-
Ruta Molaetsa oa BibeleBukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2016 | August
-
-
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ruta Molaetsa oa Bibele
Ho qala ka September, Kemiso ea Liboka Tsa Bophelo le Tšebeletso ea Rōna e tla ba le sehlooho se secha se reng “Ruta Molaetsa oa Bibele” se tla re bontša mehlala ea seo re ka se buang le batho. Sepheo sa rōna ke ho bontša batho seo Bibele e se rutang ka hore re ba botse potso ebe re ba balla lengolo.
Ha re bona motho a thahasella, re ka mo fa sengoliloeng se seng kapa ra mo bontša video e ho jw.org eo re ka buang le eena ka eona ha re kopana hape. Re lokela ho khutlela ho eena kapele e le hore re ntšetse pele puisano ea rōna ea nakong e fetileng. Mehlala ea seo re ka se buang le batho le lipuo tsa liithuti sebokeng sa E-Ba Mafolofolo Mosebetsing oa Boboleli li tla thehoa lihloohong tsa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Lintlheng tse hlahang qetellong ea khaolo bukeng eo re ka fumana mangolo a mang a ka re thusang ho etsa maeto a ho boela kapa ho khanna lithuto re sebelisa Bibele feela.
Ho na le tsela e le ’ngoe feela e isang bophelong. (Mat 7:13, 14) Kaha re bua le batho ba litumelo tse fapaneng le ba hōlisitsoeng ka litsela tse fapaneng, re lokela ho bua le bona ka litaba tsa Bibele tseo ba ka li thahasellang. (1Ti 2:4) Ha re ntse re tloaela ho buisana le batho ka lihlooho tse fapaneng tsa Bibele, re tla ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo’ ’me re tla thaba haholo, hape re tla atleha ha re ruta ba bang.—2Ti 2:15.
-
-
Phutuho e Khethehileng ea ho Aba Molula-Qhooa ka SeptemberBukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2016 | August
-
-
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Phutuho e Khethehileng ea ho Aba Molula-Qhooa ka September
Batho bohle ba hloka matšeliso. (Moe 4:1) Khoeling ea September, re tla be re sebetsa ka thata re aba Molula-Qhooa o nang le sehlooho se fanang ka matšeliso. Ikemisetseng ho abela batho bohle makasine ena. Kaha re rata ho buisana le batho e le hore re ba tšelise, re ke ke ra siea limakasine tsa rōna matlong a se nang batho.
SEO RE KA SE BUANG
“Ho na le linako tseo kaofela re hlokang matšeliso. Empa re ka a fumana hokae? [Bala 2 Bakorinthe 1:3, 4.] Molula-Qhooa ona o bontša kamoo Molimo a ka re tšelisang kateng.”
Haeba motho a thahasella ’me a amohela makasine, . . .
MO BAPALLE VIDEO EA SEHLOOHO SE RENG KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO ITHUTA BIBELE?
Ebe u mo kōpa hore a ithute Bibele le uena.
MO BOLELLE HORE NA LE TLA BUISANA KA ENG NAKONG E TLANG
Botsa potso eo u tla e araba ha u khutla, e kang, “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?”
-