Pono ea Bibele
Na U Lokela ho Lefisoa Litšebeletso Tsa Bolumeli?
LINAHENG tse ngata, baeta-pele ba malumeli a ipitsang hore ke a Bokreste le ao e seng a Bokreste ba lefisa batho litšebeletso tsa bolumeli. Litšebeletso tsena li ka ’na tsa akarelletsa likolobetso, machato kapa mapato. Litefello tsa tsona li ka ’na tsa fihla ho liranta tse makholo kapa tse likete.
Baruti ba bang ba lefuoa ke ’muso bakeng sa ho tšoara mekete e itseng le ho etsa litšebeletso tsa boruti hammoho le ho bula mosebetsi ka thapelo liofising tsa molao letsatsi ka leng. Batho ba bang ba ka ’na ba ananela litšebeletso tse joalo ’me likereke li na le litšenyehelo tseo li lokelang ho li lefa. Empa na Bibele e tšehetsa tloaelo e joalo ea ho lefisa batho litšebeletso tsa bolumeli kapa hona ho etsa hore ba ikutloe ba tlameha ho li lefella?
Na ke “Ntlo ea Thekiso”?
Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, ba boholong bolumeling ba Sejuda le ba bang ba ne ba sebelisa liketsahalo tsa bolumeli e le monyetla oa ho etsa phaello, haholo-holo nakong ea Paseka. Na Jesu o ne a tšehetsa mokhoa oo? Che! Ha e le hantle, Bibele e re o ile “a tšolla lichelete tsa tšepe tsa ba ananyang chelete le ho phethola litafole tsa bona.” O ile a re: “Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea thekiso!”—Johanne 2:14-16.
Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang mehleng ea moprofeta Mikea, ea phetseng lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Bibele e tlaleha hore baeta-pele ba bolumeli ba Iseraele ba ne ‘ba hloile toka’ le baprista “ba rupela feela bakeng sa tefo.” ’Me ka nako e tšoanang ba bolela hore Molimo o na le bona, ba re: “Na Jehova ha a har’a rōna?” (Mikea 3:9, 11) Empa Jehova Molimo o ne a sa tšehetse seo ba se etsang. Ho e-na le hoo, o ne a hloile liketso tsa bona ’me o ile a totobatsa seo ka moprofeta oa hae.
Kajeno baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba sebelisa mekhoa e tšoanang e meharo, kahoo ba etsa libaka tsa bona tsa borapeli ‘matlo a thekiso.’ Ha e le hantle, malumeli ka kakaretso a kene khoebong, ’me a atisa ho etsa phaello e holimo ka ho rekisa litšoantšo le lintho tse ling tse ngata tsa bolumeli.a—1 Johanne 5:21.
“Le Amohetse Ntle ho Tefo, le Fane Ntle ho Tefo”
Ha Jesu a ne a laela baapostola ba hae hore ba bolele litaba tse molemo, ba folise ba kulang esita le ho tsosa bafu, o ile a re: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Matheu 10:7, 8) Ha e le hantle, balateli ba hae ba ’nete ba ne ba sa lokela ho lefisa batho litšebeletso tsa bona. Ho feta moo, Jesu ka boeena o behile mohlala ka ho sebeletsa ba bang a sa ba lefise.
Moapostola Pauluse o ile a latela mohlala oa Jesu ’me a etsa tšebeletso ea hae “ntle ho tefo.” (1 Bakorinthe 9:18) Ha a ne a hloka chelete, o ne a etsa litente. (Liketso 18:1-3) Kahoo, o ne a ka bua tjena ka eena le baromuoa ’moho le eena, a re: “Ha re rekise lentsoe la Molimo joalokaha batho ba bangata ba le rekisa.” (2 Bakorinthe 2:17) Empa ho thoe’ng ka ho bokella chelete e tla sebelisetsoa ho lefella litšenyehelo tsa phutheho, mohlomong hore e reke kapa e hire sebaka sa borapeli?
“Molimo o Rata ea Fanang a Nyakaletse”
Lipaki Tsa Jehova li fumana chelete e hlokahalang ka ho ntša monehelo oa boithatelo. Li sebelisa molao-motheo o reng: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.” (2 Bakorinthe 9:7) Ka lebaka leo, Lipaki ha li lefise batho ha li ba fa lingoliloeng kapa li ba etsetsa litšebeletso tsa bolumeli, tse kang tsa kolobetso, machato kapa mapato. Ebile libokeng tsa tsona ha ho ntšoe karolo ea leshome ’me ha ho fetisoe poleiti ea koleke. Mang kapa mang ea ratang ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli o etsoang linaheng tse ngata a ka sebelisa mabokose a monehelo a behiloeng ka bohlale libakeng tsa borapeli.
Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova li ntša monehelo oa boithatelo ho lefella Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano, liofisi tsa makala le litsi tsa khatiso esita le ho fana ka liphallelo ho batho ba oetsoeng ke likoluoa. Tse ling, joaloka mohlolohali ea hlokang eo Jesu a ileng a mo babatsa, li khona ho fana ka ho honyenyane feela. (Luka 21:2) Tse ling li ka fana ka ho hongata. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ba mamelang melao-motheo e ngotsoeng ka Bibeleng ’me ba fana ka sohle seo ba ka se khonang ba thabela khotsofalo ea kelello, tlhohonolofatso e enneng ea Molimo le thabo ea sebele.—Liketso 20:35; 2 Bakorinthe 8:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Na Molimo o Lokela ho Rapeloa ka Litšoantšo?” Tsoheng! ea August 2008.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Jesu o ile a re’ng ho batho ba neng ba rekisetsa ka tempeleng?—Johanne 2:14-16.
● Na moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a amohela tefo bakeng sa litšebeletso tsa bolumeli?—2 Bakorinthe 2:17.
● Ke ho fana ha mofuta ofe ho thabisang Jehova?—2 Bakorinthe 9:7.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea thekiso!”—Johanne 2:14-16