-
Jehova o Tla U Hopola Joang?Molula-Qhooa—2000 | February 1
-
-
Jehova o Tla U Hopola Joang?
“U FELE u nkhopole, uena Molimo oa ka.” Ka makhetlo a ’maloa Nehemia o ile a kōpa Molimo a sebelisa mantsoe ao. (Nehemia 5:19; 13:14, 31, NW) Ho tloaelehile haholo hore ha batho ba le mahlomoleng, ba retelehele ho Molimo ’me ba mo kōpe ka tieo ka tsela eo.
Leha ho le joalo, batho baa be ba nahanne ka eng ha ba kōpa Molimo hore a ba hopole? Ho hlakile hore ba na le tšepo ea hore Molimo o tla etsa se fetang feela ho hopola mabitso a bona. Ha ho pelaelo hore ba na le tšepo e tšoanang le ea e mong oa batlōli ba molao ba neng ba fanyehiloe pel’a Jesu. Eena, ho fapana le e mong, o ile a kōpa Jesu ka tieo a re: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” O ne a sa batle hore Jesu a hopole feela hore na ke mang empa hape o ne a batla hore a mo etsetse ho hong—a mo tsose.—Luka 23:42.
Ka ho tšoanang, Bibele e bontša hore ho Molimo, “ho hopola” ho bolela ho nka bohato bo loketseng. Ka mohlala, ka mor’a hore lefatše le tlale metsi a moroallo ka matsatsi a 150, “Molimo a hopola Noe . . . , ’me Molimo a fetisa moea holim’a lefatše, eaba metsi a qala ho kokobela.” (Genese 8:1, NW) Lilemo tse makholo ka mor’a moo, ha Bafilista ba se ba foufalitse Samsone ba bile ba mo fasitse ka liketane, o ile a rapela: “Jehova, ka kōpo, nkhopole, ’me ka kōpo, u ’matlafatse, hanngoe feela lekhetlong lena.” Jehova o ile a hopola Samsone ka ho mo fa matla a phahametseng a motho e le hore a ka iphetetsa ho lira tsa Molimo. (Baahloli 16:28-30, NW) Ha e le Nehemia, Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba hae, ’me borapeli ba ’nete bo ile ba tsosolosoa Jerusalema.
Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa taeo ea rōna, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Haeba re hopola Jehova ka ho batla ho etsa thato ea hae, joalokaha bahlanka ba hae ba tšepahalang ba ile ba etsa nakong e fetileng, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hopola ka ho re thusa hore re fumane litlhoko tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi, ka ho re tšehetsa litekong tsa rōna le ka ho re lopolla ha a ahlola ba sa tšabeng Molimo.—Matheu 6:33; 2 Petrose 2:9.
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?Molula-Qhooa—2000 | February 1
-
-
Na U ka Rata ho Eteloa?
Esita le lefatšeng lena le likhathatso, u ka fumana thabo ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Bibele ka Molimo, ’Muso oa hae, le morero oa hae o hlollang bakeng sa moloko oa batho. Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 30.
-