MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | 1 PETROSE 3-5
“Bofelo ba Lintho Tsohle bo Atametse”
Re haufi le ho tobana le matšoenyeho a maholo a e-s’o be teng lefatšeng. Ke joang re ka lulang re le matla tumelong hona joale le kamoso?
Rapela khafetsa ka “thapelo ea mofuta o mong le o mong”
Lula o rata Bakreste ’moho le uena e le hore le lule le momahane
Bontša kamohelo ea baeti
IPOTSE, ‘Ke lintho life tseo nka li etsang ho bontša hore ke na le lerato le kamohelo e mofuthu ho bara le barali babo rona ba haufi le ba lefatšeng lohle?’