Ka ho le letšehali: Liphallelo tse ileng tsa romeloa ho barab’abo rōna ba Jeremane ka 1946, li tsoa Switzerland
Ka ho le letona: Ho hahoa Holo ea ’Muso e ileng ea senngoa ke tsunami ka 2011, Japane
KAROLO EA BOTŠELELA
HO TŠEHETSA ’MUSO—Ho Haha Libaka Tsa Borapeli le ho Fana ka Thuso Nakong ea Likoluoa
U KENA ka Holong ea ’Muso ’me ekare ke sebaka seo u sa se tsebeng. U rata mohaho ona haholo. E ka ’na eaba u hopola lintho tse thabisang tse ileng tsa etsahala ha u ne u thusa ho haha holo ena lilemong tse ’maloa tse fetileng. Empa u motlotlo le ho feta hona joale hobane Holo eo ea ’Muso e se e le sebaka se thusang batho ba anngoeng ke koluoa. Ka mor’a hore moroallo o bake tšenyo e khōlō sebakeng sa heno, hang-hang Komiti ea Lekala e ile ea lokisetsa hore batho ba anngoeng ke koluoa ba fumane lijo, liaparo, metsi a hloekileng le ho thusoa ka litsela tse ling. Liphallelo li hlophisitsoe hantle. Ha bara le barali babo rōna ba ntse ba fihla ’me ba fumana seo ba se hlokang, ba bangata ba bona ba keleketlisa meokho ea thabo.
Jesu o ile a bolela hore lerato e ne e tla ba ntho e ka sehloohong e khethollang balateli ba hae. (Joh. 13:34, 35) Karolong ena, re tla ithuta kamoo Lipaki Tsa Jehova li ’nileng tsa bontšana lerato la Bokreste kateng ha li haha mehaho ea tsona leha li thusana linakong tsa likoluoa. Lerato lena ke bopaki bo matla ba hore re bafo ba ’Muso oa Jesu.