-
Hlaolela Thahasello ka Tselana ea LimakasineTšebeletso ea ’Muso—2005 | May
-
-
Hlaolela Thahasello ka Tselana ea Limakasine
1. Re ka sebelisa tselana ea limakasine joang ho hlaolela thahasello?
1 Batho ba bangata bao re kopanang le bona tšebeletsong ba rata ha re ba etela ebile ba amohela lingoliloeng tsa rōna ka thabo empa baa tsilatsila hore ba lumele thuto ea kamehla ea Bibele. Tsela e ’ngoe eo re ka hlaolelang thahasello ea bona ke ka tselana ea limakasine. Ha u tsamaisa limakasine, ngola lebitso la motho eo le aterese ea hae, letsatsi la ketelo, litokollo tseo a li amohetseng le lengolo le ileng la tšohloa, u be u ngole le ntho leha e le efe eo u e hlokometseng e ka ’nang ea bontša lintho tseo a li ratang. Ha tokollo e ncha ea makasine e fihla, sheba lintlha tse tla ipiletsa ho batho ba leng tselaneng ea hao ea limakasine, ’me u li buelle ha u ba etela. (1 Bakor. 9:19-23) Ka mor’a nako e itseng, ntho eo ba e balileng likoranteng e ka ’na ea tsosa thahasello ea bona ’me ea etsa hore ba batle ho ithuta ka ho eketsehileng.
2. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore batho ba batle Jehova hona joale, hona re ka boela ra etsa eng ho ba thusa?
2 Leha ho le joalo, rea hlokomela hore batho ba bangata ha ba na ho fetoha bahlanka ba Jehova ka ho ipalla limakasine feela ba le bang. Kaha ho potlakile hore batho ba batle Jehova hona joale, re ka boela ra etsa eng hore re ba thuse? (Sof. 2:2, 3; Tšen. 14:6, 7) Re ka hlaolela thahasello ea bona ka ho ba balla lengolo le khethiloeng ka hloko lekhetlo ka leng ha re ba isetsa limakasine.
3. (a) Re ka lokisetsa lipuisano tse latellanang tseo re sebelisang lengolo le le leng joang? (b) Batho ba amehile ka litaba life haholo tšimong ea heno?
3 Ho Buisana ka Lengolo le le Leng: Nahana ka batho ba tselaneng ea hao ea limakasine ebe u lokisetsa ho buisana le bona ka makhetlo a latellanang u sebelisa lengolo le le leng ho ea ka litlhoko tse khethehileng tsa e mong le e mong. (Bafil. 2:4) Ka mohlala, haeba e mong a sa tsoa shoeloa ke motho eo a mo ratang, u ka ’na ua etsa maeto a ho boela a ’maloa ho ea tšohla seo Bibele e se bolelang ka boemo ba bafu le tšepo ea tsoho. E le ho lokisetsa puisano ena ea ho bala lengolo le le leng, u ka sebelisa boitsebiso bo bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a sehlooho se seholo se reng “Lefu” le se reng “Tsoho.” Ka mor’a moo ho ka ’na ha tšohloa lintlha tse eketsehileng tse amanang le tseo, tse kang hore na ho kula, botsofali le lefu li tla felisoa ka ho feletseng joang. Sepheo sa mantlha ke ho fumana taba e etsang hore motho a be le thahasello ’me u tsoele pele ho mo bontša seo Bibele e se buang ka taba eo.
4. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho fana ka kutloisiso ha re sebelisa Mangolo, hona re ka etsa seo joang?
4 Fana ka Kutloisiso: Le hoja hangata ho le molemo ho etsa hore puisano e joalo e be bonolo ’me e be khutšoanyane, ho hlokahala ho fetang feela ho bala lengolo leo u le khethileng. Satane o foufalitse likelello tsa batho hore ba se ke ba utloisisa litaba tse molemo. (2 Bakor. 4:3, 4) Esita le ba ntseng ba tloaelane le Bibele ba hloka thuso hore ba e utloisise. (Lik. 8:30, 31) Kahoo, e-ba le nako ea ho hlalosa temana le ho etsa mohlala, feela joalokaha u ne u tla etsa ha u na le puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. (Lik. 17:3) Etsa bonnete ba hore motho o bona kamoo Lentsoe la Molimo le hlileng le leng bohlokoa kateng bophelong ba hae.
5. Ketelo ea tselana ea limakasine e ka fetoha thuto ea Bibele joang?
5 Haeba motho a thabela seo a ithutang sona, hanyane ka hanyane atolosa puisano ea hao hore e kopanyelletse litemana tse peli kapa tse tharo tsa Bibele lekhetlo ka leng ha u mo etetse. Batla monyetla oa ho kenyelletsa bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Ka tsela ena, ketelo ea tselana ea limakasine e ka ’na ea qetella e le thuto ea Bibele.
-
-
Tsela ea ho Buella LimakasineTšebeletso ea ’Muso—2005 | May
-
-
Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa May 15
“Na u nahana hore re sa tla ke re bone lefatše le se nang bofutsana? [Emela karabo.] Hlokomela seo Molimo a se tšepisang. [Bala Esaia 65:21.] Molula-Qhooa ona o bua ka tsela eo tšepiso ena e tla phethahala ka eona.” Lokisetsa ho khutla u tl’o tšohla potso e reng: Phetoho ee e tšepisitsoeng e tla etsahala neng?
Molula-Qhooa June 1
“Le hoja e batla e le batho bohle ba buang ka khotso, empa bonngoe ba lefatše bo sa ntse bo le sieo har’a batho. Na u nahana hore ho finyella bonngoe ba lefatše ke toro feela? [Emela karabo.] Makasine ena e bua ka puso e ka khonang ho kopanya lefatše.” Bala Pesaleme ea 72:7, 8, ’me u lokisetse ho khutla u tl’o bua ka tsela eo sena se tla etsahala ka eona.
Tsoha! June 8
“Batho ba bangata baa tseba hore ho ikoetlisa ho molemo hore motho a phele hantle ’meleng, leha ho le joalo ba bangata baa lumela hore ha ba ikoetlise ka ho lekaneng. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Makasine ena e bua ka melemo ea ho ikoetlisa kamehla ebile e bolela litsela tse ling tseo re ka kenyelletsang ho ikoetlisa bophelong ba rōna bo phathahaneng.”
Nehelano e ’ngoe: “Na u hlokometse hore batho ba bangata ba amehile ka ho eketseha ha lefu la kankere ea letlalo? [Emela karabo.] Tsoha! ena e hlahloba lebaka leo kajeno re ka ’nang ra ba kotsing e khōloanyane le seo re ka se etsang hore re itšireletse.” Phethela ka ho bala tšepiso e tšelisang e fumanoang ho Jobo 33:25.
-