Thusa Seithuti ho Ananela Litšobotsi Tsa Jehova Tse Ikhethang
1 Tšebeletsong ea rōna, ha re rute batho linnete tsa Bibele tsa motheo feela. Empa re thusa batho ho tseba hore na Jehova ke motho oa mofuta ofe le hore ba hlaolele kananelo bakeng sa litšobotsi tsa hae tse ikhethang. Ha batho ba lipelo li ntle ba ithuta ’nete ka Molimo, e ba ama ka ho teba, e ba susumelletsa ho fetola bophelo ba bona ‘e le hore ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore ba mo khahlise ka botlalo.’—Bakol. 1:9, 10; 3:9, 10.
2 Buka ea Rōna e Ncha e Sebelisoang Lithutong Tsa Bibele: Ho tloha qalong feela, buka ea Seo Bibele e se Rutang e totobatsa litšobotsi tsa Jehova. Khaolo ea pele feela e araba lipotso tsena: Na Molimo o hlile oa u tsotella?, Molimo o joang? le e reng Na hoa khoneha ho atamela haufi le Molimo? Khaolo eo e boetse e totobatsa hore Jehova oa halalela (ser. 10), o na le toka le kutloelo-bohloko (ser. 11), o lerato (ser. 13), o matla (ser. 16), ebile o mohau, o mosa, o itokiselitse ho tšoarela, ha a fele pelo, ’me oa tšepahala (ser. 19). Serapa sa 20 se akaretsa taba ka ho re: “Ha u ntse u ithuta ka Jehova ka ho eketsehileng, e tla ba motho oa sebele haholoanyane ho uena ’me u tla ba le mabaka a eketsehileng a ho mo rata le ho ikutloa u atamelane le eena.”
3 Re ka sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang joang ha re thusa liithuti tsa Bibele ho atamela ho Jehova? Ka mor’a ho tšohla serapa se hatisang e ’ngoe ea litšobotsi tsa Molimo, re ka ’na ra botsa seithuti potso e reng, “See se u bolella hore Jehova ke motho oa mofuta ofe?” kapa “See se bontša joang hore Molimo oa u thahasella?” Ha re sebelisa lipotso tse joalo nako le nako thutong, re ruta liithuti tsa rōna ho thuisa ka seo li ithutang sona ’me re li thusa ho ananela haholoanyane litšobotsi tsa Jehova tse ikhethang.
4 Sebelisa Lebokose la Tlhahlobo: Qetellong ea khaolo ka ’ngoe, e-re seithuti se hlalose ka mantsoe a sona ntlha ka ’ngoe e lebokoseng le reng “Seo Bibele e se Rutang.” Totobatsa mangolo a bontšitsoeng. Ka linako tse ling u ka ’na ua fata maikutlo a seithuti ka ho se botsa potso e reng, “U ikutloa joang ka seo Bibele e se rutang ntlheng ee?” Ha u etsa joalo, ha u hatise feela lintlha tsa bohlokoa tsa khaolo empa hape u khona ho lemoha seo seithuti se hlileng se se lumelang. Sena se tla thusa seithuti ho qala ho hlaolela kamano le Jehova.