Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 4-LA 10 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 18-19
“Lula u Itšoere Hantle”
U ka Itšireletsa Joang Khahlanong le le Leng la Maraba a Satane?
Jehova o ile a bolela lintho tse mpe tseo lichaba tse neng li potolohile Baiseraele li neng li li etsa, eaba o re ho bona: “Le se ke la etsa ka tsela eo naha ea Kanana, eo ke le isang ho eona, e etsang ka eona. . . . Naha [eo] ha ea hloeka, ’me ke tla e tlisetsa kotlo bakeng sa phoso ea eona.” Ho Molimo ea halalelang oa Baiseraele, tsela eo Bakanana ba neng ba phela ka eona e ne e le litšila hoo a neng a ba nyonya.—Lev. 18:3.
Jehova o Tataisa Batho ba Hae
13 Marena ao a tšepahalang a ne a fapane hole le baeta-pele ba lichaba tse ling ba neng ba tataisoa ke bohlale bo fokolang ba batho! Tlas’a puso ea Bakanana, batho ba ne ba etsa lintho tse mpe tse akarelletsang, ho kopanela liphate le batho ba amanang le bona, ba bong bo tšoanang, ba robala le liphoofolo, ’me ba etsa mahlabelo ka bana ebile ba rapela litšoantšo. (Lev. 18:6, 21-25) Ho feta moo, baeta-pele ba Bababylona le Baegepeta ba ne ba sa latele melao ea bohloeki eo Molimo a neng a e file Baiseraele. (Num. 19:13) Ho fapana le hoo, batho ba Molimo ba ile ba bona kamoo baeta-pele ba tšepahalang ba ileng ba ba behela mohlala kateng, oa ho ba le kamano e ntle le Molimo, ho itšoara hantle le ho mamela melao ea bohloeki. Ho hlakile hore ba ne ba tataisoa ke Jehova.
Seo Molimo a Tla se Etsa ka Lintho Tse Bohloko
Ho tla etsahala’ng ka batho bao ka manganga ba hanang ho fetola tsela eo ba phelang ka eona ’me ba ntse ba tsoela pele ho etsa lintho tse bohloko? Nahana ka tšepiso ena e hlakileng: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Tšusumetso ea batho ba khopo e tla be e felile. Maemong ao a renang khotso, butle-butle batho ba mamelang ba tla lokoloha ho se phethahaleng hoo re ho futsitseng.—Baroma 6:17, 18; 8:21.
Matlotlo a Patiloeng
“Molao oa Hao ke o Rata Hakaakang!”
11 Karolo ea bobeli ea Molao oa Moshe e neng e bontša hore Molimo o amehile ka boiketlo ba batho ba hae, ke tokelo ea ho khoahlapisa. Jehova o ne a laetse hore ha molemi oa Moiseraele a kotula lijalo tsa tšimo ea hae, o lokela ho lumella bahloki hore ba khoahlapise seo bakotuli ba se siileng. Balemi ba ne ba sa lokela ho kotulisisa mathoko a masimo a bona, ebile ba ne ba sa lokela ho bokella merara e setseng kapa mehloaare e setseng. Mangata a lijo-thollo a neng a lebetsoe masimong a ne a sa lokela ho latoa. Tokisetso ena e ne e bontša lerato bakeng sa mafutsana, bajaki, likhutsana le basali ba bahlolohali. Ho ke ke ha latoloa hore ba ne ba lokela ho sebetsa ka thata ha ba khoahlapisa, empa ha ba ne ba khoahlapisa, ba ne ba ka qoba ho kopa.—Levitike 19:9, 10; Deuteronoma 24:19-22; Pesaleme ea 37:25.
LA 11-LA 17 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 20-21
“Jehova o Arotse Bahlanka ba Hae”
Na Paradeise e Tla Hle e be Teng?
12 Ho ntse ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo re sa lokelang ho e hlokomoloha. Molimo o ile a re ho Baiseraele: “Le boloke taelo eohle eo ke le laelang eona kajeno, e le hore le be matla ’me ruri le kene le rue naha eo le tšelang ho ea e rua.” (Deuteronoma 11:8) Ho Levitike 20:22, 24, ho buuoa ka naha eona eo tjena: “Le boloke litaelo tsohle tsa ka tse hlomamisitsoeng le liqeto tsohle tsa ka tsa boahloli ’me le li phethe, hore naha eo ke le tlisang hore le lule ho eona e se ke ea le hlatsa. Kahoo ke itse ho lona: ‘Le tla rua naha ea tsona, ’me ke tla le fa eona hore le e rue, naha e phallang lebese le mahe a linotši.’ ” E, ho rua Naha e Tšepisitsoeng ho ne ho itšetlehile ka ho ba le kamano e ntle le Jehova Molimo. Ka lebaka la hore Baiseraele ha baa ka ba mamela Molimo, o ile a lumella Bababylona hore ba ba hape ’me ba ba tlose sebakeng seo ba neng ba lula ho sona.
it-1-E 1199
Lefa
Ke ntho le ha e le efe ea motho ea hlokahetseng e fuoang mojalefa kapa motho ea mo hlahlamang kapa eo baholo-holo ba hae ba mo fang eona e le lefa. Leetsi la Seheberu le sebelisitsoeng mona ke na·chalʹ (eo lereho la eona e leng na·chalahʹ). Le akarelletsa ho fana kapa ho fumana lefa, hangata le tsoa ho motho eo u mo hlahlamang. (Nu 26:55; Eze 46:18) Ka linako tse ling leetsi ya·rashʹ le sebelisoa ha ho buuoa ka mojalefa ea hlahlamang motho ea itseng, empa hangata le sebelisoa ha motho eo eseng mohlahlami a fumana lefa. (Gen 15:3; Le 20:24) Le boetse le bolela ho loantša motho e le ho mo leleka hore u fumane lefa. (De 2:12; 31:3) Mantsoe a Segerike a buang ka lefa a amana le lentsoe kleʹros, eo qalong e neng e bolela “lotho” ea boela ea bolela “ho arolelana” ’me qetellong ea bolela “lefa.”—Mat 27:35; Lik 1:17; 26:18.
it-1-E 317 ¶2
Linonyana
Kamor’a Moroallo, Noe o ile a nyehela liphoofolo le “libopuoa tse fofang tse hloekileng.” (Gen 8:18-20) Kamor’a moo, Molimo o ile a lumella batho hore ba ka ja linonyana ha feela ba sa je mali a tsona. (Gen 9:1-4; bapisa le Le 7:26; 17:13.) Ka nako eo, ha motho a ne a etsa sehlabelo ka nonyana e itseng ’me Jehova a e amohela seo se ne se bontša hore nonyana eo e hloekile. Tlaleho ea Bibele e bontša hore ha ho tluoa tabeng ea ho ja linonyana, ha ho nonyana e neng e nkuoa e sa hloeka. Lintho li ile tsa fetoha ha Molao oa Moshe o ba teng. (Le 11:13-19, 46, 47; 20:25; De 14:11-20) Bibele ha e hlalose hore na ke lintho life tse neng li bontša hore linonyana tse itseng ha lia hloeka. Le hoja bongata ba linonyana tse neng li sa hloeka e ne e le tse jang nama, ha se kaofela ha tsona li neng li sa hloeka. (Sheba HOOPOE.) Molimo o ile a bontša Petrose ponong hore molao ona o felisitsoe kamor’a hore a thehe selekane se secha.—Lik 10:9-15.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 563
Ho Itšeha
Molao oa Molimo o ne o hanela hore motho a itšehe bakeng sa motho ea hlokahetseng. (Le 19:28; 21:5; De 14:1) Lebaka e ne e le hore Baiseraele e ne e le sechaba se halalelang ho Jehova ebile e le thepa ea hae e khethehileng. (De 14:2) Ka hoo, ba ne ba lokela ho qoba borapeli ba litšoantšo ka hohle. Kaha ba ne ba utloisisa hantle boemo ba bafu le hore ho na le tšepo ea tsoho, ba ne ba sa lokela ho siama ka tsela e feteletseng hoo ba ka itšehang bakeng sa motho ea hlokahetseng. (Da 12:13; Heb 11:19) Hape ha ba mamela molao oo ba ne ba tla bontša hore ba hlompha ’mele oo Jehova a ba fileng ’ona.
LA 18-LA 24 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 22-23
“Mekete eo Baiseraele ba Neng ba e Keteka e Bolela’ng ho Rona?”
it-1-E 826-827
Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang
Letsatsi la pele la Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang e ne e le kopano e halalelang hape e le sabatha. Ka letsatsi la bobeli, eleng ka li 16 Nisane, ngata ea litholoana tsa pele tsa harese e kotutsoeng e neng e butsoa pele Palestina, e ne e tlisoa ho moprista. Pele ho mokete oo, ha ho motho ea neng a lumelletsoe ho ja lijo-thollo tseo tse sa tsoa kotuloa, a etse bohobe ka tsona kapa a li je li halikiloe. Moprista o ne a nyehela litholoana tsa pele ho Jehova ka hore a nke ngata ea harese ’me a e tsokele koana le koana, o ne a boetse a nka pheleu e nyane e phetseng hantle e selemong sa eona sa pele e le nyehelo ea secheso ho Jehova. Hape o ne a e nyehela le lijo thollo tse kolobisitsoeng ka oli le nyehelo ea seno. (Le 23:6-14) Ho ne ho se na taelo ea hore harese kapa phofo e chesetsoe holim’a aletare joalokaha baprista ba ile ba etsa hamorao. Ntle le hore sechaba se ne se etsa nyehelo ea litholoana tsa pele, ho ne ho entsoe tokisetso ea hore motho ka mong kapa lelapa le neng le na le thepa Isaraele le etse sehlabelo sa liteboho nakong ea mokete oo.—Ex 23:19; De 26:1, 2; sheba LITHOLOANA TSA PELE.
Ke Hobane’ng ha o ne o le bohlokoa? Khetlong lena Baiseraele ba ile ba ja mahobe a sa lomosoang ho latela litaelo tseo Jehova a neng a li file Moshe joalokaha ho tlalehiloe ho Exoda 12:14-20, tse neng li akarelletsa molao o tobileng temaneng ea 19 o re’ng: “Ka matsatsi a supileng ho se ke ha fumanoa hlama e bolila ka matlung a lona.” Ho Deuteronoma 16:3 mahobe a lomosoang a bitsoa “bohobe ba mahloreho” ’me e ne e le sehopotso selemo se seng le se seng hore Bajuda ba ile ba tsoa Egepeta ba tatile (hobane ba ne ba se na nako ea ho bilisa tlhama ea bona [Ex 12:34]). Kahoo, sena se ne se ba hopotsa nako e bohloko eo ba neng ba phela tlas’a eona botlamuoeng ’me Jehova o ile a pholosa Baiseraele feela joalokaha a ile a ba bolella, “hore ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hao u hopole letsatsi leo u tsoileng naheng ea Egepeta ka lona.” Moketeng oa pele ho e meraro eo Baiseraele ba neng ba e keteka, ba ne ba lokela ho ananela tokoloho eo Jehova a ba fileng eona le ho hlokomela hore Jehova ke Molopolli oa bona.—De 16:16.
it-2-E 598 ¶2
Pentekonta
Litholoana tsa pele tsa koro li ne li sebelisoa ka tsela e fapaneng le litholoana tsa pele tsa harese. Likarolo tse peli tsa leshome tsa efa ea phofo e thumisehileng (4.4 L) li ne li lokela ho lomosoa ebe lia bakoa hore e be lilofo tse peli. Lilofo tseo li ne li lokela ‘ho tsoa libakeng tsa bona tsa bolulo,’ e leng ho bolelang hore li ne li lokela ho tšoana le tseo batho ba neng ba iketsetsa tsona kamehla eseng tse tšoanang le tse neng li etsoa bakeng sa tšebeletso e halalelang. (Le 23:17) Lilofo tsena li ne li fanoa ha ho etsoa nyehelo ea secheso le nyehelo ea sebe, ’me li ne li fanoa hape ha ho etsoa nyehelo e kopanetsoeng e neng e etsoa ka likonyana tse peli tse tona. Moprista o ne a tsokela koana le koana mahobe le likonyana ka pel’a Jehova ka hore a behe matsoho a hae tlas’a likotoana tsa nama ea likonyana le lilofo ’me a li tsokele koana le koana e le pontšo ea ntho e halalelang ka pel’a Jehova. Kamor’a hore mahobe le likonyana li nyeheloe, moprista o ne a li ja e le sehlabelo se kopanetsoeng.—Le 23:18-20.
Na u Hatela Pele le Mokhatlo oa Jehova?
11 Mokhatlo oa Jehova o re tsoela molemo ha o re phehella hore re mamele keletso ea moapostola Pauluse e reng: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheb. 10:24, 25) Mekete le likopano tse neng li tšoaroa selemo le selemo li ne li matlafatsa Baiseraele moeeng. Ho feta moo, liketsahalo tseo tse kang Mokete o khethehileng oa Maphephe oa mehleng ea Nehemia e ne e le tse thabisang. (Ex. 23:15, 16; Neh. 8:9-18) Re rua molemo ka tsela e tšoanang ha re le libokeng le likopanong tse nyenyane le tse kholo. A re sebeliseng ka botlalo litokisetso tsena e le hore re imatlafatse moeeng ’me re thabe.—Tite 2:2.
Matlotlo a Patiloeng
Lula U Tšepahala!
3 Bahlanka ba Jehova ba ka bontša joang hore baa tšepahala? Ka hore ba rate Jehova ka lipelo tsohle tsa bona le ho etsa thato ea hae. A re hlahlobeng hore na lentsoe botšepehi le sebelisitsoe joang ka Bibeleng. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “botšepehi” le bolela ho hloka sekoli. Mohlala, ha Baiseraele ba ne ba etsetsa Jehova sehlabelo, Molao o ne o re ba sebelise liphoofolo tse phetseng hantle. (Lev. 22:21, 22) Ba ne ba sa lokela ho etsa sehlabelo ka phoofolo e se nang leoto, tsebe, leihlo kapa e kulang. Jehova o ne a batla hore ba sebelise phoofolo e se nang sekoli. (Mal. 1:6-9) Rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a batla lintho tse phetseng hantle. Mohlala, ha re reka litholoana, libuka kapa lithulusi, re batla tse hantle. Ka tsela e tšoanang, Jehova o batla hore re mo rate le ho mo tšepahalla ka lipelo tsohle tsa rona. Ebile ha rea lokela ho ikaketsa.
LA 25-LA 31 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 24-25
“Selemo sa Jubile le Tokoloho ea Nakong e Tlang”
it-1-E 871
Tokoloho
Molimo oa Tokoloho. Jehova ke Molimo oa tokoloho. O ile a lokolla sechaba sa Iseraele bokhobeng Egepeta. O ile a se bolella hore haeba se mamela melao ea hae se ke ke sa futsaneha ebile se tla fumana tokoloho. (De 15:4, 5) Davida o ile re ka har’a litora tsa bolulo tsa Jerusalema, ho ke ke ‘ha ba le matšoenyeho.’ (Pes 122:6, 7) Leha ho le joalo, Molao o ne o lumela hore haeba motho a ne a futsanehile o ne a ka khona ho ithekisa hore e be lekhoba e le hore eena le lelapa la hae ba fumane lintho tseo ba li hlokang. Empa Molao o ne o re ka selemo sa bosupa lekhoba la Moheberu le ne le lokela ho lokolloa. (Ex 21:2) Ka Jubile (e neng e ba ka selemo sa bo 50), ho ne ho phatlalatsoa tokoloho ho baahi bohle ba naha. Lekhoba le leng le le leng la Moheberu le ne le lokolloa ’me le ne le khutlela setšeng sa lona.—Le 25:10-19.
it-1-E 1200 ¶2
Lefa
Kaha setša se ne se lokela ho ba sa lelapa le le leng molokong o mong ka mor’a o mong, se ne se sa lokela ho rekisetsoa batho ba bang. Ha e le hantle ho rekisoa ha setša ho ne ho bolela hore Moiseraele o hirisetsa motho eo a mo kolotang setša sa hae e le hore a fumane chelete lijalong tseo se tla li hlahisa. Chelete eo setša se neng se rekisoa ka eona e ne e theoha selemo le selemo ha lilemo li ntse li atamela Jubile, e leng ka nako eo litša kaofela li neng li khutlela ho beng ba tsona haeba se ne se sa rekolloa pele ho Jubile. (Le 25:13, 15, 23, 24) Ho ne ho etsoa joalo le ka matlo a metsana a se nang lerako le a potolohileng a neng a nkuoa e le karolo ea tšimo ea naha. Empa haeba ntlo e ne e le ka har’a motse o pota-potiloeng ke lerako, motho ea e rekisitseng o ne a na le tokelo ea ho e rekolla haeba feela ho e-s’o fete selemo, empa haeba selemo se se se fetile a ntse a e-s’o e rekolle, e ne e ba ea motho ea e rekileng. Ha e le matlo a neng a le metseng ea Balevi, tokelo ea ho rekolla e ne e tsoela pele ka ho sa feleng hobane Balevi ba ne ba sena lefa la naha.—Le 25:29-34.
it-2-E 122-123
Jubile
Haeba molao oa Jubile o ne o lateloa, o ne o thusa sechaba hore se qobe masisa-pelo ao re a bonang linaheng tse ngata kajeno moo u fumanang hore batho ba bang ba hafa ka nkatana ha ba bang e le mafutsana-futse. Ha motho a le mong a ne a rua molemo, sechaba kaofela le sona se ne se rua molemo hobane batho bohle ba ne ba kenya letsoho ho thusa sechaba, ebang ke ka litalenta kapa bokhoni ba bona. Kahoo, ho ne ho ke ke ha ba le motho ea khelloang fatše ka lebaka bofutsana. Kaha Jehova o ne a hlohonolofatsa sechaba ka nala a bile a se ruta, haeba se ne se mamela se ne tla thabela ho busoa ke Jehova le ho fumana nala eleng litlhohonolofatso tse neng li ka tlisoa ke ’Muso oa Jehova feela.—Esa 33:22
Matlotlo a Patiloeng
Haeba u Utloisitsoe Bohloko
Haeba Moiseraele a ne a loantša Moiseraele e mong ’me a mo ntša leihlo, Molao o ne o re a fuoe kotlo e mo loketseng. Empa motho ea neng a utloisitsoe bohloko e ne e se eena ea lokelang ho inkela molao matsohong ka hore a iphetetse ho motho ea mo utloisitseng bohloko kapa ho ba lelapa la hae. Molao o ne o re a ise taba ho batho ba loketseng ba etellang pele—e leng baahloli ba neng ba khethiloe—e le hore taba e sebetsoe ka tsela e nepahetseng. Ho tseba hore motho ea entseng ketso e khopo kapa e sehloho ka boomo o ne a tla fuoa kotlo ka ho etsoa seo a se entseng e mong, e ne e thibela batho ho iphetetsa. Empa ho na le mabaka a mang.
LA 1-LA 7 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LEVITIKE 26-27
“U ka Fumana Litlhohonolofatso Tsa Jehova Joang?”
Hana “Lintho Tsa Lefeela”
8 Ke joang “Maruo” a ka fetohang molimo? Ka mohlala, nahana ka lejoe le har’a naha Iseraele ea boholo-holo. Lejoe leo le ne le ka sebelisetsoa ho haha ntlo kapa lebota. Ka lehlakoreng le leng, haeba le ne le ka emisoa e le “tšiea e halalelang” kapa “setšoantšo,” le ne le fetoha khopiso ho batho ba Jehova. (Lev. 26:1) Ka ho tšoanang, chelete ea hlokahala ebile ho na le tsela e loketseng ea ho e sebelisa. Rea e hloka e le hore re iphelise, ebile re ka e sebelisa hamolemo tšebeletsong ea Jehova. (Moek. 7:12; Luka 16:9) Empa haeba re etelletsa taba ea ho hahamalla chelete ka pele ho tšebeletso ea rona ea Bokreste, ha e le hantle, chelete, e fetoha molimo oa rona. (Bala 1 Timothea 6:9, 10.) Lefatšeng lena, leo ho lona batho ba nkang ho hahamalla maruo e le eona ntho ea bohlokoa, re lokela ho tiisa hore re ba le pono e leka-lekaneng ka taba ena.—1 Tim. 6:17-19.
it-1-E 223 ¶3
Ho Hlolla
Moshe o ile a etsa lintho tse hlollang (moh·raʼʹ ka Seheberu) ka pel’a Baiseraele ka lebaka la tsela eo Jehova a ileng a mo sebelisa ka eona. (De 34:10, 12; Ex 19:9) Batho ba neng ba na le tumelo ba ile ba hlompha bolaoli ba Moshe ka tsela e hlollang. Ba ile ba hlokomela hore Jehova o sebelisa Moshe ho bua le bona. Hape, Baiseraele ba ne ba lokela ho hlompha sehalalelo sa Molimo. (Le 19:30; 26:2) Taba ena e bolela hore ba ne ba lokela ho hlompha sehalalelo sa Jehova ka tsela e khethehileng, ba mo etsetse borapeli ka tsela eo a e laetseng ba be ba itšoare ka tsela e lumellanang le litaelo tsa hae.
“Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
10 Jehova o ile a bolella sechaba: “Ekare ha le latela litaelo tsa ka, ’me le boloka melao ea ka, le ea ka eona, ke tla le fa lipula ka nako ea tsona; lefatše le tla hlahisa lijo tsa lona, ’me lifate tsa naha li tla bea litholoana tsa tsona. Ke tla etsa khotso naheng ea lona; le tla robala ho se motho ea le tšosang; ke tla felisa libatana tse harolang ’me lerumo le ke ke la feta ka naha ea lona. Ke tla itsamaela har’a lona, ke be Molimo oa lona, lona le be sechaba sa ka.” (Levitike 26:3, 4, 6, 12) Iseraele e ne e ka ba le khotso hobane e ne e sireletsehile lireng tsa eona, e na le nala ea lintho tse bonahalang, le kamano e haufi le Jehova. Empa sena se ne se tla itšetleha ka hore e khomarele Molao oa Jehova.—Pesaleme ea 119:165.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 617
Lefu la Seoa
Le ne le Tlisoa ke ho se Mamele Melao ea Molimo. Baiseraele ba ile ba hlokomelisoa hore haeba ba sa boloke selekane seo ba nang le sona le Molimo, o tla ‘romella lefu la seoa har’a bona.’ (Le 26:14-16, 23-25; De 28:15, 21, 22) Ka Bibeleng, ho phela hantle ’meleng le ho ba le setsoalle se tiileng le Jehova, li amahanngoa le ho hlohonolofatsoa ke eena (De 7:12, 15; Pes 103:1-3; Lipr 3:1, 2, 7, 8; 4:21, 22; Tše 21:1-4), athe sebe le ho se phethahale li amahanngoa le ho kula. (Ex 15:26; De 28:58-61; Esa 53:4, 5; Mat 9:2-6, 12; Joh 5:14) Kahoo, le hoja maemong a mang Jehova ka boeena a ile a otla batho ka mafu a itseng hang-hang, joalokaha a ile a otla Meriame, Uzia le Gehazi ka lepera (Nu 12:10; 2Likr 26:16-21; 2Ma 5:25-27), maemong a mangata mafu a sa phekoleheng kapa mafu a seoa a ne a ba teng ka lebaka la ho se mamele melao ea Jehova. Ba ne ba mpa ba kotula seo ba se jetseng, ba ne ba utloa bohloko ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa. (Gal 6:7, 8) Moapostola Pauluse o ile a re batho ba nang le litakatso tse fetelletseng tsa ho etsa thobalano ‘Molimo o ba nehelletse ho se hloeke, e le hore ’mele ea bona e ka hlompholleha har’a bona . . . ba amohela ka ho bona puseletso e feletseng, e neng e loketse bakeng sa liphoso tsa bona.’—Bar 1:24-27.
LA 8-LA 14 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 1-2
“Jehova o Hlophisa Batho ba Hae”
Sebaka se Loketseng Borapeli ba Jehova Bophelong ba Rona
4 Haeba u ne u ka bona Iseraele e hlomme litente lefeelleng kamoo nonyana e fofang e neng e ka e bona kateng, u ka be u ile ua bona eng? Litente tse ngata, empa li hlonngoe ka mokhoa o hlophisehileng tseo ho tsona mohlomong ho lulang batho ba limilione li tharo kapa ho feta, li hlophisitsoe ka lihlopha tsa meloko e meraro ka leboea, boroa, bochabela le bophirimela. Ha u nyarela haufinyane, u ne u tla boela u bone tlhophiso e ’ngoe haufi le karolo e hare ea kampo. Litenteng tsena tse arotsoeng ka lihlopha tse ’nè tse nyenyane ho ne ho lula malapa a leloko la Levi. Bohareng ba kampo ena, sebakeng se arotsoeng ka lesela, ho ne ho e-na le mohaho o ikhethang. E ne e le “tente ea pokano,” kapa tabernakele, eo Baiseraele “ba masene” ba neng ba e hahile ho latela polane ea Jehova.—Numere 1:52, 53; 2:3, 10, 17, 18, 25; Exoda 35:10.
it-1-E 397 ¶4
Liahelo
Baiseraele ba ne ba le bangata haholo. Batho ba neng ba ngolisitsoe e ne e le banna ba ntoa ba 603 550. Ho ne ho boetse ho na le basali, bana, ba holileng, ba holofetseng, Balevi ba 22 000 le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa balichaba. Mohlomong batho bao kaofela ba ne ba le ka holimo ho limilione tse tharo. (Ex 12:38, 44; Nu 3:21-34, 39) Ha ho tsebahale hantle hore na sechabahali se se kaalo se ne lula sebakeng se seholo hakae hobane batho ba hakanya ka litsela tse fapaneng haholo. Ha Baiseraele ba hloma liahelo tsa bona mabapa le Jeriko, lithoteng tsa lehoatata la Moabe ho hlalosoa hore e ne e le “ho tloha Bethe-jeshimothe ho ea Abele-shitime”.—Nu 33:49.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 764
Ho Ngolisa
Ha ho ne ho ngolisoa, ho ne ho ngoloa lebitso la motho, ba ntlo ea hae le leloko leo a tsoang ho lona. Ho ngolisa hona e ne e se feela taba ea palo ea sechaba. Ka Bibeleng, ho ngolisa sechaba ho ne ho etsoa ka mabaka a fapaneng joaloka ho patala lekhetho, mesebetsi ea sesole kapa haeba motho e ne e le Molevi, e ne e le bakeng sa mesebetsi eo a lokelang ho e etsa sehalalelong.
LA 15-LA 21 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 3-4
“Mosebetsi oa Balevi”
it-2-E 683 ¶3
Moprista
Tlas’a Selekane sa Molao. Ha Baiseraele ba ne ba le bokhobeng Egepeta, Jehova o ile a halaletsa bara bohle ba matsibolo bakeng sa hae, nakong eo a neng a bolaea matsibolo a Baegepeta ka kotlo ea leshome. (Ex 12:29; Nu 3:13) Matsibolo ana e ne e le a Jehova ’me a ne a tla mo etsetsa tšebeletso e khethehileng. Molimo a ka be a ile a khetha hore bara bana ba matsibolo ebe baprista kapa bahlokomeli ba sehalalelo empa o ile a khetha bara ba leloko la Levi hore ebe bona ba etsang mosebetsi ona. Ka lebaka lena, o ile a lumella sechaba hore se sebelise bara ba Balevi ho e-na le bara ba matsibolo ba maloko a 12 a Baiseraele bohle (bana ba bara ba Josefa e leng Efraime le Manase ba ile ba balelloa e le meloko e ’meli). Ha ho ntse ho baloa sechaba, ho ile ha fumanoa hore ntle ho bara ba Levi, ho na le bara ba 273 bao e seng Balevi ba nang le khoeli ho ea holimo. Jehova o ile a re ho pataloe lishekele tse hlano (e leng chelete e ka bang M194.88) bakeng sa mora e mong le e mong ho bao ba 273. Chelete eo e ne e fuoa Arone le bara ba hae. (Nu 3:11-16, 40-51) Pele ho moo, Jehova o ne a behile bara ba lelapa la Arone ea tsoang lelokong la Levi hore ba sebeletse e le baprista ba Israele.—Nu 1:1; 3:6-10.
it-2-E 241
Balevi
Mesebetsi ea bona. Balevi ba tsoa malapeng a mararo a bara ba Levi e leng Gershone (Gershome), Kohathe le Merari. (Gen 46:11; 1Likr 6:1, 16) Malapa ao a mararo a ne a fuoe sebaka pel’a tabernakele lefeelleng. Bakohathe ba lelapa la Arone ba ile ba hloma liahelo tsa bona ka bochabela, ka pel’a tabernakele. Bakohathe ba bang ba li hloma ka boroa, Bagershone ba li hloma ka bophirimela athe Bamerari ba hloma tsa bona ka leboea. (Nu 3:23, 29, 35, 38) Mosebetsi oa Balevi e ne e le ho hloma, ho qhaqha le ho jara tabernakele. Ha e ne e le nako ea ho falla, Arone le bara ba hae ba ne ba theola lesira le arolang Sehalalelo le Sehalalelisiso ebe ba koahela areka ea bopaki, lialetare le lintho tse ling tse halalelang tse neng li sebelisoa tabernakeleng. Bakohathe ba ne ba jara lintho tsena. Bagershone ba ne ba tsamaisa masela a tente, likoahelo, masira, masela a lepeletseng a lebala le lithapo tsa tente (ho bonahala eka lithapo tsena e ne e le tsa tabernakele). Bamerari bona ba ne ba hlokomela liforeimi, litšiea, litšehetso tse sekoti tsa litšiea, lithakhisa le lithapo tsa tente (lithapo tsena e ne e le tsa lebala le potolohileng tabernakele).—Nu 1:50, 51; 3:25, 26, 30, 31, 36, 37; 4:4-33; 7:5-9.
it-2-E 241
Balevi
Mehleng ea Moshe, Molevi o ne a ka etsa mesebetsi eohle eo Balevi ba neng ba lebeletsoe ho e etsa ha a le lilemo li 30. Mesebetsi eo e ne e le ho jara tabernakele le lintho tse sebelisoang ho eona ha ho ne ho falloa. (Nu 4:46-49) Molevi o ne a ka etsa mesebetsi e meng ha a le lilemo li 25 empa o ne a ke ke a etsa mesebetsi e boima joaloka ho fallisa tabernakele. (Nu 8:24) Mehleng ea Morena Davida lilemo tseo li ile tsa theoloa hore e be tse 20. Davida o ile a re lebaka la ho fokotsa lilemo e ne e le hobane tabernakele (e neng e se e tla nkeloa sebaka ke tempele) e ne e se e sa tl’o fallisoa. Molevi o ne a khaotsa ho etsa mesebetsi ena e mo tlamang ha a le lilemo li 50. (Nu 8:25, 26; 1Likr 23:24-26; sheba LILEMO.) Molevi o ne a lokela ho tseba molao hantle, o ne a bitsoa hangata hore a tl’o o balla sechaba le ho se ruta.—1Likr 15:27; 2Likr 5:12; 17:7-9; Ne 8:7-9.
Matlotlo a Patiloeng
Hlalefa ’me u Tšabe Molimo!
13 Ha Davida a bona hore Jehova oa mo thusa matšoenyehong, o ile a mo tšaba haholo ’me tšepo ea hae ho Jehova e ile ea tiea. (Pesaleme ea 31:22-24) Leha ho le joalo, liketsahalong tse tharo tse hlahelletseng, Davida o ile a hloleha ho tšaba Molimo, eaba o hlaheloa ke mathata a maholo. Ketsahalong ea pele o ile a lokisetsa hore areka ea selekane ea Jehova e isoe Jerusalema e nkiloe ka koloi e sa jaroa mahetleng ke Balevi, kamoo Molao oa Molimo o neng o laela kateng. Eitse ha Uza, ea neng a qhoba koloi eo, a tšoara Areka hore a e tsitsise, o ile a shoa hang-hang ka lebaka la “ketso [ea hae] e hlokang tlhompho.” Ke ’nete hore Uza o ile a etsa sebe se seholo, empa ha e le hantle, Davida ke eena ea ileng a baka bothata bona bo boholo ka ho se hlomphe molao oa Molimo ka tsela e tšoanetseng. Ho tšaba Molimo ho bolela ho etsa lintho ka tsela ea hae.—2 Samuele 6:2-9; Numere 4:15; 7:9.
LA 22-LA 28 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 5-6
“U ka Etsisa Banazari Joang?”
it-2-E 477
Monazari
Ho na le lintho tse tharo tseo motho ea neng a itlama ka ho ba Monazari a neng a sa lokela ho li etsa: (1) O ne a sa lokela ho noa joala; o ne a sa lokela ho ja ntho efe kapa efe e entsoeng ka morara, ho sa tsotellehe hore na o butsuoe, ha oa butsoa kapa o omisitsoe. Hape o ne a sa lokela ho noa ntho e entsoeng ka morara ho sa tsotellehe hore na ke morara o sa tsoa kotuloa, o putileng kapa oo e seng e le vinegar. (2) O ne a sa lokela ho kuta moriri hloohong. (3) O ne a sa lokela ho thetsa setopo, esita le haeba e ne e le sa motho ea neng a amana le eena haufi-ufi, ebang ke ntate, ’mè, kapa ngoan’abo.—Nu 6:1-7.
Likano Tse Khethehileng. Motho ea neng a etsa kano ena e khethehileng o ne a lokela ho “phela joaloka Monazari oa Jehova” eseng hobane a batla ho ratoa kapa ho rorisoa ke batho ka lebaka la lintho tse khethehileng tseo a itlametseng tsona. Ho e-na le hoo, “ka matsatsi ’ohle a Bonazari ba hae oa halalela ho Jehova.”—Nu 6:2, 8; bapisa le Gen 49:26.
Lintho tse neng li lebelletsoe ho Banazari li ne li na le bohlokoa bo khethehileng hape e ne e le tsa bohlokoa borapeling ba Jehova. Moprista ea phahameng o ne a sa lokela ho tšoara setopo, esita le sa motho eo a amanang le eena haufi-ufi ka lebaka la mosebetsi o khethehileng oo a neng a o fuoe. Ka tsela e tšoanang le Monazari o ne a sa lokela ho tšoara setopo. Ka lebaka la mosebetsi o khethehileng oo moprista ea phahameng le baprista ba bang ba tlaasana ba neng ba o etsa, ba ne ba sa lokela ho noa joala ba mofuta ofe kapa ofe ha ba ne ba il’o etsa mosebetsi o khethehileng ka pel’a Jehova.—Le 10:8-11; 21:10, 11.
Ho feta moo, Monazari (e leng na·zirʹ ka Seheberu) o ne a “lokela ho halalela ka hore a tlohele moriri oa hlooho ea hae hore o hole,” ho etsa joalo e ne e tla ba letšoao le thusang bohle hore ba hlokomele hore o entse kano e halalelang ea ho ba Monazari. (Nu 6:5) Lentsoe la Seheberu e leng na·zirʹ le ile la boela la sebelisoa ha ho buuoa ka lifate tsa morara tse sa “faoloang” lilemong tsa Sabatha e halalelang le tsa Jubile. (Le 25:5, 11) Ntho e ’ngoe e thahasellisang ke hore, lekapa la khauta le neng le le phatleng tukung ea moprista ea phahameng le neng le ngotsoe “khalalelo ke ea Jehova,” le ne le bitsoa “pontšo e halalelang ea boinehelo. [Ka Seheberu ho ne ho sebelisitsoe lentsoe neʹzer le tsoang motsong o tšoanang le oa lentsoe na·zirʹ].” (Ex 39:30, 31) Ka tsela e tšoanang moqhaka o neng o roesoa marena a tlotsitsoeng a Iseraele o ne o bitsoa neʹzer. (2Sa 1:10; 2Ma 11:12; sheba MOQHAKA; BOINEHELO.) Bakeng sa phutheho ea Bokreste, Moapostola Pauluse o re mosali o fuoe moriri ho e-na le se roaloang hloohong. Ke ntho ea tlhaho eo a e fuoeng hore a hopole hore ha a tšoane le monna; o lokela ho lula a hopola ho ikokobelletsa tokisetso ea Molimo. Kahoo, ho se kute moriri (ho neng ho sa tloeleha ho banna), ho se noe joala le ho hloeka li ne li hopotsa Monazari enoa ea itlammeng hore ha se kamehla a tla ba le lintho tseo a li batlang le hore o lokela ho ikokobelletsa ho etsa thato ea Jehova ka ho felletseng.—1Ko 11:2-16; sheba MORIRI; NTHO E KOAHELANG HLOOHO; TLHAHO.
Matlotlo a Patiloeng
Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Leha ho le joalo, Samsone e ne e le Monazari ka kutloisiso e fapaneng le eo. Pele Samsone a tsoaloa, lengeloi la Jehova le ile la re ho ’m’ae: “Bona! u tla ima, ’me ka sebele u tla tsoala mora, ’me ha ho lehare le lokelang ho feta hloohong ea hae, hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ha a tsoa ka mpeng; ke eena ea tla etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.” (Baahloli 13:5) Samsone ha aa ka a nka kano ea Bonazari. O ne a khethiloe ke Molimo hore e be Monazari bophelo bohle ba hae. Thibelo e mabapi le ho ama setopo e ne e ke ke ea sebetsa ho eena. Haeba e ne e sebetsa ho eena ’me a ama setopo e se ka boikemisetso, ke joang a neng a ka qala bophelo ba Bonazari ho tloha tsoalong ea hae? Kahoo, hoa bonahala hore lintho tse neng li hlokahala ho bao e neng e e-ba Banazari bophelo bohle ba bona li ne li fapane ka litsela tse itseng le tse neng li hlokoa ho ba ithaopelang ho ba Banazari.