Selelekela
Molimo o tšoana le ntate ea lerato. 1 Petrose 5:6, 7
Molimo ke ’Mōpi oa rōna ’me oa re tsotella. Feela joalokaha ntate ea bohlale le ea lerato a fa bana ba hae litaelo, Molimo o ruta batho ba hae hohle moo ba teng tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela.
Molimo o re senolela linnete tsa bohlokoa tse re thabisang le tse re fang tšepo.
Haeba u mamela Molimo o tla u tataisa, a u sireletse a be a u thuse ho sebetsana le mathata.
Empa ha ho felle moo—u tla phela ka ho sa feleng!