Na Lentsoe la Molimo le U Tsoela Molemo?
Ho bala Bibele letsatsi le letsatsi ho ka re thusa hore re ‘mele ka metso’ ’me re ‘tsitse tumelong.’ (Bakol. 2:6, 7) Leha ho le joalo, e le hore Lentsoe la Jehova le re ruise molemo, re lokela ho thuisa ka seo re se balang ’me re se sebelise bophelong. (Baheb. 4:12; Jak. 1:22-25) Joshua 1:8 e re bolella ka mehato e meraro e ka re thusang: (1) Bala Lentsoe la Molimo “bosiu le motšehare.” (2) Le bale “ka lentsoe le tlaase,” ka mantsoe a mang le bale ka lebelo le tla u thusa hore u thuise u be u nahane ka boemo boo u balang ka bona. (3) Phela ho latela ‘sohle se ngoliloeng ho lona.’ Ha re latela mehato ena, re tla ‘atleha’ ’me re tla “etsa ka bohlale.”