-
Karolo ea 8: Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o HlophisitsoengTšebeletso ea ’Muso—2005 | April
-
-
Karolo ea 8: Ho Lebisa Liithuti Mokhatlong o Hlophisitsoeng
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bua ka ntlha e itseng mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova beke le beke nakong ea thuto ea Bibele?
1 Pakane ea rōna ha re khanna lithuto tsa Bibele hase feela ho ruta thuto ea motheo empa hape ke ho thusa liithuti ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste. (Zak. 8:23) Bukana ea Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? e ka re thusa ho etsa sena. Fana ka eona ho liithuti tse ncha tsa Bibele, ’me u li khothalletse ho e bala. Ho phaella moo, sebelisa metsotso e seng mekae beke le beke nakong ea thuto bakeng sa ho bua ka ntlha e itseng mabapi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
2. U ka khothalletsa liithuti tsa Bibele joang hore li be teng libokeng tsa phutheho?
2 Liboka Tsa Phutheho: Tsela e ka sehloohong eo ka eona liithuti tsa Bibele li ka ananelang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ke ka ho kopanela le rōna libokeng tsa phutheho. (1 Bakor. 14:24, 25) Ka hona, u ka ’na ua qala ka ho li tloaetsa liboka tse hlano tsa beke le beke ka ho hlalosa seboka se le seng ka nako. Bolela sehlooho sa puo e latelang ea phatlalatsa. Li bontše boitsebiso bo tla tšohloa Thutong ea Molula-Qhooa le Thutong ea Buka ea Phutheho. Hlalosa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Ha u e-na le puo sekolong, mohlomong u ka e hlahloba le tsona ha u itlhakisa. Bolela lintlha tse thahasellisang tse fanoeng libokeng. Sebelisa litšoantšo tse ka har’a lingoliloeng tsa rōna ho li thusa ho bona ka mahlo a kelello se etsahalang. Li meme hore li be teng ho tloha thutong ea pele feela.
3. Ke litšobotsi life tsa mokhatlo o hlophisitsoeng tseo re ka ’nang ra li tšohla?
3 Ha Sehopotso, likopano le ketelo ea molebeli oa potoloho li atamela, sebelisa metsotso e seng mekae ho hlalosa litokisetso tsena le ho tsosa tjantjello bakeng sa tsona. Hanyane ka hanyane araba lipotso tse kang tsena: Ke hobane’ng ha re bitsoa Lipaki Tsa Jehova? Ke hobane’ng ha re re libaka tseo re kopanelang ho tsona ke Liholo Tsa ’Muso? Mesebetsi ea baholo le bahlanka ba sebeletsang ke efe? Mosebetsi oa boboleli le tšimo o hlophisoa joang? Lingoliloeng tsa rōna li hlahisoa joang? Mokhatlo o hlophisitsoeng o tšehetsoa joang ka lichelete? Ofisi ea lekala le Sehlopha se Busang li phetha karolo efe ho hlokomeleng mosebetsi?
4, 5. Livideo tsa rōna li ka haha kananelo joang bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng?
4 Livideo Tse Rutang: Tsela e ’ngoe eo ka eona liithuti tsa Bibele li ka bonang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o babatsehang ke ka ho sebelisa livideo tsa rōna. Video ea To the Ends of the Earth e bontša mosebetsi oa rōna oa ho bolela lefatšeng ka bophara; ea Our Whole Association of Brothers e bontša mokhatlo oa rōna oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara; ’me ea United by Divine Teaching e bontša bonngoe boo Lipaki Tsa Jehova li nang le bona. Mosali e mong ea neng a ile a fumana limakasine tsa rōna le lingoliloeng tse ling ka lilemo tse hlano o ile a angoa maikutlo haholo ke video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name. O ne a se a tšepa Lipaki tse neng li mo etela, empa ka mor’a ho shebella video eo, o ile a utloa hore a ka tšepa le mokhatlo o hlophisitsoeng. O ile a qala ho khanneloa thuto e hlophisitsoeng, ’me bekeng e latelang a ba teng libokeng Holong ea ’Muso.
5 Ka ho qeta metsotso e seng mekae le liithuti tsa rōna beke le beke le ka ho sebelisa likofuto tse lokiselitsoeng, hanyane ka hanyane re ka lebisa liithuti tsa rōna tsa Bibele mokhatlong o le mong feela o hlophisitsoeng o sebelisoang ke Jehova kajeno.
-
-
Tsela ea ho Buella LimakasineTšebeletso ea ’Muso—2005 | April
-
-
Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa Apr. 15
“Na ha u lumele hore ho na le boitsebiso bo bongata-ngata bo fumanehang kajeno? [Emela karabo.] Leha ho le joalo, ha ho na ba bohlokoa ho feta bo hlalosoang temaneng ena. [Bala Johanne 17:3.] Makasine ena e hlalosa se boleloang ke mantsoe a reng ‘bophelo bo sa feleng’ le kamoo re ka fumanang tsebo e isang ho bona.”
Molula-Qhooa May 1
“Ha motho eo re mo ratang a e-shoa, ke ntho ea tlhaho ho batla ho mo bona hape. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ba bangata ba tšelisitsoe ke tšepiso ea Bibele ea tsoho. [Bala Johanne 5:28, 29.] Makasine ena e tšohla hore na tsoho e tla etsahala neng le hore na hantle-ntle ke bo-mang ba tla rua molemo ho eona.”
Tsoha! May 8
“Batsoali ba bangata ba khetha seo ba lumellang bana ba bona ho se shebella. Na u fumane ho le thata ho fumanela lelapa la hao lifilimi tse loketseng? [Emela karabo. Ebe u bala Baefese 4:17.] Makasine ena e tšohla kamoo batsoali ba ka thusang bana ba bona kateng ho khetha boithabiso bo hlomphehang.”
Nehelano e ’ngoe: “Le hoja mohlomong Jesu Kreste a tumme ho feta motho leha e le ofe ea kileng a phela, batho ba bangata baa ipotsa hore na ha e le hantle ke mang. Na u ne u tseba hore le baapostola ba Jesu ba ile ba nahanisisa ka see? [Emela karabo. Ebe u bala Mareka 4:41.] Makasine ena e hlahloba seo Bibele e se buang mabapi le hore na hantle-ntle Jesu ke mang.”
-