Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 20 leq. 23
  • Sephetho se Amang Pelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sephetho se Amang Pelo
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sephetho se Sebetsang
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hlalosa Bohlokoa ba Lengolo
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Finyella Lipelo Tsa Bamameli
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 20 leq. 23

KHAOLO 20

Sephetho se Amang Pelo

Lengolo le qotsitsoeng

Moeklesia 12:13, 14

NTLHA-KHOLO: Ha u lihela likhala, bua ka tsela e tla susumetsa bamameli ho sebelisa seo ba ithutileng sona.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Sephetho sa hao se lokela ho lumellana le litaba tsa hao kaofela. Pheta lintlha tsa hao tsa sehlooho.

  • Susumetsa bamameli. Hlakisetsa bamameli hore na ba lokela ho etsa’ng le hore na ke hobane’ng ha ho etsa joalo e le habohlokoa. Bua ho tsoa pelong.

  • Etsa hore sephetho sa hao se be sekhutšoanyane ’me se tobe taba. Ha se nako ea ho qala ho bua ka lintlha tseo u sa buang ka tsona. Ka mantsoe a seng makae feela, siea bamameli ba ikemiselitse ho etsa seo ba ithutileng sona.

    Keletso

    Ha u phethela, u se ke oa matha. Etsa hore ho utloahale hore joale oa phethela.

TŠIMONG

Ha u phethela puisano ea hao le motho, pheta ntlha eo u batlang hore a e hopole. Haeba mong’a ntlo a khaola moqoqo oa lona ka lehare, phethela puisano ea lona hantle. Le haeba motho a le bohale, itšoare ka tsela e tla etsa hore a tle a mamele nakong e tlang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela