Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sheole le Hadese ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
    • Sheole le Hadese ke Eng?

      LIPUONG tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona qalong, e sebelisa lentsoe la Seheberu sheʼohlʹ le la Segerike le tšoanang lona, e leng haiʹdes, ka makhetlo a fetang 70. Mantsoe ao ka bobeli a amana le lefu. Liphetolelo tse ling tsa Bibele li a fetolela e le “lebitla,” “lihele,” kapa “mokoti.” Empa lipuo tse ngata ha li na mantsoe a fetisang moelelo o nepahetseng oa lentsoe lena la Seheberu le la Segerike. Ka hona Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sebelisa mantsoe “Sheole” le “Hadese.” Ha e le hantle mantsoe aa a bolela’ng? A re ke re hlokomele kamoo a sebelisitsoeng kateng litemaneng tse sa tšoaneng tsa Bibele.

      Moeklesia 9:10 e re: “Ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng sebaka seo u eang ho sona.” Na see se bolela hore Sheole ke lebitla le itseng, kapa la motho ea itseng, leo e ka ’nang eaba re patile moratuoa oa rōna ho lona? Che. Ha Bibele e bua ka nģalo ea bafu kapa ka lebitla le itseng, e sebelisa mantsoe a mang a Seheberu le Segerike, eseng sheʼohlʹ le haiʹdes. (Genese 23:7-9; Matheu 28:1) Bibele ha e sebelise lentsoe “Sheole” ha e bua ka lebitla leo ho pateloang batho ba bangata ho lona, joaloka lebitla la lelapa kapa leo ho patoang batho ba bangata ho lona ka nako e le ’ngoe.—Genese 49:30, 31.

      Joale “Sheole” e bolela sebaka sa mofuta ofe? Lentsoe la Molimo le bontša hore “Sheole,” kapa “Hadese,” e bolela ntho e ’ngoe e khōlō ho feta lebitla le leholo leo ho patoang batho ba bangata ho lona ka nako e le ’ngoe. Ka mohlala, Esaia 5:14 e bontša hore Sheole e “[khōlō] ’me e ahlamisitse molomo ho tlōla meeli.” Le hoja Sheole e se e ntse e koentse batho ba se nang palo, ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ho bonahala eka e lula e lapetse ba eketsehileng. (Liproverbia 30:15, 16) Ho fapana le setša leha e le sefe sa mabitla, se ka khonang ho pata lenane le itseng feela la bafu, ‘Sheole ha e khotsofale.’ (Liproverbia 27:20) Sena se bolela hore Sheole ha e tlale. Ha e na meeli. Ka hona Sheole, kapa eona Hadese, hase tulo ea sebele e sebakeng se itseng. Ho e-na le hoo, ke lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho, e leng sebaka sa tšoantšetso seo boholo ba moloko oa batho bo robetseng ho sona lefung.

      Seo Bibele e se rutang ka tsoho se re thusa hore re utloisise haholoanyane se boleloang ke “Sheole” le “Hadese.” Lentsoe la Molimo le amahanya Sheole le Hadese le lefu leo ho lona ho tla ba le tsoho.a (Jobo 14:13; Liketso 2:31; Tšenolo 20:13) Lentsoe la Molimo le boetse le bontša hore batho ba sebelelitseng Jehova le ba bang ba bangata ba sa kang ba mo sebeletsa ba Sheole, kapa Hadese. (Genese 37:35; Pesaleme ea 55:15) Ka lebaka leo, Bibele e ruta hore ho tla ba le “tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ka lehlakoreng le leng, ho hlalosoa hore bafu ba sa tl’o tsosoa ba “Gehena,” ha ba Sheole, kapa Hadese. (Matheu 5:30; 10:28; 23:33) Joaloka Sheole le Hadese, Gehena le eona hase sebaka sa sebele.

  • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
    • Letsatsi la Kahlolo ke Eng?

      U NAHANA hore Letsatsi la Kahlolo le tla ba joang? Batho ba bangata ba nahana hore batho ba libilione ba tla tlisoa ka pel’a terone ea Molimo ka bomong. Moo ba tla ahloloa ka bomong. Ba bang ba tla putsoa ka hore ba e’o phela ka thabo leholimong, ha ba bang bona ba tla ahloleloa ho hlokofatsoa ka ho sa feleng. Empa Bibele e hlalosa boemo bo fapaneng ka nako eo. Lentsoe la Molimo ha le hlalose nako eo e le e tšosang, empa le e hlalosa e le nako ea tšepo le tsosoloso.

      Ho Tšenolo 20:11, 12, re bala kamoo moapostola Johanne a ileng a hlalosa Letsatsi la Kahlolo kateng: “Ka bona terone e khōlō e tšoeu le ea neng a lutse ho eona. Lefatše le leholimo tsa baleha ka pel’a hae, ’me ha lia ka tsa fumaneloa sebaka. Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane, ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo. Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.” Moahloli ea hlalosoang moo ke mang?

      Jehova Molimo ke eena Moahloli oa ho qetela oa moloko oa batho. Leha ho le joalo, ho na le motho eo a mo abetseng mosebetsi oa ho ahlola ka ho toba. Ho ea ka Liketso 17:31, moapostola Pauluse o ile a re Molimo “o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng.” Moahloli enoa ea behiloeng ke Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung. (Johanne 5:22) Empa Letsatsi la Kahlolo le qala neng? Le lelelele hakae?

      Buka ea Tšenolo e bontša hore Letsatsi la Kahlolo le qala ka mor’a ntoa ea Armagedone, ha tsamaiso ea Satane e tla be e felisitsoe lefatšeng.a (Tšenolo 16:14, 16; 19:19–20:3) Ka mor’a Armagedone, Satane le bademona ba hae ba tla koalloa sekoting ka lilemo tse sekete. Ka nako eo, majalefa a 144 000 a leholimo e tla ba baahloli ’me a tla “busa e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete.” (Tšenolo 14:1-3; 20:1-4; Baroma 8:17) Letsatsi la Kahlolo hase ketsahalo e potlakileng e nkang lihora tse 24 feela. Le tla nka lilemo tse sekete.

      Nakong ea lilemo tse sekete, Jesu Kreste o tla “ahlola ba phelang le bafu.” (2 Timothea 4:1) “Ba phelang” e tla ba “bongata bo boholo” bo tla pholoha Armagedone. (Tšenolo 7:9-17) Moapostola Johanne o ile a boela a bona “bafu . . . ba eme ka pel’a terone” ea kahlolo. Joalokaha Jesu a tšepisitse, “ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Kreste] ’me ba tsoe” ho ’ona ka tsoho ea bafu. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Empa batho baa bohle ba tla ahloloa ho itšetlehiloe ka eng?

      Ho ea ka pono eo moapostola Johanne a bileng le eona, “meqolo [e ile] ea buloa,” ’me “bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.” Na meqolo ee ke tlaleho ea lintho tseo batho ba li entseng nakong e fetileng? Che, kahlolo ha e na ho itšetleha ka lintho tseo batho ba li entseng pele ba e-shoa. Re tseba seo joang? Bibele e re: “Ea shoeleng o hlakotsoe molato oa sebe sa hae.” (Baroma 6:7) Ka mantsoe a mang, ba tsositsoeng bafung ba qala khaolo e ncha. Ka hona e tlameha ebe meqolo eo e emela lintho tse ling tseo Molimo a batlang hore ba li etse. E le hore baphonyohi ba Armagedone le ba tsositsoeng bafung ba phele ka ho sa feleng, ba tla lokela ho mamela litaelo tsa Molimo, ho akarelletsa le lintho leha e le life tse ncha tseo Jehova a batlang hore ba li etse tseo a ka ’nang a li senola nakong ea lilemo tse sekete. Kahoo, batho ka bomong ba tla ahloloa ho latela seo ba se etsang nakong ea Letsatsi la Kahlolo.

      Letsatsi la Kahlolo le tla fa batho ba libilione monyetla oo ba e-s’o ka ba e-ba le oona oa hore ba ithute thato ea Molimo ’me ba e etse. Sena se bolela hore ho tla etsoa mosebetsi o moholo oa ho ruta. Ha e le hantle, “ka sebele baahi ba naha e behang ba tla ithuta ho loka.” (Esaia 26:9) Empa hase bohle ba tla ikemisetsa ho etsa thato ea Molimo. Esaia 26:10 e re: “Le haeba ea khopo a ka bontšoa mohau, ho hang a ke ke a ithuta ho loka. O tla itšoara ka mokhoa o hlokang toka naheng ea ho loka ’me a ke ke a bona boemo bo phahameng ba Jehova.” Batho bana ba khopo ba tla timetsoa ka ho feletseng nakong ea Letsatsi la Kahlolo.—Esaia 65:20.

      Qetellong ea Letsatsi la Kahlolo, baphonyohi ba tla “phela” ka ho feletseng e le batho ba phethahetseng. (Tšenolo 20:5) Kahoo Letsatsing la Kahlolo moloko oa batho o tla khutlisetsoa boemong bo phethahetseng ba qalong. (1 Bakorinthe 15:24-28) Ka mor’a moo ho tla ba le teko ea ho qetela. Satane o tla lokolloa teronkong ea hae ’me o tla lumelloa hore a leke ho khelosa moloko oa batho ka lekhetlo la ho qetela. (Tšenolo 20:3, 7-10) Ba tla mo hanyetsa ba tla thabela ho phethahala ho feletseng ha tšepiso ea Bibele e reng: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) E, Letsatsi la Kahlolo e tla ba tlhohonolofatso ho batho bohle ba tšepahalang!

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Mabapi le Armagedone, ka kōpo bona Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 594-5, 1037-8, le khaolo ea 20 bukeng ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, tseo ka bobeli li hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela