Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwbr21 May maq. 1-10
  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
  • Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lihloohoana
  • LA 3-LA 9 MAY
  • LA 10-LA 16 MAY
  • LA 17-LA 23 MAY
  • LA 24-LA 30 MAY
  • LA 31 MAY–LA 6 JUNE
  • LA 7-LA 13 JUNE
  • LA 14-LA 20 JUNE
  • LA 21-LA 27 JUNE
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Laela Barapeli ba Hae Hore ba Nyalane le Balumeli-’moho le Bona Feela?
  • LA 28 JUNE–LA 4 JULY
Litšupiso tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona—2021
mwbr21 May maq. 1-10

Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona

LA 3-LA 9 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 27-29

“Etsisa Jehova ka Hore u se ke oa ba le Khethollo”

w13 6/15 10 ¶14

Ananela Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo

14 Barali bao ba motho ba bahlano ba ile ba ea ho Moshe ’me ba re: “Ke hobane’ng ha lebitso la Ntate le lokela ho tlosoa lelapeng la hae kahobane a ne a se na mora?” Ba ile ba kopa ka tieo ba re: “Re feng lefa har’a barab’abo Ntate.” Na Moshe o ile a re, ‘Molao ha o lumele, ’me ha ho seo nka se etsang ho le thusa’? Che, o ile a “hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.” (Num. 27:​2-5) Jehova o ile a re’ng? O ile a re ho Moshe: “Barali ba Zelofehade ba bua ka nepo. Ka sebele u lokela ho ba fa leruo har’a barab’abo ntat’a bona, ’me u fetisetse lefa la ntat’a bona ho bona.” Jehova ha aa ka a fella moo. O ile a etsa hore taba eo e fetohe molao, a re ho Moshe: “Haeba monna leha e le ofe a ka shoa a se na mora, joale le fetisetse lefa la hae ho morali oa hae.” (Num. 27:​6-8; Josh. 17:​1-6) Ho tloha ka nako eo, basali bohle ba Baiseraele ba neng ba thulana le mathata a tšoanang le a barali ba Zelofehade ba ne ba tla sireletsoa.

w13 6/15 11 ¶15

Ananela Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo

15 Ruri eo e ne e le qeto e mosa le e sa bontšeng leeme! Jehova o ile a tšoara basali bana ba neng ba se na mang-oe! ka tsela e ba fang seriti joalokaha a ne a tšoara Baiseraele ba bang bao lintho li neng li ba tsamaela hantle. (Pes. 68:5) Ena ke e ’ngoe ea litlaleho tse ngata tsa Bibele tse bontšang ’nete ena e khothatsang: Jehova o tšoara bahlanka ba hae bohle ka tsela e se nang leeme.​—1 Sam. 16:​1-13; Lik. 10:​30-35, 44-48.

w13 6/15 11 ¶16

Ananela Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo

16 Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho se be leeme joang? Hopola hore re tla tšoara batho ba bang ka tsela e sa bontšeng leeme haeba re lumela hore batho bohle ba lokela ho tšoaroa ka tsela e bontšang toka. Ke ’nete hore kaofela ha rona re inka re se leeme. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u oa hlokomela hore hase kamehla ho leng bonolo hore re itlhahlobe ka botšepehi. Kahoo, re ka etsa’ng hore re fumane hore na batho ba re tseba re le batho ba leeme kapa che? Ha Jesu a ne a batla ho tseba hore na batho ba ne ba re’ng ka eena, o ile a botsa metsoalle ea hae eo a neng a e tšepa a re: “Batho ba re Mor’a motho ke mang?” (Mat. 16:​13, 14) E ka ba hantle hore u latele mohlala oa Jesu tabeng eo. U ka botsa motsoalle oa hao eo u tsebang hore o tla u bolella ’nete hore na u na le botumo ba ho se be leeme kapa che. Haeba a u bolella hore ho bonahala eka u sa ntse u e-na le mesaletsa ea ho khetholla batho ho ea ka morabe, maemo a bona kapa moruo, u lokela ho etsa’ng? Rapela Jehova ka tieo mabapi le maikutlo ao u nang le ’ona, u mo kope hore a u thuse hore u fetole maikutlo a hao e le hore le uena u ka mo etsisa ka hore u se ke ua ba leeme.​—Mat. 7:7; Bakol. 3:​10, 11.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 528 ¶5

Linyehelo

Linyehelo tsa seno. Hangata ha Baiseraele ba ne ba etsa linyehelo tsa seno, ba ne ba li nyehela le linyehelo tse ling, haholo-holo ha ba qeta ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Nu 15:​2, 5, 8-10) Linyehelo tsena tsa seno li ne li akarelletsa veine (“joala bo tahang”) ’me bo ne bo tšolleloa holim’a aletare. (Nu 28:​7, 14; bapisa le Ex 30:9; Nu 15:​10.) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Filipi a re: “Esita le haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno holim’a sehlabelo le tšebeletso ea phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona, kea nyakalla.” Pauluse o ile a itšoantša le nyehelo ea seno a bontša hore o ikemiselitse ho sebeletsa Bakreste-’moho le eena. (Fil 2:7) Nakoana pele ho lefu la hae, o ile a ngolla Timothea a re: “Ke se ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno, ’me nako e loketseng ea ho lokolloa ha ka e haufi.”​—2Ti 4:6.

LA 10-LA 16 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 30-31

“Phetha Boitlamo ba Hao”

it-2-E 1162

Boitlamo

E ne se Setlamo, Empa Motho o ne a Lokela ho bo Phetha Ha a bo Entse. Motho o ne a ithaopa ho etsa boitlamo. Leha ho le joalo, ha boitlamo boo bo se bo entsoe, molao oa Molimo o ne o tlama hore bo phethoe. Ke kahoo ho buuoang ka boitlamo e le ntho “e tlamang moea,” ho bontša hore bophelo ba hae e ne e le tiisetso ea hore o tla phethahatsa boitlamo ba hae. (Nu 30:2; sheba hape le Bar 1:​31, 32.) Hoa utloahala hore Mangolo a re khothalletsa hore re be hlokolosi haholo ha re etsa boitlamo, re nahanisise hantle ka boikarabelo boo re bo nkang hobane bophelo ba rona boa ameha. Molao o ne o re: “Haeba u itlama ka boitlamo ho Jehova Molimo oa hao . . . ruri Molimo o tla bo batla ho uena, ’me u tla be u entse sebe. Empa haeba u hloleha ho etsa boitlamo, u tla be u sa etsa sebe.”​—De 23:​21, 22.

it-2-E 1162

Boitlamo

Ke tšepiso e tebileng eo motho a neng a e etsetsa Molimo ea hore o tla etsa ntho e itseng, a fane ka nyehelo kapa mpho, a kenele tšebeletso e itseng, kapa a se ke a etsa lintho tse itseng, le hoja li se khahlanong le molao oa Molimo. Motho o ne a etsa boitlamo ka boithaopo. Kaha boitlamo bo ne bo tebile, ha motho a ne a bo etsa ho ne ho tšoana le ha a hlapanya kapa a ikana. Ka linako tse ling ka Bibeleng, ho hlapanya le ho ikana li hlaha li bapile. (Nu 30:2; Mat 5:​33) “Boitlamo” ke polelo ea phatlalatsa ea hore motho o batla ho etsa ntho e itseng, ’me “kano” e hlalosa boipiletso boo motho a bo etsang ho ea na leng bolaoli ho mo tiisetsa hore o tla phetha seo a se buileng. Hangata likano li ne li etsoa ho tiisa selekane se seng se entsoe.​—Gen 26:​28; 31:​44, 53.

w04 8/1 27 ¶3

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Numere

30:​6-8​—Na monna oa Mokreste a ka etsolla likano tse entsoeng ke mosali oa hae? Kajeno Jehova o sebetsana le barapeli ba hae ka bomong ha ho tluoa tabeng ea likano. Ka mohlala, ho inehela ho Jehova ke kano eo motho ka mong a e etsang. (Bagalata 6:5) Monna ha a na matla a ho hlakola kano e joalo kapa ho e etsolla. Leha ho le joalo, mosali o lokela ho qoba ho etsa kano e hananang le Lentsoe la Molimo kapa boikarabelo boo a nang le bona ho monna oa hae.

Matlotlo a Patiloeng

it-2-E 28 ¶1

Jafeta

Batho ba ne ba ka isoa tšebeletsong ea Jehova e halalelang. Batsoali ba ne ba na le tokelo ea ho etsa joalo. Le pele Anna a ba le ngoana, o ile a etsa boitlamo ba hore Samuele o tla sebeletsa tabernakeleng. Monna oa hae e leng Elkana, o ile a lumellana le boitlamo boo. Hang ha Anna a qeta ho khoesa mora oa hae Samuele o ile a mo isa tabernakeleng, ha Anna a ne a mo isa, o ile a isa le sehlabelo sa phoofolo. (1Sa 1:​11, 22-28; 2:​11) Samsone ke e mong oa bana ba ileng ba isoa tšebeletsong e halalelang ea Molimo, o ile a sebeletsa e le Monazari.​—Bhl 13:​2-5, 1114; bapisa le bolaoli boo ntate a nang le bona ho morali oa hae joaloka ha ho hlalositsoe ho Nu 30:​3-5, 16.

LA 17-LA 23 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 32-33

“Le Leleke Baahi Bohle ba Naha”

w10 8/1 23

Re U Lome Tsebe?

“Libaka tse phahameng” tseo ho buuoang ka tsona hangata Mangolong a Seheberu e ne e le eng?

Ha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, Jehova o ile a ba laela hore ba felise libaka tsohle tsa borapeli tsa Bakanana ba neng ba lula moo. Molimo o ile a re: “Le senye litšoantšo tsohle tsa bona tsa lejoe, ’me litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe e qhibilihisitsoeng le lokela ho li senya, ’me le lokela ho felisa libaka tsa bona tse phahameng tse halalelang.” (Numere 33:​52) E ka ’na eaba libaka tseo tsa borapeli ba bohata li ne li le ka holim’a lithaba kapa e ne e le likalana tse hahiloeng libakeng tse ling joaloka tlas’a lifate kapa metseng. (1 Marena 14:​23; 2 Marena 17:​29; Ezekiele 6:3) Ho tsona ho ne ho ka ba le lialetare, litšiea kapa lipalo tse halalelang, litšoantšo, liluloana tsa libano le lintho tse ling tse neng li sebelisetsoa borapeli.

w08 2/15 27 ¶5-6

Ithute Liphosong Tsa Baiseraele

Kajeno, re thulana le liteko tse ngata tse tšoanang le tseo Baiseraele ba ileng ba thulana le tsona. Mehleng ea kajeno, ho na le lintho tse ngata tseo batho ba li tšoarang joalokaha eka ke melimo. Li akarelletsa chelete, likhalala tsa boithabiso le tsa lipapali, lipolotiki, baeta-pele ba itseng ba bolumeli esita le litho tsa lelapa. Ho ka etsahala hore re nkehe haholo ke e ’ngoe ea lintho tsena. Ho hlaolela setsoalle le ba sa rateng Jehova ho ka senya kamano ea rona le Molimo.

Ho kopanela liphate ka tsela e fosahetseng e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba Baale e ileng ea hohela ea ba ea eka Baiseraele ba bangata. Maraba a joalo a sa ntse a tšoasa batho ba bang ba Molimo. Ka mohlala, ho ka ’na ha hlokahala feela hore motho a toboketse mouse ea k’homphieutha boinotšing lapeng ha hae e le hore a senye letsoalo la hae le letle. E ne e tla ba masoabi a makaakang haeba Mokreste a ne a ka hoheloa ke litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa Inthanete!

it-1-E 404 ¶2

Kanana

Joshua o ile a ba bohlale ka hore a se ke “a tlosa lentsoe ho sohle seo a Jehova neng a se laetse Moshe” le reng a felise Bakanana bohle. (Jos 11:​15) Empa sechaba sa Iseraele ha sea ka sa latela mohlala oa hae o motle ka hore se tlose lintho tsohle tse neng li silafatsa naha. Taba ea hore Baiseraele ha baa ka ba felisa Bakanana e ile ea etsa hore ho be le mafu a mangata a tšoaetsanang, ka lebaka leo batho ba bangata ba ile ba shoa (re se re sa re letho ka tlolo ea molao, boitšoaro bo bobe le borapeli ba litšoantšo). Ho ka be ho sa shoa batho ba bangata hakaalo hoja ebe Baiseraele ba ile ba mamela. (Nu 33:​55, 56; Bhl 2:​1-3, 11-23; Pes 106:​34-43) Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore a ke ke ba le khethollo ha a ahlola. O ile a ba lemosa hore le bona ba tla felisoa joalokaha Bakanana ba ne ba tla felisoa haeba feela ba ne ba nyalisana le bona, ba kopanela borapeli kapa ba etsa lintho tseo Bakanana ba li etsang. Taba eo e bolela hore ha Jehova a leleka Bakanana, o ne a tla leleka le Baiseraele.’​—Ex 23:​32, 33; 34:​12-17; Le 18:​26-30; De 7:​2-5, 25, 26.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 359 ¶2

Moeli

Ka mora hore lotho e bolele hore na moloko o itseng o tla lula sebakeng sefe, ho ne ho hlokahala hore ho boleloe hore na sebaka seo se ne se tla ba se kae ho ea ka palo ea batho ba molokong oo. “Le ikarolele naha eo ka lotho e le leruo ho ea ka malapa a lona. Ea nang le baahi ba bangata le eketse lefa la hae, ’me ea fokolang ka palo le fokotse lefa la hae. Moo lotho e tla tsoela teng bakeng sa hae, e tla ba ha hae.” (Nu 33:​54) Qeto e nkiloeng ea hore na moloko o itseng o lule hokae e ne e lokeloa ho lateloa empa liphetoho li ne li ka khona ho etsoa haeba sebaka seo se ne se sa lekane moloko oo. Mohlala, sebaka se neng se abetsoe moloko oa Juda se ne se le seholo haholo, kahoo karolo e ’ngoe ea sona e ile ea fuoa moloko oa Simeone.​—Jos 19:9.

LA 24-LA 30 MAY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | NUMERE 34-36

“Tšabela ho Jehova”

w17.11 9 ¶4

Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

4 Ho ne ho etsahala’ng ha Moiseraele a bolaile motho ka phoso? O ne a ntse a le molato oa mali. (Gen. 9:5) Leha ho le joalo, Jehova o ne a mo hauhela. Moiseraele eo o ne a ka balehela ho o mong oa metse e tšeletseng eo Baiseraele ba neng ba tšabela ho eona. Ha a le moo, o ne a tla sireletseha. O ne a lokela ho lula moo ho fihlela moprista ea phahameng a e-shoa.​—Num. 35:​15, 28.

w17.11 9 ¶6

Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

6 Ka mor’a hore Moiseraele a bolaee motho ka phoso, o ne a lokela ho balehela motseng oa setšabelo ’me a “bue mantsoe a hae moo banna ba baholo ba motse oo ba ntseng ba utloa.” Baholo ba ne ba lokela ho mo amohela. (Josh. 20:4) Ka mor’a nako o ne a khutlisetsoa motseng oo a bolaetseng motho ho oona e le hore baholo ba hae ba mo ahlole. (Bala Numere 35:​24, 25.) Ha baholo ba mo fumana a se molato, Moiseraele eo o ne a khutlisetsoa motseng oa setšabelo.

w17.11 11 ¶13

Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

13 Molai o ne a sireletsehile ha a le motseng oa setšabelo. Ha Jehova a bua ka metse eo o ile a re: “E tla ba setšabelo . . . bakeng sa lona.” (Josh. 20:​2, 3) Jehova o ne a sa lumelle hore ’molai a qosoe hape. Mopheteletsi oa mali le eena o ne a sa lumelloa ho bolaea ’molai ha a se a le motseng oo. Kahoo, o ne a sa lokela ho tšoha letho kaha Jehova o ne a mo sirelelitse. Motse oo e ne e se teronko hobane ’molai o ne a ka sebetsa ka bolokolohi, a thuse batho ba bang ’me a sebeletse Jehova a thabile. O ne a e-na le monyetla oa ho phela ka khotso.

Matlotlo a Patiloeng

w91 2/15 13 ¶13

Topollo e Lekanang le se Lahlehileng Bakeng sa Bohle

13 Leha ho le joalo, Adama kapa Eva ha ba rue molemo topollong. Molao oa Moshe o ne o e-na le molao-motheo ona: “Le ke ke la amohela topollo bakeng sa bophelo ba ’molai ea tšoanetseng ho bolaoa.” (Numere 35:​31) Adama ha aa ka a thetsoa, kahoo sebe sa hae e ne e le sa boithatelo, e ne e le sa ka boomo. (1 Timothea 2:​14) Se ne se tšoana le ho bolaea bana ba hae, hobane joale ba ile ba futsa ho se phethahale ha hae, ka hona ba kena kotlong ea lefu. Ka ho hlakileng, Adama o ne a tšoanela ho shoa, hobane joaloka motho ea phethahetseng, ka boithatelo o ne a ikhethetse ho se utloe molao oa Molimo. Hore Jehova a sebelise topollo molemong oa Adama e ne e tla ba ho hohlanang le melao-motheo ea hae e lokileng. Leha ho le joalo, ho lefa moputso oa sebe sa Adama ho ne ho tla etsa hore kotlo ea lefu holim’a bana ba Adama e be e se nang thuso! (Ba-Roma 5:​16) Ka kutloisiso ea molao, matla a senyang a sebe a felisoa ho tloha mohloling oa oona. Molopolli o ‘utloa lefu ka baka la bohle,’ o jara liphello tsa sebe bakeng sa bana bohle ba Adama.​—Ba-Heberu 2:9; 2 Ba-Korinthe 5:​21; 1 Petrose 2:24.

LA 31 MAY–LA 6 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 1-2

“Kahlolo ke ea Molimo”

w96 3/15 23 ¶1

Jehova o Rata ho Loka le Toka

Baholo ba phutheho ba khethiloeng ba tlameha ho ahlola linyeoeng tsa liphoso tse tebileng. (1 Bakorinthe 5:​12, 13) Ha ba etsa seo, ba hopola hore toka ea Molimo e batla ho bontša mohau moo ho khonehang. Haeba ho se na lebaka la ho o bontša​—joaloka tabeng ea baetsalibe ba sa bakeng​—mohau o ke ke oa bontšoa. Empa baholo ha ba leleke mofosi ea joalo phuthehong hobane ba batla ho iphetetsa. Ba tšepa hore khato ea ho khaola ka boeona e tla etsa hore a inahane. (Bapisa le Ezekiele 18:​23.) Tlas’a bohlooho ba Kreste, baholo ba susumetsoa ke toka tšebeletsong ea bona, ’me sena se akarelletsa ho ba joaloka “tšireletso ha moea o foka.” (Esaia 32:​1, 2) Ka lebaka leo ba tlameha ho bontša ho se be leeme le ho ba le kahlolo e molemo.​—Deuteronoma 1:​16, 17.

w02 8/1 10 ¶4

Ka Botšepehi Ikokobeletse Bolaoli bo Behiloeng ke Molimo

4 Leha ho le joalo, ho ba moahloli ho ne ho sa felle feela ka ho tseba Molao. Kaha banna ba holileng ba ne ba sa phethahala, ba ne ba lokela ho ba hlokolosi ho ithiba mekhoeng efe kapa efe e tsoileng tseleng​—e kang boithati, leeme le meharo​—e neng e ka ’na ea sotha likahlolo tsa bona. Moshe o ile a re ho bona: “Le se ke la ba leeme kahlolong. Le lokela ho utloa e monyenyane le e moholo ka ho tšoana. Le se ke la tšosoa ke motho, etsoe kahlolo ke ea Molimo.” E, baahloli ba Iseraele ba ne ba ahlolela Molimo. E ne e le tokelo e hlomphehang le e khethehileng hakaakang!​—Deuteronoma 1:​16, 17.

Matlotlo a Patiloeng

w13 9/15 9 ¶9

Likhopotso Tsa Jehova Lia Tšepahala

9 Ha Baiseraele ba ne ba kena leetong le ileng la nka lilemo tse 40 ‘lefeelleng le leholo le tšosang,’ Jehova ha aa ka a ba fa lintlha tse tobileng esale pele tsa hore na o ne a tla ba tataisa joang, a ba sireletse joang a be a ba hlokomele joang. Ho ntse ho le joalo, ka makhetlo o ile a bontša hore ba ne ba ka mo tšepa le ho tšepa tataiso ea hae. Jehova o ile a sebelisa topallo ea leru motšehare le mollo bosiu e le ho hopotsa Baiseraele hore o ne a ba tšehetsa ha a ntse a ba tataisa sebakeng seo, seo ho neng ho se bonolo ho tsamaea ho sona. (Deut. 1:​19; Ex. 40:​36-38) O ile a boela a ba fa litlhoko tsa bona tsa mantlha. “Liaparo tsa bona ha lia ka tsa tsofala, le maoto a bona ha aa ka a ruruha.” Ka sebele “ba ne ba sa haelloe ke letho.”​—Neh. 9:​19-21.

LA 7-LA 13 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 3-4

“Melao ea Jehova e na le Toka Hape e Etsa Hore re be Bohlale”

it-2-E 1140 ¶5

Ho Utloisisa

Ho ithuta Bibele ka mafolofolo le ho sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ho ka re etsa hore re be batho ba nang le temoho e fetang ea batho ba nkoang e le mesuoe ebile re ka ba le kutloisiso e fetang ea batho ba holileng. (Pes 119:​99, 100, 130; bapisa le Lu 2:​46, 47.) Lebaka ke hobane tataiso ea Jehova le melao ea hae li bontša hore o bohlale ebile oa utloisisa. Ha Baiseraele ba ba ne ba ka mamela melao ea Jehova le tataiso ea hae, lichaba tse ba potolohileng li ne li ka ba nka e le “batho ba bohlale le ba utloisisang.” (De 4:​5-8; Pes 111:​7, 8, 10; bapisa le 1 Mar. 2:3.) Motho ea nang le kutloisiso, oa hlokomela hore haa lokela ho tlola melao e ka Lentsoeng la Molimo. Motho eo, o leka ka hohle hore a kope thuso ea Jehova ea hore a itšoare ka tsela eo Jehova a e batlang. (Pes 119:​169) O tebisetsa molaetsa oa Molimo pelong (Mat 13:​19-23), o ngola molao oo letlapeng la pelo ea hae (Liprov. 3:​3-6; 7:​1-4), ’me ka ho etsa joalo o leka ho hloea “tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bohata” (Pes 119:​104). Ha Mora oa Molimo a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore o na le kutloisiso ka tsela ena, ebile ha aa ka a batla ho pholoha lefu thupeng ea tlhokofatso hobane Mangolo a ne a lokela ho phethahala ha a bolaoa ka tsela eo.​—Mat 26:​51-54.

w99 11/1 20 ¶6-7

Ha ho Fana ka Seatla se Bulehileng ho Ata

A makalitsoe ke seo a se utloileng le ho se bona, mofumahali enoa o ile a araba ka boikokobetso: “Ho thaba bahlanka bana ba hao ba emeng ka pel’a hao kamehla, ba mametse bohlale ba hao!” (1 Marena 10:​4-8, NW) Ha aa ka a re bahlanka ba Solomone ba thabile hobane ba ne ba kena-kene​—le hoja ho ne ho hlile ho le joalo. Ho e-na le hoo, bahlanka ba Solomone ba ne ba hlohonolofalitsoe hobane kamehla ba ne ba ka mamela bohlale boo Solomone a bo filoeng ke Molimo. Mofumahali oa Sheba ke mohlala o motle hakaakang ho batho ba Jehova kajeno, ba thabelang bohlale ba ’Mopi ka boeena le ba Mora oa hae, Jesu Kreste!

Se ileng sa boela sa hlokomeloa ke polelo e latelang ea mofumahali enoa ho Solomone: “Ha ho bokoe Jehova, Molimo oa hao.” (1 Marena 10:9) Ho hlakile hore o ile a bona tataiso ea Jehova bohlaleng ba Solomone le katlehong ea hae. Sena se tumellanong le seo Jehova a ileng a se tšepisa Iseraele pejana. O itse: ‘Ho boloka melao ea ka ea tsamaiso’ “ke bohlale ho lona le kutloisiso ho lona ka pel’a mahlo a lichaba tse tla utloa melao ena eohle ea tsamaiso, ’me ka sebele li tla re, ‘Sechaba sena se seholo ntle ho pelaelo ke batho ba bohlale le ba utloisisang.’ ”​—Deuteronoma 4:​5-7, NW.

w07 8/1 29 ¶13

Na U “Ruela ho Molimo”?

Ha Jehova a hlohonolofatsa batho ba hae, kamehla o ba fa lintho tse molemo ka ho fetisisa. (Jakobo 1:​17) Ho tea mohlala, ha Jehova a ne a fa Baiseraele lehae, e ne e le ‘naha e phallang lebese le mahe a linotši.’ Le hoja ho ’nile ha boleloa hore naha ea Egepeta le eona e ne e le joalo, naha eo Jehova a neng a e file Baiseraele e ne e fapane le Egepeta bonyane ka ntho e le ’ngoe ea bohlokoahali. Moshe o ile a bolella Baiseraele hore e ne e le ‘naha eo Jehova Molimo oa bona a e hlokometseng.’ Ka mantsoe a mang, ba ne ba tla atleha hobane Jehova o ne a tla ba hlokomela. Hafeela Baiseraele ba ne ba lula ba tšepahala ho Jehova, o ne a ba hlohonolofatsa ka ho enneng ’me ba ne ba phela bophelo boo ho neng ho totobetse hore bo monate ho feta ba lichaba tse neng li ba potolohile. Ruri tlhohonolofatso ea Jehova “ea ruisa”!​—Numere 16:​13; Deuteronoma 4:​5-8; 11:​8-15.

Matlotlo a Patiloeng

w04 9/15 25 ¶3

Lintlha-kholo Tsa Buka ea Deuteronoma

4:​15-20, 23, 24​—Na thibelo ea hore ho se ke ha etsoa litšoantšo tse betliloeng e bolela hore ke phoso ho etsa litšoantšo tsa lintho tse itseng bakeng sa ho khabisa? Che. Thibelo ena e ne e hanela ho etsoa ha litšoantšo tse rapeloang, ‘ho inamela litšoantšo le ho li sebeletsa.’ Mangolo ha a hanele ho betla litšoantšo kapa ho penta litšoantšo ka morero oa ho etsa lintho tsa bonono.​—1 Marena 7:​18, 25.

LA 14-LA 20 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 5-6

“Koetlisa Bana ba Hao Hore ba Rate Jehova”

w05 6/15 20 ¶11

Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lona

11 Mohlomong lengolo le qotsoang khafetsa ha ho tšohloa taba ena ke Deuteronoma 6:​5-7. Re kopa hore u phetle Bibele ea hao ’me u bale litemana tseo. Hlokomela hore batsoali ba bolelloa hore ba hlokomele bomoea ba bona pele, ba rate Jehova ’me ba tebise mantsoe a hae pelong. Ka sebele, le lokela ho ba liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo, le bale Bibele kamehla ’me le thuise ka eona e le hore le be le kutloisiso ea sebele hammoho le lerato bakeng sa litsela tsa Jehova, melao-motheo ea hae le melao ea hae. Ha le etsa joalo, lipelo tsa lona li tla tlala linnete tse hlollang tsa Bibele tse tla le susumelletsa ho ikutloa le thabile, le hlompha Jehova le bile le mo rata. Le tla ba le letlotlo la lintho tse molemo tseo le ka li fang bana ba lona.​—Luka 6:45.

w07 5/15 15-16

Nka Thusa Bana ba ka Joang Hore ba Rutehe e le Kannete?

Lintho tseo u li labalabelang, lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa, le lintho tseo u li thahasellang ha li bonahale feela ka seo u se buang empa li bonahala le ka seo u se etsang. (Baroma 2:​21, 22) Ho tloha boseeng, bana ba ithuta ka ho sheba batsoali ba bona ka hloko. Bana ba lemoha lintho tseo batsoali ba li nkang e le tsa bohlokoa, ’me hangata ke tsona lintho tseo le bona ba li nkang e le tsa bohlokoa. Haeba u rata Jehova e le kannete, bana ba hao ba tla lemoha sena. Ka mohlala, ba tla bona hore ’malo oa Bibele le ho ithuta eona ke tsa bohlokoa ho uena. Ba tla hlokomela hore u etelletsa mesebetsi e amanang le ’Muso pele bophelong ba hao. (Matheu 6:​33) Ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho kopanela mosebetsing oa boboleli ba ’Muso ho tla ba bontša hore ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho uena.​—Matheu 28:​19, 20; Baheberu 10:​24, 25.

w05 6/15 21 ¶14

Batsoali, Lokisetsang Hore ho be le Lintho Tse Hlokahalang Bakeng sa Malapa a Lona

14 Joalokaha Deuteronoma 6:7 e bontša, ho na le menyetla e mengata eo lona batsoali le ka buisanang le bana ba lona ka lintho tsa moea ka eona. Ho sa tsotellehe hore na le tsamaea hammoho, le etsa mesebetsi e itseng hammoho, kapa le khatholohile hammoho, le ka fumana menyetla ea ho lokisetsa litlhoko tsa moea tsa bana ba lona. Ho hlakile hore ha ho hlokahale hore le be sale le “emeletse” bana ba lona ka linnete tsa Bibele. Ho e-na le hoo, lekang ho etsa hore moqoqo oa lelapa e be o hahang, e be oa moea. Ka mohlala, makasine ea Tsoha! e na le lihlooho tse ngata tse buang ka litaba tse fapa-fapaneng. Lihlooho tsena li ka le betlela tsela ea hore le tsebe ho qoqa ka liphoofolo tse bopiloeng ke Jehova, libaka tse ntle tsa tlhaho lefatšeng ka bophara le ka litso tsa batho tse sa tšoaneng le mekhoa ea bona ea bophelo. Meqoqo e joalo e ka ’na ea susumelletsa bana hore ba bale haholoanyane likhatiso tse fanoang ke sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene.​—Matheu 24:​45-47.

Matlotlo a Patiloeng

w19.02 22 ¶11

kMehleng ea Baiseraele Jehova o Ile a Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka

11 Re ithuta’ng? Jehova o khona ho bona lintho tseo re li nahanang le tsela eo re ikutloang ka eona. O khona ho bala lipelo tsa rona. (1 Sam. 16:7) Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le eo re e etsang e lula e le pooaneng ho Jehova. O sheba lintho tse ntle tseo re li etsang ’me o re khothalletsa ho tsoela pele re li etsa. Empa o batla hore re ele hloko lintho tse mpe tseo re li nahanang ebe re leka ho li qoba pele re ka qetella re li entse.​—2 Likron. 16:9; Mat. 5:​27-30.

LA 21-LA 27 JUNE

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 7-8

“Le se ke la Etsa Selekane sa Lenyalo le Bona”

w12 7/1 29 ¶2

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Laela Barapeli ba Hae Hore ba Nyalane le Balumeli-’moho le Bona Feela?

Taelo ena e ne e ama sechaba ka kakaretso kaha Jehova o ne a tseba hore Satane o ne a batla ho khelosa batho ba Hae, ka ho etsa hore ba rapele melimo ea bohata. Kahoo Molimo o ile a tsoela pele ho ba fa temoso ena ka ho nyalana le batho ba sa lumelang: “[Ba] tla khelosa mora oa hao hore a se ke a ntatela, ’me ka sebele ba tla sebeletsa melimo e meng.” Taba ena e ne e tebile. Haeba Baiseraele ba ne ba ka sebeletsa melimo e meng, Molimo o ne a ke ke a hlola a ba amohela le ho ba sireletsa, joale lira tsa bona li ne li tla ba felisa. Haeba ho ne ho ka ba joalo, sechaba se ne se tla hlahisa Mesia ea tšepisitsoeng joang? Ho totobetse hore Satane o ne a e-na le lebaka la hore a khelose Baiseraele hore ba nyalane le batho ba sa lumelang.

w15 3/15 30-31

Na ho Nyala “Feela Moreneng” E sa Ntse e le Ntho e Utloahalang?

Leha ho le joalo, ka Bibeleng Jehova o re laela hore re nyale feela Moreneng. Hobane’ng? Hobane o tseba se tla re tsoela molemo ebile o batla ho re sireletsa. Ha a batle hore re etse liqeto tse booatla tse tla re utloisa bohloko kapa tse tla re amoha thabo. Mehleng ea Nehemia, Bajuda ba bangata ba ile ba nyala basali ba sa sebeletseng Molimo. Kahoo Nehemia o ile a ba bolella ka mohlala o mobe oa Solomone. O ile a re, “O ne a ratoa ke Molimo oa hae, hoo Molimo a ileng a mo etsa morena oa Baiseraele bohle. Esita le eena basali basele ba ile ba etsa hore a etse sebe.” (Nehemia 13:​23-26) Jehova o oa tseba hore likhopotso tsa hae li molemong oa rona, ke kahoo a laetseng Bakreste hore ba nyale feela Moreneng. (Pesaleme ea 19:​7-10; Esaia 48:​17, 18) Rea thaba hore ebe o re fa keletso e lerato le eo re ka e tšepang. Ha re mamela Jehova e le ’Musi oa rona, re amohela hore o na le tokelo ea ho re bolella seo re lokelang ho se etsa.​—Liproverbia 1:5.

w15 8/15 24 ¶12

Khetha Metsoalle ka Hloko Matsatsing Ana a ho Qetela

12 Bakreste ba batlang ho kena lenyalong ba lokela ho ba hlokolosi hore na ba khetha ho tloaelana le bo-mang. Lentsoe la Molimo lea re lemosa: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlolo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?” (2 Bakorinthe 6:​14) Bibele e eletsa bahlanka ba Molimo hore ba nyale “feela Moreneng,” ke hore ba nyalane feela le motho ea inehetseng le ho kolobetsoa ’me a phela tumellanong le melao ea Jehova. (1 Bakorinthe 7:​39) Ha u nyalana le motho ea ratang Jehova, u tla ba le molekane ea tla u thusa hore u lule u tšepahala ho Molimo.

Matlotlo a Patiloeng

w04 2/1 13 ¶4

Jehova o re fa Seo re se Hlokang Letsatsi le Leng le le Leng

4 Ho rapella bohobe ba letsatsi le leng le le leng ho boetse ho lokela ho re hopotsa hore re hloka lijo tsa moea tsa letsatsi le leng le le leng. Le hoja Jesu a ne a lapile haholo ka mor’a ho itima lijo ka nako e telele, o ile a hana ha Satane a mo leka hore a fetole majoe bohobe, a re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’ ” (Matheu 4:4) Mona Jesu o ile a qotsa seo moprofeta Moshe a ileng a se bolella Baiseraele a re: “[Jehova] o u kokobelitse ’me a u tlohela hore u lape eaba o u fepa manna, ao uena kapa bo-ntat’ao le neng le sa a tsebe; e le hore u tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela empa motho o phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.” (Deuteronoma 8:3) Tsela eo Jehova a ileng a fepa Baiseraele manna ka eona ha ea ka ea ba fa lijo tsa nama feela empa e ile ea ba ruta le lintho tsa moea. Seo ba neng ba ithuta sona linthong tsa moea ke hore “e mong le e mong [o ne a lokela hore] a nke ho mo lekaneng letsatsi le letsatsi.” Haeba ba ne ba bokella manna a fetang ao ba neng ba a hloka letsatsing leo, a salang a ne a nkha ’me a e-ba le liboko. (Exoda 16:​4, 20) Leha ho le joalo, sena se ne se sa etsahale ka letsatsi la botšelela ha ba ne ba lokela ho bokella manna a matsatsi a mabeli e le hore ba be le ao ba neng ba tla a hloka ka Sabatha. (Exoda 16:​5, 23, 24) Kahoo, manna a ne a ba hopotsa ka matla hore ba tlameha ho mamela le hore bophelo ba bona bo ne bo sa itšetleha feela ka bohobe empa bo ne bo itšetlehile le ka ho ela hloko “polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova.”

LA 28 JUNE–LA 4 JULY

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | DEUTERONOMA 9-10

“Jehova Molimo oa Hao o Batla Eng ho Uena?”

w09 10/1 10 ¶3-4

Jehova o Batla Eng ho Rona?

Re ka susumetsoa ke eng hore re mamele Molimo ka boithatelo? Moshe o ile a bolela lebaka le leng ha a re: “U tšabe Jehova Molimo oa hao.” (Temana ea 12) Ena hase tšabo ea ho tlakasela ka lebaka la ho tšaba liphello tsa ho se mamele, empa ke tšabo e loketseng, e bontšang ho hlompha Molimo le litsela tsa hae. Haeba re tšaba Molimo ka tsela e mo hlomphang ka ho tebileng, re ke ke ra batla ho mo halefisa.

Leha ho le joalo, ntho e ka sehloohong e lokelang ho re susumelletsa hore re mamele Molimo ke efe? Moshe o re: “Rata [Molimo] le ho sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle.” (Temana ea 12) Ho rata Molimo ha ho bolele ho mo rata feela ka maikutlo. Buka e ’ngoe e re: “Maetsi a Seheberu a bontšang boikutlo, ka linako tse ling a ka bolela liketso tse etsoang ka lebaka la boikutlo boo.” Buka eona eo e re ho rata Molimo ho bolela “ho bontša ka liketso hore ua [mo] rata.” Ka mantsoe a mang, haeba re hlile re rata Molimo, re tla itšoara ka tsela eo re tsebang hore e ea mo thabisa.​—Liproverbia 27:11.

w09 10/1 10 ¶6

Jehova o Batla Eng ho Rona?

Ho mamela Molimo ka boithatelo ho tla re tlisetsa litlhohonolofatso. Moshe o re: “U boloke litaelo . . . tseo ke u laelang tsona kajeno, molemong oa hao.” (Temana ea 13) Ruri taelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova​—ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang hore re e etse​—e molemong oa rona. Ho ne ho ke ke ha e-ba ka tsela e ’ngoe! Bibele e re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Kahoo, o fane feela ka litaelo tseo a tsebang hore li tla re tsoela molemo ka ho sa feleng. (Esaia 48:​17) Ho etsa sohle seo Jehova a batlang hore re se etse ho tla re qobisa matšoenyeho a mangata hona joale ’me ho tla etsa hore nakong e tlang re fumane litlhohonolofatso tse sa feleng Pusong ea hae.

cl 16 ¶2

Na ka Sebele U ka ‘Atamela ho Molimo’?

2 Abrahama oa boholo-holo ke e mong oa ba ileng ba thabela katamelano e joalo. Jehova o ile a bua ka mopatriareka eo e le “motsoalle oa ka.” (Esaia 41:8) E, Jehova o ne a nka Abrahama e le motsoalle oa hae ka seqo. Abrahama o ile a lumelloa ho ba le kamano eo e haufi hobane o ile a “beha tumelo ho Jehova.” (Jakobo 2:​23) Le kajeno Jehova o ntse a sheba menyetla ea ho ‘ikamahanya’ le ba susumetsoang ke lerato hore ba mo sebeletse. (Deuteronoma 10:​15) Lentsoe la hae lea re phehella: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lona.” (Jakobo 4:8) Re fumana memo le tšepiso mantsoeng ana.

Matlotlo a Patiloeng

it-1-E 103

Baanake

Ke batho ba neng ba le boholo bo sa tloaelehang ba neng ba lula sebakeng se lithaba sa Kanana le libakeng tse ling tse neng li le lebopong ’me ba ne ba fumaneha haholo-holo libakeng tse ka boroa. Ka nako e ’ngoe, banna ba tummeng ba Baanake, eleng Akimane, Sheshai le Talmai ba ile ba lula Hebrone. (Nu 13:​22) Ke hona mona moo ka lekhetlo la pele lihloela tse 12 tsa Baheberu li ileng tsa bona Baanake ’me tse leshome li ile tsa tlisa tlaleho e nyahamisang, tsa tšosa batho ka hore batho bao ke litloholo tsa Banefilime ba phetseng pele ho moroallo. Lihloela tseo li ile tsa re Baheberu ke “marutle” ha ba bapisoa le Baanake. (Nu 13:​28-33; De 1:​28) Ka lebaka la boholo ba Baanake, ho ile ha etsoa papiso ka bona ha ho ne ho hlalosoa banna ba lifonthoane ba Baemime le Barefaime. Ka lebaka la matla a bona, ho ile ha hlaha maele a reng: “Ke mang ea ka emang a tiile ka pel’a bara ba Anake?”​—De 2:​10, 11, 20, 21; 9:​1-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela