Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re Ile ra Lula re Tšepahala
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
    • INDONESIA

      Re Ile ra Lula re Tšepahala

      Daniel Lokollo

      • O HLAHILE KA 1965

      • O KOLOBELITSOE KA 1986

      • PALE EA BOPHELO BA HAE Pula-maliboho ea khethehileng ea ileng a mamella mahloriso.

      Daniel Lokollo

      KA LA 14 April, 1989, ke ne ke tšoere liboka motseng oa Maumere, Sehlekehlekeng sa Flores ha basebeletsi ba ’muso ba itšohlometsa ka tlung, ’me ba re tšoara re le bane.

      Balebeli ba teronko ba ile ba leka ho re qobella hore re hlomphe folakha. Ha re hana, ba ile ba re otla, ba re raha le ho re emisa mochesong o bataolang oa letsatsi, ka matsatsi a mahlano. Sele ea rōna e ne e le nyenyane, e le litšila ’me bosiu re ne re opeloa ka lebaka la maqeba re bile re thothomela ke serame kaha re ne re robala fatše samenteng. Balebeli ba ne ba lula ba re re hlomphe folakha, empa re ne re re, “Re ka mpa ra shoa ho e-na le hore re hlomphe folakha.” Re ile ra thabela ho “utloa bohloko ka lebaka la ho loka” joaloka Bakreste ba mehleng ea khale.”—1 Pet. 3:14.

  • Re Ile ra Mamela Tataiso ’me ra Pholoha!
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2016
    • INDONESIA

      Ho Mamela ho Ile ha re Pholosa!

      Blasius da Gomes

      • O HLAHILE KA 1963

      • O KOLOBELITSOE KA 1995

      • PALE EA BOPHELO BA HAE Moholo eo ka lerato a ileng a hlokomela mohlape nakong ea merusu ea bolumeli Ambon, e leng karolo ea Lihlekehleke Tsa Maluku.

      Blasius da Gomes

      KA LA 19 January 1999, lehloeo le neng le ntse le ata pakeng tsa Mamosleme le Bakreste le ile la etsa hore ho be le ntoa, lik’hilomithara tse ka bang tharo ho tloha moo ke lulang teng. Boemo bo ne bo le bobe haholo.a

      Ke ile ka etsa bonnete ba hore ba lelapa la ka ba sireletsehile eaba ke founela bahoeletsi ba bang ho utloa hore na le bona ba sireletsehile. Ke ile ka ba kōpa hore ba khobe matšoafo ’me ba qobe libaka tse kotsi. Hamorao, baholo ba ile ba ba etela ho ea ba matlafatsa tumelong le ho ba khothalletsa hore ba tšoare liboka ka lihlopha tse nyenyane.

      Ofisi ea lekala e ile ea fana ka tataiso ea hore bahoeletsi bohle ba lulang libakeng tse kotsi ba tlohe, kahoo malapa a mangata a ile a tsebisoa taba ena. Mor’abo rōna e mong ea sa kang a mamela tataiso eo, o ile a bolaoa ke sehlopha se hlometseng. Empa batho bohle ba ileng ba mamela ba ile ba pholoha.

      a Ntoa ena e nkileng lilemo tse fetang tse peli e ile ea namela Maluku eohle ’me batho ba mashome a likete ba baleha mahaeng a bona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela