Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Ba Rometsoe ke Moea o Halalelang’
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • Bahanyetsi ba mabifi ba lahlela Barnabase ka ntle ho Antioke e Pisidia.

      KAROLO EA 4 • LIKETSO 13:1–14:28

      ‘Ba Rometsoe ke Moea o Halalelang’

      LIKETSO 13:4

      Karolong ena, re tla tsamaea le moapostola Pauluse leetong la hae la pele e le moromuoa. Metseng ka ho fapana, o ile a hlorisoa. Empa, tlas’a tataiso ea moea o halalelang, o ile a tsoela pele ho fana ka bopaki, a theha liphutheho tse ncha. Ruri tlaleho ena e thabisang e tla re susumelletsa hore re chesehele tšebeletso ea rona le ho feta.

      Lipaki Tsa Jehova li tobana le mokhopi o halefileng le o tšosang Canada ka 1945.
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
    • HO TSAMAEA KA MAOTO

      Mehleng ea boholo-holo, ho tsamaea ka maoto ho ne ho nka nako e telele, ho khathatsa ’me mohlomong ho bile ho tura ho feta ho tsamaea ka sekepe. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo motho a neng a ke ke a fihla ho tsona ntle leha a tsamaea ka maoto.

      Motho o ne a ka tsamaea lik’hilomithara tse 30 ka letsatsi, a otloa ke letsatsi, pula, mocheso le serame—’me a be kotsing ea ho khaoletsoa ke masholu. Moapostola Pauluse o ile a re o ne a le ‘maetong hangata, a tobana le likotsi linokeng, likotsi tsa masholu.’—2 Bakor. 11:26.

      ’Musong oa Roma ho ne ho e-na le litsela tse ngata tse katiloeng. Litseleng tse kholo, batsamai ba ne ba fumana matlo a baeti ao ho ka nkang letsatsi ho tloha ho e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Pele motho a fihla matlong ana a baeti o ne a feta matlong ao a ka fapohelang ho ’ona ho reka lintho tseo a li hlokang. Bangoli ba bang ba mehleng eo ba re matlo a baeti le ao ho fapoheloang ho ’ona a ne a le litšila, a phethesela, a chesa a bile a tletse matsetse. E ne e le libaka tse hlabisang lihlong, tse ratoang ke likoeta. Beng ba matlo a baeti hangata ba ne ba utsoetsa batsamai ’me ba bile ba hoeba ka matekatse.

      Ha ho pelaelo hore Bakreste ba ne ba qoba libaka tse joalo ka hohle kamoo ba ka khonang. Leha ho le joalo, haeba ba etela linaheng tseo ba se nang beng ka bona kapa metsoalle, mohlomong ba ne ba tlameha ho ea libakeng tse joalo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela