Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tsela ea ho Qalisa Lithuto ka Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea ’Muso—2006 | March
    • Tsela ea ho Qalisa Lithuto ka Buka ea Seo Bibele e se Rutang

      Ba bangata ba rōna re ne re ka rata ho khanna lithuto tsa Bibele hafeela re ka khona ho qalisa thuto. Buka e ncha ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e ka re thusa. Selelekela se leqepheng la 3-7 se reretsoe ho u thusa hore u qoqe le mong’a ntlo ka Bibele u sebelisa buka ena. Esita le ba se nang phihlelo e kaalo tšebeletsong ba tla fumana ho le bonolo ho e sebelisa ha ba qalisa lithuto.

      ◼ U ka ’na ua leka mokhoa ona u sebelisa leqephe la 3:

      Ka mor’a ho bua ka ntho e hlahileng litabeng kapa bothata boo batho tšimong ea heno ba amehileng ka bona, bontša mong’a ntlo lipotso tse ngotsoeng ka mongolo o motenya leqepheng la 3, ’me u mo kōpe hore a ntše maikutlo a hae ka tsona. Ebe u phetla leqepheng la 4-5.

      ◼ Kapa mohlomong u ka rata ho qala ka ho hatisa lintlha tse leqepheng la 4-5:

      U ka ’na ua re, “Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e khahlisang haeba liphetoho tse moo li ne li ka hla tsa etsahala?” Kapa mohlomong u ka botsa, “Litšepisong tsee tse moo, u ne u ka rata ho bona efe e phethahala?” Mamelisisa karabo ea hae.

      Haeba mong’a ntlo a bonahala a thahasella lengolo le leng, mo bontše seo Bibele e se rutang tabeng eo ka ho hlahloba lirapa tse bukeng tse tšohlang temana eo. (Bona lebokose le leqepheng lena la kenyelletso.) Tšohla boitsebiso boo joalokaha u ne u tla etsa thutong ea Bibele. U ka etsa sena u eme monyako ka metsotso e mehlano ho ea ho e leshome leetong la pele.

      ◼ Mokhoa o mong ke oa ho kōpa motho eo hore a ntše maikutlo a hae u sebelisa leqephe la 6:

      Bontša mong’a ntlo lipotso tse botlaaseng ba leqephe ebe ua mo botsa, “Na u kile ua ipotsa e ’ngoe ea lipotso tsee?” Haeba a bolela hore o khahluoe ke e ’ngoe ea lipotso tseo, e-ea lirapeng tsa buka tse arabang potso eo. (Bona lebokose le leqepheng lena la kenyelletso.) Ha le ntse le tšohla boitsebiso boo hammoho, u ntse u khanna thuto ea Bibele.

      ◼ Ho ka ’na ha sebelisoa leqephe la 7 ho bontša motho hore na thuto ea Bibele e khannoa joang:

      Bala lipolelo tse tharo tse qalang leqepheng leo, ’me u phetle khaolo ea 3 ebe u mo bontša hore na thuto e khannoa joang u sebelisa serapa sa 1-3. Lokisetsa ho khutlela bakeng sa ho tšohla likarabo tsa lipotso tse serapeng sa 3.

      ◼ Tsela ea ho lokisetsa ho khutlela:

      Ha u phetha thuto eo u e khannang ka lekhetlo la pele, lokisetsa ho ntšetsa moqoqo pele. U ka ’na ua re feela: “Ka metsotso e ’maloa, re ithutile ntlha ea bohlokoa eo Bibele e e rutang. Nakong e tlang, re ka tšohla [botsa potso eo le tla bua ka eona.] Na ebe nka fapohela bekeng e tlang ka eona nako ee?”

      Ha re ntse re atamela nakong ea Jehova e behiloeng, o tsoela pele ho re hlomella bakeng sa mosebetsi oo re lokelang ho o etsa. (Mat. 28:19, 20; 2 Tim. 3:17) A re sebeliseng hamolemo kofuto ena e tsotehang e ncha bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele.

  • Tsela ea ho Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang
    Tšebeletso ea ’Muso—2006 | March
    • Tsela ea ho Tsamaisa Buka ea Seo Bibele e se Rutang

      Kenyelletso ena e bontša litsela tse sa tšoaneng tse fanoeng e le mehlala ea ho tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. E le hore u atlehe haholo, beha litaba ka mantsoe a hao, feto-fetola nehelano ea hao u itšetlehile ka batho tšimong ea heno, ’me u tloaelane le lintlha tse thahasellisang bukeng ena. Litsela tse ling tse atlehang tšimong ea lōna le tsona li ka ’na tsa sebelisoa.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2005, leq. 8.

      Armagedone

      ◼ “Ha batho ba utloa lentsoe ‘Armagedone,’ ba bangata ba nahana ka timetso e etsang mofela. Na u ne u tla makala ha u utloa hore Armagedone ke ntho eo motho a ka e labalabelang? [Emela karabo. Ebe u bala Tšenolo 16:14, 16.] Hlokomela hore na ho thoe bophelo bo tla ba joang ka mor’a Armagedone.” Phetla leqephe la 82-4, ebe u bala serapa sa 21.

      Bibele

      ◼ “Hangata batho ba bua ka Bibele e le Lentsoe la Molimo. Na u kile ua ipotsa hore na ho nepahetse ho re buka e ngotsoeng ke batho ke Lentsoe la Molimo? [Emela karabo. Ebe u bala 2 Petrose 1:21 le serapa sa 5 leqepheng la 19-20.] Buka ena e araba lipotso tsena ka Bibele.” Mo bontše lipotso tseo leqepheng la 6.

      ◼ “Mehleng ena batho ba ka khona ho fumana boitsebiso bo bongata ho feta leha e le neng pele. Empa u bona eka re ka fumana keletso e tšepahalang hokae e ka re thusang hore re thabe le ho atleha bophelong? [Emela karabo. Ebe u bala 2 Timothea 3:16, 17 le serapa sa 12 leqepheng la 22-3.] Buka ena e hlalosa hore na re ka etsa eng hore re phele bophelo bo thabisang Molimo le bo re tsoelang molemo.” Mo bontše chate le setšoantšo leqepheng la 122-3.

      Bolumeli

      ◼ “Batho ba bangata ba se ba nka malumeli a lefatše e le sesosa sa mathata a moloko oa batho eseng tharollo. Na u bona eka bolumeli bo lebisa batho tseleng e nepahetseng? [Emela karabo. Ebe u bala Matheu 7:13, 14 le serapa sa 5 leqepheng la 145-6.] Khaolo ena e tšohla litšobotsi tse tšeletseng tsa borapeli boo Molimo a bo amohelang.” Mo bontše lethathamo le leqepheng la 147.

      Bophelo bo sa Feleng

      ◼ “Batho ba bangata ba labalabela ho phela ba shahlile ’meleng le ho phela nako e telele. Empa haeba ho ne ho khoneha, na u ka rata ho phela ka ho sa feleng? [Emela karabo. Ebe u bala Tšenolo 21:3, 4 le serapa sa 17 leqepheng la 54.] Buka ena e bontša hore na re ka fumana bophelo bo sa feleng joang le hore na bophelo bo tla ba joang ha tšepiso eo e phethahala.”

      Jehova Molimo

      ◼ “Batho ba bangata ba lumelang ho Molimo ba ka rata ho ikutloa ba le haufi le eena. Na u ne u tseba hore Bibele e re khothalletsa ho atamela ho eena? [Emela karabo. Ebe u bala Jakobo 4:8a le serapa sa 20 leqepheng la 16.] Buka ena e hlophiselitsoe ho thusa batho ho ithuta haholoanyane ka Molimo, ba sebelisa Libibele tsa bona.” Mo bontše lipotso tsa selelekela tse leqepheng la 8.

      ◼ “Batho ba bangata ba rapella hore lebitso la Molimo le halaletsoe kapa le khethehe. Na u kile ua ipotsa hore na lebitso leo ke lefe? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 83:18 le serapa sa 2-3 leqepheng la 195.] Buka ena e hlalosa hore na ha e le hantle Bibele e ruta eng ka Jehova Molimo le ka morero oa hae ka moloko oa batho.”

      Jesu Kreste

      ◼ “Lefatšeng ka bophara batho ba kile ba utloela ka Jesu Kreste. Ba bang ba re e ne e le motho feela ea ikhethang. Ba bang ba mo rapela e le Molimo ea Matla ’Ohle. Na u nka hore seo re se lumelang ka Jesu Kreste ke sa bohlokoa?” Emela karabo. Ebe u bala Johanne 17:3 le serapa sa 3 leqepheng la 37-8. Mo bontše lipotso tsa selelekela tse tlas’a sehlooho.

      Lefu/Tsoho

      ◼ “Batho ba bangata ba ipotsa hore na hantle-ntle ho etsahala’ng lefung. Na u bona eka hoa khoneha ho tseba se etsahalang lefung? [Emela karabo. Ebe u bala Moeklesia 9:5 le serapa sa 5-6 leqepheng la 58-9.] Buka ena e boetse e hlalosa hore na tšepiso ea Bibele ea tsoho e tla tsoela bafu molemo joang.” Mo bontše leqephe la 75.

      ◼ “Ha moratuoa oa rōna a e-shoa, ka tlhaho re lakatsa ho boela re mo bona. Na hase ’nete? [Emela karabo.] Batho ba bangata ba ile ba tšelisoa ke tšepiso ea Bibele ea tsoho. [Bala Johanne 5:28, 29 le serapa sa 16-17 leqepheng la 71-2.] Khaolo ena e boetse e araba lipotso tsena.” Mo bontše lipotso tsa selelekela tse leqepheng la 66.

      Lelapa

      ◼ “Kaofela ha rōna re rata hore bophelo ba malapa a rōna e be bo thabileng. Na ha ho joalo? [Emela karabo.] Bibele e bua ka ntho e ’ngoe eo e mong le e mong ka lapeng a ka e etsang e le hore ho be le thabo ka lapeng—e leng ho etsisa Molimo ka ho bontša lerato.” Bala Baefese 5:1, 2 le serapa sa 4 leqepheng la 135.

      Matlo

      ◼ “Libakeng tse ngata, ho se ho le thata hore motho a fumane ntlo e boemong bo botle e lekanang matla a hae. Na u nahana hore ka tsatsi le leng ho tla ke ho be le matlo a khotsofatsang bakeng sa batho bohle? [Emela karabo. Ebe u bala Esaia 65:21, 22 le serapa sa 20 leqepheng la 34.] Buka ena e hlalosa hore na tšepiso ena ea Molimo e tla phethahatsoa joang.”

      Ntoa/Khotso

      ◼ “Hohle batho ba labalabela khotso. Na u nahana hore tšepo ea hore lefatšeng ho tla ke ho be le khotso ke toro feela? [Emela karabo. Ebe u bala Pesaleme ea 46:8, 9.] Buka ena e bua ka tsela eo ka eona Molimo a tla phethahatsa morero oa hae ebe o etsa hore lefatšeng lohle ho rene khotso.” Mo bontše setšoantšo se leqepheng la 35, u be u tšohle serapa sa 17-21 leqepheng la 34.

      Thapelo

      ◼ “Na u kile ua ipotsa hore na Molimo o araba lithapelo joang? [Emela karabo. Ebe u bala 1 Johanne 5:14, 15 le serapa sa 16-18 leqepheng la 170-2.] Sehlooho sena se boetse se hlalosa lebaka leo ka lona re lokelang ho rapela Molimo le seo re lokelang ho se etsa e le hore a re mamele.”

      Tlokotsi/Mahlomola

      ◼ “Ha ho hlaha tlokotsi, batho ba bangata ba ipotsa hore na ruri Molimo o tsotella batho le hore na o lemoha mahlomola a bona. Na u kile ua nahana ka taba ee? [Emela karabo. Ebe u bala 1 Petrose 5:7 le serapa sa 11 leqepheng la 11.] Buka ena e hlalosa hore na Molimo o tla felisa mahlomola ’ohle a moloko oa batho joang.” Mo bontše lipotso tsa selelekela tse leqepheng la 106.

      [Lebokose le leqepheng la 5]

      Litsela Tsa ho ba Bolella ka Tokisetso ea Monehelo

      “Haeba u ka rata ho fana ka monehelo o monyenyane hona joale bakeng sa mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle, nka o thabela.”

      “Le hoja lingoliloeng tsa rōna li sa rekisoe, re amohela menehelo e itekanetseng bakeng sa mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle.”

      “Mohlomong ua ipotsa hore na re khona joang ho etsa mosebetsi ona. Ke kahobane mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo. Haeba u ka rata ho fana ka monehelo o monyenyane hona joale, nka o thabela.”

  • (1) Potso, (2) Lengolo le (3) Khaolo
    Tšebeletso ea ’Muso—2006 | March
    • (1) Potso, (2) Lengolo le (3) Khaolo

      Tsela e bonolo ea ho tsamaisa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ke (1) ho botsa potso e fatang maikutlo, (2) ho bala lengolo le loketseng le (3) ho buella khaolo e tšohlang taba eo bukeng ka ho bala lipotso tsa selelekela tse tlas’a sehlooho. Haeba mong’a ntlo a bonahala a thahasella, u ka ’na ua khona ho mo bontša hore na thuto ea Bibele e tšoaroa joang u sebelisa lirapa tse qalang tsa khaolo eo. Mokhoa ona o ka sebelisoa ha ho qalisoa thuto leetong la pele kapa la ho boela.

      ◼ “Na u bona eka hoa khoneha hore batho feela tjee ba tsebe ’Mōpi ea matla ’ohle joalokaha ho boletsoe temaneng ee ea Bibele?” Bala Liketso 17:26, 27, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 1.

      ◼ “Ka lebaka la mathata ao re tobanang le ’ona kajeno, na u bona eka re ka fumana matšeliso le tšepo tse boletsoeng moo?” Bala Baroma 15:4, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 2.

      ◼ “Na u ne u ke ke ua etsa liphetoho tsee haeba u ne u e-na le matla a ho li etsa?” Bala Tšenolo 21:4, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 3.

      ◼ “Na u bona eka bana ba rōna ba tla ke ba phele tlas’a maemo a hlalositsoeng pineng ee ea boholo-holo?” Bala Pesaleme ea 37:10, 11, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 3.

      ◼ “Na u bona eka ho na le mohla mantsoe aa a tla phethahala?” Bala Esaia 33:24, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 3.

      ◼ “Na u kile ua ipotsa hore na bafu ba tseba seo batho ba phelang ba se etsang?” Emela karabo. Ebe u bala Moeklesia 9:5 ’me u buelle khaolo ea 6.

      ◼ “Na u nahana hore ho ka etsahala hore re boele re bone baratuoa ba rōna ba shoeleng, ho latela mantsoe a Jesu a litemaneng tsee?” Bala Johanne 5:28, 29, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 7.

      ◼ “U bona eka ho ne ho tla hlokahala eng hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong, ho latela se boletsoeng thapelong ee e tummeng?” Bala Matheu 6:9, 10, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 8.

      ◼ “Na u nahana hore re phela nakong e hlalositsoeng boprofeteng boo?” Bala 2 Timothea 3:1-4, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 9.

      ◼ “Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha ho bonahala eka mathata a batho a ntse a tota. Na u kile ua nahana ka see e le lona lebaka?” Bala Tšenolo 12:9, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 10.

      ◼ “Na u kile ua batla ho tseba karabo ea potso ee?” Bala Jobo 21:7, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 11.

      ◼ “Na u bona eka keletso ee ea Bibele e ne e ka thusa batho ho thabela bophelo ba lelapa?” Bala Baefese 5:33, ebe u emela karabo. ’Me u buelle khaolo ea 14.

      Thuto ea Bibele e ka tlalehoa ha e khanniloe ka makhetlo a mabeli ka mor’a hore mong’a ntlo a bontšoe kamoo thuto e khannoang kateng, ’me ho totobetse hore e tla tsoela pele.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela