KAROLO 1
Re Mamela Molimo Joang?
Molimo o bua le rōna ka Bibele. 2 Timothea 3:16
Molimo oa ’nete o ile a laela batho hore ba ngole menahano ea hae bukeng e le ’ngoe e halalelang. Buka eo ke Bibele. E fupere litaba tsa bohlokoa tseo Molimo a batlang hore u li tsebe.
Molimo oa tseba hore na ke sefe se ka re tsoelang molemo haholo ebile ke eena Mohloli oa bohlale bohle. Ha u mo mamela u tla ba bohlale e le kannete.—Liproverbia 1:5.
Molimo o batla hore motho e mong le e mong ea lefatšeng a bale Bibele. Hona joale e fumaneha ka lipuo tse ngata.
Haeba u batla ho mamela Molimo, u lokela ho bala Bibele u be u e utloisise.
Libakeng tsohle batho baa mamela. Matheu 28:19
Lipaki Tsa Jehova li ka u thusa hore u utloisise Bibele.
Li ruta ’nete ka Molimo lefatšeng lohle.
Thuto ena ha e lefelloe. U ka boela ua ithuta ka Molimo Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng sa heno.