Ho Hlokahala Lerato e le Hore re Behe Litholoana Tšebeletsong
1 “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” (Mat. 11:28) Mantsoe ao a monate a ne a bontša lerato le tebileng leo Jesu a neng a rata batho ka lona. Kaha re basebeletsi ba Bakreste, re lakatsa ho etsisa Jesu ka ho bontša hore re rata batho ba sohlokiloeng ke lefatše lena le se nang lerato. Re ka etsa seo joang ha re ntse re bolela litaba tse molemo?
2 Ka Mantsoe: Lerato leo Jesu a neng a rata batho ka lona le ile la mo susumelletsa ho sebelisa monyetla o mong le o mong hore a ba bolelle litaba tse molemo. (Joh. 4:7-14) Lerato le tla re thusa hore re se ke ra ba leqe ho fana ka bopaki bo sa reroang. Ngoanana e mong ea lilemo li tšeletseng o ile a fana ka bopaki bo babatsehang ho mosali e mong ea neng a lutse haufi le eena phaposing eo ho emeloang ngaka ho eona. Ke eng e ileng ea mo susumetsa hore a etse joalo? O ile a re: “Ho ne ho bonahala eka ’mè eo o hloka ho tseba ka Jehova.”
3 Re ka bontša hore re thahasella batho ka ho bososela ka mofuthu ho tsoa botebong ba pelo le ka ho bua ka tsela e mosa. Ho mamela ka hloko seo ba bang ba se buang, ho utloisisa lintho tseo ba amehileng ka tsona le ho ba bontša thahasello e tsoang pelong ho bontša hore rea ba rata. (Liprov. 15:23) Re lokela ho etsisa Jesu ka ho buella haholo molaetsa oa ’Muso o khothatsang le ho totobatsa kutloelo-bohloko e lerato eo Jehova a nang le eona bakeng sa batho.—Mat. 24:14; Luka 4:18.
4 Ka Liketso: Jesu o ne a ela hloko seo batho ba neng ba se hloka ebe o ba thusa ka lintho tsa nama tseo ba li hlokang. (Mat. 15:32) Le rōna re ka fumana menyetla ea ho etsa liketso tse bontšang mosa o lerato ha re le tšebeletsong. Morali e mong oabo rōna o ile a bona mosali e mong ea neng a sa utloisise molaetsa oa bohlokoa oa thelefono. Morali enoa oabo rōna a ithaopela ho fetolela molaetsa oo oa motho ea letsitseng. Ketso ena e lerato ea bula monyetla oa hore ba buisane ka Mangolo, e leng se ileng sa thusa mosali eo hore a amohele thuto ea Bibele. Ketsahalong e ’ngoe, mor’abo rōna ea neng a le leetong la ho boela o ile a fumana mong’a ntlo a tenehile, hobane sofa e khōlō e ne e parakile monyako. Mora eo oabo rōna a mo thusa ka lerato a ntan’o lula hamonate sofeng eo a neng a mo thusitse ho e tlosa, eaba o qalisa thuto ea Bibele le monna eo ea neng a se a thabile.
5 Ha re ntse re bolela litaba tse molemo tšebeletsong, re bontša lerato leo re ratang Molimo le moahelani oa rōna ka lona. (Mat. 22:36-40) Ho bontša lerato la rōna joalo ka mantsoe le ka liketso ho thusa batho ba lipelo li ntle hore ba hlokomele hore re tšoere ’nete.