea le botsoalle bo hahang bo fumanoang lipokanong tsena li re matlafalletsa ho ema re tiile ha re talimane le liteko. (1 Pet. 5:9, 10) Mocha e mong oa Mokreste o itse: “Ke qeta letsatsi lohle ke le sekolong, ’me sena sea ntepeletsa. Empa liboka li tšoana le sekhutloana se setalana lehoatateng, moo ke khatholohang e le hore ke khone ho tobana le letsatsi le hlahlamang sekolong.” Re hlohonolofatsoa hakaakang bakeng sa boiteko boo re bo etsang ba ho ba teng libokeng!

      4 Ho Bolela ’Nete: Ho pakela ba bang ho ne ho tšoana le lijo ho Jesu. Ho ne ho mo matlafatsa. (Joh. 4:32-34) Ka ho tšoanang, ha re bua le ba bang ka litšepiso tse hlollang tsa Molimo, re ikutloa re le sehlahlo. Ho phathahana tšebeletsong ho boetse ho boloka lipelo le likelello tsa rōna li tsepame ’Musong le mahlohonolong a tla tloha a e-tla. Ka sebele hoo hoa re khatholla.—Mat. 11:28-30.

      5 Re hlohonolofalitsoe hakaakang hore ebe re rua molemo phepong ea moea e enneng eo Jehova a e lokisetsang batho ba hae kajeno! E se eka re ka tsoela pele ho hoeletsa ka thabo thorisong ea hae.—Esa. 65:13, 14.

  • Karolo ea 5: Ho Lekanyetsa Boitsebiso bo Lokelang ho Akaretsoa
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | January
    • Karolo ea 5: Ho Lekanyetsa Boitsebiso bo Lokelang ho Akaretsoa

      Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele

      1 Ha Jesu a ne a ruta, o ne a nahanela mefokolo ea barutuoa ba hae, a bua le bona “ho ea kamoo ba neng ba ka utloisisa kateng.” (Mar. 4:33, BPN; Joh. 16:12) Ka tsela e tšoanang, ho hlokahala hore mesuoe ea Lentsoe la Molimo kajeno e lekanyetse hore na ke boitsebiso bo bokae bo tla akaretsoa thutong ea Bibele. Hore na ho ka ithutoa boitsebiso bo bokae ho tla itšetleha ka bokhoni le maemo a mosuoe le seithuti.

      2 Haha Tumelo e Matla: Liithuti tse ling li ka ’na tsa hloka hore sehlooho se aroloe likarolo tse peli kapa tse tharo e le hore li ka utloisisa seo liithuti tse ling li se utloisisang habonolo feela thutong e le ’ngoe. Ha re batle ho sitisa seithuti ho fumana kutloisiso e hlakileng hobane feela re habile ho qeta thuto kapele. Ho hlokahala hore seithuti se seng le se seng se be le motheo o tiileng oa tumelo eo se sa tsoa e fumana Lentsoeng la Molimo.—Liprov. 4:7; Bar. 12:2.

      3 Ha u ntse u khanna thuto beke le beke, qeta nako leha e le efe e hlokahalang bakeng sa ho thusa seithuti ho utloisisa le ho amohela seo se ithutang sona Lentsoeng la Molimo. U se ke ua potlaka hoo seithuti se sa rueng molemo ’neteng e rutoang. Etsa hore ho be le nako e lekaneng ea ho lebisa tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho le ho hlahloba mangolo a sehlooho ao lithuto tseo li thehiloeng ho ’ona.—2 Tim. 3:16, 17.

      4 Qoba Ho Tosa Thuto: Le hoja re batla ho qoba ho etsa mabalankoe, hape re lokela ho qoba ho hlahlathela. Haeba seithuti se tloaetse ho bua haholo ka litaba tsa sona, re ka ’na ra lokisetsa ho buisana ka tsona ka mor’a thuto.—Moek. 3:1.

      5 Ka lehlakoreng le leng, ha re chesehela ’nete ho ka ba thata ho qoba ho bua mocha-o-chele nakong ea thuto. (Pes. 145:6, 7) Ka linako tse ling ntlha e ka thōko kapa phihlelo e ka phelisa thuto, empa re ne re ke ke ra rata hore li be ngata kapa li be telele hoo li sitisang seithuti ho fumana tsebo e nepahetseng ea lithuto tsa motheo tsa Bibele.

      6 Ka ho akaretsa boitsebiso bo lekaneng thutong ka ’ngoe, re thusa liithuti tsa Bibele ho ‘tsamaea leseling la Jehova.’—Esa. 2:5.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela