-
Ke Hobane’ng ha re ea Likopanong?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 11
Ke Hobane’ng ha re ea Likopanong?
Mexico
Jeremane
Botswana
Ke hobane’ng ha batho baa ba thabile? Ba tlile kopanong. Joaloka bahlanka ba Molimo ba nakong e fetileng, ba neng ba laeloa hore ba bokane hammoho hararo ka selemo, re labalabela ho bokana ka lihlopha tse khōlō. (Deuteronoma 16:16) Selemo le selemo, re ba le likopano tse tharo: likopano tse peli tsa potoloho, eo ka ’ngoe e nkang letsatsi le kopano ea setereke ea matsatsi a mararo. Re rua molemo joang lipokanong tsee?
Li matlafatsa kamano ea rōna le barab’abo rōna ba Bakreste. Joalokaha Baiseraele ba ne ba thabela ho rorisa Jehova “har’a matšoele a phuthehileng,” le rōna re thabela ho mo rapela re le hammoho likopanong. (Pesaleme ea 26:12; 111:1) Lipokano tsena li bula monyetla oa ho kopana le ho thabela botsoalle le Lipaki tse tsoang liphuthehong tse ling kapa esita le linaheng tse ling. Motšehare re thabela ho ja hammoho, e leng se tlatsetsang moeeng oa botsoalle likopanong tsena. (Liketso 2:42) Ha re le moo re bona lerato le kopanyang “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna” lefatšeng lohle.—1 Petrose 2:17.
Li re thusa ho hatela pele moeeng. Baiseraele ba ile ba boela ba ruisoa molemo ke ‘ho utloisisa mantsoe’ a Mangolo ao ba ileng ba a qaqisetsoa. (Nehemia 8:8, 12) Le rōna re ananela thupelo ea Bibele eo re e fumanang likopanong. Lenaneo ka leng le thehiloe sehloohong sa Mangolo. Lipuo tse monate, lineheletsano le lipontšo tsa se hlileng se etsahetseng, li re bontša kamoo re ka etsang thato ea Molimo kateng bophelong ba rōna. Rea khothala ha re utloa liphihlelo tsa batho ba atlehileng ho tobana le lintho tse ba thatafalletsang ho phela ka tsela ea Bokreste linakong tsena tse thata. Likopanong tsa setereke, litšoantšiso tsa moaparo oa boholo-holo li etsa hore litlaleho tsa Bibele li re natefele ’me li re ruta lithuto tseo re ka li sebelisang bophelong. Likopanong tsohle ho kolobetsoa ba batlang ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo.
Ke eng e etsang hore likopano e be tse thabisang?
U ka rua molemo joang ka ho ba teng kopanong?
-
-
Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela ka ’Muso o Hlophisitsoe Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 12
Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela ka ’Muso o Hlophisitsoe Joang?
Spain
Belarus
Hong Kong
Pejana ho lefu la hae, Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Empa mosebetsi oo oa ho bolela lefatšeng lohle o ne o tla finyelloa joang? Ka ho latela mohlala oo Jesu a o behileng ha a le lefatšeng.—Luka 8:1.
Re leka ho buisana le batho malapeng a bona. Jesu o ile a koetlisetsa barutuoa ba hae ho bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. (Matheu 10:11-13; Liketso 5:42; 20:20) Baboleli bao ba evangeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba filoe libaka tseo ba lokelang ho bolela ho tsona. (Matheu 10:5, 6; 2 Bakorinthe 10:13) Le kajeno, mosebetsi oa rōna o hlophisitsoe hantle, ’me phutheho ka ’ngoe e fuoe sebaka seo e lokelang ho bolela ho sona. Sena se re thusa ho phetha taelo ea Jesu ea ‘ho bolella batho le ho fana ka bopaki bo phethahetseng.’—Liketso 10:42.
Re leka ka matla hore re finyelle batho libakeng tsohle. Jesu o ile a boela a beha mohlala ka ho bolella batho phatlalatsa, libakeng tse kang lebōpong la leoatle esita le selibeng. (Mareka 4:1; Johanne 4:5-15) Le rōna re buisana le batho ka Bibele hohle moo re ka ba fumanang teng—literateng, libakeng tsa khoebo, lirapeng tsa boikhathollo, kapa ka thelefono. Re boetse re pakela baahelani, basebetsi-’moho le rōna, bao re kenang sekolo le bona le beng ka rōna ha re e-na le monyetla. Boiteko bona bohle bo thusitse batho ba limilione lefatšeng lohle ho utloa “litaba tse molemo tsa poloko.” —Pesaleme ea 96:2.
Na ho na le motho eo u ka lakatsang ho mo bolella litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le hore na li tla ama bokamoso ba hae joang? U se ke ua ipolokela molaetsa ona o fanang ka tšepo. O bolelle batho ba bang kapele kamoo u ka khonang!
“Litaba tse molemo” tse lokelang ho boleloa ke life?
Lipaki Tsa Jehova li latela mohlala oa Jesu oa ho bolela joang?
-
-
Pula-maliboho ke Eng?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 13
Pula-maliboho ke Eng?
Canada
Hangata lentsoe “pula-maliboho” le bolela motho ea eang libakeng tse ncha ho ea bulela ba bang khoro e le hore ba mo latele. Jesu e ne e le pula-maliboho, kaha o ne a ronngoe lefatšeng hore a etse tšebeletso e fanang ka bophelo le ho bulela batho monyetla oa hore ba bolokehe. (Matheu 20:28) Kajeno balateli ba hae baa mo etsisa ka hore ba qete nako e ngata kamoo ba ka khonang ‘ba etsa barutuoa.’ (Matheu 28:19, 20) Ba bang ba khonne ho etsa seo re se bitsang tšebeletso ea bopula-maliboho.
Pula-maliboho ke ’moleli oa nako e tletseng. Lipaki Tsa Jehova kaofela ke bahoeletsi ba litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ba bang ba lokisitse maemo a bona e le hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba kamehla, ba qete lihora tse 70 ka khoeli mosebetsing oa ho bolela. E le hore ba khone ho etsa sena, ba bang ba etsa mosebetsi oa nakoana. Ba bang ba khethoa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng, ’me khoeli le khoeli ba qeta lihora tse 130 kapa ho feta tšebeletsong. Bo-pula-maliboho ba khotsofaletse ho phela bophelo bo itekanetseng, ba kholisehile hore Jehova o tla ba fa lintho tseo ba li hlokang bophelong. (Matheu 6:31-33; 1 Timothea 6:6-8) Ba sitoang ho bula maliboho ka nako e tletseng ba ka sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ha ba khona, ba eketsa nako eo ba e qetang boboleling hore e be lihora tse 30 kapa 50 ka khoeli.
Pula-maliboho o susumetsoa ke ho rata Molimo le ho rata batho. Joaloka Jesu, rea bona hore batho ba bangata kajeno ba boemong bo sisimosang moeeng. (Mareka 6:34) Empa re tseba se ka ba thusang hona joale, le ho ba fa tšepo ea sebele ea hore lintho li tla loka nakong e tlang. Ho rata baahelani ho susumetsa pula-maliboho hore a fane ka nako ea hae le matla ka seatla se bulehileng, e le hore a thuse ba bang moeeng. (Matheu 22:39; 1 Bathesalonika 2:8) Ka lebaka leo, tumelo ea hae ea matlafala, o atamela haufi le Molimo, ’me oa thaba.—Liketso 20:35.
U ka hlalosa pula-maliboho joang?
Ba bang ba susumetsoa ke’ng hore e be bo-pula-maliboho ba nako e tletseng?
-