Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 7-leq. 8
  • Mokhoa oa ho Sebelisa “Ho Bea Mabaka ka Mangolo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokhoa oa ho Sebelisa “Ho Bea Mabaka ka Mangolo”
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 7-leq. 8

Mokhoa oa ho Sebelisa “Ho Bea Mabaka ka Mangolo”

Mokhoa o tla lateloa ho thusa ba bang hore ba utloisise Bibele ke o lokiselitsoeng ke Jesu Kreste le baapostola ba hae. Jesu o ne a arabela lipotso ka ho qotsa mangolo ’me ka linako tse ling o ne a sebelisa lipapiso tse tšoanelehang tse neng li tla thusa batho ba lipelo li tšepehang hore ba amohele seo Bibele e se buang. (Matt. 12:1-12) Moapostola Pauluse o ne a itloaelitse ho ‘bea mabaka ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso’ seo a neng a se ruta. (Lik. 17:2, 3, NW) Taba e ka bukeng ena e ka u thusa hore u etse joalo.

Ho e-na le hore e koahele taba e ’ngoe le e ’ngoe ka mokhoa o batsi, le o akaretsang, Ho Bea Mabaka ka Mangolo e lebisa tlhokomelo e khōlō lipotsong tseo batho ba bangata ba li botsang hona joale.

Buka ena ha e-ea lokisetsoa ka morero oa ho thusa mang kapa mang ho “hlōla likhang” tsa batho ba sa bontšeng ho hlompha ’nete. Ho e-na le hoo, e fana ka boitsebiso ba bohlokoa bo reretsoeng hore bo sebelisoe ha ho beelanoa mabaka le batho ba tlang ho u lumella hore u etse joalo. Ba bang ho bona ba ka ’na ba botsa lipotso tseo ka sebele ba batlang ha li arabeloa ka mokhoa o khotsofatsang. Ba bang, ha moqoqo o ntse o tsoela pele, ba ka ’na ba bolela feela seo ba se lumelang ’me ba etsa joalo ka kholiseho eitseng. Empa na ke batho ba nang le kutloisiso, ba ikemiselitseng ho mamela maikutlo a mang? Haeba ho joalo, u ka kopanela le bona seo Bibele e se buang, u etsa joalo u kholisehile hore e tla fumana karabelo e mofuthu lipelong tsa barati ba ’nete.

Ebe bukeng ee u ka fumana taba e tobileng eo u e hlokang joang? Hangata u tla fumana hore e fumaneha habonolo ka hore u phetle ka ho toba sehloohong se seholo se amanang le taba eo le buang ka eona. Tlas’a lihlooho tsohle tse khōlō, lipotso tsa sehlooho li khethollotsoe habonolo; li ngotsoe ka mongolo o motenya o qalang le leqephe ka letsohong le letšehali. Haeba u sa fumane seo u se hlokang ka potlako u ka phetla ho Tšupiso ea Litaba qetellong ea buka.

Kamehla ho molemo ho lokisetsa puisano esale pele. Empa haeba u e-so ho tloaelane le likarolo tse itseng tsa buka ena, le teng u ka ’na ua li sebelisa hamolemo. Joang? Ha u fumana potso e batlang e amana le ntho eo u batlang ho bua ka eona, sheba lihlohoana leha e le life tlas’a eona. Lihlohoana tsena li ngotsoe ka mongolo o motenya o tšekaletseng ’me li kenyellelitsoe hare tlas’a lipotso tse amanang le tsona. Haeba u se u e-na le ho hong hoo u ho tsebang ka taba, ho hlahloba lihlohoana tseo le ho talima maikutlo a tsona ka potlako e ka ’na ea e-ba hona feela hoo u ho hlokang, hobane li thathamisa mabaka a thusang a ka ’nang a sebelisoa. U se ke ua tsila-tsila ho hlalosa maikutlo ka mantsoe a hao.

Na u ikutloa hore u hloka ho eketsehileng—mohlomong mangolo a sebele, hore na u ka bea mabaka ka tsela e joang tumellanong le mangolo ao, lipapiso tse itseng tse ka u thusang hore u hlakise ho utloahala hoa seo Bibele e se buang, le tse ling tse joalo? Haeba ho joalo, mohlomong u tla rata ho bontša motho eo u buisanang le eena seo u nang le sona bukeng ena, ebe joale le bala hammoho karolo e sebetsanang le potso eo a e botsitseng. Le haeba u sa ithuta taba esale pele, u ka e sebelisetsa ho fana ka karabelo e khotsofatsang. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e teng ka bukeng, e boletsoe ka mokhoa o bonolo le o tobileng.

Hopola hore buka ena ke thuso feela. Bibele ke eona matla. Ke Lentsoe la Molimo. Ha buka e qotsitse ka Bibeleng, hatisa ntlha eo ho bao u buisanang le bona. Moo ho ka etsahalang, ba kōpe hore ba ntše Libibele tsa bona ’me ba shebe mangolo e le hore ba ka bona hore seo u se buang se hlile se teng ka Libibeleng tsa bona. Hangata hoa hlokomelisoa haeba liphetolelo tse itseng tse ratehang haholo tsa Bibele li ngola likarolo tsa mangolo a itseng ka tsela e fapaneng, ’me ho ngotsoe mantsoe a liphetolelo tse fapa-fapaneng bakeng sa ho bapisa.

Tumellanong le mohlala o beiloeng ke moapostola Pauluse ha a ne a bua ka aletare “Ho Molimo o sa Tsejoeng” leha a ne a qotsa litaba tse ling tse amoheloang ka kakaretso tsa lefatše ha a ne a bolela ho Baathene (Lik. 17:22-28), buka ena ha e qotse haholo historing ea lefatše, libukeng tsa liphuputso, libukeng tsa litšupiso tsa bolumeli le libukeng tse hlalosang puo ea Bibele. Ka hona, ho e-na le ho etsa liqeto ka tšimoloho ea litloaelo tsa bolumeli ba bohata, tsoelopele ea lithuto tse itseng le se boleloang ke mantsoe a Seheberu le a Segerike, buka ena e bontša mabaka a lipolelo tse boletsoeng. Leha ho le joalo, e hlokomelisa ka Bibele e le oona mohloli o moholo oa ’nete.

E le lithuso tse tsoetseng pele ho hleka tsela bakeng sa ho kopanela ’nete ea Bibele le ba bang, likarolo tse qalang tsa buka ena li thathamisitse “Likenyelletso tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo” le litlhahiso tsa “Kamoo U ka Arabelang ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo.” Ba bang ba bangata ba ka ’nang ba “khaoletsa moqoqo” ba amana le litumelo tse itseng, ’me ho buuoa ka bona qetellong ea karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea likarolo tse khōlō tse buang ka litumelo tseo. Sepheo hase hore u hopole likarabelo tsena ka hlooho, empa ntle ho pelaelo u tla fumana ho thusa ho aro-arola hore na ke hobane’ng ha ba bang ba li fumane li le molemo; ebe joale u hlalosa maikutlo ka mantsoe a hao.

Tšebeliso ea buka ena e lokela ho u thusa ho hlaolela bohlale ba ho bea mabaka ka Mangolo le ho a sebelisa hamolemo ho thuseng ba bang hore ba ithute “limakatso tsa Molimo.”—Lik. 2:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela