Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/15 leq. 2
  • ‘Tsamaea ka Tumelo Eseng ka Pono’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Tsamaea ka Tumelo Eseng ka Pono’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Tsamaea ka Tumelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Tsamaea ka Tumelo, Eseng ka Pono!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 12/15 leq. 2

‘Tsamaea ka Tumelo Eseng ka Pono’

Nakoana pele Jerusalema e thibelloa ’me hamorao e timetsoa, moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba lokela ho lebella hore ba tla ba le mathata kaha ke masole a Kreste. O ile a boela a re ha ba lokela ho ameha haholo ka ho phela hamonate. (2 Tim. 2:3, 4) Kaha lefatše lena le haufi le ho timetsoa, re lokela ho ba le tumelo e matla e le hore re lule re cheseha tšebeletsong. (2 Bakor. 4:18; 5:7) Shebella video ea ‘Tsamaea ka Tumelo Eseng ka Pono.’ (Kena ho jw.org ebe u kena ho LINGOLILOENG > LIVIDEO.) Hlokomela kamoo Nahame le Abitale ba ileng ba tšoasoa ke leraba la ho rata maruo kateng. Ka mor’a moo, araba lipotso tse latelang.

(1) ‘Ntho e nyonyehang e neng e eme sebakeng se halalelang’ nakong ea Bakreste ba pele e ne e le eng, hona Bakreste ba neng ba lula Jerusalema ba ne ba lokela ho etsa qeto efe? (Mat. 24:15, 16) (2) Ke hobane’ng ha Bakreste ba neng ba baleha Jerusalema ba ne ba lokela ho ba le tumelo? (3) Ke lintho life tseo ba neng ba lokela ho li tela? (4) Ke hobane’ng ha Nahame le Abitale ba ile ba lieha ho baleha? (Mat. 24:17, 18) (5) Ke bothata bofe bo bong boo Ragele a ileng a ba le bona ha ba tloha Jerusalema? (Mat. 10:34-37; Mar. 10:29, 30) (6) Ethane o ile a bontša joang hore o na le tumelo le hore o tšepile Jehova? (7) Ke mathata afe ao Bakreste ba ileng ba ba le ’ona ha ba le Pella? (8) Ke eng e ileng ea etsa hore tumelo ea Nahame le Abitale e fokole butle-butle? (9) Jehova o ile a hlokomela Bakreste ba neng ba lula Pella joang? (Mat. 6:33; 1 Tim. 6:6-8) (10) Re ka etsisa Abrahama le Sara joang ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela? (Baheb. 11:8-10) (11) Ke eng e ile ea etsa hore Nahame le Abitale ba khutlele Jerusalema, hona ke hobane’ng ha ba ile ba etsa phoso ka ho khutlela? (Luka 21:21) (12) Ho ne ho etsahala’ng Jerusalema ha Nahame le Abitale ba khutlela? (13) Ke hobane’ng ha re lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna hona joale pele tsamaiso ena ea lintho e felisoa?—Luka 17:31, 32; 21:34-36.

Ho tsamaea ka tumelo ho bolela (1) ho tšepa tataiso ea Jehova, (2) ho mo mamela le (3) ho bontša hore re amehile ka ho mo sebeletsa ho e-na le ameha ka maruo. E se eka re ka ikemisetsa ho tsamaea ka tumelo, re kholisehile hore “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela