Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—2004 | July 15
    • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

      Tokisetso ea selemo sa Jubile eo ho builoeng ka eona ho Levitike khaolo ea 25 e ne e tšoantšetsa eng?

      Molao oa Moshe o ne o qaqisa hore “selemong sa bosupa ho lokela hore ho be le sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa naha.” Baiseraele ba ile ba laeloa tjena malebana le selemo seo: “U se ke ua jala peō tšimong ea hao, ’me u se ke ua faola serapa sa hao sa morara. U se ke ua kotula litlhaku tse qhalaneng tsa lijalo tsa hao, ’me u se ke ua bokella morara oa sefate sa hao sa morara se sa faoloang. Ho tla ba le selemo sa phomolo e feletseng bakeng sa naha.” (Levitike 25:4, 5) Ka hona, selemo se seng le se seng sa bosupa e ne e lokela ho ba selemo sa Sabatha ea naha. ’Me selemo se seng le se seng sa bo50, e leng selemo se latelang sa bosupa sa Sabatha, e ne e lokela ho ba Jubile. Ho ne ho lokela ho etsahala’ng selemong seo?

      A sebelisa Moshe, Jehova o ile a re ho Baiseraele: “Le halaletse selemo sa mashome a mahlano ’me le phatlalatse tokoloho naheng ho baahi bohle ba eona. E tla ba Jubile bakeng sa lōna, ’me e mong le e mong a khutlele setšeng sa hae ’me e mong le e mong o lokela ho khutlela lelapeng la hae. Selemo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile bakeng sa lōna. Le se ke la jala peō kapa la kotula litlhaku tse qhalaneng kapa la bokella merara ea lifate tsa morara tse sa faoloang.” (Levitike 25:10, 11) Jubile e ne e bolela selemo sa bobeli se latelang sa Sabatha ea naha. Empa ho baahi ba naha, e ne e tlisa tokoloho. Bajuda leha e le bafe ba neng ba rekisitsoe bokhobeng ba ne ba lokela ho lokolloa. Thepa ea lefa eo motho a ileng a tlameha ho e rekisa e ne e lokela ho khutlisetsoa ho lelapa labo. Jubile e ne e lokela ho ba selemo sa tsosoloso le sa tokoloho bakeng sa Iseraele ea boholo-holo. Ho Bakreste e tšoantšetsa eng?

      Motho oa pele Adama, o kentse moloko oa batho bokhobeng ba sebe ka borabele ba hae. Tokisetso ea Molimo ea ho lokolla moloko oa batho litlamong tsa sebe ke sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste.a (Matheu 20:28; Johanne 3:16; 1 Johanne 2:1, 2) Bakreste ba lokolloa neng molaong oa sebe? Ha a ne a bua ka Bakreste ba tlotsitsoeng, moapostola Pauluse o ile a re: “Molao oa moea oo o fanang ka bophelo bonngoeng le Kreste Jesu o u lokolotse molaong oa sebe le oa lefu.” (Baroma 8:2) Ba nang le tšepo ea bophelo leholimong ba fumana tokoloho ena ha ba tlotsoa ka moea o halalelang. Le hoja ’mele ea bona e le ea nama le mali ebile e sa phethahala, Molimo o bolela hore ba lokile ebile o ba nkela ka lapeng e le bara ba hae ba moea. (Baroma 3:24; 8:16, 17) Ho sehlopha sa batlotsuoa, Jubile ea Bakreste e qalile ka Pentekonta ea 33 C.E.

      Ho thoe’ng ka “linku tse ling,” tse nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng? (Johanne 10:16) Ho linku tse ling, Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete e tla ba nako ea tsosoloso le ea tokoloho. Nakong ea Jubile ena ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla sebelisa melemo ea sehlabelo sa hae sa thekollo molemong oa moloko oa batho o lumelang ’me o tla etsolla liphello tsa sebe. (Tšenolo 21:3, 4) Ho elella qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, moloko oa batho o tla fihla boemong boo ho bona o tla beng o phethahetse ’me o tla be o lokolohile ka ho feletseng sebeng se futsitsoeng le lefung. (Baroma 8:21) Ha seo se phethiloe, Jubile ea Bakreste e tla be e felile.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ha e le hantle, Jesu o ne a rometsoe hore a “phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong.” (Esaia 61:1-7; Luka 4:16-21) O ile a phatlalatsa tokoloho ea moea.

      [Setšoantšo se leqepheng la 26]

      Jubile ea Lilemo Tse Sekete—nako ea tsosoloso le ea tokoloho ho “linku tse ling”

  • “E Mong le e Mong ea Masene o Tla Sebetsa ka Tsebo”
    Molula-Qhooa—2004 | July 15
    • “E Mong le e Mong ea Masene o Tla Sebetsa ka Tsebo”

      TATAISO ea Lentsoe la Molimo, Bibele, ‘e lakatseha ho feta khauta—ho feta khauta e ngata e hloekisitsoeng.’ (Pesaleme ea 19:7-10) Hobane’ng? Hobane “molao oa ea bohlale [Jehova] ke mohloli oa bophelo, bakeng sa ho furallisa motho maraba a lefu.” (Liproverbia 13:14) Ho sebelisa keletso ea Mangolo ho ke ke ha re thusa feela ho ntlafatsa bophelo ba rōna, empa ho tla boela ho re thusa ho qoba maraba a ka behang bophelo ba rōna kotsing. Ho bohlokoa hakaakang ho batla tsebo ea Mangolo le ho phela ka seo re ithutang sona!

      Joalokaha ho tlalehiloe ho Liproverbia 13:15-25, Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o fane ka keletso e re thusang hore re sebetse ka tsebo e le hore re ka thabela bophelo bo monate le bo boleletsana.a O sebelisa maele a makhutšoanyane, ho bontša kamoo Lentsoe la Molimo le ka re thusang kateng hore re ratoe ke batho ba bang, kamoo re ka lulang re tšepahala kateng tšebeletsong ea rōna, kamoo re ka bang le boikutlo bo nepahetseng kateng ka taeo, le kamoo re ka khethang metsoalle ea rōna ka bohlale kateng. O boetse o bontša kamoo ho leng bohlale kateng ho siela bana ba rōna lefa hammoho le ho ba khalemela ka lerato.

      Temohisiso e Molemo e Tlisa Kamohelo

      Solomone o re: “Temohisiso e molemo e fana ka

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela