-
Balebeli ba Potoloho ba re Thusa Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 17
Balebeli ba Potoloho ba re Thusa Joang?
Malawi
O na le sehlopha sa ba eang tšimong
O tšebeletsong ea tšimo
Mangolo a Segerike a Bakreste a bua khafetsa ka Barnabase le moapostola Pauluse. E ne e le balebeli ba tsamaeang, ba etela liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo. Hobane’ng? Ba ne ba amehile e le kannete ka boiketlo ba barab’abo bona. Pauluse o ile a re o batla ‘ho khutla ’me a etele barab’abo’ ho ea bona hore na ba ea joang. O ne a ikemiselitse ho tsamaea lik’hilomithara tse makholo e le hore a e’o ba matlafatsa. (Liketso 15:36) Ke sona seo kajeno balebeli ba tsamaeang ba labalabelang ho se etsa.
Ba re etela ho tla re khothatsa. Molebeli oa potoloho o qeta beke a etetse phutheho e itseng ho tse ka bang 20 tseo a li etelang habeli ka selemo. Re ka rua molemo o moholo phihlelong ea bara bana babo rōna le ea basali ba bona haeba ba nyetse. Ba ikitlaelletsa ho tseba bacha le ba hōlileng, ’me ba labalabela ho tsamaea le rōna tšimong le lithutong tsa Bibele. Balebeli bana ba tsamaea le baholo maetong a bolisa, ’me baa re matlafatsa le ho re fa lipuo tse khothatsang libokeng le likopanong.—Liketso 15:35.
Ba thahasella bohle. Balebeli ba potoloho ba thahasella bomoea ba liphutheho e le kannete. Ba kopana le baholo le bahlanka ba sebeletsang e le hore ba hlahlobe tsoelo-pele e entsoeng le ho ba eletsa hore na ba ka phetha boikarabelo ba bona joang. Ba thusa bo-pula-maliboho hore ba atlehe tšebeletsong, ’me ba thabela ho tseba ba sa tsoa kopanela le ho utloa hore na ba hatela pele joang moeeng. E mong le e mong oa bara bana babo rōna oa itela e le hore e be “mosebetsi-’moho bakeng sa lithahasello tsa [rōna].” (2 Bakorinthe 8:23) Re lokela ho etsisa tumelo le boinehelo ba bona ho Molimo.—Baheberu 13:7.
Balebeli ba potoloho ba etela liphutheho ka sepheo sefe?
U ka rua molemo joang ketelong ea bona?
-
-
Re Thusa Barab’abo Rōna ba Maqakabetsing Joang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 18
Re Thusa Barab’abo Rōna ba Maqakabetsing Joang?
Dominican Republic
Japane
Ha ho hlaha likoluoa, Lipaki Tsa Jehova li hlophisa liphallelo ’me li li isetsa balumeli-’moho le tsona ba amehileng. Liphallelo tseo li bontša hore re ratana e le kannete. (Johanne 13:34, 35; 1 Johanne 3:17, 18) Re thusa ka litsela life?
Re ntša monehelo oa lichelete. Ha Judea e hlaseloa ke tlala ea boja-likata, Bakreste ba pele ba Antioke ba ile ba romela chelete ho phallela Bakreste bao ba Judea. (Liketso 11:27-30) Le rōna ha re utloa hore barab’abo rōna ba libakeng tse ling ba tobane le mathata, re romela monehelo ka liphutheho tsa habo rōna e le hore ho thusoe bao ba maqakabetsing ka lintho tseo ba li hlokang.—2 Bakorinthe 8:13-15.
Re ba phallela ka lintho tse ka ba tsoelang molemo. Baholo ba lulang sebakeng sa koluoa ba batla litho tsohle tsa phutheho ho tiisa hore ba li fumana kaofela ’me li sireletsehile. Komiti ea liphallelo e ka lokisetsa hore ba fuoe lijo, metsi a nooang a hloekileng, liaparo, bolulo le kalafo. Lipaki tse ngata tse nang le tsebo e hlokahalang li ithaopela ho ea libakeng tseo ka litšenyehelo tsa tsona ’me li kenya letsoho mosebetsing oa liphallelo kapa oa ho lokisa mahae a senyehileng le Liholo Tsa ’Muso. Se re thusang hore re hlophise liphallelo ka potlako ha ho hlaha koluoa ke hore ka mokhatlong oa rōna re momahane ebile re tloaetse ho sebetsa ’moho. Le hoja re thusa “ba amanang le rōna tumelong,” ha ho khoneha re boetse re thusa batho ba bang, ho sa tsotellehe hore na ke ba bolumeli bofe.—Bagalata 6:10.
Re tšelisa ba maqakabetsing ka Mangolo ebile rea ba khothatsa. Mahlatsipa a likoluoa ke ’ona ao ka ho khetheha a hlokang matšeliso. Linakong tse joalo, Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” o re fa matla. (2 Bakorinthe 1:3, 4) Re thabela ho bolella batho ba sithabetseng litšepiso tsa Bibele, le ho ba kholisa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla felisa masetla-pelo ’ohle a utloisang batho bohloko le ho ba bakela mahlomola.—Tšenolo 21:4.
Ke hobane’ng ha Lipaki li khona ho nka bohato ka potlako ha ho hlaha likoluoa?
Re ka tšelisa batho ba anngoeng ke likoluoa joang ka Mangolo?
-
-
Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
-
-
THUTO 19
Lekhoba le Tšepahalang le le Masene ke Mang?
Kaofela re rua molemo lijong tsa moea
Nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a buisana le barutuoa ba hae ba bane boinotšing—e leng Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease. Ha Jesu a ntse a ba bolella hore na pontšo ea ho ba teng ha hae matsatsing a ho qetela e tla ba efe, o ile a botsa potso ena ea bohlokoa: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene leo mong’a lona a le behileng hore le okamele bahlanka ba hae ba ntlo, ho ba fa lijo tsa bona ka nako e tšoanetseng?” (Matheu 24:3, 45; Mareka 13:3, 4) Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore joaloka “mong’a” bona, o tla khetha batho ba tla fa balateli ba hae lijo tsa moea ka linako tsohle nakong ea bofelo. Lekhoba lee le ne le tla etsoa ka bo-mang?
Ke balateli ba seng bakae ba Jesu ba tlotsitsoeng ka moea. “Lekhoba” lena le amahanngoa le Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Le fa barapeli ba bang ba Jehova lijo tsa moea ka nako e loketseng. Re itšetlehile ka lekhoba lena le tšepahalang hore re lule re fumana “tekanyo ea . . . lijo ka nako e tšoanetseng.”—Luka 12:42.
Le tsamaisa ntlo ea Molimo. (1 Timothea 3:15) Jesu o file lekhoba boikarabelo bo boholo ba ho tsamaisa mosebetsi o etsoang ke karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa Jehova—le hlokomela thepa ea mokhatlo ona, le tsamaisa mosebetsi oa boboleli ebile lea re ruta liphuthehong tsa habo rōna. Kahoo, e le hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re fe lijo tsa moea ha re li hloka, le sebelisa likhatiso tseo re li abang tšebeletsong ea rōna, hammoho le liboka le likopano.
Lekhoba le tšepahalla linnete tsa Bibele le mosebetsi oa lona oa ho bolela litaba tse molemo, ebile ka masene le hlokomela sohle seo Kreste a se sebelisang ho ntšetsa pele borapeli ba Jehova lefatšeng. (Liketso 10:42) Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa lona ka ho hulela batho ba eketsehileng ho eena le ho le thusa ho hlahisa nala ea lijo tsa moea.—Esaia 60:22; 65:13.
Jesu o khethile mang hore a fepe barutuoa ba hae moeeng?
Ke ka litsela life lekhoba le tšepahalang le bileng le leng masene?
-