-
“Re Ananela ba Hōlileng!”Molula-Qhooa—1986 | February 1
-
-
eletsa ka hore: “Nka bana ba hao ba banyenyane, u ba kope, hobane haufi ba tla be ba holile. Hlokomela bona pele. Ke barutuoa ba hao ba bohlokoa.” E mong o khothalletsa ka hore: “Ha likhatello tse tsoang tsamaisong ena li u oela kapa ha Satane a u leka, le ka mohla u se tele ’nete. U ’ne u e sebelise, hobane ho tla fella ka thabo ea hao.” Banyalani ba bang ba seng ba hōlile ba sebelelitseng ka botšepehi sebakeng se seng sa New Zealand ka lilemo tse ka bang 43 ba fana ka keletso ena e molemo: “Haeba u ka khona, ho molemo ho lula sebakeng se le seng ho e-na le ho leba koana le koana. ’Nete e na le matla a maholoanyane motseng, ’me e u boloka u e phelela, kahoo e u matlafatsa.”
Ke ’nete, ba bangata ho baena ba rōna le bo-khaitseli ba seng ba tsofetse ba ke ke ba kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo joaloka ba bacha. Ba bang ba se ba rapaletse liphateng. Ba bang ba na le maloetse a bohloko. Khaitseli e mong ea seng a hōlile o ile a re: “Ha ke tšoenngoe ke ho tsofala. Seo ke sa se rateng ke seo botsofali bo tlang le sona.” Empa leha ho le joalo o ntse a tsoela pele ho bontša cheseho ea Bokreste!
Na u ipha nako ea hore u tsebe baena le bo-khaitseli ba hao ba hōlileng? Na u batla ho etsisa litšoaneleho tseo ba li bontšang, litšoaneleho tse hloekisitsoeng joaloka gauda ka nako le ka phihlelo? Ka sebele, baena ba rōna le bo-khaitseli ba rōna ba hōlileng ba Bakreste ke mohloli oa bohlokoa haeba feela re ka ipha sebaka sa hore re ba shebelle le ho bua le bona. Mokreste e mong e monyenyane O ile a re: “Ba tšepahalang ba hōlileng e bile mehlala ho ’na ho ineheleng ’neteng, leratong la ’nete, tumelong e phelang, qenehelong, le ho cheseheleng tšebeletso ea Molimo. Ho ’na bokhabane ba bona bo tšoana le lifate tse thuntseng ka botlalo, ’me ba tšoana le mollo o mofuthu bosiung bo batang.” Ka ’nete, re na le lebaka la ho ananela ba baholo ba rōna!
-
-
Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Holim’a Baholo’Molula-Qhooa—1986 | February 1
-
-
Leihlo la Jehova ‘la Ipaka Hore le Holim’a Baholo’
HANGATA kajeno baholo ba tlameha ho etsa liqeto tseo ho bonahalang li phahametse kelello ea bona le tsebo ea bona. Leha ho le joalo, nahana ka boemo boo baholo ba bang ba Bajode ba ileng ba talimana le bona mehleng ea Esdrase.
Hoba masala a Bajode a khutle Babylona, ho ile hoa kena nako ea ho se sebetse ea lilemo tse 16. Baprofeta Haggai le Zakaria ba khona ho sisinya Bajode boiphapanyong ba bona, ’me mosebetsi oa ho tsosolosa tempele ea Jehova oa qaloa. Leha ho ie joalo, mosebetsi ona oa phakisa oa phephetsoa ke ba boholong ba Persia. Bahanyetsi ba botsa: “Le laetsoe ke mang ho haha ntlo eo?”—Esdrase 5:1-3.
Karabelo ea potso ena e ne e le thata. Haeba baholo ba ne ba ka itumella hore ba tšosoe, ho tsosolosoa hoa tempele ho ne ho tla emisa hampe feela. Haeba baholo ba ne ba hanyetsa bana ba boholong, mosebetsi o ne o tla thibeloa ka potlako. Ka hona baholo (ntle ho pelaelo ba etelletsoe pele ke ’Musisi Zorobabele le Moprista e Moholo Joshua) ba fana ka karabelo e bohlale empa e le e molemo. Ba hopotsa ba boholong ka molao oo e neng e le khale o lebetsoe oa Cyruse o neng o neile Bajode tumello ea borena ea hore ba tsoele pele ka mosebetsi ona. Basebeletsi bana, ba tseba mokhoa oa Persia oa ho se fetole molao o boletsoeng, ka bohlale bana ba boholong ba ikhethela ho qoba ho hanyetsa taelo ena ea borena. Ka hona mosebetsi oa lumelloa hore o tsoele pele ho fihlela Morena Dariuse hamorao a fana ka tumello ea hore ho tsoeloe pele!—Esdrase 5:11-17; 6:6-12.
Na phello ee e hlollang e hlahile ka lebaka la bohlale ba motho? Ho fapana le moo, tlaleho ea Esdrase e re “leihlo la Molimo oa bona la ’na la shalima baholo ba Bajode.” (Esdrase 5:5) Ka ho hlakileng, Jehova o ile a tsamaisa karabelo ea bona le karabelo e mofuthu ea morena oa Persia. Baholo ba Bakreste kajeno ka ho tšoanang ba ka sheba ho Jehova bakeng sa tataiso le tsamaiso ha ba talimane le liqeto tse thata kapa ha ba sebetsana le bahanyetsi. Jehova o-oa tiisa ho Pesaleme ea 32:8: “Ke tla u ruta, ke u bontše tsela eo u tšoanetseng ho ea ka eona; ke tla u lemosa ke ntse ke u talimile ka mahlo.”
-