Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Hlobo—Ke Motsoalle Ebile ke Sera!
    Tsoha!—2006 | January
    • ho bolaea likokoana-hloko. Hlobo ena eo hamorao e ileng ea tsebahala e le Penicillium notatum, ho ile ha fumaneha hore e bolaea baktheria empa ha e kotsi ho batho le liphoofolo. Sena se sibolotsoeng se ile sa etsa hore ho hlahisoe penicillin, e ileng ea bitsoa “moriana o pholosang bophelo ba batho ba bangata ka ho fetisisa tsebong ea kajeno ea bongaka.” Ka 1945, Fleming le bafuputsi-’moho le eena Howard Florey le Ernst Chain, ba ile ba hapa Khau ea Nobel lefapheng la bongaka ka lebaka la mosebetsi oa bona. Haesale ho tloha ka nako eo, hlobo e ’nile ea sebelisoa le metsoakong e meng ea meriana, ho kopanyelletsa le meriana e sebelisoang ho hlapolla mali hore a se ke a etsa mahloele, ho alafa hlooho ea migraine le bakeng sa lefu la Parkinson.

      Mahalapa le ’ona a thabela litatso tse sa tšoaneng ka lebaka la hlobo. Ka mohlala, nahana ka chisi. Na u ne u tseba hore chisi ea Brie, Camembert, Danish blue, Gorgonzola, Roquefort, Stilton, kaofela li fumana tatso ea tsona e ikhethang mofuteng o itseng oa hlobo ea Penicillium? Ka ho tšoanang, salami, soy sauce le biri li fumana tatso ea tsona ka thuso ea hlobo.

      Ho joalo le ka veine. Ha mofuta o itseng oa morara o kotuloa ka nako e loketseng ’me hlobo e mometse ka ho lekaneng lesihleng ka leng, ho ka etsoa veine e tsoekere e monate bo tsoang ka litsebe, eo ho theosetsoang lijo ka eona. Hlobo ea mofuta oa Botrytis cinerea e eketsa tsoekere morareng, e natefise tatso. Phaposing ea polokelo ea veine, hlobo ea mofuta oa Cladosporium cellare, e thusa ho natefisa veine le ho feta nakong eo e ntseng e ratholeha. Ha maele a lihoai tsa morara oa veine tsa Hungary a hlalosoa ka mantsoe a mang, ho ka thoe: ‘Lekunutu la veine e monate ke hlobo e nepahetseng.’

      Ha Hlobo e Fetoha Sera

      Mefuta e meng e kotsi ea hlobo ke khale e le teng. Lekholong la bo tšelela la lilemo B.C.E., Baassyria ba ile ba sebelisa hlobo ea Claviceps purpurea e le chefo ’me ba e tšela ka lilibeng tsa ba lireng—e leng libetsa tsa boholo-holo tsa likokoana-hloko. Mehleng e Bohareng, mofuta ona oa hlobo, oo ka linako tse ling o neng o hlaha rogong, o ile oa tšoarisa batho ba bangata sethoathoa, oa etsa hore letlalo le choachoasele habohloko joalokaha eka le chele, oa baka mofetše ’me oa etsa hore ba bang ba bone lipono. Hona joale boloetse bona bo tsejoa e le boloetse bo bakoang ke chefo e fumanoang lijo-thollong, ’me bo ile ba rehoa ho chesehela Mohalaleli Anthony, kaha bakuli ba bangata ba ile ba nka leeto ho ea Fora sebakeng se halalelang sa Mohalaleli Anthony ka tšepo ea hore ba tla phekoloa ka mohlolo.

      Mohloli o moholo o bakelang batho kankere ke chefo e bitsoang aflatoxin, e bakoang ke hlobo. Naheng e ’ngoe ea Asia, ho shoa batho ba 20 000 ka selemo ka lebaka la chefo ena. Motsoako ona o bolaeang o ’nile oa sebelisoa libetseng tsa kajeno tsa likokoana-hloko.

  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2006 | January
    • LIKARABO BAKENG SA LEQEPHE LA 31

      1. Leoatle la Galilea.—Johanne 6:1, 16.

      ◆ Jesu le Petrose.—Matheu 14:26-31.

      ◆ Petrose o ile a belaela; Jesu ha aa ka a belaela.—Matheu 14:31.

      2. 539 B.C.E.

      3. 647 B.C.E.

      4. 1077 B.C.E.

      5. Shamgare.—Baahloli 3:31.

      6. Jonathane.—1 Samuele 14:27.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela