Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Thato ea Molimo ke Efe?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • Thato ea Molimo ke Efe?

      Molimo o batla hore re phele ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise re thabile re bile re e-na le khotso!

      U ka ’na ua ipotsa: ‘See se ka etsahala joang?’ Bibele e re ’Muso oa Molimo o tla phethahatsa seo, ’me thato ea Molimo ke hore batho bohle ba ithute ka ’Muso oo le ka seo a re reretseng sona.—Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 9:7.

      Molimo o batla hore re itsoele molemo.

      Joalokaha ntate ea molemo a lakaletsa bana ba hae lintho tse ntle, Ntate oa rōna ea maholimong o lakatsa hore re thabe ka ho sa feleng. (Esaia 48:17, 18) O tšepisitse hore “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” —1 Johanne 2:17.

      Molimo o batla hore re tsamaee litseleng tsa hae.

      Bibele e re ’Mōpi oa rōna o batla ho “re rupela ka litsela tsa hae” e le hore ‘re tsamaee litseleng tsa hae.’ (Esaia 2:2, 3) O hlophisitse “batho bakeng sa lebitso la hae” e le hore thato ea hae e tsebahatsoe lefatšeng lohle.—Liketso 15:14.

      Molimo o batla hore re mo rapele re le bonngoeng.

      Borapeli ba Jehova bo hloekileng ha bo arole batho, ho e-na le hoo, bo ba kopanya leratong la ’nete. (Johanne 13:35) Kajeno ke bo-mang ba rutang batho libakeng tsohle hore na ba sebeletse Molimo joang ba le bonngoeng? Re u khothalletsa hore u batle karabo ea potso eo bukaneng ena.

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Ithute Bibele le rōna. Na u se u ntse u ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova? Haeba ha u e-s’o qale, na u ka rata ho khanneloa thuto ea Bibele? Ha e lefelloe. U tla lemoha hore ke tsela e molemo ea hore u atamele ho Molimo.

      Kōpa buka e sa lefelloeng. U ka ea Holong ea ’Muso kapa u bue le Lipaki Tsa Jehova ’me u kōpe buka e tla u thusa ho utloisisa Bibele, ka puo ea hao.

      Ithute ka rōna Inthaneteng. Bula Websaete ea Lipaki Tsa Jehova. U ka khona ho bala Bibele ka puo eo u e utloisisang le lingoliloeng tsa rōna tse ngata kapa ua li hatisa; li fumaneha ka lipuo tse fetang 700.

  • Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Mofuta Ofe?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 1

      Lipaki Tsa Jehova ke Batho ba Mofuta Ofe?

      Paki ea Jehova, Denmark

      Denmark

      Paki ea Jehova, Taiwan
      Lipaki Tsa Jehova, Venezuela
      Lipaki Tsa Jehova, India

      U tseba Lipaki Tsa Jehova tse kae? Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba rōna re baahelani ba hao, basebetsi-’moho le uena, kapa liithuti-’moho le uena. Kapa ebe re kile ra buisana le uena ka Bibele. Ha e le hantle re bo-mang, hona ke hobane’ng ha re bolella batho ka seo re se lumelang?

      Re batho feela ba tloaelehileng. Re batho ba litso le maemo a sa tšoaneng. Ba bang ba rōna re ne re le litho tsa malumeli a mang, ha ba bang re ne re sa lumele hore Molimo o teng. Leha ho le joalo, pele re e-ba Lipaki, kaofela ha rōna re ile ra ipha nako ea ho hlahloba lithuto tsa Bibele ka hloko. (Liketso 17:11) Re ile ra kholoa seo re ithutang sona, eaba re ikhethela ho sebeletsa Jehova Molimo.

      Re rua molemo ka ho ithuta Bibele. Joaloka batho ba bang bohle re na le mathata le mefokolo. Empa kaha re leka ho phela ka melao-motheo ea Bibele letsatsi le letsatsi, re hlokometse hore bophelo ba rōna bo ntlafetse haholo. (Pesaleme ea 128:1, 2) Lena ke le leng la mabaka a etsang hore re bolelle ba bang lintho tse molemo tseo re ithutileng tsona Bibeleng.

      Re phela ka melao-motheo ea Molimo. Melao-motheo ena e ka Bibeleng, e re thusa hore re phele hantle, re hlomphe ba bang esita le ho ba le litšobotsi tse kang ho tšepahala le ho ba mosa. E etsa hore re be baahi ba molemo le ba mahlahahlaha, e thusa malapa hore a momahane ’me a itšoare hantle. Kaha re kholisehile hore “Molimo ha a leeme,” re litho tsa mokhatlo oa machaba oa bara ba motho, ba sa aroloeng ke likhohlano tsa morabe le tsa lipolotiki. Le hoja ka bomong re le batho feela ba tloaelehileng, re litho tsa mokhatlo o ikhethang.—Liketso 4:13; 10:34, 35.

      • Lipaki Tsa Jehova li tšoana le batho ba bang ka eng?

      • Lipaki li ithutile melao-motheo efe ka Bibeleng?

  • Ke Hobane’ng ha re Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
    • THUTO 2

      Ke Hobane’ng ha re Bitsoa Lipaki Tsa Jehova?

      [Setšoantšo se leqepheng la 5]

      Noe

      [Setšoantšo se leqepheng la 5]

      Abrahama le Sara

      [Setšoantšo se leqepheng la 5]

      Moshe

      [Setšoantšo se leqepheng la 5]

      Batho ba bangata ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova ke lebitso la bolumeli bo bocha. Leha ho le joalo, lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng, bahlanka ba Molimo a le mong feela oa ’nete ba ile ba bitsoa “lipaki” tsa hae. (Esaia 43:10-12) Ho fihlela ka 1931, re ne re tsejoa ka hore re Liithuti Tsa Bibele. Ke hobane’ng ha re ile ra amohela lebitso Lipaki Tsa Jehova?

      Lebitso lena le khetholla Molimo oa rōna. Ho latela libuka tsa boholo-holo lebitso la Molimo, Jehova, le hlaha ka makhetlo a likete ka Bibeleng. Liphetolelong tse ngata lebitso lena le nketsoe sebaka ke litlotla tse kang Morena kapa Molimo. Empa Molimo oa ’nete o ile a itšenola ho Moshe ka lebitso la hae, e leng Jehova, a re: “Lena ke lebitso la ka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Exoda 3:15) Ka ho etsa joalo, o ile a ikhetholla ho melimo eohle ea bohata. Re motlotlo hore ebe re bitsoa ka lebitso la Molimo le halalelang.

      Le hlalosa mosebetsi oa rōna. Batho ba bangata ba boholo-holo, ho tloha ka Abele ea lokileng, ba ile ba paka hore ba lumela ho Jehova. Ho theosa le makholo a lilemo, Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Davida le ba bang ba ile ba kenella ‘lerung lena le leholo la lipaki.’ (Baheberu 11:4–12:1) Joalokaha motho a ka pakela motho ea se nang molato ka lekhotleng, re ikemiselitse ho phatlalatsa ’nete ka Molimo oa rōna.

      Re etsisa Jesu. Bibele e re ke “paki e tšepahalang le ea ’nete.” (Tšenolo 3:14) Jesu o ile a re ‘o tsebahalitse lebitso la Molimo’ a ba ‘a pakela ’nete’ ka Molimo. (Johanne 17:26; 18:37) Kahoo, balateli ba ’nete ba Kreste ba lokela ho emela lebitso la Jehova ’me ba le tsebahatse. Ke sona seo Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitseng ho se etsa.

      • Ke hobane’ng ha Liithuti Tsa Bibele li ile tsa amohela lebitso Lipaki Tsa Jehova?

      • E se e le nako e kae Jehova a e-na le lipaki lefatšeng?

      • Paki ea Jehova e ka sehloohong ke mang?

      ITHUTE KA HO EKETSEHILENG

      Ha u kopana le litho tsa phutheho ea rōna sebakeng sa heno, leka ho li tseba hamolemo. Li botse: “Ke hobane’ng ha le ile la ba Lipaki Tsa Jehova?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela