Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • ea molomo o sa hloekang, ’me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang; etsoe mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho!” Ka sebele, Esaia o ile a hlolloa a ba a ikutloa a le mosesaane ha a bona kamoo mokhatlo oa Jehova o leng moholo kateng. Pono ena e ile ea ama maikutlo a Esaia haholo hoo ha a ne a utloa lentsoe le tsoang leholimong mabapi le mosebetsi o khethehileng oa ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova, a ileng a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”​—Esa. 6:​1-5, 8.

      13 Ha batho ba lemoha hore na mokhatlo oa Jehova ke ofe, ba bile ba o ananela, ba susumelletseha hore ba ikutloe joaloka Esaia. Re leka ka matla ho tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ha o ntse o hatela pele. Kahoo, re etsa sohle se matleng a rona ho bontša hore re tšepa mokhatlo oa Jehova kajeno.

      MOKHATLO OA JEHOVA O HATELA PELE

      14 Khaolong ea 1 ea lengolo la Ezekiele, Jehova o tšoantšetsoa a palame koloi e kholohali ea leholimo. Koloi ena e khanyang e tšoantšetsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova. O palame koloi ena ka kutloisiso ea hore o laola mokhatlo oa hae ka tsela e molemo ’me o o sebelisa ho latela morero oa hae.​—Pes. 103:20.

      15 Lebili ka leng koloing ena le na le lebili le leng ka har’a lona le lekanang le lona ka bophara ’me le kentsoe le tšekaletse. Ke ka lebaka leo ho ka thoeng mabili ao “a tsamaea ka mahlakore a ’ona a mane.” (Ezek. 1:​17) Mabili ao a ka thinya ka ho panya ha leihlo. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore koloi ena e itsamaela feela ho se na motho ea e laolang. Jehova ha a lumelle mokhatlo oa hae hore o itaole. Ezekiele 1:​20 e re: “Kae kapa kae moo moea o sekamelang ho ea teng, li ne li e-ea teng.” Kahoo, ke Jehova ea etsang hore mokhatlo oa hae o ee kae kapa kae moo moea oa hae o o laelang hore o ee teng. Potso eo re lokelang ho ipotsa eona ke ena, ‘Na ke tsamaisana le oona?’

      16 Ho tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ha ho bolele feela ho ba teng libokeng le ho ea tšimong. Ho boetse ho bolela ho ithuta ka ho eketsehileng ka Molimo le ho ba le kamano e haufi le eena. Re “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo” ebile re ithuta lithuto tsa morao-rao tsa Bibele. (Bafil. 1:​10; 4:​8, 9; Joh. 17:3) Hape, re lokela ho hopola hore tšebelisano-’moho ke ea bohlokoa e le hore lintho li hlophisoe li be li tsamaisoe hantle. Kahoo, re lokela ho sebelisa hamolemo litokisetso tsa moea le tsa nama tseo Jehova a re fileng tsona e le hore re phethe mosebetsi oa hae. Ha re ntse re tsamaisana le koloi ea Jehova ea leholimo, re phela ka tsela e lumellanang le molaetsa oo re o phatlalatsang.

      17 Mokhatlo oa Jehova o re thusa hore re tsoele pele ho etsa thato ea Molimo. Hopola hore Jehova ke eena Mokhanni oa koloi ena ea leholimo. Ka lebaka leo, ha re tsamaisana le koloi ea leholimo re bontša hore re hlompha Jehova ’me re tšepa Lefika la rona. (Pes. 18:​31) Bibele e tšepisa sena: “Jehova o tla fa batho ba hae matla. Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka khotso.” (Pes. 29:​11) Kaha re karolo ea mokhatlo oa Jehova kajeno, Jehova o re fa matla ebile re thabela khotso eo batho ba hae ba nang le eona. Ha ho pelaelo hore re tla tsoela pele re fumana litlhohonolofatso tse ngata ha re ntse re etsa thato ea Jehova hona joale le ka ho sa feleng.

  • Ho Tseba Karolo eo Kreste a e Phethang Tokisetsong ea Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
    • KHAOLO EA 2

      Ho Tseba Karolo eo Kreste a e Phethang Tokisetsong ea Molimo

      “TŠIMOLOHONG Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše,” ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng “e ne e le molemo haholo.” (Gen. 1:​1, 31) Jehova o ile a bopa batho ba e-na le tšepo e babatsehang ea bokamoso. Empa ka lebaka la hore batho ba ile ba fetohela Molimo Edene, thabo ea bona e ile ea fetoha masoabi. Leha ho le joalo, morero oa Jehova ka lefatše le ka batho ha oa ka oa fetoha. Molimo o ile a bontša hore bana ba Adama ba mamelang ba ne ba tla lopolloa. Borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa ’me Molimo a felise ea khopo le mesebetsi eohle ea hae e mebe. (Gen. 3:​15) Lintho li ne li tla boela li be “molemo haholo.” Jehova o ne a tla phethahatsa sena ka Mora oa hae, Jesu Kreste. (1 Joh. 3:8) Ke ka lebaka leo re tlamehang ho tseba karolo eo Kreste a e phethang tokisetsong ea Molimo.​—Lik. 4:​12; Bafil. 2:​9, 11.

      KRESTE O PHETHA KAROLO EFE?

      2 Rea hlokomela hore karolo eo Kreste a e phethang tokisetsong ea Molimo e na le litšobotsi tse ngata. Jesu ke Molopolli oa batho, Moprista ea Phahameng, Hlooho ea phutheho ea Bokreste ’me hona joale ke Morena ’Musong oa Molimo. Ha re nahanisisa ka likarolo tseo Jesu a li phethang, seo se etsa hore re ananele tokisetso ea Molimo haholo ’me re rate Kreste Jesu le ho feta. Bibele e hlalosa tse ling tsa likarolo tseo a li phethang.

      Jesu ke eena ea ka sehloohong eo Jehova a mo sebelisang ho phethahatsa morero ea hae ka batho

      3 Nakong ea tšebeletso ea Kreste ea lefatšeng, ho ile ha hlaka hore ho ne ho tla sebelisoa eena hore batho ba mamelang ba boelane le Molimo. (Joh. 14:6) Kaha Jesu ke Molopolli oa batho, o ile a nehelana ka bophelo ba hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata. (Mat. 20:​28) Kahoo, Jesu o re behetse mohlala oa kamoo re ka phelang ka tsela e bontšang hore re tšaba Molimo. Hape ke eena ea ka sehloohong eo Jehova a mo sebelisang ho phethahatsa morero ea hae ka batho. Ke eena feela ea ka etsang hore Molimo a boele a re amohele. (Lik. 5:​31; 2 Bakor. 5:​18, 19) Lefu la Jesu la sehlabelo le tsoho ea hae li buletse batho ba mamelang monyetla oa ho fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng ha ’Muso oa Molimo o leholimong o se o busa.

      4 Kaha Jesu ke Moprista ea Phahameng, o khona ho “utloela mefokolo ea rona bohloko” le ho etsa hore balateli ba hae ba inehetseng ba phelang lefatšeng ba tšoareloe libe. Moapostola Pauluse o ile a re: “Moprista ea phahameng eo re nang le eena, hase ea ke keng a utloela mefokolo ea rona bohloko, empa ke ea lekiloeng ka litsela tsohle joaloka rona, empa a se na sebe.” Ka mor’a moo, Pauluse o ile a khothalletsa ba lumelang ho Jesu Kreste hore ba sebelise ka botlalo tokisetso ena ea hore ba boelane le Molimo, ha a ne a re: “Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”​—Baheb. 4:​14-16; 1 Joh. 2:2.

      5 Hape Jesu ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. Kajeno ha re hloke moeta-pele oa motho feela joalokaha balateli ba hae ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela