Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Estonia
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
    • Le hoja Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe oa Russia o ne o tiisitsoe ka thata, o ne o sa khone ho thibela barab’abo rōna ka ho feletseng hore ba fumane leseli la ’nete ea Bibele. Barab’abo rōna ba ile ba qeta lilemo ba phela ka lingoliloeng tseo ba li fumaneng lilemong tse fetileng. Leha ho le joalo, ha Lipaki tsa Estonia li le botlamuoeng Siberia, li ile tsa kopana le barab’abo rōna ba tsoang likarolong tse ling tsa Soviet Union. Hang ha ba khutlela Estonia, ka sebete ba ile ba lula ba ntse ba buisana le barab’abo rōna ba Soviet Union ’me ba fumana lingoliloeng tse ncha tsa Bibele nako le nako. Ka mohlala, ho tloha ka 1956, ba ne ba buisana le Ivan Dziabko le ba bang Ukraine ’me ba khona ho fumana lingoliloeng tse tsoang ho bona. Empa ba ne ba buisana le bona ka seoelo, ’me ba fumana lingoliloeng tse seng kae. Ho na le ntho e ’ngoe hape e neng e hlokahala, ’me ka mor’a nakoana Jehova o ile a hlohonolofatsa bohato boo ba neng ba bo nka ka sebete.

      Lekala la Finland le ile la fumana taelo e tsoang ho Sehlopha se Busang ea hore le lokisetse ho thusa barab’abo rōna ba Estonia ka tsela e hlophisehileng haholoanyane. Vilho Eloranta, eo e neng e le pula-maliboho Estonia ka bo-1930, o ile a fuoa mosebetsi oa ho ikopanya le bona. Mathoasong a bo-1960, ha a ne a etetse Estonia ka lekhetlo la pele, o ile a atleha ho kopana le Fanny Hietala. Ka mor’a moo, barab’abo rōna ba bangata ba Mafinnishe, ba neng ba iketsa eka ke bahahlauli, ba ne ba tlisa melaetsa ’me ba thusa hore mokhatlo o lule o buisana le barab’abo rōna ba Estonia. Qetellong, barab’abo rōna ba Estonia ba ne ba buisana le “’Mè” oa bona, e leng kamoo ba neng ba bitsa mokhatlo oa Jehova kateng. Ba ne ba khona ho romela litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo le mangolo ’me ba fumana lingoliloeng tse ngotsoeng filiming e nyenyane. Leha ho le joalo, kaha joang kapa joang taba ena e ne e lokela ho lula e le pinyane ’me ba lokela ho ba masene, ba ne ba kopana habeli kapa hararo ka selemo.

  • Estonia
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2011
    • Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore setho se seng sa sona, e leng Lloyd Barry, hammoho le Viv Mouritz, oa lekala la Finland, ba e’o kopana le Adolf Kose, ea neng a hlophisa mosebetsi Estonia. Ba ile ba kopana serapeng se seng Leningrad (eo hona joale e leng St. Petersburg).

      Ba ile ba kopana ka lenyele ’me Mor’abo rōna Mouritz ha a bua ka ketsahalo eo o re: “Qalong Mor’abo rōna Kose o ne a le lesisitheho ho buisana le rōna, ’me a sirile sefahleho ka koranta a etsa eka oa e bala. Empa ha re ntse re buisana le Adolf, o ile a beha koranta eo fatše, eaba o qala ho phutholoha.”

      Mor’abo rōna Barry o re: “O ile a hana ha re mo memela ho ea lijong le rōna. A re ho molemo re bue litaba tsa bohlokoa re felle moo.”

      Ha Mor’abo rōna Kose a ba bolella hore o tšoenyehile ka mathata a boima a ho hlorisoa le ho thibeloa ha Lipaki Soviet Union, Mor’abo rōna Mouritz le Mor’abo rōna Barry ba ile ba mo khothatsa haholo. Ba ile ba re ho eena: “Le linaheng tse ling re sa ntse re tobana le liteko. Ho bonahala eka liteko tseo li bonolo, empa li kotsi le ho feta! Liteko tse ngata tseo re tobanang le tsona ha li eo mona, ebile linaheng tseo ho tsona mosebetsi o sa thibeloang ho na le batho ba bangata ba lahlang ’nete ho feta ba e lahlang mona.”

      Ka sebele bara bana babo rōna ba ile ba etela Mor’abo rōna Kose ka nako e loketseng ’me ba matlafatsa tumelo ea hae. O tsebile ka mor’a moo hore o ne a ntse a bua le setho sa Sehlopha se Busang, ’me ka thabo a fetisetsa khothatso e tsoang mokhatlong oa Jehova ho bohle ba neng ba lutse ba tšepahala le hoja ba ne ba hateletsoe ka sehlōhō.

      Ka mor’a moo Mor’abo rōna Barry o ile a re: “Re utloela barab’abo rōna ba Soviet Union bohloko. Re ile ra thabela ho kopana le Mor’abo rōna Kose, eaba o re tšoara ka matsoho le ho re haka ka mofuthu ha re arohana, ’me ena e bile tsela e loketseng ea ho phetha seboka sena se monate ka ho fetisisa.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela