Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova o Araba Thapelo e Tsoang Botebong ba Pelo
    Molula-Qhooa—2008 | October 15
    • 17. Batho ba talimane le boemo bofe bo thata, ’me re tla tloha re hopola mantsoe afe?

      17 Ha e le hantle, rea tseba hore ntoa ha ea lala. Rōna re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo​—re bolella le bona bahanyetsi. (Mat. 24:14, 21) Leha ho le joalo, monyetla oo hona joale o bulehetseng bahanyetsi bao oa hore ba bake le hore ba fumane poloko, o tla tloha o fela. Ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ke ntho ea bohlokoa haholo ho feta ho bolokoa ha batho. (Bala Ezekiele 38:23.) Ha lichaba tsohle tsa lefatše li ikopanya ho leka ho timetsa batho ba Molimo, re tla hopola mantsoe ana a thapelo ea mopesaleme: ‘E se eka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba khathatseha ka linako tsohle, e se eka ba ka soaba ’me ba timela.’​—Pes. 83:17.

      18, 19. (a) Bahanyetsi ba ikemiselitseng ba bobusi ba Jehova ba letetsoe ke eng? (b) Ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ka lekhetlo la ho qetela ho ntseng ho atamela ho u ama joang?

      18 Bahanyetsi ba ikhohomosang ba bobusi ba Jehova ba tla felisoa ka tsela e tlotlollang. Lentsoe la Molimo le bolela hore “ba sa mameleng litaba tse molemo”​—’me ka lebaka leo ba bolaoa ntoeng ea Armagedone—​ba tla ‘timetsoa ka ho sa feleng.’ (2 Bathes. 1:7-9) Ho timetsoa ha bona le ho pholoha ha batho ba rapelang Jehova ka ’nete e tla ba bopaki bo kholisang ba hore Jehova ke Molimo a le mong feela oa ’nete. Lefatšeng le lecha, tlhōlo eo e khōlō e ke ke ea lebaloa. Batho ba tla tsoha ‘tsohong ea ba lokileng le ba sa lokang’ ba tla ithuta mosebetsi o moholo oa Jehova. (Lik. 24:15) Lefatšeng le lecha, ba tla bona bopaki bo kholisang ba hore ke bohlale ho phela bobusing ba Jehova. Ba bonolo har’a bona ba tla kholiseha ka potlako hore Jehova ke Molimo a le mong feela oa ’nete.

  • “Ka Sebele Lena ke Lebitso la Molimo le Halalelang le le Leholo ka ho Fetisisa”
    Molula-Qhooa—2008 | October 15
    • “Ka Sebele Lena ke Lebitso la Molimo le Halalelang le le Leholo ka ho Fetisisa”

      Nicholas oa Cusa o ile a bua mantsoe ao therong eo a ileng a fana ka eona selemong sa 1430.a O ne a thahasella lintho tse ngata, ka mohlala, o ile a ithuta Segerike, Seheberu, filosofi, thuto ea bolumeli, lipalo le linaleli. Ha a le lilemo li 22, e ile ea e-ba setsebi sa molao oa Roma e K’hatholike. Ka 1448 o ile a khethoa hore e be mok’hadinale.

      Hoo e ka bang lilemo tse 550 tse fetileng, Nicholas oa Cusa o ile a theha lehae la maqheku Kues, eo hona joale e seng e bitsoa Bernkastel-Kues, e leng toropo e lik’hilomithara tse 130 ka boroa ho Bonn, Jeremane. Hona joale, hona mohahong ona ho na le laebrari ea Cusa e nang le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse fetang 310. E ’ngoe ea tsona ke Codex Cusanus 220 eo ho eona ho nang le thero ea Cusa ea 1430. Therong eo e bitsoang In principio erat verbum (Lentsoe le ne le le Tšimolohong), Nicholas oa Cusa o ngotse lebitso la Molimo ka Selatine e le Iehoua eseng Jehova.b Mabapi le lebitso la Molimo, leqepheng la 56 ho na le polelo e latelang: “Molimo o ithehile lona. Ke Tetragrammaton, e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo. . . .” Ka sebele lena ke lebitso la Molimo le halalelang le le leholo ka ho fetisisa. Polelo ea Nicholas oa Cusa e lumellana le ’nete ea hore lebitso la Molimo lea hlaha libukeng tsa pele tsa Mangolo a Seheberu.​—Ex. 6:3.

      Buka ena ea mathoasong a lekholo la bo15 la lilemo ke e ’ngoe ea libuka tsa khale ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho tseo ho tsona Tetragrammaton e fetoletsoeng e le “Iehoua.” Bopaki bona bo ngotsoeng ke bo bong bo bontšang hore ka makholo a lilemo lingoli li ’nile tsa tloaela ho fetolela lebitso la Molimo ka litsela tse ling tse batlang li tšoana le “Jehova.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela