Thuto 41
Ea Utloahala ho ba Bang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Itlhalose ka tsela e tla etsa hore ba bang ba utloisise habonolo seo u se buang.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ha boitsebiso ba hao bo utloisiseha habonolo, bamameli ba tla rua molemo haholo ho bona.
HA U bua, u se ke ua khotsofalla ho nehelana ka boitsebiso feela. Leka ho etsa hore seo u se buang se utloahale ho bamameli. Sena se ka u thusa ho fetisa boitsebiso ka katleho, ho sa tsotellehe hore na u bua le phutheho kapa le batho bao e seng Lipaki.
Ho na le lintho tse ngata tse etsang hore puo e utloahale. Tse ling tsa tsona li akarelitsoe Thutong ea 26, “Ho Hōlisa Boitsebiso ka Mokhoa o Utloahalang.” Tse ling li tšohloa Thutong ea 30, “Ho Bontšitsoe Thahasello ho Motho e Mong.” Thutong ena, re tlil’o tšohla lintlha tse seng kae tse eketsehileng.
Sebelisa Mantsoe a Bonolo, le Nehelano e Bonolo. Mantsoe a bonolo le lipolelo tse khutšoanyane ke lithulusi tse matla tsa ho fetisa boitsebiso. Thuto ea Jesu ea Thabeng ke mohlala o motle haholo oa puo eo batho ba ka e utloisisang ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang kapa hore na ba phela hokae. Ho ka ’na ha etsahala hore mehopolo e be mecha ho bona. Leha ho le joalo, ba ka utloisisa seo Jesu a se boletseng hobane o ne a bua ka litaba tse re amang kaofela: kamoo re ka thabang kateng, kamoo re ka ntlafatsang likamano le batho ba bang kateng, kamoo re ka sebetsanang le matšoenyeho kateng le kamoo re ka fumanang morero oa bophelo kateng. ’Me o ile a hlalosa mehopolo ea hae ka puo e hlakileng. (Mat., likhao. 5-7) Ho hlakile hore Bibele e fana ka mehlala e mengata ea lipolelo tsa bolelele bo sa tšoaneng le tse hlophisitsoeng ka litsela tse sa tšoaneng. Pakane ea hao e ka sehloohong e lokela ho ba ho hlalosa mehopolo ea hao ka tsela e hlakileng le e utloahalang.
Esita leha u tšohla boitsebiso bo tebileng, ho sebelisa mokhoa o bonolo ho ka thusa ho etsa hore bo utloisisehe habonolo. Mokhoa o bonolo o ka finyelloa joang? U se ke ua imetsa bamameli ba hao ka makolopetso a sa hlokahaleng. Hlophisa boitsebiso ba hao e le hore bo nyalane hantle le lintlha tsa hao tse khōlō. Khetha mangolo a hao a sehlooho ka hloko. Ho e-na le ho feta mohoalotso temaneng e ’ngoe le e ’ngoe, li bale ’me u li tšohle. U se ke ua pata mohopolo o motle ka ho sebelisa mantsoe a mangata haholo.
Ha u khanna thuto ea lehae ea Bibele, sebelisa melao-motheo eo e tšoanang. U se ke ua leka ho hlalosa makolopetso ’ohle. Thusa seithuti ho utloisisa lintlha tsa sehlooho ka ho hlaka. Hamorao, se ka ithuta makolopetso ao ka thuto ea botho le libokeng tsa phutheho.
E le hore u nehelane ka boitsebiso ka mokhoa o bonolo, ho hlokahala hore u lokisetse hantle. U lokela ho utloisisa taba ea hao ka ho hlaka haeba u batla hore ba bang ba e utloisise. Ha u utloisisa ntho e itseng hantle, u khona ho fana ka mabaka a hore na ke hobane’ng ha e le joalo. Hape u khona ho e hlalosa ka mantsoe a hao.
Hlalosa Mantsoe a sa Tloaelehang. Ka linako tse ling ho etsa hore lintho li utloisisehe ho hloka hore u hlalosetse bamameli ba hao mantsoe a sa tloaelehang. U se ke ua nkela tsebo ea bamameli ba hao holimo haholo, empa u se ke ua khella bohlale ba bona fatše. Ka lebaka la ho ithuta ha hao Bibele, ho ka etsahala hore u sebelise mantsoe a itseng ao batho ba bang ba sa a tloaelang. Haeba ba sa fuoe tlhaloso e itseng, batho ba sa kopaneleng le Lipaki tsa Jehova ba ke ke ba utloisisa hore “masala,” “lekhoba le tšepahalang le le masene,” “linku tse ling” le “bongata bo boholo” ke mantsoe a khethollang lihlopha tsa batho ka ho toba. (Bar. 11:5; Mat. 24:45; Joh. 10:16; Tšen. 7:9) Ka ho tšoanang, ntle leha motho a tloaetse mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova, mohlomong a ke ke a utloisisa se boleloang ke mantsoe a kang “mohoeletsi,” “pula-maliboho,” “molebeli oa potoloho” le “Sehopotso.”
Ho ka ’na ha hlokahala hore ho hlalosoe lipolelo tse ling tsa Bibele tseo esita le batho bao e seng Lipaki ba li sebelisang ka bolokolohi. Ho batho ba bangata, “Armagedone” e bolela koluoa ea nyutlelie. Ba ka ’na ba amahanya “’Muso oa Molimo” le boemo bo ka hare ho motho kapa le leholimo empa eseng le ’muso. Ho bua ka “moea” ho ka ’na ha tsosa likhopolo tsa seo ho thoeng ke karolo e sa bonahaleng ea motho e tsoelang pele ho phela ha ’mele o shoele. Ho ea ka seo batho ba limilione ba se rutiloeng, “moea o halalelang” ke motho, karolo ea Boraro-bo-bong. Kahobane batho ba bangata ba tlohetse tekanyetso ea Bibele ea boitšoaro, ba ka ’na ba hloka le thuso ea ho utloisisa seo Bibele e se bolelang ha e re: “Balehelang bohlola.”—1 Bakor. 6:18.
Ntle le haeba batho ba bala Bibele kamehla, ba ka ’na ba se ke ba u utloisisa haeba feela u re, “Pauluse o ile a ngola a re . . . ” kapa “Luka o itse . . . ” Mohlomong ba na le metsoalle kapa baahelani ba bitsoang ka mabitso ao. Ho ka ’na ha hlokahala hore u fane ka tlhaloso e eketsehileng bakeng sa ho khetholla motho eo e le moapostola oa Mokreste kapa mongoli oa Bibele.
Hangata bamameli ba mehleng ena ba hloka thuso ho utloisisa mangolo a akarelletsang litekanyo kapa meetlo ea mehleng ea boholo-holo. Ka mohlala, tlaleho e reng areka ea Noe e ne e le bolelele ba litsoe tse 300, bophara ba eona e le litsoe tse 50 ’me bophahamo ba eona e le litsoe tse 30 e ka ’na ea se ke ea utloahala ho bona. (Gen. 6:15) Empa haeba u ne u ka hlalosa litekanyo tse tšoanang u sebelisa liemahale tse tloaelehileng sebakeng sa heno, kapele-pele bamameli ba hao ba tla khona ho bona boholo ba areka ka mahlo a kelello.
Fana ka Tlhaloso e Hlokahalang. Ha u batla ho hlakisetsa bamameli ba hao taba e itseng, ho ka ’na ha hlokahala hore u se ke ua fana feela ka tlhaloso e nepahetseng ea lentsoe le itseng. Jerusalema, mehleng ea Esdrase, ho baloa ha Molao ho ne ho tsamaea le tlhaloso. Bakeng sa ho thusa batho ho utloisisa seo o se bolelang, Balevi ba ne ba hlalosa hammoho le ho bontša kamoo Molao o neng o sebetsa kateng maemong ao batho ba neng ba talimane le ’ona ka nako eo. (Neh. 8:8, 12) Ka tsela e tšoanang, iphe nako ea ho hlalosa le ho bontša kamoo mangolo ao u a balang a sebetsang kateng.
Ka mor’a lefu le tsoho ea hae, Jesu o ile a hlalosetsa barutuoa ba hae hore se neng se sa tsoa etsahala se ne se phethahatsa Mangolo. Hape o ile a hatisa boikarabelo ba bona joaloka lipaki tsa lintho tseo. (Luka 24:44-48) Ha u thusa batho ho bona kamoo seo ba se rutiloeng se lokelang ho susumetsa bophelo ba bona kateng, ho tla ba bonolo haholoanyane hore ba utloisise hore na seo se hlile se bolela’ng.
Kamoo Pelo e Amehang Kateng. Ho hlakile hore esita leha litlhaloso tsa hao li hlakile, ho na le lintho tse ling tse ka ’nang tsa e-ba le tšusumetso tabeng ea hore na motho e mong oa utloisisa kapa che. Ha pelo ea motho e sa arabele, seo se ka mo thibela ho utloisisa se boleloang. (Mat. 13:13-15) Litaba tsa moea li bonahala e le booatla ho ba ikemiselitseng ho talima lintho ka leihlo la nama feela. (1 Bakor. 2:14) Ha motho a bonahatsa moea o joalo, ho ka ba bohlale ho khaotsa puisano—bonyane ka nakoana.
Leha ho le joalo, maemong a mang pelo ha e arabele ka lebaka la maemo a thata bophelong. Ha pelo ea motho eo e filoe monyetla oa ho utloa ’nete ea Bibele ka nako e itseng, e ka ’na ea arabela hamolemo. Ha Jesu a ne a bolella baapostola ba hae hore o ne a tla shapuoa ’me a bolaoe, ha baa ka ba utloisisa. Hobane’ng? Hobane ba ne ba sa lebella hoo ’me ka sebele ba ne ba sa batle hore ho etsahale! (Luka 18:31-34) Leha ho le joalo, hamorao baapostola ba 11 ba ile ba utloisisa hoo ’me ba bontša hoo ka ho nka khato tumellanong le seo Jesu a neng a ba rutile sona.
Liphello Tsa Mohlala o Motle. Hase mantsoe a rōna feela a thusang batho ho utloisisa empa ba boetse ba thusoa ke liketso tsa rōna. Batho ba bangata ba bolela hore seo ba se hopolang ka mor’a ho etela Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele ke lerato leo ba le boneng moo, eseng se neng se buuoa. Ka ho tšoanang, thabo eo re e bontšang e thusitse beng ba matlo ba bangata ho bula likelello tsa bona hore li amohele ’nete ea Bibele. Ho bona lerato le mosa oo batho ba Jehova ba o bontšanang le ho nahanelana ha bona ha ba talimane le litsietsi ho entse hore ba bang ba phethe ka hore Lipaki li bolumeling ba ’nete. Kahoo ha u ntse u leka ho thusa batho ho utloisisa ’nete ea Bibele, nahana ka tsela eo u e hlalosang ka eona le ka mohlala oa hao.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Sebelisa puo e bonolo; khetha lipolelo tse khutšoanyane bakeng sa mehopolo ea sehlooho.
Hatisa lintlha tse seng kae feela tse khōlō.
Hlalosetsa bamameli ba hao mantsoe a sa tloaelehang.
Iphe nako ea ho hlalosa mangolo le ho bontša kamoo a sebetsang kateng.
Nahana kamoo mohlala oa hao o ka amang bao u buang le bona kateng.
BOITLHAKISO: Leka ho bolella mong ka uena eo e seng Paki, moahelani, mosebetsi-’moho kapa eo u kenang sekolo le eena ka ntho e itseng eo u e thabetseng sebokeng sa phutheho bekeng ena. Tiisa hore u hlalosa mantsoe ao motho eo a ka ’nang a se ke a a utloisisa.