-
LitsebisoTšebeletso ea ’Muso—2005 | July
-
-
Litsebiso
◼ July le August: Bukana efe kapa efe e maqephe a 32, ntle le ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? le ea ‘Bona Naha e Ntle.’ September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.
◼ Ho qala ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se reng “Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Bibele?”
◼ Ho khothalletsoa hore likōpo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla li romeloe ofising ea lekala bonyane matsatsi a 30 pele ho letsatsi leo motho a kōpang ho qala ka lona. Mongoli oa phutheho o lokela ho hlahloba liforomo tseo ho etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe hantle. Haeba ba etsang kōpo ba se ba sa hopole letsatsi leo ba kolobelitsoeng ka lona, ba ka hakanyetsa letsatsi le itseng ’me ba le sebelisa kamehla e le letsatsi leo ba kolobelitsoeng ka lona. Mongoli o lokela ho ngola letsatsi leo kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21).
◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le Lengolo la ho Khethoa ha Pula-maliboho (S-202) bakeng sa pula-maliboho e mong le e mong oa kamehla phuthehong. Haeba le le sieo, ka kōpo ngollang ofisi ea lekala.
◼ MANGOLO A THATO EA MOFU: Pele le phethela lengolo la thato ea mofu leo ho lona Watch Tower e khethoang e le mojalefa, ka kōpo romelang kopi ea lona ho Estate Desk ofising ea lekala hore ho hlahlojoe mantsoe a sebelisitsoeng. Ka linako tse ling mangolo a thato ea mofu a etsoa ka tsela eo ho bang thata ho a phethela. Ka mor’a hore le saene lengolo leo la thato ea mofu, ka kōpo romelang kopi ea lona ofising ea lekala hore e bolokoe hantle.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa thomello ea tsona ea liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2006 ha li etsa kōpo ea tsona ea libuka ea July. Liforomo tse latelang ha lia lokela ho kōptjoa kaha li tla kenyelletsoa thomellong ea selemo le selemo ea phutheho: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Lienfolopo Tsa Karete ea Tlaleho (rce), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26), le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Ka kōpo sebelisang liforomo tsohle ka hloko. Li lokela ho sebelisetsoa morero oa tsona feela.
◼ Tlhokomeliso ho Bahokahanyi ba Libuka: Ha le letsetsa ofising ea lekala mabapi le libuka tse rometsoeng moo li neng li sa ee teng, ka kōpo letsang le tšoere (ma)lethathamo la lintho tse rometsoeng, ha ho khoneha. Haeba le ngolla ofising ea lekala, ka kōpo fanang ka kopi ea lethathamo la lintho tse rometsoeng.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2005—E Mongolo o Moholo—Sechichewa, Senyesemane le Seshona
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Warning Examples for Our Day—Senyesemane
Watchtower Library—2004 Edition—Senyesemane, Sepotoketsi (TlHOKOMELISO: Ho tloha joale ho ea pele, e se e tla fumaneha selemo le selemo.)
-
-
Litaba Tsa Puso ea MolimoTšebeletso ea ’Muso—2005 | July
-
-
Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse robong tse latelang: Zimbaba le Sulenkama (Eastern Cape), Umsunduze le Enhlalakahle (KwaZulu Natal), Ezenzeleni (Foreisetata), Mahwelereng (Limpopo), Rundu (Namibia), Bekkersdal Central (Gauteng), le Lindela (Mpumalanga). Re leboha bohle ba bileng le seabo hore ho phethoe mesebetsi ena. E se eka ho ka ba le tšusumetso e khethehileng hore ho phethoe mesebetsi e ntseng e tsoela pele selemong sa tšebeletso sa 2005.
-
-
Thusa Bana ba Hao Hore ba Tsoele Pele TšebeletsongTšebeletso ea ’Muso—2005 | July
-
-
Thusa Bana ba Hao Hore ba Tsoele Pele Tšebeletsong
1 Batsoali ba Bakreste ba na le boikarabelo bo tebileng ba ho koetlisa bana ba bona tšebeletsong ba sa le banyenyane. Sena se ka etsoa ka litsela tse ngata. Bana ba bang ba khona ho pheta litemana tse loketseng tsa Bibele ka hlooho esita le pele ba tseba ho bala. Sena se ka ba le phello e matla ho ba mametseng. Ha bana ba ntse ba hōla-hōla, ba ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong. Batsoali, le ka thusa bana ba lōna joang hore ba be le seabo ho faneng ka bopaki? Mohlomong litlhahiso tse latelang li ka le thusa haholoanyane.
2 Ka mor’a ho lumelisa, u ka ’na ua re:
2◼ “Ho na le lengolo la bohlokoa leo mor’aka mona, [bolela lebitso la hae], a ka ratang hore u le utloe.” Ngoana oa hao a ka ’na a re: “Lengolo lena la Lipesaleme le nthutile lebitso la Molimo. [Ngoana o bala Pesaleme ea 83:18 kapa o e pheta ka hlooho.] Limakasine tsena li bua ka seo Jehova Molimo a tlang ho re etsetsa sona. Na nka u siela tsona?” U ka phethela puisano ka ho hlalosa kamoo mosebetsi oa lefatše lohle o tšehetsoang kateng.
3 Kapa u ka ’na ua leka mokhoa ona:
3◼ “Lumela. Ke ntse ke koetlisa morali’aka mona, [bolela lebitso la hae], hore a bontše ho tsotella batho ba bang sechabeng. A ka rata ho u bolella molaetsa o mokhutšoanyane oa Bibele.” Morali a ka ’na a re: “Tsela e ’ngoe eo ke ratang ho thusa batho ka eona ke ho ba bolella tšepo ea Bibele bakeng sa nako e tlang. [Ngoana o bala Tšenolo 21:4 kapa o e pheta ka hlooho.] Limakasine tsena li hlalosa lintho tseo ’Muso oa Molimo o tla re etsetsa tsona. Ke nahana hore u tla thabela ho li bala.”
4 Ho sebelisa nehelano e bonolo kamehla ho thusa bana hore ba be sebete ha ba bolela molaetsa oa ’Muso. Mananeo a ho itlhakisa a lebisitseng tlhokomelo tabeng ea ho bua ka mokhoa o hlakileng le ka lentsoe le utloahalang hantle, a tla ba hlomella hore ba khone ho bua maemong a sa tšoaneng. Ho lokisetsa hantle esale pele le ho ba babatsa ho tsoa pelong, ho tla thusa bana hore ba hlalose tumelo ea bona.
5 Ka lebaka la khothatso e joalo, bana ba bangata ba ile ba tšoaneleha hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Ho thabisa hakaakang ho bona bana ba rōna ba tsoela pele tšebeletsong ea Bokreste!—Pes. 148:12, 13.
-