-
Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 14
Ke Likolo Life Tse Lokiselitsoeng Bo-pula-maliboho?
United States
Haesale Lipaki Tsa Jehova li tsebahala ka ho ruta batho ka Molimo. Ho lokiselitsoe likolo tse khethehileng bakeng sa ba qetang nako e ngata ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, e le hore ba ‘phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo.’—2 Timothea 4:5.
Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Ha motho a qeta selemo e le pula-maliboho oa kamehla, o ea sekolong se nkang matsatsi a tšeletseng se ka ’nang sa tšoareloa Holong ea ’Muso e haufi le moo a lulang teng. Morero oa sona ke ho thusa pula-maliboho hore a be le kamano e haufi le Jehova, a ntlafatse likarolong tsohle tsa tšebeletso le hore a tsoele pele ka botšepehi tšebeletsong.
Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso. Sekolo sena se nkang likhoeli tse peli se reretsoe ho koetlisa bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo ba ikemiselitseng ho tloha mahaeng a bona ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo. Ha e le hantle, ba re: “Ke ’na enoa! Roma ’na,” e le ha ba etsisa Moevangeli e moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng, e leng Jesu Kreste. (Esaia 6:8; Johanne 7:29) Ha ba tloha moo ba lulang teng, ho ka ’na ha hlokahala hore ba ikamahanye le maemo a moo ba seng ba sebeletsa teng. Litloaelo tsa moo, boemo ba leholimo le lijo li ka ’na tsa fapana hōle le tseo ba li tloaetseng. Ba ka ’na ba lokela ho ithuta puo e ’ngoe. Sekolo sena se thusa bara le barali babo rōna ba masoha hammoho le banyalani ba lilemo tse pakeng tsa 23 le 65 hore ba be le litšobotsi tsa moea tseo ba tla li hloka likabelong tsa bona le ho ba fa koetliso e tla etsa hore Jehova a ba sebelise haholoanyane mokhatlong oa hae.
Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ka Seheberu, “Gileade” e bolela “Qubu ea Bopaki.” Ho tloha ha sekolo sena sa Gileade se thehoa ka 1943, ho koetlisitsoe baromuoa ba fetang 8 000 ’me ba romeloa ho ea fana ka bopaki “ho isa pheletsong ea lefatše” ’me seo se bile le katleho e khōlō. (Liketso 13:47) Ha baromuoa ba qala ho fihla Peru ho ne ho se na liphutheho naheng eo. Hona joale li ka holimo ho 1 000. Ha baromuoa ba fihla Japane, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka tlaasenyana ho tse leshome. Hona joale li se li le ka holimo ho 200 000. Ha ba le sekolong sa Gileade se nkang likhoeli tse hlano, har’a tse ling ba hlahloba Lentsoe la Molimo ka ho pharalletseng. Sekolong sena ho bitsoa bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa ba tšimong, litho tsa lelapa la Bethele le bapotolohi, ho ba koetlisa hore ba thuse ho ntlafatsa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle.
Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho ke ofe?
Sekolo sa Baevangeli ba ’Muso se reretsoe bo-mang?
-
-
Baholo ba Thusa Phutheho Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 15
Baholo ba Thusa Phutheho Joang?
Finland
Baa ruta
Ba etsa maeto a bolisa
Mokhatlong oa rōna ha ho na baruti ba lefuoang. Ho e-na le hoo, joalokaha ho ne ho etsoa ha phutheho ea Bokreste e qala, ho khethoa balebeli ba tšoanelehang ‘hore ba lise phutheho ea Molimo.’ (Liketso 20:28) Baholo bana ke banna ba hōlileng tsebong ba etellang phutheho pele le ho e lisa, “eseng ka ho qobelloa, empa ka ho rata; eseng ka lebaka la lerato la leruo la ho se tšepahale, empa ka tabatabelo.” (1 Petrose 5:1-3) Ba etsa mosebetsi ofe o re tsoelang molemo?
Baa re hlokomela le ho re sireletsa. Baholo ba tataisa phutheho le ho e sireletsa moeeng. Kaha baa hlokomela hore ke Molimo ea ba fileng boikarabelo bona ba bohlokoa, baholo ha ba hatelle batho ba hae, ho e-na le hoo ba tlatsetsa hore re be le thabo le khotsofalo. (2 Bakorinthe 1:24) Joalokaha molisa a alosa nku e ’ngoe le e ’ngoe ka hloko, baholo ba leka ho tseba e mong le e mong ka phuthehong.—Liproverbia 27:23.
Ba re ruta tsela ea ho etsa thato ea Molimo. Beke le beke, baholo ba etella pele libokeng tsa phutheho e le hore ba re matlafatse tumelong. (Liketso 15:32) Banna bana ba inehetseng ba boetse ba etella pele mosebetsing oa boboleli, ’me ba sebetsa le rōna le ho re koetlisa litšobotsing tsohle tsa tšebeletso.
Baa re khothatsa. E le hore ba re hlokomele moeeng, baholo ba ka ’na ba re etela malapeng kapa ba re khothatsa le ho re tšelisa ka Mangolo ha re le Holong ea ’Muso.—Jakobo 5:14, 15.
Ho phaella mosebetsing oo ba o etsang ka phuthehong, baholo ba bangata baa sebetsa ebile ba na le boikarabelo ba ho hlokomela ba malapa a bona ’me sena se hloka nako. Re lokela ho hlompha bara bana babo rōna ba sebetsang ka thata.—1 Bathesalonika 5:12, 13.
Mosebetsi oa baholo ba phutheho ke ofe?
Baholo ba bontša joang hore baa re thahasella?
-
-
Mosebetsi oa Bahlanka ba Sebeletsang ke Ofe?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 16
Mosebetsi oa Bahlanka ba Sebeletsang ke Ofe?
Myanmar
Ba fana ka lipuo
Ba tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo
Bibele e bua ka lihlopha tse peli tsa banna ba Bakreste ba nang le boikarabelo ka phuthehong—e leng “balebeli le bahlanka ba sebeletsang.” (Bafilipi 1:1) Ka tloaelo, ho na le barab’abo rōna ba ’maloa bao e leng balebeli le bahlanka ba sebeletsang phuthehong ka ’ngoe. Bahlanka ba sebeletsang ba etsa mosebetsi ofe o re tsoelang molemo?
Ba thusa baholo. Bahlanka ba sebeletsang ke batho ba nkang lintho tsa moea ka ho teba, ba ka tšeptjoang le ba hlokolosi ’me ba bang ba bacha athe ba bang ba se ba hōlile. Ba etsa mesebetsi e tloaelehileng ea bohlokoa empa hangata e le e amanang le ho hlophisa lintho ka phuthehong le ho li hlokomela. Sena se nolofalletsa baholo hore ba tšoarehe ka mosebetsi oa ho ruta le ho lisa phutheho.
Ba etsa mesebetsi e hlokahalang. Bahlanka ba bang ba sebeletsang ba abetsoe hore e be bahlokomeli, ’me ba amohela bohle ba tlang libokeng. Ba bang ba ka ’na ba sebetsana le thepa ea molumo, ba aba lingoliloeng, ba boloka tlaleho ea phutheho ea liak’haonte, ’me ba bang ba abela litho tsa phutheho tšimo eo li ka e sebetsang. Ba boetse ba thusa ho hloekisa Holo ea ’Muso. Baholo ba ka ’na ba ba kōpa hore ba thuse ba hōlileng. Kaha bahlanka ba sebeletsang ba ikemiselitse ho phetha boikarabelo boo ba bo fuoeng ho sa tsotellehe hore na ke bofe, litho tsohle tsa phutheho lia ba hlompha.—1 Timothea 3:13.
Ke banna ba Bakreste ba behang mohlala o motle. Bahlanka ba sebeletsang ba khethoa ho latela litšoaneleho tsa bona tse ntle tsa Bokreste. Ba re matlafatsa tumelong ha ba fana ka lipuo libokeng. Ba re behela mohlala o motle oa ho cheseha ha ba re etella pele mosebetsing oa boboleli. Kaha ba sebelisana le baholo, ba etsa hore ho be le thabo le bonngoe ka phuthehong. (Baefese 4:16) Ha nako e ntse e ea, le bona ba ka ’na ba tšoaneleha hore e be baholo.
Bahlanka ba sebeletsang ke batho ba mofuta ofe?
Bahlanka ba sebeletsang ba thusa phutheho joang hore lintho li tsamaee hantle?
-