Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle
E TLAMEHA ebe barutuoa ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba makatsoa ke mantsoe ao a ileng a ba bolella ’ona. O hlile a ba bolella hore ba tla hlouoa ke lichaba tsohle le hore ba tla bolaoa ba be ba hlorisoe. Ho feta moo, ba bangata ba ne ba tla khoptjoa ’me ba ekoe. Empa ka mor’a moo, Jesu o ile a re litaba tse molemo li tla boleloa lefatšeng lohle. (Mat. 24:9-14) Ebe letšolo lee la ho bolela litaba tse molemo le ne le tla atleha hakae har’a khanyetso e teng lefatšeng ka bophara? U tla fumana karabo ea potso eo e thahasellisang litabeng tse tlalehiloeng maqepheng a latelang.
Lipalo-kakaretso Tsa 2010
Makala a Lipaki Tsa Jehova: 116
Palo ea Linaha Tse Tlalehang: 236
Kakaretso ea Liphutheho: 107 210
Ba Bileng Teng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 18 706 895
Ba Jeleng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara: 11 202
Tlhōrō ea Bahoeletsi ba Tšebeletsong ea ’Muso: 7 508 050
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bolelang Khoeli le Khoeli: 7 224 930
Keketseho ea Liphesente ha e Bapisoa le ea 2009: 2,5
Kakaretso ea ba Kolobelitsoeng: 294 368
Karolelano ea Bahoeletsi ba Nkang Bopula-maliboho
bo Thusang Khoeli le Khoeli: 287 960
Karolelano ea Bahoeletsi ba Bulang Maliboho Khoeli
le Khoeli: 844 901
Kakaretso ea Lihora Tse Sebelitsoeng Tšimong: 1 604 764 248
Karolelano ea Khoeli le Khoeli ea Lithuto Tsa Bibele
Tsa Mahae: 8 058 359
Selemong sa tšebeletso sa 2010, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa sebelisa liranta tse fetang bilione hore li hlokomele bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo.
◼ Lefatšeng ka bophara, ka kakaretso ho na le basebeletsi ba khethiloeng ba 20 062 ba sebeletsang makaleng. Kaofela ke litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Tšebeletsong e Khethehileng ea Nako e Tletseng Lefatšeng ka Bophara ba Lipaki Tsa Jehova.
AFRIKA
PALO EA LINAHA 57
PALO EA BAAHI 888 219 101
PALO EA BAHOELETSI 1 222 352
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 2 596 614
SEHLOPHA SA BATHO SE BATLA ’NETE. Motsaneng o mong oa Madagascar, batho ba 80 ba ile ba etsa qeto ea ho tlohela Kereke ea Sechaba ea Prostanta. Ba ikahela kereke ’me ba qala ho batla bolumeli ba ’nete ka hore ba hlahlobe bolumeli bo bong le bo bong sebakeng seo. Ba fihlela qeto ea hore Mak’hatholike ha a ithute Bibele ’me Kerekeng ea Lutere ho tletse likarohano. Ba bona hore Mapentekonta ha a rute ’nete ’me Masabatha ’ona a nena lintho tse ngata haholo. Ka mor’a moo, ba ea ho mora e mong oabo rōna ’me ba mo kōpa hore a ba rute Bibele. Mor’abo rōna o ile a lumela ntle ho tikatiko.
Bahoeletsi ba seng bakae ba ile ba lokisetsa hore ba etele batho bana ba thahasellang. Barab’abo rōna ba ile ba kopana le ba 26 ba neng ba bokane kerekeng eo ’me ba le malala-a-laotsoe hore ba mamele litaba tsa Bibele. Barab’abo rōna ba ile ba sebelisa khaolo ea 15 ea buka ea Seo Bibele e se Rutang, ha ba ba hlalosetsa hore na ba ka fumana bolumeli boo Molimo a bo amohelang joang. Batho bao ba ile ba khotsofatsoa ke tlhaloso eo. Ha barab’abo rōna ba khutla, ba ile ba fumana ho e-na le batho ba 73. Ha ba ba etela ka lekhetlo la boraro, ba ne ba se ba le 142!
MOLAETSA OA FONO O ROMELOA NOMORONG ESELE. Morali’abo rōna e mong oa Ethiopia ea bitsoang Menen o ile a romella motho eo a mo khannelang thuto temana ea selemo ea 2009 ka SMS, e le hore a mo khothatse. Leha ho le joalo, o ile a ngola nomoro esele, eaba molaetsa oo o ea selefounong ea motho e mong. Mosali ea ileng a fumana molaetsa oo o ile a o bala ka makhetlo, ’me o ne o re: “‘Pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.’—Liketso 20:24, NW.” Kaha mosali eo o ne a tšaba Molimo, o ne a lumellana le molaetsa oo empa a sa tsebe hore na a ka phetha seo joang. O ne a boetse a makalitsoe ke litlhaku tseo a sa tsebeng hore na li bolela’ng tse hlahang qetellong ea temana tse reng “NW” [e emelang Phetolelo ea Lefatše le Lecha]. Ho ile ha feta libeke, empa o ne a ntse a nahana ka temana eo. Qetellong o ile a letsetsa motho ea mo rometseng molaetsa oo. Morali’abo rōna o ile a makala ha a utloa hore na ho etsahetse’ng ka molaetsa oo, empa o ile a sebelisa monyetla oo hore a arabe lipotso tsa mosali eo tse tsoang pelong. Seo se ile sa fella ka hore a khanneloe thuto ea Bibele habeli ka beke.
BACHA BA BO-PULA-MALIBOHO BA SEBETSANG ’MOHO. Persis, ea lulang Cameroon, e bile mohoeletsi ea sa kolobetsoang ha a le lilemo li tšeletseng. Ha a tlaleha tšebeletso ea hae ea tšimo ka lekhetlo la pele o ile a bontša hore o khanna lithuto tse leshome tsa Bibele. Mongoli oa phutheho o ne a nahana hore Persis o entse phoso. Eare ha a mo botsa ka taba ena, Persis a mo hlalosetsa hore ha e le hantle o khanna lithuto tse leshome tse sa tšoaneng. Eaba mongoli o boetse oa botsa: “U tseba joang hore na u lokela ho tlaleha nako e kae hobane ha u na oache?” O ile a araba ka hore oa tseba hore khefu ea bona sekolong e nka hora. O ne a qala ho bolela litaba tse molemo ha khefu e qala ’me a emisa ha tšepe e lla. Kaha o ne a paka ka sebete, seo se ile sa susumetsa ’mè oa hae le morali oa ngoan’abo ’mè oa hae, bao hamorao e ileng ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Hona joale, Persis o lilemo li leshome ’me o kolobelitsoe ebile ke pula-maliboho ea thusang le hoja a ntse a kena sekolo. Motsoalle oa hae ea lilemo li robeli ea bitsoang Aasy e se e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ha mosali e mong ea ithutang Bibele a bua ka bona o re: “Ha ke le libokeng, ke ile ka thaba ha ke bona bana ba lumelisa motho e mong le e mong, haholo-holo batho ba baholo, pele ba il’o lula le batsoali ba bona. Ha ke e-s’o bone ntho e tjena kerekeng ea heso. Kea tseba hore bana ba hōlang ka tsela ena e tla ba batho ba bohlokoa sechabeng.”
LINAHA TSA AMERIKA
PALO EA LINAHA 55
PALO EA BAAHI 918 834 998
PALO EA BAHOELETSI 3 673 750
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 3 967 184
HA AA KA A KOKOTA. Miriam, ea lulang Bolivia, o ile a qeta beke a rapela Molimo. O ne a rapela tjena: “Ke kōpa u nthuse ke u tsebe, empa ha ke batle ho thusoa ke Lipaki Tsa Jehova. Ha ke batle hore li kokote ha ka.”
Ho ella bofelong ba beke eo fono e ile ea lla. O ne a letselitsoe ke pula-maliboho ea khethehileng ea bitsoang Candy, a tšepisa Miriam hore o tla mo tlisetsa limakasine tsa rōna ka mor’a nako e ka etsang hora. Miriam o ile a lumela. Pele hora e fela Candy o ne a se a eme monyako oa ntlo ea hae. Miriam o ile a bula monyako a tenehile ’me a re Candy a kene a be a lule fatše. Eaba Miriam o qala ho rabaraba ka tlung a ntse a sisinya hlooho ho bonahala hore o halefile. Ha Candy a mo botsa hore na molato ke eng, Miriam o ile re: “Ke tšohile! Ke qetile beke ke rapela Molimo hore a mpontše tsela a be a ntataise, empa ha ke rapela ke ile ka mo bolella ka ho toba hore ha ke batle ho thusoa ke Lipaki Tsa Jehova tse lulang li kokota ha ka mona! Empa uena ha ua ka ua kokota, u ile ua ntetsetsa! Ho tloha ha u ntetsetsa nakong e ka etsang hora e fetileng, esale ke ntse ke rapela Molimo hore u se ke ua nketela. Empa ke mona u tlile! Ke tšohile! Ho hlakile hore o batla hore ke thusoe ke lōna Lipaki Tsa Jehova.” Thuto e ile ea qaloa hang-hang.
BA MO SIEA BA NAHANA HORE O SHOELE. Pasensi e ne e le ramotse ea tsebahalang, kapa kapiten, naheng ea Suriname ebile e le motsoalle oa hlooho ea khomo oa granman, kapa morena oa tikoloho eohle e sikileng le nōka e bohareng ba naha eo. Pasensi o ne a le motlotlo ho sireletsa meetlo ea habo. O ne a hanyetsa Lipaki Tsa Jehova hobane a ne a nahana hore li khahlanong le meetlo.
Ka mor’a nako, mohlankana e mong o ile a re o na le matla a ho tseba baloi ba motse oo. Balateli ba bangata ba mohlankana enoa ba ile ba tsamaea le eena ka liketsoana ho theosa le nōka, ba khakhatha bao ho thoeng baa loea ’me ba ba nkela thepa eohle ea bona. Mohlankana eo o ne a tlameha ho lefuoa chelete e ngata e le hore a leleke meea e mebe ho ba qosoang ka hore ba na le eona. E mong ea neng a se na molato ea ileng a hlaseloa, ke Pasensi, eo ba ileng ba mo khakhatha ’me ba mo siea ba nahana hore o shoele. Esita le motsoalle oa hae, morena oa sehlooho eo ho thoeng ke granman, o ne a sitoa ho mo thusa hobane a tšaba hore o tla bolaoa le hore o tla tlotloloha haeba a ka thusa motho ea qosoang ka hore oa loea. Metsoalle ea Pasensi le beng ka eena ba ne ba sa lumelloa ho mo thusa ka tsela leha e le efe. Empa mokhoenyana oa Pasensi o ile a iteta sebete eaba o mo isa motseng oo boholo ba batho ba oona e leng Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ile ba tšohla taba ena ’me le hoja ba ne ba tseba hore ba ipeha kotsing, ba ile ba etsa qeto ea ho mo thusa. Ba ile ba lokisetsa hore Pasensi a nkoe ka seketsoana a isoe motseng o haufi, oo ho oona ho nang le mor’abo rōna ea sebetsang e le mookameli oa boema-fofane bo bonyenyane. Ho tloha moo, motho enoa ea neng a hanyetsa o ile a tsamaisoa ka sefofane ho ea motseng o mong moo a neng a tla isoa ngakeng.
Ha maqeba a Pasensi a fola, o ile a susumetsoa ke lerato leo a ileng a le bontšoa ke batho bao a neng a ba hanyetsa. O ile a qala ho ithuta Bibele ’me a kolobetsoa ka December 2009. Hona joale Pasensi ke ’moleli ea chesehang oa litaba tse molemo ’me le hoja a le lilemo li 80, e bile pula-maliboho ea thusang ka April 2010.
O NE A NAHANA HORE O TSEBA BIBELE. Monna e mong ea bitsoang Eric o ile a tla sebokeng sa phutheho e ’ngoe United States a hlahlabalitse litelu ’me a tšoere Bibele ka letsohong. Ha e mong oa barab’abo rōna a mo lumelisa, Eric o ile a mo botsa lipotso tse mabapi le litumelo tsa rōna. Empa a hana buka ea Seo Bibele e se Rutang, a re o rata ho sebelisa Bibele feela. O ne a iketselitse lenaneo la ho bala maqephe a 20 a Bibele ka letsatsi ’me a se a balile Bibele eohle hangata hoo a neng a se a sa hopole hore na o e balile ka makhetlo a makae. Ka mor’a seboka seo, o ile a bua le mora eo oabo rōna ka nako e fetang lihora tse tharo. Ha e se e le nako ea hore Eric a tsamaee, o ile a re, “Ke ferekane haholo.” Mor’abo rōna o ile a mo botsa hore na o ferekantsoe ke’ng. Eric o ile a re: “Ke ne ke ipolella hore ke tseba Mangolo hantle. Empa ka mor’a hore ke le etele, kea lemoha hore ha ke tsebe letho.” Eaba o amohela buka ea Seo Bibele e se Rutang.
Letsatsing le hlahlamang, ba ile ba kopana e le hore ba qale ho ithuta. Eric o ne a qetile bosiu a sa robala, a ntse a bala buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me o ile a qeta likhaolo tse leshome tsa eona. O ile a phetha ka ho re’ng? “Qetellong ke fumane ’nete!” Ka letsatsi ba ne ba ithuta ka lihora tse tharo ho ea ho tse ’nè matsatsing a mahlano ka beke. O ile a qala ho lokisetsa liboka tsohle le ho ea ho tsona le lelapa la hae kaofela. Bekeng ea pele feela, o ile a ngolla likereke tse tharo tse sa tšoaneng mangolo a ho itokolla, a kuta litelu a ba a ikemisetsa hore a ke ke a hlola a keteka matsatsi a phomolo. Pele ho feta libeke tse peli, o ile a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang pele ho feta libeke tse ’nè. O ile a kolobetsoa ka April 2010, likhoeli tse tšeletseng feela ho tloha ha a qala ho kopana le Lipaki Tsa Jehova!
O KOLOBELITSOE A LE LILEMO LI SUPILENG. Paola, ea lulang Mexico bophirimela, ke ngoananyana ea hōlisoang ke nkhono oa hae. Nkhono oa hae o qalile ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha Paola a le lilemo li hlano. Paola o ne a mamela ha nkhono oa hae a khanneloa thuto ’me ’nete e ile ea teba pelong ea hae le hoja e ne e sa le ngoana. Le hoja nkhono oa hae a sa ka a hatela pele, Paola o ile a qala ho ea libokeng a le mong. O ne a kōpa nkhono oa hae le ntate-moholo oa hae hore ba mo apese le ho mo tšelisa ’mila e le hore a fihle Holong ea ’Muso.
Hang ha a tseba ho bala le ho ngola, o ile a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me ea e-ba mohoeletsi. Ka lebaka la ho rata Jehova, o ile a kolobetsoa a le lilemo li supileng. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ea libokeng a bile a bolela litaba tse molemo ka cheseho hakana le hoja ho se setho sa lelapa labo se mo tšehetsang, Paola, eo hona joale a seng a le lilemo li leshome, o ile a araba ka ho re: “Ke rata ho mamela lipuo haholo hobane li nkhothalletsa hore ke lule ke ithuta Bibele ebile li nthusa hore ke se ke ka kena mathateng. Ebile ke bolela litaba tse molemo hobane ke batla ho ruta batho seo Jehova a tla ba etsetsa sona nakong e tlang le hobane Bibele e ka etsa hore ba thabe hona joale.”
O PAKELA BATHO BA MO LETSETSANG KA PHOSO. Morali e mong oabo rōna oa Dominican Republic o ne a lula a fumana mehala ea batho ba letsetsang nomorong ea hae ka phoso ’me sena se ne se sitisa mosebetsi oa hae. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, o ile a nahana eaba o re, ‘Le hoja sena e le tšitiso, nka sebelisa monyetla ona ho pakela batho bana.’ O ile a etsa seo joang? Ha a araba mehala ea batho ba mo letselitseng ka phoso, o ne a bolella motho ea letsitseng hore o letselitse nomorong esele, empa joale a phaelle ka ho re, “Kaha u letsitse, e-re nke ke u botse, Na u balile Bibele kajeno?” Le hoja ba bang ba ne ba koala fono ka potlako, ba ’maloa ba ne ba araba ka ho re ha ba e-s’o bale Bibele. Ebe joale oa botsa, “Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u e bale?” E le hore a arabe potso eo ka Mangolo, o ne a bala Pesaleme ea 1:1-3. Monna e mong ea sebetsang ’musong o ile a bua nako e teletsana le morali’abo rōna a ba a mo bolella hore ha a na Bibele. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho mo isetsa Bibele le lingoliloeng tse itseng tsa Bibele. Ka mor’a libeke tse peli, monna eo o ile a letsa hape, lekhetlong lena a leboha morali’abo rōna ka lerato la hae le ka ho mo romela lingoliloeng.
Lekhetlong le leng, moroetsana e mong ea neng a mo letselitse ka phoso o ile a re, “Na ha u e mong oa Lipaki Tsa Jehova?” Ha morali’abo rōna a mo bolella hore ke Paki, moroetsana eo o ile a qala ho lla, a hlalosa hore ke mohoeletsi ea seng a sa kopanele tšebeletsong. Morali’abo rōna o ile a mo khothatsa ’me a lokisetsa hore motho e mong a mo thuse hore a boele a sebeletse Jehova. Hona joale o boetse o kopanela tšebeletsong.
ASIA LE BOCHABELA BO HARE
PALO EA LINAHA 47
PALO EA BAAHI 4 587 021 833
PALO EA BAHOELETSI 652 251
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 601 306
“MOSALI OA MOSAMARIA.” E ne e le lehlabula naheng ea Kazakhstan ’me letsatsi le ntša koena bolibeng. Mora le morali oabo rōna, bao ka bobeli e leng bo-pula-maliboho, ba ne ba ntse ba bolela litaba tse molemo ha ba tla bona mosali ea khang metsi selibeng. Mor’abo rōna o ile a kōpa metsi ’me ha a ntse a noa, morali’abo rōna a pakela mosali eo. O ile a thahasella hoo a ileng a kōpa bo-pula-maliboho bao hore ba fapohele lapeng ha hae e le hore a ka ithuta ho eketsehileng ka lintho tseo ba mo bolellang tsona. Ba ile ba qeta nako ba bua, eaba bo-pula-maliboho bao ba mo siela lingoliloeng tsa Bibele. Morali’abo rōna o ile a mo tšepisa hore o tla khutlela ho eena ka mor’a matsatsi a mabeli.
Morali’abo rōna o ile a phethahatsa tšepiso ea hae, a khutla a se a e-na le ’mè oa hae, eo le eena e leng Paki. Ba ile ba fumana mosali eo a ba emetse ka ntle ha hae, a tšoere lingoliloeng tseo ba mo sietseng tsona. Eaba o li neha morali’abo rōna ’me o re: “Libuka tsena ke tsa Lipaki Tsa Jehova! Bolumeli ba lōna ke ba Russia!”
’Mè oa morali’abo rōna o ile a kōpa ho mo balla temana e le ’ngoe ea Bibele pele ba tsamaea. Kaha o ne a batla ho bontša mosali eo lebitso la Molimo ka Bibeleng, o ile a phetla Exoda 3:15 eaba oa bala: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo, o nthomile ho lōna.” Se ileng sa makatsa baralib’abo rōna ke hore mosali eo o ile a re ba kene ka tlung. Ke eng e ileng ea etsa hore a fetole maikutlo ka potlako hakaalo? O ne a e-na le bo-ntate-moholo bao mabitso a bona e leng Abrahama, Isaka le Jakobo. O ile a re kaha Jehova ke Molimo oa baholo-holo ba hae, ha aa lokela ho leleka Lipaki tsa hae. Ha ba mo etela lekhetlong le latelang, ho ile ha qaloa thuto ea Bibele. O ne a chesehela ho ithuta ’nete hoo a neng a khanneloa thuto habeli ka beke. Le hoja bara ba hae ba ne ba mo hanyetsa, o ile a hatela pele moeeng ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ho feta moo, ngoetsi ea hae le ’mè oa eona, ba ithuta Bibele ebile ba ba teng kamehla libokeng. Kaha o kopane le Lipaki boemong bo tšoanang le bo hlalositsoeng ho Johanne 4:3-15, ka phuthehong o bitsoa “mosali oa Mosamaria.”
“KE NA LE LIPOTSO.” Nkhono e mong oa Cyprus oa pula-maliboho o ile a ngola tjena: “Hoseng ho hong ha Laboraro, ke ne ke sa tsoha hantle, empa ho e-na le ho lula ka tlung, ke ne ke hlile ke batla ho ea paka seterateng. Kahoo ke ile ka rapela Jehova, ka kōpa hore a ntlisetse motho ea nang le nako hore a tl’o lula pel’a ka bencheng, e le hore nka qala thuto ea Bibele le eena. Ka mor’a nakoana, mohlankana e mong ea tsoang Nepal o ile a tla. Ke ne ke tšoere limakasine ’me le pele nka bua le eena, o ile a mpotsa hore na limakasine tseo li bua ka eng. Ha ke mo bolella hore ke tsa Bibele, o ile a re: ‘Ke na le nako ’Mè, ke kōpa ho lula pel’a hao mona. Ke na le lipotso tseo ke lakatsang ho u botsa tsona mabapi le Bibele.’
“Ke ile ka lumela ke sa qeaqee, hobane ke sona seo ke neng ke se kōpile ho Jehova! Eaba mohlankana eo o tsoela pele ho re: ‘Potso ea ka ea pele ke ena, Ha e le hantle ke eng seo Bibele e se rutang?’ Ke ile ka hlolloa hoo ke ileng ka sitoa ho mo araba! Eaba ke ntša buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ka mokotleng, ka mo bontša eona. O ile a sheba buka eo, a ncheba, eaba o re, ‘Hao! na potso e sehloohong sa buka ee hase eona eo ke sa tsoa u botsa eona?’ Kahoo, ke ile ka qala thuto ea Bibele hona moo bencheng ea serapa sa boikhathollo! Hona joale o ithuta Bibele ebile o ba teng libokeng kamehla ’me o boletse hore o lakatsa ho ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ruri kea elelloa hore ke habohlokoa hore ke be le tšepo ea hore Jehova o tla mpha matla a be a ntataise ha ke etsa tšebeletso ea Bokreste, le hoja ka linako tse ling ke ikutloa ke khathetse.”
NTATE-MOHOLO O RUTA ’MOLAI OA SETLOHOLO SA HAE. Setloholo sa Miguel se ile sa bolaoa lilemong tse ’maloa tse fetileng. ’Molai oa sona, ea bitsoang Esmeraldo, o ile a tšoaroa empa a se ke a lumela molato ka lekhotleng. Leha ho le joalo, o ile a ahloleloa ho koalloa chankaneng ka lebaka la bopaki bo neng bo le teng.
Hamorao, moholo e mong o ile a kōpa Miguel hore a tsamaee le eena ha a il’o paka chankaneng ea Philippines eo Esmeraldo a neng a koaletsoe ho eona. Miguel o ne a le leqe kaha o ne a tseba hore ’molai oa setloholo sa hae o koaletsoe chankaneng eo. Leha ho le joalo, o ile a tsamaea le eena ’me a mo thusa ho ruta batšoaruoa ba bang ba neng ba khanneloa thuto ea Bibele. Nakong ea thuto, eitse ha a phahamisa mahlo a bona Esmeraldo a tla ho eena. E le hore a lokise lintho pele taba li senyeha, Miguel o ile a bua le eena ka bonolo, a re: “Esmer, ha kea tla mona ho tla pheha khang, empa ke tletse ho tla bontša batho ba tšoanang le uena lerato. Re ntse re buisana ka Bibele le monna enoa. Se u hlahetseng se ka be se sa u hlahela haeba u ne u tseba Lentsoe la Molimo. Ke kōpa u tl’o ithuta Bibele le rōna.” Se ileng sa makatsa Miguel ke hore Esmeraldo o ile a mamela thutong eo kaofela. Kaha seo a se utloileng se ile sa mo ama, o ile a phetlela Miguel sefuba, a mo bolella hore ka sebele ke eena ea bolaileng setloholo sa hae. Ka mor’a moo a kōpa tšoarelo.
Moholo eo ha aa ka a utloa puisano ea Esmeraldo le Miguel, empa o ile a bona hore ba shebahala ba qoqa joaloka metsoalle, eaba o kōpa Miguel hore a khannele Esmeraldo thuto. Qalong Miguel o ne a tšaba, a tseba hore hase setloholo sa hae feela seo monna eo a se bolaileng, empa o ile a lumela. Esmeraldo o ile a qeta nako e telele a loanela ho iphaphatha le melao ea Molimo; empa qetellong a atleha ka lebaka la mamello ea hae ’me ka la 1 February, 2010, o ile a kolobetsoa ho bontša hore o inehetse ho Jehova. E le hore Miguel a bontše hore joaloka Mokreste o tšoaretse Esmeraldo, hona joale o ntse a leka ho thusa Esmeraldo hore kahlolo eo a e filoeng e khutsufatsoe e le hore a ka bolella batho ba bang linnete tsa Bibele ka bolokolohi.
EUROPE
PALO EA LINAHA 47
PALO EA BAAHI 739 193 855
PALO EA BAHOELETSI 1 575 094
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 830 888
O ILE A FINYELLA LINTHO TSE PELI TSEO A NENG A LI LABALABELA. Nelena, oa Bulgaria ea lilemo li 19, o ne a labalabela ho finyella lintho tse peli—ho kolobetsoa le ho ba pula-maliboho ea thusang. Leha ho le joalo, o futsitse lefu la ho shoa litho le methapo ea kutlo, leo hajoale le sa phekoleheng. O hema ka mochine ’me sena se mo sitisa ho tsamaea. Ho ne ho le thata hore a kolobetsoe e leng ntho ea pele eo a neng a labalabela ho e finyella, hobane boemo ba hae bo sa mo lumelle hore a tlohe lapeng a ee kopanong. Kahoo ha a le lilemo li 18, ho ile ha fanoa ka puo ea Mangolo lapeng habo ’me ka mor’a eona a kolobelletsoa ka har’a bate.
Ho ile ha etsahala’ng ka takatso ea hae ea ho ba pula-maliboho ea thusang? Nakong ea selemo ha boemo ba leholimo bo le botle, ka linako tse ling a ka qeta hora kapa ho feta a sa heme ka mochine. Ke nako eo ka eona a nkelang bopula-maliboho bo thusang ’me mohoeletsi e mong o mo khanna ka setulo sa likooa ha ba ea ka ntlo le ntlo. Nelena o boetse o khanna thuto ea Bibele ka ho letsetsa motho a sebelisa Inthanete. Ka linako tse ling, baralib’abo rōna ba phuthehong ea habo ba khannela lithuto tsa bona tsa Bibele habo Nelena, e le hore le eena a be le seabo. Ka tsela eo, Nelena o ile a atleha ho ba pula-maliboho ea thusang ka makhetlo a mararo selemong se fetileng. O re: “Ke motlotlo hore ebe ke atlehile ho finyella lintho tse peli tseo ke neng ke li labalabela. Ho etsa joalo ho nthusitse hore ke atamele haufi le Jehova, ’Mōpi oa ka ea lerato.”
O SE A FASA THAE. Morali’abo rōna e mong oa Armenia o ne a songoa ha a le mosebetsing hobane e le Paki ea Jehova. Monna e mong ea neng a sebetsa le eena o ne a tloaetse ho soma morali eo oabo rōna a re “mafasa-thae” a mo hoka-hokile hore a amohele bolumeli ba ’ona. Ka mor’a hore a leke ho hlalosetsa monna eo mabaka ka makhetlo-khetlo empa ho sa thuse letho, morali’abo rōna o ile a khetha ho se mo natse, ebile joaloka Jesu Kreste “ha aa ka a [mo] araba.” (Mat. 27:12) Qetellong monna eo o ile a lelekoa mosebetsing ka lebaka la boitšoaro bo sa amoheleheng le ka ho tsunyatsunya morali eo oabo rōna. Eaba ka mor’a likhoeli tse itseng ho fihla monna e mong mosebetsing moo a batla morali’abo rōna. E ne e le eena monna eane eo a neng a sebetsa le eena ea neng a lula a mo opisa hlooho. Morali’abo rōna o ile a makala ha a bona tsela eo a shebahalang ka eona. Le hoja a ne a soma Lipaki ka hore li fasa thae, joale e ne e se e le eena ea e fasitseng a se a bile a nkile mokotlana. O ile a re ho morali’abo rōna: “Ke kōpa u ntšoarele ka ho u hlaba ka mantsoe. Joale kea tseba hore ke fumane ’nete.” Monna eo o ne a se a ithutile Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me a kolobelitsoe ebile e le pula-maliboho oa kamehla le hoja lelapa la hae le ne le mo hanyetsa.
“NA U TSEBA MOFUMAHALI NADIA?” Nadia ke pula-maliboho oa kamehla phuthehong e ’ngoe Italy leboea. Ka September 2009, o ile a bua le monna e mong ka inthak’homo eaba monna eo o mo kena hanong o mo bolella hore o sa tsoa shoeloa ke mosali, kahoo ha a batle ho bua le eena. Bekeng e latelang ka Sontaha, Nadia o ile a khutlela ho eena ho ea mo tšelisa le ho bua le eena ka tšepo ea tsoho e hlahang ka Bibeleng, empa monna eo o ile a arabela ka tsela e tšoanang. Thuto ea Molula-Qhooa e ileng ea tšoaroa hona letsatsing leo motšehare oa mantsiboea e ne e bua ka se ileng sa etsahala ha morali e mong oabo rōna a ngoletse motho ea shoetsoeng ke moratuoa oa hae. Nadia o ile a utloa seo, eaba o nahana ka monna eo a neng a buile le eena ka inthak’homo kahoo a etsa qeto ea ho ngola lengolo la matšeliso ’me a akarelletsa le lintlha tse amanang le tšepo ea tsoho. Eaba ka mor’a matsatsi a mabeli o kenya lengolo leo ka lebokoseng la poso la monna eo.
Ka mor’a matsatsi a ’maloa, ha Nadia a le mosebetsing oa seterateng o ile a emisa ntate e mong ea lilemong tsa bo-70 a kōpa ho mo balla temana ea Bibele. Ntate eo o ile a mo botsa hore na ke Paki ea Jehova, eaba Nadia o re ho joalo. Ntate eo o ile a tsoela pele ho hlalosa hore o ile a eteloa ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ea ileng a mo siela lengolo le monate le ileng la mo ama maikutlo haholo. Eaba o mo botsa potso ena, “Na u tseba Mofumahali Nadia?” Bobeli ba bona ba ile ba makala ha Nadia a itsebisa ntate eo ’me a etsa litokisetso tsa hore eena le monna oa hae ba mo etele. Ntate eo o qalile ho ithuta Bibele ebile hona joale o ba teng kamehla libokeng.
HA BA KHONE HO KHANNELA E MONG LE E MONG THUTO. Ho na le Lipaki tse ’nè tse kolobelitsoeng toropong ea Bujanovac e Serbia boroa. Baboleli bana ba ’Muso ba ile ba thaba haholo ha ho e-ba le batho ba 460 Sehopotsong sa 2010! Baholo ba phutheho e haufi ba lokiselitse hore ho be le liboka tse tšoaroang kamehla mohahong o hiriloeng motseng oa Bujanovac. Ka karolelano, ho ba le batho ba fetang 50. Kaha batho ba bangata ba thahasella molaetsa oa ’Muso, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoeng ho sebetsa tšimo eo ha ba khone ho khannela motho e mong le e mong ea thahasellang thuto ea Bibele. Ka lebaka leo, ba ithuta feela le batho ba tlang libokeng tsohle ba lokiselitse hantle.
O KA HOLIMO HO LILEMO TSE 100! Elin ke eena mohoeletsi e moholo ka ho fetisisa oa Sweden ’me o na le lilemo tse 110, e leng lilemo tseo Joshua a shoeleng a e-na le tsona. (Josh. 24:29) O lula lehaeng la maqheku ’me o sebelisa monyetla o mong le o mong oo a o fumanang ho pakela baeti le batho bohle bao a kopanang le bona moo. O tsamaisa libuka tse ngata. Ha moholo e mong le morali oa hae ba ntse ba bolella baahelani litaba tse molemo ka ntlo le ntlo, ba ile ba kopana le moroetsana e mong ea ileng a ba bolella hore Nkhono Elin o ile a mo bolella litaba tse molemo a ba a mo fa buka. Seo se ile sa fella ka puisano e monate.a
O ILE A FUMANA LIBUKA KEREKENG. Ka letsatsi le leng Tatyana, ea lulang Belarus, o ile a makala ha a letsetsoa ke moroetsana e mong eo a sa mo tsebeng. Moroetsana eo o ne a batla ho fumana likarabo tsa lipotso tsa hae tsa Bibele. Ka mor’a moo ba ile ba buisana hamonate. O ne a tsebile nomoro ea Tatyana ea fono joang? Moroetsana eo o ile a mo hlalosetsa hore ha a ne a ile kerekeng e ’ngoe, o ile a fumana buka ea Seo Bibele e se Rutang le Phetolelo ea Lefatše le Lecha tlas’a benche ’me linomoro tsa Tatyana li ne li ngotsoe libukeng tseo. Libuka tseo li ne li fihlile joang moo? Li ne li siiloe ke ’mè oa ngoanana eo Tatyana a kileng a mo khannela thuto ea Bibele. Kamoo ho bonahalang kateng, sepheo sa ’mè eo e ne e le ho ea botsa moprista hore na ho loketse hore morali oa hae a bale libuka tseo kapa che. Ka lebaka le itseng leo re sa le tsebeng, o ile a siea libuka tseo tlas’a benche. Moroetsana eo a li bona eaba o etsa qeto ea ho ea le tsona lapeng. Ka mor’a ho qoqa fonong, ba ile ba buisana ka makhetlo ka Bibele.
BAKI E LAHLEHILENG E FANA KA MONYETLA OA HO PAKA. Elena ke morali’abo rōna oa pula-maliboho ea khethehileng ’me o ile a bona baki e ntle e oetse seterateng motseng oa Minsk, Belarus. Baki eo e ne e hloekile ’me ho sa bonahale eka e lahliloe ka boomo. Elena o ile a e nka, eaba o fumana R8 800 ka pokothong. Ha a ntse a sheba batho ba fetang, ka potlako o ile a lemoha monna e mong eo e tlamehang ebe ke eena ea lahlehetsoeng ke baki. O ne a matha a ferekane a ntse a thalatsa mahlo joalokaha eka ho na le ntho eo a e batlang. Elena o ile a lokela ho mo mathela. E ne e le rakhoebo ea tsoang Bangladesh, ea lulang Moscow. O ile a thaba haholo ha a fumana baki ea hae le chelete. O ne a boetse a batla ho tseba hore na ho tlile joang hore morali’abo rōna a mo tholise baki eo, le hore a be a mo mathele e le hore a mo fe eona. Morali’abo rōna o ile a mo bolella hore ke Paki ea Jehova. Monna eo o ile a re matsatsing a ’maloa a fetileng, basali ba babeli ba Lipaki ba ile ba bua le eena. O ile a qeta metsotso e ka bang 30 a ntse a ba phehisa khang a bile a buella bolumeli ba hae. Monna eo o ile a botsa Elena hore na a ka bontša joang hore oa leboha ha a mo tholisitse baki. Morali’abo rōna o ile a re ha a batle ho hlatsuoa mahlo ka tsela leha e le efe empa tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho bontša kananelo ke ka hore a ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a khutlela Moscow. Monna eo o ile a re o tla etsa joalo.
OCEANIA
PALO EA LINAHA 30
PALO EA BAAHI 39 384 408
PALO EA BAHOELETSI 101 483
PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 62 367
O SEBETSANA LE BOKOOA BO MO SITISANG HO BUA HANTLE. Mor’abo rōna Hamish, ea lilemo li 23 ea lulang Australia, o na le bokooa bo mo sitisang ho bua ka tsela e utloahalang le e hlakileng ’me ka linako tse ling ha a khone ho bua ho hang. Leha ho le joalo, bothata bona ha boa fokotsa cheseho ea hae ea ho beha lipuo kapa ho bua le batho tšimong. Ka mohlala, ha Hamish a fana ka puo Holong ea ’Muso, o qala ka hore a thaepele kemiso ea puo ea hae mochineng o monyenyane oa elektronike o ballang holimo taba e ngotsoeng. Ha a fana ka puo, o beha mochine ona sefaleng ebe o tobetsa keyboard ho khetha lipolelo kapa lirapa tseo a li thaepileng e le hore mochine o li bale. Sebuela-hōle se hōlisa molumo oa lentsoe la mochine ona ha o ntse o bala. Haeba puo ea hae e hloka hore bamameli ba arabe, o botsa lipotso le ho leboha karabo ea motho ka mong ka ho thaepa mochineng. Ha a le tšimong, o buisana le batho ka eona tsela eo, o sebelisa lipolelo tseo a li lokiselitseng esale pele, mangolo ao a a qotsitseng ebile o thaepa kapele seo a batlang ho se bua! Ka lebaka leo, o na le lipoelo tse ngata tse ntle. Ho tloha ha Hamish a khetheloa ho ba mohlanka ea sebeletsang ka 2007, o ’nile a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang ka makhetlo a ’maloa selemo le selemo.
PRINTHARA EA HAE E NE E SA SEBETSE HANTLE. Sehlekehlekeng sa New Caledonia, David eo mosebetsi oa hae e leng ho lokisa lik’homphieutha o ile a letsetsoa ke mosali e mong eo printhara ea hae e neng e sa sebetse hantle—e ne e sa hatise. David o ile a lokisa bothata boo ka potlako, empa a makala ha a bona molaetsa oo printhara e o hatisitseng o re: “LE SE KE la kena mona. Jesu o teng ka tlung ena. Ha re batle bolumeli bo bong.”
David o ile a re ho mong’a ntlo: “Ke kōpa tšoarelo, ha ke ntse ke lokisa printhara ea hao, ke ile ka bala tokomane eo e e hatisitseng. Ke kōpa ho botsa hore na ke hobane’ng ha u ngotse molaetsa ona?”
Mosali enoa o ile a re: “Akere ua tseba hore Lipaki Tsa Jehova ha li fele mona, li tla mafelo a beke e ’ngoe le e ’ngoe. Re khathetse ke tsona sebakeng sena. Kea u bolella, ha ho Paki le e ’ngoe e tla kena ka tlung ea rōna.”
Eaba David oa botsa: “Na ua tseba hore u se u kōpile e mong oa tsona hore a kene ka tlung ea hao?”
Eena a araba ka ho re: “Le khale! Le ka mohla nke ke ka etsa ntho e joalo.”
Eaba David o re: “Ke Paki ea Jehova! ’Me ke uena ea mpitsitseng!” Mosali eo o ile a makala a ba a hlajoa ke lihlong. David o ile a mo hlalosetsa ka mosa hore na ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li etela batho malapeng a bona. Ba ile ba buisana ka lihora tse peli. Ka mor’a matsatsi a seng makae, David o ile a boela a etela mosali eo le monna oa hae. Ba ile ba bolela hore ka mor’a ho nahanisisa ka se etsahetseng, ba kholisehile hore Molimo ke eena ea entseng hore David a tle ha bona. Ka lebaka leo, ba ne ba sitoa ho hana ha a ba etela! Hona joale ba amohela limakasine tsa rōna kamehla.
O LULA A TŠOERE LIPAMPITŠANA. Nathan, ea lilemo li 12, o lula Australia. O lula a kentse lipampitšana tsa Bibele ka mokotlaneng oa hae oa sekolo ’me o pakela metsoalle ea hae kamehla sekolong. Ka letsatsi le leng ha a tsoa sekolong, o ile a bona nkhono e mong a eme ka pel’a ntlo ea hae. Nkhono o ile a bososela, kahoo Nathan le eena a bososela eaba o mo fa pampitšana. Nkhono a mo bolella hore monna oa hae o hlokahetse lilemong tse tharo tse fetileng. Kahoo Nathan o ile a mo fa pampitšana e reng Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baratuoa ba Shoeleng? Eaba o sekisa meokho ha Nathan a mo bolella hore ho tla ba le tsoho ea bafu ’me o tla bona monna oa hae hape Paradeiseng. Nkhono a mo botsa: “Empa mahlomola aa ’ohle a tla fela neng?” Eaba Nathan o mo fa pampitšana e ’ngoe e reng Mahlomola ’Ohle a Tla Fela Haufinyane! O ile a botsa Nathan hore na ke eng hape eo a e lumelang. Kahoo o ile a mo fa pampitšana e ’ngoe hape e reng Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova li se Lumelang? Eaba Nathan oa tsamaea. Ka mor’a libeke tse ’maloa o ile a bona nkhono enoa hape a eme ka pel’a ntlo ea hae. O ile a bitsa Nathan ’me a mo haka. A re ho eena: “Ua tseba hore na ho etsahetse’ng Nathan? Ka mor’a hore u mphe lipampitšana tsela, ke ile ka eteloa ke basali ba babeli ba Lipaki ’me hona joale ke ithuta Bibele le bona!”
BA NE BA TŠOERE MEMO E LE ’NGOE FEELA EA SEHOPOTSO. Michael o ile a thusa kahong ea mehahong e mecha ea lekala ea Solomon Islands. Ka mor’a moo, o ile a etsa qeto ea ho bolella batho ba Sehlekehlekeng sa Mbanika litaba tse molemo, e leng sehlekehleke se ka thōko moo a hōletseng teng le moo baholoane ba hae ba neng ba lula teng. Ho ne ho se na Lipaki sehlekehlekeng sena. Hape ha ho na sekepe se eang teng kamehla, ha ho na tšebeletso ea poso ebile ho na le thelefono e le ’ngoe feela.
O ile a tsamaea le mocha e mong oa pula-maliboho, ea bitsoang Hansly, ha a e-ea Sehlekehlekeng sa Mbanika. Ha ba fihla moo, ha baa ka ba senya nako, ba ile ba haha Holo e nyenyane ea ’Muso ka makala a palema ’me ba mema batho hore ba be teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Kaha bara bao babo rōna ba babeli ba ne ba e-na le memo e le ’ngoe feela, ba ne ba e bontša batho ebe ba ba hlalosetsa hore na Sehopotso ke sa bohlokoa hakae.
Letsatsi pele ho Sehopotso, bara bana babo rōna ba ile ba nka leeto la lihora tse peli ka seketsoana sa masokoana ba ea ka lehlakoreng le leng la sehlekehleke sena ho ea mema lelapa le lulang moo. Leha ho le joalo, ba ile ba fumana e le bana feela. Michael o ile a etsa qeto ea ho ba siela memo e le ’ngoe feela eo ba neng ba e tšoere. O ile a e fa ngoanana oa moo e moholo eaba o mo kōpa hore a e fe ntate oa hae.
Thapameng ea letsatsi le latelang, ha Michael le Hansly ba ntse ba lokisetsa Sehopotso, ba ile ba bona lelapa leo le tla ka seketsoana. Ntate eo o ne a balile memo ena eaba o etsa qeto ea hore e tlameha ebe Sehopotso ke ketsahalo ea bohlokoa haholo, eaba o tla le lelapa la hae kaofela. Mantsiboeeng ao, batho ba 52 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Michael le Hansly ba tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le ho ithuta Bibele le batho ba bileng teng Sehopotsong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Elin o hlokahetse ha buka ena ea selemo e ntse e phetheloa.
[Chate leqepheng la 40-47]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2010 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG KA BOPHARA
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Limmapa leqepheng la 48-50]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)