Khaolo ea Pele
“Ke Kentse Mantsoe a ka Molomong oa Hao”
1, 2. Ke hobane’ng ha u kholoa seo u se balang ka Bibeleng?
“HO NA le motsoalle ea khomarelang haufi ho feta mor’abo motho.” (Liprov. 18:24) Na u iponetse bonnete ba mantsoe ao a bululetsoeng? U ka tšepa seo motsoalle oa ’nete a se buang. Ha a u bolella ntho e monate kapa a u hlalosetsa hore na o tla etsa’ng, ua mo kholoa. Ha a u hlokomelisa phoso, ho ka etsahala hore ebe ua mo mamela ebile u etsa seo a u bolellang sona. Ka nako e telele o ’nile a bontša hore ehlile o batla ho u thusa, esita leha a u eletsa. O u lakaletsa katleho ’me le uena u mo lakaletsa katleho e le hore setsoalle sa lōna e be se tšoarellang.
2 Ka litsela tse ngata, banna bao Molimo a ileng a ba sebelisa hore ba ngole libuka tsa Bibele e ka ba metsoalle e joalo ho uena. U ka kholoa seo ba se buang. U ka kholiseha hore seo ba se buang se tla u tsoela molemo. E tlameha ebe Baiseraele ba boholo-holo ba ne ba ikutloa ka tsela eo ka “batho ba [ileng] ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Pet. 1:20, 21) Motho eo Molimo a ileng a mo sebelisa ho ngola buka e khōlō ka ho fetisisa ea boprofeta ke Jeremia, ea ileng a boela a ngola buka ea Lillo Tsa Jeremia le libuka tse ling tsa Bibele tse peli.
3, 4. Batho ba bang ba na le maikutlo afe ka buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia, empa ke hobane’ng ha maikutlo ao a fosahetse? Bontša.
3 Leha ho le joalo, mohlomong u hlokometse hore hangata batho ba bang ba balang Bibele ba nka hore libuka tse ngotsoeng ke Jeremia ke litaba ‘tse sa ba ameng.’ Ba ka ’na ba nahana hore buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia li fana ka litemoso tse tšosang feela le boprofeta bo nyahamisang.a Empa na ho loketse ho nka buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia ka tsela eo?
4 Ke ’nete hore lintho tseo Jeremia a li ngotseng li ne li akarelletsa litemoso tse tobileng le likeletso, empa ua tseba hore ka linako tse ling motsoalle le eena o etsa joalo. Esita le Jesu o ile a ntša maikutlo a hae ha metsoalle ea hae, e leng baapostola e ne e bontša hore e na le maikutlo a fosahetseng; o ile a e khalemela a sa hlathe koana le koana. (Mar. 9:33-37) Leha ho le joalo, molaetsa oa Jesu o ka sehloohong o ne o le monate, o bontša hore na batho ba ka etsa joang hore ba amoheloe ke Molimo le hore ba be le thabo ka moso. (Mat. 5:3-10, 43-45) Ho joalo le ka libuka tseo Jeremia a li ngotseng tseo e leng karolo ea “Lengolo lohle,” tse molemo bakeng sa “ho otlolla lintho.” (2 Tim. 3:16) Jeremia o ile a bolela ka ho hlaka hore na Molimo o ne a talima joang batho ba neng ba ipolela hore ba sebeletsa Jehova empa ba lokeloa ke ho kotula litholoana tsa litsela tsa bona tse mpe. Ho ntse ho le joalo, buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia li na le molaetsa o fanang ka tšepo ’me li bontša hore na re ka ba le bokamoso bo thabisang joang. Buka ea Jeremia e akarelletsa boprofeta bo buang ka hore na Molimo o ne a tla sebelisana joang le batho ’me kajeno re ameha ka ho otloloha phethahatsong ea boprofeta boo. Ho feta moo, ka har’a libuka tseo tse peli, u tla fumana lipolelo tse monate le tse khothatsang.—Bala Jeremia 31:13, 33; 33:10, 11; Lillo Tsa Jeremia 3:22, 23.
5. Libuka tseo Jeremia a li ngotseng li ka re tsoela molemo joang?
5 Taba ea hore na hona joale re tla thaba har’a batho ba Molimo le hore na bokamoso ba rōna e tla ba bofe, e amana le lintho tseo Jeremia a li ngotseng. Mohlala oa seo ke bonngoe bo teng mokhatlong oa rōna oa bara ba motho. Libuka tseo a li ngotseng, li tla re thusa hore re matlafatse kamano eo ea bara ba motho le hore re sebelise keletso ea moapostola Pauluse e reng: “Barab’eso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng, ho tšelisoa, ho nahana ka tumellano, ho phela ka khotso; ’me Molimo oa lerato le oa khotso o tla ba le lōna.” (2 Bakor. 13:11) Libuka tseo Jeremia a li ngotseng li boetse li amana ka kotloloho le molaetsa oo re o bolelang. Le hoja re bolella batho ba bang ka matsatsi a ho qetela re bile re ba lemosa ka bofelo ba tsamaiso ena bo ntseng bo atamela, molaetsa oa rōna o ntse o le monate, o fa batho lebaka la hore ba be le tšepo. Ho feta moo, litaba tseo Jeremia a li ngotseng li ka re thusa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ho na le litsela tse ngata tseo bophelo ba rōna bo tšoanang le ba hae ka tsona le tseo ka tsona molaetsa oo re o bolelang o tšoanang le oo a neng a o bolela. E le hore u utloisise seo, nahana ka bophelo le mosebetsi oa moprofeta enoa ea behang mohlala eo Molimo a ileng a re ho eena: “Bona! ke kentse mantsoe a ka molomong oa hao.”—Jer. 1:9.
6, 7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o ne a thahasella Jeremia, ’me ho ne ho etsahala’ng Juda nakong eo a hlahang?
6 Monna le mosali ba lebeletseng hore lesea la bona le hlahe, hangata ba nahana ka mora (kapa morali) oa bona oa ka moso. Ebe o tla ba joang, o tla etsa’ng bophelong—o tla rata lintho life, a etse mosebetsi oa mofuta ofe, hona o tla fihlela lintho life bophelong? Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba hao le bona ba ile ba nahana ka lintho tseo. E tlameha ebe le batsoali ba Jeremia ba ile ba nahana ka tsona. Leha ho le joalo, taba ea hae eona ea ikhetha. Hobane’ng? Hobane ka ho khetheha ’Mōpi oa leholimo le lefatše o ne a thahasella bophelo ba Jeremia le lintho tseo a neng a tla li etsa.—Bala Jeremia 1:5.
7 Ka sebele, pele Jeremia a tsoaloa, Molimo o ile a sebelisa tsebo ea Hae ea ho tseba lintho le pele li etsahala. O ile a thahasella ka ho khethehileng moshanyana ea neng a tla hlahela lelapeng la boprista le neng le lula ka leboea ho Jerusalema. Seo se etsahetse bohareng ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., ’me ena e ne e se nako ea thabo Juda ka lebaka la puso e mpe ea Morena Manase. (Sheba leqephe la 19.) Boholo ba nako pusong ea hae ea lilemo tse 55, Manase o ile a etsa se sebe mahlong a Jehova. Ka mor’a moo, mora oa hae Amone le eena o ile a etsa se tšoanang. (2 Mar. 21:1-9, 19-26) Phetoho e khōlō e ile ea etsahala pusong ea morena oa Juda ea latelang. Ka sebele, Morena Josiase o ile a batla Jehova. Selemong sa bo18 sa puso ea hae, Josiase o ne a felisitse borapeli ba litšoantšo naheng eohle. E tlameha ebe seo se ile sa thabisa batsoali ba Jeremia, kaha Molimo o ile a roma mora oa bona nakong ea puso ea Josiase.—2 Likron. 34:3-8.
Ke hobane’ng ha u lokela ho thahasella buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia?
MOLIMO O KHETHA ’MUELLI
8. Jeremia o ile a rongoa hore e be eng, hona o ile a etsa joang?
8 Ha re tsebe hore na Jeremia o ne a le lilemo li kae ha Molimo a ne a re ho eena: ‘Ke u entse moprofeta ho lichaba.’ E ka ’na eaba o ne a habile lilemo tse 25, e leng lilemo tseo ka tsona moprista a neng a ka kena karolong e qalang ea tšebeletso ea hae ea boprista. (Num. 8:24) Ho sa tsotellehe hore na o ne a le lilemo li kae, Jeremia o ile a araba ka ho re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Bona! ha ke tsebe ho bua, etsoe ke sa le moshanyana.” (Jer. 1:6) O ne a le lesisitheho, mohlomong hobane a ne a nahana hore o sa le monyenyane haholo kapa hore o ne a sa tšoanelehe hore a ka jara boikarabelo boo bo boima le ho bua le sechaba phatlalatsa e leng seo ho neng ho hlokahala hore moprofeta a se etse.
9, 10. Maemo e ne e le afe ha Jeremia a qala mosebetsi oa hae, empa ke hobane’ng ha ka mor’a nako ho ile ha bonahala mosebetsi oa hae e e-ba o tšosang?
9 Jeremia o ile a rongoa nakong eo Morena Josiase a neng a felisa borapeli bo nyonyehang ba bohata ’me a ntšetsa pele borapeli ba ’nete. Ho sa tsotellehe hore na Jeremia le Josiase ba ne ba sebelisana hakae, ho hlakile hore maemo a ne a le matle bakeng sa moprofeta oa ’nete. Sofonia le Nahume le bona ba ile ba sebetsa Juda qalong ea puso ea Josiase.b Moprofeta oa mosali Hulda le eena o sebelitse nakong eo, empa o ile a profeta hore ho ne ho tla linako tsa mathata. Jeremia o ile a phela ho fihlela lintho tseo li etsahala. (2 Mar. 22:14) Ha e le hantle, ka linako tse ling metsoalle ea Jeremia e kang Ebede-meleke le Baruke, e ile ea mo pholosa lefung leo ho neng ho bonahala eka o ne a ke ke a le qoba kapa ea mo sireletsa ho lira tse neng li batla ho iphetetsa ho eena.
10 U ne u tla ikutloa joang haeba Molimo a ne a ka re o u roma ka ho khetheha hore u be moprofeta ’me u l’o phatlalatsa molaetsa o matla? (Bala Jeremia 1:10.) Nahana ka mohlala o le mong feela oa molaetsa oo Jeremia a neng a lokela ho o phatlalatsa. Ka 609 B.C.E., makhotla a Babylona a ne a atamela Jerusalema. Morena Tsedekia o ne a batla hore Jeremia a mo bolelle molaetsa o monate o tsoang ho Molimo. Empa Molimo o ne a sa tšoarela morena eo molaetsa o joalo.—Bala Jeremia 21:4-7, 10.
E NE E LE MOTHO JOALOKA RŌNA
11. Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ebe Jeremia o ile a fumana mosebetsi oo a o filoeng o le thata empa leha ho le joalo a ba sebete ho o etsa?
11 Nahana eka re lokela ho phatlalatsa melaetsa e matla ea kahlolo ho marena a khopo, baprista ba bolileng le baprofeta ba bohata. Ke sona seo Jeremia a neng a lokela ho se etsa. Leha ho le joalo, Molimo o re tšehelitse joalokaha a ne a tšehelitse Jeremia. (Jer. 1:7-9) Molimo o ile a bontša hore o tšepa Jeremia e mocha, a mo khothatsa ka mantsoe ana: “Kajeno ke u entse motse o etselitsoeng qhobosheane le tšiea ea tšepe le marako a koporo khahlanong le naha eohle, ho marena a Juda, ho likhosana tsa eona, ho baprista ba eona le ho batho ba naha. Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla,’ ho bolela Jehova.”—Jer. 1:18, 19.
12. Ke ka mabaka afe re ka ’nang ra re re tšoana le Jeremia?
12 Ha ho na motho ea lokelang ho nahana hore Jeremia e ne e le motho ea matla ea ikhethang. E ne e le motho joaloka rōna. Ho feta moo, ke habohlokoa hore ebe le hoja Jeremia a ne a phela mehleng e meng, o ne a ntse a thulana le maemo a tšoanang le a rōna. Bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi le ha re etsa mesebetsi ea phutheho, re kopana le batho ba mefuta-futa feela joalokaha Jeremia le eena a ne a kopana le batho bao a neng a phela har’a bona. Sena sohle ke seo re ka ’nang ra ithuta sona ho Jeremia, eo, joaloka moprofeta Elia, e neng e le “motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.” (Jak. 5:17) Nahana ka mehlala e meng ea seo re ka ithutang sona ho Jeremia.
13, 14. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ka ’na ba utloisisa se ileng sa etsahala pakeng tsa Jeremia le Pashkure, joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 10?
13 Ha lilemo li ntse li feta, na ha ua ka ua thulana le mathata le manolo? Jeremia le eena o ile a thulana le ’ona. Ka lekhetlo le leng moprista ea hlaheletseng Pashkure, o ile a otla Jeremia a ba a re a kenngoe metšoasong. Ka lihora tse ngata o ile a tšoasoa motšoasong oa lehong oo e ka ’nang eaba o ne o tšoasitse maoto a hae, matsoho esita le molala ’me o entse hore a futahane. E tlameha ebe ha aa ka a mamella bohloko feela empa o ile a mamella le ho nyelisoa ke bahanyetsi. Na u nahana hore u ne u ka mamella ha u songoa ka lonya kapa u utloisoa bohloko ’meleng?—Jer. 20:1-4.
14 Ha re nahana ka boemo ba Jeremia, ha ho makatse hore ebe o ile a susumelletseha hore a re: “Ho rohakoe letsatsi leo ke tsoetsoeng ka lona! . . . Ke hobane’ng ha ke tsoile pōpelong hore ke bone mosebetsi o boima le mesarelo le hore matsatsi a ka a felle ka lihlong feela?” (Jer. 20:14-18) Ho hlakile hore o ne a tseba hore na ho felloa ke tšepo ho joang. Na u se u kile ua nyahama hoo u ileng ua bona eka ha u na thuso, le lintho tseo u li finyeletseng ha li na thuso kapa ua ba ua bona eka ha ho na thuso le hore u tsoele pele? Batho bohle ba ’nileng ba e-ba le maikutlo ao, ba ka rua molemo ka hore ba utloisise hantle lintho tse ileng tsa hlahela Jeremia le hore na litaba li ile tsa mo tsamaela joang.
Ke eng e u khahlang ka mosebetsi oo Jehova a ileng a o fa Jeremia? Ke hobane’ng ha u ka utloisisa se ileng sa etsahalla Jeremia?
15. Ke hobane’ng ha re ka rua molemo ka hore re hlokomele hore na tsela eo Jeremia a neng a ikutloa ka eona e ne e fetoha joang?
15 Lipolelo tse bontšang ho hloka tšepo tseo re li balang ho Jeremia 20:14-18 li tla hang ka mor’a hore moprofeta eo a bue ka ho binela Jehova le ho mo rorisa. (Bala Jeremia 20:12, 13.) Na ka linako tse ling u ee u hlokomele hore tsela eo u ikutloang ka eona e ka fetoha ka nako le motsotso? U ne u thabile haholo, empa u se u ikutloa u nyahame. Ho ka etsahala hore ebe kaofela ha rōna re ka rua molemo ka ho hlahlobisisa se ileng sa etsahalla Jeremia. Ho hlakile hore o ne a ikutloa ka tsela eo re ikutloang ka eona. Kahoo, re ka ’na ra rua molemo o moholo ka hore re hlahlobe liketso tsa monna enoa eo ’Mōpi a ileng a mo sebelisa haholo e le ’muelli oa hae.—2 Likron. 36:12, 21, 22; Esdr. 1:1.
16. Taba ea hore Jeremia o ne a sa nyala e ka ’na ea e-ba ea bohlokoa ho bo-mang?
16 Lebaka le leng le etsang hore ba bang ba utloisise boemo ba Jeremia ke taba ea hore o ne a sa nyala. Molimo o ile a fa Jeremia taelo e sa tloaelehang mohlomong ebile e le e thata e reng: U se ke ua nyala. (Bala Jeremia 16:2.) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a bolella Jeremia seo, ’me se ile sa mo ama joang? Tlalehong ee ke eng eo bara le barali babo rōna ba se nang balekane ebang ke ka boikhethelo kapa ka lebaka la maemo a itseng ba ka e utloisisang? Ha e le hantle, mantsoeng a Molimo ho Jeremia na ho na le seo Lipaki tse lenyalong hona joale li lokelang ho nahana ka sona? Banyalani ba se nang “bara le barali” bona? Tlaleho ea Jeremia e ka u thusa joang?
17. Mantsoe a Jeremia a fumanoang ho Jeremia 38:20 a ka ’na a etsa hore re nahane ka eng?
17 Ke taba e thahasellisang hore ebe ka lekhetlo le leng Jeremia o ile a phehella morena ea neng a busa Juda a re: “Ka kōpo, mamela lentsoe la Jehova ho seo ke u bolellang sona, ’me lintho li tla u tsamaela hantle, ’me moea oa hao o tla ’ne o phele.” (Jer. 38:20) Tlaleho ena e fana ka tataiso ea bohlokoa haholo mabapi le hore na re lokela ho sebelisana le ba bang joang. Seo se akarelletsa hore na re lokela ho sebelisana joang le batho ba e-s’o sebeletse Jehova empa e le batho bao re ka ’nang ra khona ho ba thusa. Hape, Jeremia o re behetse mohlala o motle kajeno ka tsela eo a neng a tšoara batho ba neng ba mamela Molimo ka eona. Ka sebele, re ka ithuta lintho tse ngata ho Jeremia.
BUKA EE E U TŠOARETSE ENG?
18, 19. Ke litsela life tse ling tseo re ka ithutang buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia ka tsona?
18 Buka ena e tla u thusa hore u hlahlobe buka ea Bibele ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia u be u ithute se seng ho tsona. Ka tsela efe? Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole sena: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Tim. 3:16) Lengolo leo le akarelletsa libuka tse peli tse boletsoeng ka holimo.
19 Ke ’nete hore motho a ka ithuta buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia ka litsela tse se tšoaneng empa tsa ’na tsa mo tsoela molemo. Ka mohlala, motho a ka ’na a ithuta libuka tseo tse peli a hlahloba litemana ka ho latellana ha tsona, a batla ho utloisisa hore na temana ka ’ngoe e ngotsoe tlas’a maemo afe le hore na bohlokoa ba eona ke bofe. Kapa mohlomong motho a ka tsepamisa kelello litlalehong tsa bohlokoa tse tšoanang—moo batho le liketsahalo tseo ho buuoang ka tsona ho Jeremia le ho Lillo Tsa Jeremia li bapisoang le liketsahalo tse etsahalang mehleng ea kajeno. (Bapisa le Jeremia 24:6, 7; 1 Bakorinthe 3:6.) Tsela e ’ngoe e ka ba ho ithuta libuka tseo e le hore re tsebe histori ea lintho tse etsahetseng mehleng ea Jeremia. (Jer. 39:1-9) Ha e le hantle, ho ka ’na ha boleloa hore boitsebiso ba mofuta oo boa hlokahala e le hore ha motho a hlahloba buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia li mo tsoele molemo. Kahoo, Khaolo ea 2, e reng, “Ho Sebeletsa Molimo ‘Karolong e Qetellang ea Matsatsi,’” e tla re thusa hore re fumane leseli la hore na nako ea bohlokoa eo Jeremia a phetseng ka eona e ne e le joang le hore na Molimo o ile a tsamaisa lintho joang.
20. Bukeng ee, re tla ithuta buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia joang?
20 Leha ho le joalo, sepheo se ka sehloohong sa buka ena se fapane. Re tla ithuta buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia re hlokomela hore ke limpho tse tsoang ho Molimo tse tla re thusa hore kajeno, re phele joaloka Bakreste. (Tite 2:12) Ka sebele re tla hlokomela hore libuka tsena tse peli li na le boitsebiso bo bongata bo “molemo bakeng sa ho ruta.” Li fana ka keletso e molemo le mehlala e ka re thusang hore re be sebete re be re be le tsebo e tla re thusa ha re thulana le mathata bophelong. Sena se tla etsahala ho sa tsotellehe hore na re masoha, re lenyalong, re baholo, re bo-pula-maliboho, ke rōna ba sebeletsang malapa, re bo-’mè ba sa sebetseng kapa re bana ba sekolo. Libukeng tsena tse peli tse bululetsoeng, e mong le e mong oa rōna o tla fumana thuso e tsoang ho Molimo e tla re ‘hlomella bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’—2 Tim. 3:17.
21. Ke hobane’ng ha u labalabela lenane la ho ithuta le tla latela?
21 Ha u ntse u ithuta khaolo ka ’ngoe bukeng ena, batla lintlha tseo u ka li sebelisang. Ha ho pelaelo hore buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia li tla bontša bohlokoa ba seo Pauluse a ileng a se ngola ha a ne a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Bar. 15:4.
Bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi u ka ’na ua ithuta eng ka ho ithuta buka ea Jeremia le ea Lillo Tsa Jeremia?
a Lipuong tse ngata ho na le lentsoe le amanang le Jeremia le bolelang “pelaelo ea ho nyatsa motho phatlalatsa” kapa “ho omanela ruri.” Koranta ea The Washington Post e ile ea sebelisa lentsoe leo ha e hlalosa filimi e buang ka ho fetoha ha lintho tse phelang le tikoloho ea tsona hammoho le ho fetoha ha maemo a leholimo.
b Hamorao ha Jeremia a ntse a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa boprofeta, baprofeta ba bang le bona ba ile ba profeta nakong ea hae: E leng Habakuke, Obadia, Daniele le Ezekiele. Jeremia o ne a se a sebelitse ka lilemo tse 40 ha Jerusalema e ne e oeloa ke tlokotsi ka 607 B.C.E., ’me o ile a phela lilemo tse fetang 20 ka mor’a moo.