Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
© 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 4-10 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESTHERE 1-2
“Lula U Inyenyefalitse Joaloka Esthere”
Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
11 Boinyenyefatso ba rona bo ka boela ba lekoa ha ba bang ba re rorisa ho feta tekano. Esthere o ile a tobana le boemo bo tšoanang. O ne a le motle haholo, ’me a qeta selemo sohle a phela bophelo ba maemo. O ne a phela le baroetsana ba bang ba bangata ba Persia ba neng ba hlolisana bakeng sa ho fumana kamohelo ea morena. Le hoja morena a ile a rata Esthere ho ba feta, botho ba moroetsana enoa ea hlomphang ha boa ka ba fetoha. Ha aa ka a ikhohomosa le ha a se a nyetsoe ke morena.—Esth. 2:9, 12, 15, 17.
O ile a Emela Batho ba Molimo
15 Ha nako ea hore Esthere a tlisoe ka pel’a morena e fihla, o ile a fuoa monyetla oa ho khetha lintho leha e le life tseo a nahanang hore o tla li hloka, mohlomong e le hore a iketse botle le ho feta. Leha ho le joalo, ka boikokobetso ha aa ka a kopa letho ntle ho lintho tseo Hegai a mo boleletseng ka tsona. (Esth. 2:15) Mohlomong o ile a lemoha hore botle ka bobona bo ne bo ke ke ba hapa pelo ea morena; empa o ne a ka khahloa ke boikokobetso le ho inyenyefatsa, e leng litšobotsi tse neng li sa tloaeleha ntlong eo ea borena. Na o ne a nepile?
Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
12 Boinyenyefatso bo re thusa hore re apare le ho itšoara ka tsela e bontšang hore rea itlhompha ebile re hlompha le ba bang. Ha re leke ho khahla ba bang ka ho ithorisa kapa ho etsa lintho tse tla re bitsetsa mahlo a batho ho sa hlokahale, empa kamehla re bonahatsa “moea o thotseng le o bonolo.” (Bala 1 Petrose 3:3, 4; Jer. 9:23, 24) Liketso tsa rona li tla senola se ka lipelong tsa rona. Ka mohlala, lintho tseo re li etsang li ka ’na tsa bontša hore re inkela holimo ka lebaka la litokelo tseo re nang le tsona kapa tsa metsoalle ea rona, esita le ka lebaka la tsebo eo re nang le eona. Kapa mohlomong re ka ’na ra etsa eka re finyelletse ho itseng ka borona, esita le ha re thusitsoe ke ba bang. Le tabeng ena, Jesu o re behetse mohlala o motle haholo. O ne a qotsa Lentsoe la Molimo khafetsa ha a ruta. O ile a etsa sena e le hore a se ke a iphumanela thoriso, empa hore batho ba tsebe hore Jehova e ne e le eena mohloli oa lithuto tseo, ka lebaka leo ba rorise Molimo.—Joh. 8:28.
Matlotlo a Patiloeng
Na U ne U Tseba?
Bafuputsi ba ile ba fumana mongolo oa khale oa Persia o nang le lebitso Marduka (Ka Sesotho Mordekai). E ne e le molaoli, mohlomong motšoari oa matlotlo oa Shushane. Nakong eo ho neng ho fumanoa mongolo oo, Arthur Ungnad eo e neng e le setsebi sa histori ea sebaka seo o ile a ngola a re leo e ne e le “lekhetlo la pele Mordekai a hlaha linthong tseo e seng karolo ea Bibele.”
Ka mor’a hore a ngole taba eo, litsebi li ile tsa fetolela lingoloa tse ngata tsa Persia tsa mehleng ea khale. Tse ling tsa lingoloa tsena ke maqhetsoana a letsopa a Persepolis a ileng a fumanoa lithakong tsa motse oa Persepolis. Maqhetsoana ana ke a mehleng ea ha ho ne ho busa Xerxes oa Pele. A ngotsoe ka Seelame ’me a na le mabitso a ’maloa a hlahang bukeng ea Esthere.
Maqhetsoaneng a ’maloa a Persepolis ho hlaha lebitso Marduka. E ne e le mongoli oa morena phaleising e Shushane nakong ea puso ea Morena Xerxes oa Pele. Leqhetsoana le leng le re Marduka e ne e le mofetoleli. Taba ena e lumellana le tsela eo Bibele e hlalosang Mordekai ka eona. O ne a sebeletsa Morena Asueruse (Xerxes oa Pele) ebile o ne a bua lipuo tse peli kapa ho feta. Hangata Mordekai o ne a lula keiting ea morena e phaleising e Shushane. (Esthere 2:19, 21; 3:3) Keiti ena e ne e le mohaho o moholo oo liofisiri tsa phaleising li neng li sebeletsa ho oona.
Marduka eo ho buuoang ka eena maqhetsoaneng le Mordekai eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng ba na le lintho tse ngata tseo ba tšoanang ka tsona. Ba phetse ka nako e le ’ngoe, sebakeng se le seng ba bile ba sebetsa mosebetsi o tšoanang nģ’a e le ’ngoe. Lintho tsena kaofela lia bontša hore Marduka le Mordekai ke motho a le mong.
LA 11-17 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESTHERE 3-5
“Thusa ba Bang Hore ba Sebeletse Jehova ka Boitelo”
it-2-E 431 ¶7
Mordekai
O ile a Hana ho Inamela Hamane. Asueruse o ile a etsa Hamane oa Moagage tona-kholo. Ka mor’a moo, o ile a laela batho bohle keiting ea hae hore ba inamele Hamane ka lebaka la boemo ba hae bo bocha. Mordekai o ile a hana ho etsa joalo hobane a re eena ke Mojuda. (Est 3:1-4) Taba ea hore Mordekai o ile a fana ka lebaka lena e bontša hore e ne e le Mojuda ea inehetseng ho Jehova Molimo a bile a e-na le kamano e matla le eena. O ne a hlokomela hore ho inamela Hamane e ne e se ketso feela e neng e bontša ho hlompha motho ea nang le matla a bolaoli joalokaha Baiseraele ba ne ba etsa nakong e fetileng. (2Sa 14:4; 18:28; 1Ma 1:16) Mordekai o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho se inamele Hamane. Ho ka etsahala hore Hamane e ne e le Moamaleke ’me Jehova o ne a itse “o tla loantša Amaleke ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.” (Ex 17:16; sheba HAMAN.) Mordekai o ile a hana ho inamela Hamane hobane a hlompha Molimo e seng hobane a kena-kenana le lipolotiki.
it-2-E 431 ¶9
Mordekai
Jehova o ile a mo Sebelisa ho Lopolla Baiseraele. Nakong eo ho neng ho ntšitsoe taelo ea hore Bajuda bohle ba bolaoe, Mordekai o ile a re Esthere o ne a behiloe boemong ba hae bo phahameng ka nako eo e le hore a pholose Bajuda. O ile a hlokomelisa Esthere boikarabelo bona ba hae bo boima ’me a re a kope thuso ho morena. Esthere o ile a lumela le hoja ho etsa joalo ho ne ho tla beha bophelo ba hae kotsing.—Est 4:7–5:2.
O ile a Emela Batho ba Molimo
22 E tlameha ebe Esthere o ile a ikutloa a sehoa ke mala ha a utloa molaetsa oo. Ena e ne e le teko e kholo ka ho fetisisa ea tumelo ea hae. O ne a tšaba, joalokaha ho bonahala karabong eo a ileng a e fa Mordekai. O ile a mo hopotsa ka molao oa morena. Motho ea hlahang ka pel’a morena a sa mo bitsa o ne a ka bolaoa. O ne a ka pholoha feela haeba morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la khauta. Na Esthere o ne a ka lebella hore a hauheloe joalo, haholo-holo ka mor’a se neng se sa tsoa etsahalla Vashti ha a ne a hana ho hlaha ha morena a mo bitsa? O ile a bolella Mordekai hore ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mo bitse! Seo se ne se ka etsa hore a nahane hore kaha morena o ne a mo hlokomolohile joalo, mohlomong morena o se a fetotse maikutlo ka eena.—Esth. 4:9-11.
23 Mordekai o ile a araba ka sebete ho matlafatsa tumelo ea Esthere. O ile a mo tiisetsa hore haeba a hloleha ho ba buella, topollo ea Bajuda e tla hlaha sebakeng se seng. Ruri Esthere o ne a ke ke a lebella hore a pholosoe ha mahloriso a ntse a e-hloa mekoalaba. Tabeng ena Mordekai o ile a bontša hore o tšepa Jehova ka hohle, kaha Jehova o ne a ke ke a lumella batho ba Hae hore ba felisoe ka ho feletseng ’me o ne a tla lula a phethahatsa litšepiso tsa Hae. (Josh. 23:14) Joale Mordekai o ile a botsa Esthere: “Ke mang ea tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?” (Esth. 4:12-14) Ka sebele Mordekai o re behetse mohlala oo re ka o latelang. O ne a tšepa Molimo oa hae, Jehova, ka ho feletseng. Na le rona re mo tšepa ka ho feletseng?—Liprov. 3:5, 6.
Matlotlo a Patiloeng
Ho Loanela Bolokolohi ba Borapeli
14 Joaloka Esthere le Mordekai ba mehleng ea khale, kajeno batho ba Jehova ba loanela hore ba lokolohe ho rapela Jehova ka tsela eo a e laetseng. (Esth. 4:13-16) Na ho na le seo u ka se etsang? E. U ka rapella bara le barali babo rona bao hona joale ba utloisoang bohloko ke ho hloka toka ha makhotla a linaha tsa habo bona. Lithapelo tseo e ka ba thuso e matla ho bara le barali babo rona ba tobaneng le mathata le mahloriso. (Bala Jakobo 5:16.) Na Jehova o tla araba lithapelo tseo? Taba ea hore re ntse re hlola linyeoe e bontša hore ka sebele oa li araba.—Baheb. 13:18, 19.
LA 18-24 SEPTEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESTHERE 6-8
“Mohlala o Motle oa ho Bua le Batho ba Bang”
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
15 Kaha Esthere ha aa ka a fela pelo, empa o ile a leta letsatsi le leng hape e le hore a bolelle morena kopo ea hae, Hamane o ile a fuoa monyetla oa hore a ichekele lebitla la hae. Na ekaba e ne e se Jehova Molimo ka boeena ea neng a entse hore morena a hlobaele bosiu? (Liprov. 21:1) Hase feela Lentsoe la Molimo le re khothalletsang ho ‘leta’! (Bala Mikea 7:7.) Ha re letela Molimo, re ka ’na ra fumana hore tsela eo a rarollang mathata a rona ka eona e feta hole eo e ka ’nang eaba rona re ne re tla a rarolla ka eona.
O ile a Bua ka Sebete
16 Esthere ha aa ka a leka mamello ea morena le ho feta; moketeng oa hae oa bobeli, o ne a lokela ho mo bolella sohle. Empa o ne a tla mo bolella joang? Kamoo ho bileng kateng, morena o ile a mo fa monyetla oa ho bua, a mo botsa hape hore na kopo ea hae ke efe. (Esth. 7:2) “Nako ea ho bua” ea Esthere e ne e fihlile.
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
17 Re ka inahanela feela ha Esthere a rapela Molimo oa hae ka pelong pele a bua mantsoe ana: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, morena, le haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, e-re ke fuoe moea oa ka ho ea ka kopo ea ka e matla le batho ba heso ho ea ka seo ke se kopang.” (Esth. 7:3) Hlokomela hore o ile a tiisetsa morena hore o hlompha qeto eo morena a nkang hore e nepahetse. Esthere o ne a fapane hakaakang le Vashti, mosali oa pele oa morena, eo ka boomo a ileng a tlotlolla monna oa hae! (Esth. 1:10-12) Ho feta moo, Esthere ha aa ka a nyatsa morena ka hore ka booatla o ile a tšepa Hamane. Ho e-na le hoo, o ile a kopa hore morena a mo sireletse hore a se ke a bolaoa.
O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
18 Ha ho pelaelo hore kopo eo e ile ea ama morena maikutlo ea ba ea mo makatsa. Ke mang ea sebete hakaalo ea neng a ka bolaea mofumahali oa hae? Esthere o ile a tsoela pele: “Re rekisitsoe, ’na le batho ba heso, hore re felisoe, re bolaoe le ho timetsoa. Joale haeba re ne re rekisitsoe hore re be makhoba feela le ho ba makhabunyane feela, ke ne ke tla khutsa. Empa mahlomola ana ha aa lokela ha morena a senyeheloa.” (Esth. 7:4) Hlokomela hore Esthere o ile a toba taba ha a bua bothata ba hae, leha ho le joalo o ile a tsoela pele ka hore a ka be a thotse hoja ba ne ba entsoe makhoba feela. Leha ho le joalo, tlhaselo ena ea batho ba habo, e ne e tla etsa hore morena a senyeheloe haholo ha a ne a ka thola ka eona.
19 Mohlala oa Esthere o re ruta ho hoholo ka mokhoa o nepahetseng oa ho kholisa motho. Haeba ho hlokahala hore u bolelle motho eo u mo ratang kapa motho ea maemong a phahameng ka bothata bo tebileng, ho se fele pelo, ho hlompha le ho toba taba, ho ka u thusa haholo.—Liprov. 16:21, 23.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esthere
7:4—Ho felisoa ha Bajuda ho ne ho tla etsa hore ‘morena a senyeheloe’ joang? Ka hore ka masene a bolele hore Bajuda ba ka ’na ba rekisoa e le makhoba, Esthere o ile a totobatsa kamoo morena a neng a ka senyeheloa kateng haeba ba timetsoa. Likotoana tsa silevera tse 10 000 tseo Hamane a neng a li tšepisitse e ne e se tsa bohlokoa hakaalo polokelong ea matlotlo a morena ho feta leruo le neng le ka hlahisoa ke morero oa Hamane oa ho rekisa Bajuda e le makhoba. Ho phethahatsoa ha morero oo oa Hamane ho ne ho tla etsa hore morena a boele a lahleheloe ke mofumahali.
LA 25 SEPTEMBER–LA 1 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESTHERE 9-10
“O ile a Sebelisa Boemo ba Hae Pusong ho Thusa Batho ba Habo”
it-2-E 432 ¶2
Mordekai
Mordekai o ile a nkela Hamane sebaka ka ho ba tona-kholo ’me a fuoa reng ea borena e le hore a tempe litokomane tsa molao. Esthere o ile a fa Mordekai ntlo ea Hamane eo morena a neng a mo file eona. Morena o ile a lumella Mordekai hore a fane ka taelo e neng e fa Bajuda tokelo ea ho itoanela. Taelo ena e ile ea thabisa Bajuda ea ba ea ba fa tšepo ea hore ba tla pholoha. Batho ba bangata Pusong ea Persia ba ne ba tšehetsa Bajuda ’me ha letsatsi la bo13 la khoeli ea Adare le fihla, e leng letsatsi leo Hamane a neng a le behile hore Bajuda ba bolaoe, Bajuda ba ne ba se ba itokisitse. Ba ne ba tšehetsoa ke ’muso ka lebaka la boemo ba Mordekai bo phahameng. Ba neng ba loana Shushane, ba ile ba tsoela pele ba ntse ba loana le letsatsing le hlahlamang. Ho ile ha bolaoa lira tsa Bajuda tse fetang 75 000 Pusong ea Persia, ho akareletsa le bara ba leshome ba Hamane. (Est 8:1–9:18) Esthere o ile a lumellana le taelo ea Mordekai ea hore selemo le selemo ho be le mokete ka la 14 le la 15 khoeling ea Adare, e leng “matsatsi a Purime” e le hore batho ba ka thaba, ba keteka, ba fanana lijo le ho fa bafutsana limpho. Ho tloha ka nako eo, Bajuda ba ile ba keteka mokete oo le bana ba bona hammoho le batho ba neng ba ba tšehetsa. Mordekai o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla, a hlomphuoa ke Bajuda ba inehetseng ho Molimo a bile a sebetsa ka thata bakeng sa bona.—Est 9:19-22, 27-32; 10:2, 3.
it-2-E 716 ¶5
Purime
Morero. Ka lebaka la tsela eo Bajuda ba ketekang Mokete oa Purime ka eona kajeno, batho ba bang ba re mokete ona ha o amane le bolumeli empa ke mokete feela oo batho ba o etsang ho ithabisa kaha ebile ho etsoa lintho ka tsela e fetelletseng moketeng oo. Empa ho ne ho se joalo ha mokete ona o ne o thehoa. Mordekai le Esthere e ne e le bahlanka ba Jehova Molimo oa ’nete ’me ba ile ba theha mokete oo ho mo tlotlisa. Kaha Mordekai o ne a tšepahalla Jehova a bile a rapela eena feela, leo ke lona lebaka le ileng la beha Bajuda kotsing ea ho bolaoa empa lona lebaka leo, ke lona le ileng la susumelletsa Jehova Molimo ho ba pholosa. Ho ka etsahala hore Hamane e ne e le Moamaleke, e leng sechaba seo Jehova a neng a se rohakile a bile a itse se felisoe. Mordekai o ile a hlompha taelo ea Molimo ka hore a hane ho inamela Hamane. (Est 3:2, 5; Ex 17:14-16) Mantsoe ao Mordekai a ileng aa bolella Esthere Lengolong la Esthere 4:14 a bontša hore o ne a tšepile hore Jehova o tla pholosa Bajuda. Taba ea hore Esthere o ile a itima lijo pele a ea ho morena ho e’o mo memela moketeng, e bontša hore o ne a tšepile hore Jehova o tla mo thusa.—Est 4:16.
“Le be Baetsisi ba Molimo” ha le Sebelisa Matla a Lona
12 Jehova o behile balebeli ho etella pele ka phuthehong ea Bokreste. (Baheberu 13:17) Banna bana ba tšoanelehang ba lokela ho sebelisa bolaoli boo ba bo filoeng ke Molimo ho fana ka thuso e hlokahalang le ho tlatsetsa boiketlong ba mohlape. Na boemo ba bona bo fa baholo tokelo ea ho rena ka thata holim’a balumeli-’moho le bona? Le hanyenyane! Baholo ba lokela ho ba le pono e leka-lekaneng le e bontšang boikokobetso ka karolo eo ba e phethang ka phuthehong. (1 Petrose 5:2, 3) Bibele e re ho balebeli: “Le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Liketso 20:28) Lena ke lona lebaka le ka sehloohong la ho tšoara setho ka seng sa mohlape ka bonolo.
13 Re ka ’na ra bapisa sena ka tsela ena. Motsoalle oa hlooho ea khomo o u kopa hore u hlokomele thepa eo a tšabanang le eona. Ua tseba hore motsoalle oa hao o lefeletse thepa eo chelete e ngata. Na u ne u sa tl’o e tšoara ka hlokolosi le ka kelo-hloko e kholo? Ka ho tšoanang, Molimo o file baholo boikarabelo ba ho hlokomela letlotlo la bohlokoa haholo: phutheho, eo litho tsa eona li tšoantšoang le linku. (Johanne 21:16, 17) Linku tsa Jehova ke tsa bohlokoa ho eena—ha e le hantle, ke tsa bohlokoa hoo a li rekileng ka mali a bohlokoa a Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. Jehova o lefeletse linku tsa hae tefo e phahameng ka ho fetisisa. Baholo ba ikokobelitseng ba lula ba hopola sena ’me ba tšoara linku tsa Jehova tumellanong le seo.
Matlotlo a Patiloeng
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Esthere
9:10, 15, 16—Le hoja taelo eo e ne e ba lumella hore ba tlatlape thepa, ke hobane’ng ha Bajuda ba sa ka ba etsa joalo? Hore ebe ba ile ba hana ho etsa joalo ho ile ha bontša ka ho hlaka hore morero oa bona e ne e le ho itšireletsa, eseng ho fumana maruo.
LA 2-8 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 1-3
“Tsoela Pele U Bontša Hore U Rata Jehova ka Pelo Eohle”
Etsisa Noe, Daniele le Jobo
16 Mathata a Jobo. Bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha haholo. Qalong, e ne e le monna e “moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.” (Jobo 1:3) O ne a ruile, a tsebahala a bile a hlompheha. (Jobo 29:7-16) Leha ho le joalo, Jobo o ne a sa nke hore o phahametse batho ba bang kapa hore ha a hloke Molimo. Ha e le hantle, ha Jehova a bua ka eena o ile a re: “Mohlanka oa ka.” A boela a re ke “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.”—Jobo 1:8.
17 Empa bophelo ba Jobo bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo. O ile a lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba o tetebela maikutlo hoo a neng a batla ho shoa. Rea tseba hore ke Satane ea neng a mo bakela mathata ao kaha o ne a re Jobo o sebeletsa Jehova hobane feela a batla hore a mo etsetse lintho tse itseng. (Bala Jobo 1:9, 10.) Jehova ha aa ka a tlohela taba ena feela. O ile a fa Jobo monyetla oa hore a bontše hore oa mo tšepahalla ebile o mo sebeletsa hobane a mo rata.
Lula U Tšepahala!
10 Le rona Satane o ntse a re qosa ka tsela e tšoanang. O etsa seo joang? O re ha e le hantle ha re rate Jehova Molimo le hore re tla khaotsa ho mo sebeletsa ha re thulana le mathata a ka behang bophelo ba rona kotsing. (Jobo 2:4, 5; Tšen. 12:10) Taba ee e etsa hore u ikutloe joang? E-ea koatisa. Leha ho le joalo, hopola hore Jehova o u tšepa haholo hoo a u fileng monyetla ona o moholo. O lumeletse Satane hore a leke botšepehi ba hao. Jehova o kholisehile hore u ka khona ho lula u tšepahala le hore u ka paka hore Satane o leshano. Kahoo, o tšepisa hore o tla u thusa. (Baheb. 13:6) Ruri ke tlotla e kholo ho tšeptjoa ke Jehova Molimo ea phahameng hakana! Na u ela hloko hore na ke hobane’ng ha botšepehi e le ba bohlokoa hakaale? Bo re thusa ho hana mashano a Satane le ho phahamisa lebitso la ’Mopi oa rona, esita le ho tšehetsa tsela eo a busang ka eona. Re ka etsa’ng e le hore re lule re tšepahala?
Matlotlo a Patiloeng
Ithute Mantsoeng a Jesu a ho Qetela
9 Jesu o ile a re’ng? Nakoana pele Jesu a ka shoa o ile a re: “Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?” (Mat. 27:46) Bibele ha e re hlalosetse hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe ana. Empa ak’u nahane hore na re ithuta’ng mantsoeng ana. Ntho e ’ngoe eo re e tsebang ke hore Jesu o ne a phethahatsa boprofeta bo hlahang ho Pesaleme ea 22:1 ha a ne a bua mantsoe ana. Hape mantsoe ana a ne a bontša ka ho hlaka hore Jehova o ne a sa beha ‘lekhoakhoa ho potoloha’ Mora eo oa hae. (Jobo 1:10) Jesu o ne a utloisisa hore Ntate oa hae o ne a lumelletse lira tsa hae ho mo hloea le ho mo leka tumelo ho fihlela a e-shoa ’me ha ho e-s’o ka ho e-ba le motho ea kileng a lekoa joaloka eena. Ho ekelletsa moo, mantsoe ana a paka hore kannete Jesu o ne a se molato hoo a lokelang ho bolaoa.
LA 9-15 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 4-5
“Qoba Litaba Tseo e Seng ’Nete”
it-1-E 713 ¶11
Elifaze
2. E mong oa metsoalle e meraro ea Jobo. (Job 2:11) E ka ’na eaba o ne a tsoa lelokong la pele la Motemane. Kahoo o ne a tsoa lelokong la Abrahama ’me ka tsela e itseng o ne a amana le Jobo. Eena le bana ba hae ba ne ba ithorisa ka bohlale ba bona. (Jer 49:7) Har’a banna bao ba bararo ba neng ba il’o tšelisa Jobo, Elifase o ne a nkoa a le bohlokoa a bile a e-na le tšusumetso e matla ’me ho ka etsahala hore ebe o ne a le moholo ho bona. Ke eena oa pele ea ileng a bua ha ba fihla ho Jobo ebile o ne a bua haholo ho feta ba bang.
Hana Monahano o Fosahetseng!
Ha Elifaze a hopola mohlolo oo a neng a kile a o bona, o ile a re: “Moea oa qala ho feta sefahlehong sa ka; moriri oa ’mele oa ka oa qala ho baleha. Oa qala ho ema, empa ha kea ka ka hlokomela ponahalo ea oona; sebopeho se ne se le ka pel’a mahlo a ka; ho ne ho e-na le khutso, joale ka utloa lentsoe.” (Jobo 4:15, 16) Ke moea oa mofuta ofe o ileng oa susumetsa monahano oa Elifaze? Mantsoe a hlabang a ileng a latela a bontša hore ka sebele moea oo e ne e se moea oa le leng la mangeloi a Molimo a lokileng. (Jobo 4:17, 18) E ne e le sebopuoa se khopo sa moea. Ho seng joalo, ke joang Jehova a neng a ka nyatsa Elifaze le metsoalle ea hae e ’meli ka hore ba buile leshano? (Jobo 42:7) Ha ho pelaelo hore Elifaze o ne a susumetsoa ke modemona. Mantsoe a hae a ile a bontša hore o ne a nahana joaloka motho ea sa tšabeng Molimo.
Hana Mashano a Satane
Satane o ile a sebelisa Elifaze, e mong oa metsoalle e meraro e neng e etetse Jobo, hore a bolele hore batho ba fokola ka tsela e soabisang. Ha a bontša hore batho ba joaloka “ba lulang ka matlung a mobu,” o ile a re ho Jobo: “Motheo oa bona o . . . leroleng! Motho o ba silakanya kapele ho feta tšoele. Ba silakanngoa ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboea; ba timela ka ho sa feleng ho se na mang kapa mang ea ho tebisetsang pelong.”—Jobo 4:19, 20.
Mangolong a mang re tšoantšoa le ‘lijana tsa letsopa’ tse pshatlehang habonolo. (2 Bakor. 4:7) Ka lebaka la sebe le ho se phethahale hoo re ho futsitseng, rea fokola. (Bar. 5:12) Ha re sa thusoe, Satane a ka re hlasela habonolo. Empa kaha re Bakreste, ha rea lahloa kherehloa. Le hoja re e-na le mefokolo, re ba bohlokoa mahlong a Molimo. (Esa. 43:4) Ho feta moo, Jehova o fana ka moea o halalelang ho ba mo kopang. (Luka 11:13) Moea oa hae o ka re fa “matla a fetang se tloaelehileng,” a re thusang hore re mamelle mahlomola afe kapa afe ao Satane a re bakelang ’ona. (2 Bakor. 4:7; Bafil. 4:13) Haeba re ema re “tiile tumelong” khahlanong le Diabolose, Molimo o tla re tiisa a be a re matlafatse. (1 Pet. 5:8-10) Kahoo, ha ho hlokahale hore re tšabe Satane Diabolose.
Itšireletse Litabeng Tseo e Seng ’Nete
● Batla hore na litaba tseo li tsoa hokae le hore na li bua ka’ng
Bibele e re: “Etsang bonnete ba hore lintho tsohle li nepahetse.”—1 Bathesalonika 5:21.
Pele u ka kholoa kapa oa fetisa litaba tse itseng le haeba ho buuoa ka tsona haholo mecheng ea lipatlalatso, netefatsa hore li nepahetse. U ka etsa seo joang?
Batlisisa hore na litaba li tsoa mohloling o tšepahalang hakae. Mecha ea liphatlalatso e ka sotha taba ho ea ka tšekamelo ea batho ea lipolotiki kapa ka mabaka a khoebo. Sebelisa mecha e fapaneng ea litaba ho bapisa seo u se balileng kapa seo u se utloileng. Ka linako tse ling metsoalle ea rona e ka romela litaba tseo e sa hlokomelang hore ha se ’nete mecheng ea puisano. Kahoo, u se ke oa kholoa litaba tseo u li utloang pele u li bala mohloling oo li tsoang ho oona.
Etsa bonnete ba hore litaba tseo ke tsa morao-rao ebile li nepahetse. Sheba hore na ke tsa neng, hore na litaba tseo li nepahetse le hore na li na le bopaki bo litšehetsang. E-ba hlokolosi hore na litaba tsa bohlokoa ha lia fetisoa joalokaha eka ha li bohlokoa le hore na litaba tseo ha lia rereloa ho susumetsa maikutlo a rona.
Matlotlo a Patiloeng
Lula U Tiile, ’me U Hlole Peisong ea Bophelo
Ho ba ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa lefatše lohle oa barapeli ba ’nete ho ka re tiisa haholo. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho kopanela le mokhatlo oa bara ba motho o lerato hakaale le oa lefatše lohle! (1 Petrose 2:17) ’Me sena se ka etsa hore re tiise balumeli-’moho le rona.
Nahana ka thuso eo monna ea lokileng ea bitsoang Jobo a neng a fana ka eona. Esita le motšelisi oa bohata ea bitsoang Elifaze o ile a tlameha ho lumela, a re: “Mang kapa mang ea khoptjoang, mantsoe a hao a ne a mo emisa; u ne u tiisa mangole a tetemang.” (Jobo 4:4) Na rea thusana? Re le batho ka bomong, re na le boikarabelo ba ho thusa Bakreste ba bang ho mamella tšebeletsong ea Molimo. Ha re e-na le bona, re ka sebelisa mantsoe ana a reng: “Matlafatsang matsoho a fokolang, ’me le tiise mangole a tetemang.” (Esaia 35:3) Kahoo, ke hobane’ng ha u sa ikemisetse hore nako le nako ha le kopane le Bakreste-’moho, u matlafatse ’me u khothatse a le mong kapa ba babeli? (Baheberu 10:24, 25) Ka sebele mantsoe a khothatsang a babatsang le a lebohang boiteko ba bona bo tsoelang pele ba ho khahlisa Jehova a ka ba thusa hore ba lule ba tiile ’me ba lebeletse ho hlola peisong ea bophelo.
LA 16-22 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 6-7
“Ha U Utloa Bophelo bo le Boima Hoo ho Leng Thata ho Mamella”
Lintlha-kholo Tsa Buka ea Jobo
7:1; 14:14—Ho boleloa eng ka ‘mosebetsi o qobelloang’ kapa ‘tšebeletso e qobelloang’? Mahlomola a Jobo a ne a le maholo hoo a ileng a nahana hore bophelo ke mosebetsi o boima le o qobelloang kapa o tšoenyang. (Jobo 10:17, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Kaha nako eo motho a e qetang a le Sheole—ho tloha ha a e-shoa ho fihlela a tsoha—ke nako e qobelloang, Jobo o ile a e tšoantša le tšebeletso e qobelloang.
“Jehova . . . o Pholosa ba Sithabetseng”
KA LINAKO tse ling, re ka iphumana re ntse re nahana kamoo bophelo bo leng bokhutšoanyane kateng le kamoo bo tletseng “likhathatso” kateng. (Jobo 14:1) Kahoo, hoa utloahala hore ka linako tse ling re ka ikutloa re nyahame. Boholo ba bahlanka ba Jehova ba mehleng ea khale ba ile ba ikutloa joalo. Ba bang ba ne ba bile ba batla ho shoa. (1 Mar. 19:2-4; Jobo 3:1-3, 11; 7:15, 16) Empa Jehova, Molimo eo ba neng ba mo tšepa o ne a ba tšelisa le ho ba matlafatsa ka linako tsohle. Lipale tsa bona li ile tsa ngoloa ka Bibeleng e le ho re tšelisa le ho re laea.—Bar. 15:4.
Ha U Tleloa ke Maikutlo a Hore U Ipolaee
Le hoja boemo ba hao bo ka bonahala bo sithabetsa, hopola hore hase uena feela ea tobanang le boemo bo joalo le hore ka masoabi kajeno, hoo e ba tlang e le motho e mong le e mong o na le bothata bo itseng. Bibele e re: “Popo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho.” (Baroma 8:22) Esita le haeba qalong ho ka bonahala eka mathata a hao a ke ke a rarolleha, hangata lintho lia ntlafala ha nako e ntse e feta. Empa ke’ng e ka u thusang pele u fumana tharollo?
Bolella motsoalle ea holileng tsebong, eo u mo tšepang maikutlo a hao. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Jobo, monna ea lokileng eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, o ile a phetlela ba bang sefuba nakong eo a neng a ferekane. Ha a ne a utloa a ‘nyonya bophelo ba hae,’ o ile a re: “Ke tla bonahatsa ho tšoenyeha ha ka ka ’na. Ke tla bua ka moea o utloileng bohloko!” (Jobo 10:1) Ho phetlela ba bang sefuba ho ka fokotsa khatello ea hao ea maikutlo ’me ha etsa hore u shebe mathata ao u tobaneng le ’ona ka tsela e fapaneng.
Tšollela pelo ea hao ho Molimo ka thapelo. Ba bang ba nahana hore thapelo ke mokhoa feela oa ho etsa hore motho a be le khotso kelellong, empa Bibele e bua se fapaneng le seo. Pesaleme ea 65:2 e re Jehova Molimo ke “Ea Utloang thapelo,” ’me 1 Petrose 5:7 e re: ‘Oa u tsotella.’ Nako le nako Bibele e hatisa kamoo e leng habohlokoa kateng hore re itšetlehe ka Molimo. Ka mohlala, e re:
“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—LIPROVERBIA 3:5, 6.
“[Jehova] o tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang, o tla utloa mohoo oa bona o kopang thuso, ’me o tla ba pholosa.”—PESALEME EA 145:19.
“Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”—1 JOHANNE 5:14.
“Jehova o hole haholo le ba khopo, empa o utloa thapelo ea ba lokileng.”—LIPROVERBIA 15:29.
Haeba u bolella Molimo mathata ao u tobaneng le ’ona, o tla u thusa. Ka lebaka le utloahalang, Bibele e u khothalletsa hore u ‘mo tšepe ka linako tsohle . . . U tšollele pelo ea hao ka pel’a hae.’—Pesaleme ea 62:8.
Matlotlo a Patiloeng
Mamela, Ithute ’Me U be le Kutloelo-bohloko
10 Re ka etsisa Jehova ka hore re leke ho utloisisa bara le barali babo rona. Iphe nako ea ho ithuta ka bara le barali beno e le hore u ba tsebe haholoanyane. Bua le bona pele ho liboka le ka mor’a tsona, sebetsa tšimo le bona ’me ha ho khoneha u ba memele lijong. Ha u etsa joalo, u ka ’na oa elelloa hore morali’abo rona eo e kang ha a na botsoalle ha e le hantle o lihlong. Athe mor’abo rona eo u neng u nahana hore u rata maruo, u seatla se bulehileng. Kapa lelapa le fihlang hangata liboka li kene le tobane le khanyetso. (Jobo 6:29) Leha ho le joalo, ha rea lokela ho ‘kena-kenana le litaba tsa batho ba bang.’ (1 Tim. 5:13) Empa ke ntho e ntle hore re tsebe lintho tse itseng tse hlahetseng bara le barali babo rona bophelong e le hore re ba tsebe haholoanyane.
LA 23-29 OCTOBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 8-10
“Ho Rata Jehova ka Pelo Eohle ho re Sireletsa Mashanong a Satane”
Na re ka Khahlisa Molimo?
Jobo o ile a ba le mathata a mangata. O ile a ba le maikutlo a fosahetseng a hore Molimo ha a tsotelle hore na o na le tumelo ho Eena kapa che. (Jobo 9:20-22) O ne a kholisehile hore o lokile hoo ho ba bang ho neng ho bonahala eka o inka a lokile ho feta Molimo.—Jobo 32:1, 2; 35:1, 2.
Mosa o Lerato oa Jehova o U Tsoela Molemo Joang?
14 Mosa o lerato oa Molimo o sireletsa kamano ea rona le eena. Davida ha a ne a rapela o ile a re ho Jehova: “U sebaka seo ke ipatang ho sona; u tla ntšireletsa mahlomoleng. U tla mpota-pota ka mehoo ea thabo ea ho pholosa. . . . Ha e le ea tšepang Jehova, mosa o lerato oa mo lika-liketsa.” (Pes. 32:7, 10) Feela joalokaha mabota mehleng ea Bibele a ne a sireletsa batho khahlanong le lira tsa bona, ka ho tšoanang mosa o lerato oa Jehova oa re sireletsa khahlanong le ntho efe kapa efe e ka senyang kamano ea rona le eena. Ho ekeletsa moo, mosa oa Jehova o lerato o etsa hore a re hulele ho eena.—Jer. 31:3.
Matlotlo a Patiloeng
“Ke Mang ea Tsebang Kelello ea Jehova?”
19 Re ithutile’ng mabapi le “kelello ea Jehova”? Re lokela ho lumella Lentsoe la Molimo hore le re thuse ho utloisisa kelello ea Jehova. Le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore Jehova o na le mefokolo e kang ea rona le ho mo ahlola re itšetlehile ka melao ea rona le tsela eo re nahanang ka eona. Jobo o ile a re: “[Molimo] hase motho ea tšoanang le ’na hore nka mo araba, e le hore re ka kopana hammoho kahlolong.” (Jobo 9:32) Joaloka Jobo, ha re qala ho utloisisa kelello ea Jehova, re susumelletseha ho re: “Bonang! Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae, ke mohoeshetso o mokaakang o utloiloeng ka eena! Empa ke mang ea ka bontšang kutloisiso ka sealuma sa hae se matla?”—Jobo 26:14.
20 Ha re ntse re bala Mangolo, re lokela ho etsa’ng ha re fihla karolong eo ho leng thata ho e utloisisa, haholo-holo mabapi le tsela eo Jehova a nahanang ka eona? Haeba le ka mor’a ho batlisisa taba eo re ntse re sa fumane karabo e hlakileng, re ka nka sena e le teko ea hore na re tšepa Jehova hakae. Hopola hore ka linako tse ling lipolelo tse itseng li re fa monyetla oa ho bontša tumelo eo re nang le eona mabapi le litšobotsi tsa Jehova. A re amoheleng ka boikokobetso hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang eo re e utloisisang. (Moek. 11:5) Ka tsela eo, re tla susumelletseha hore re lumellane le mantsoe a moapostola Pauluse, a reng: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang! Etsoe ‘ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, kapa ke mang eo e bileng moeletsi oa hae?’ Kapa, ‘Ke mang ea mo fileng pele, hoo a tla buseletsoa?’ Hobane lintho tsohle li teng ho tsoa ho eena le ka eena le bakeng sa hae. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng. Amen.”—Bar. 11:33-36.
LA 30 OCTOBER–LA 5 NOVEMBER
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JOBO 11-12
“Lintho Tse Tharo Tse ka Etsang Hore U be Bohlale ’me U Rue Molemo Bohlaleng Boo”
Jobo o ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
17 Jobo o ile a thusoa ke eng hore a lule a tšepahala? Ho hlakile hore pele a oeloa ke litlokotsi, o ne a se a ntse a e-na le kamano e haufi le Jehova. Le hoja re se na bopaki ba hore o ne a tseba hore Satane o ne a qositse Jehova, Jobo o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala. O ile a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!” (Jobo 27:5) Jobo o ile a etsa joang hore a be le kamano ena e haufi-ufi le Jehova? Ha ho pelaelo hore o ile a rata seo a neng a se utloile ka tsela eo Molimo a ileng a sebetsana ka eona le Abrahama, Isaka le Jakobo, bao a neng a amana le bona. Kahoo, Jobo o ne a ka bona makhabane a Jehova a mangata ka hore a shebe popo.—Bala Jobo 12:7-9, 13, 16.
Ha U Mong Hobane Jehova o Lula a E-na le Uena
10 E-ba motsoalle le Bakreste ba tšepahalang. E-ba motsoalle le batho bao u ka ithutang ho bona ka phuthehong, e ka ’na ea e-ba ba morabe o fapaneng le oa hao kapa lilemo tse sa lekaneng le tsa hao. Bibele e re hopotsa hore bohlale re bo fumana “har’a ba holileng.” (Jobo 12:12) Batho ba holileng le bona ba ka ithuta ho hongata ho bacha ba tšepahalang. Davida o ne a le monyane haholo ho Jonathane empa ntho eo ha e-ea ka ea ba thibela hore e be metsoalle e haufi-ufi. (1 Sam. 18:1) Davida le Jonathane ba ile ba thusana ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata a mangata ao ba neng ba e-na le ’ona. (1 Sam. 23:16-18) Morali’abo rona Irina eo e leng eena feela Paki lelapeng la bo o re: “Bara le barali ba bo rona ba ka ba joaloka batsoali ba rona kapa bana ba bo rona. Jehova a ka etsa hore e be lelapa leo re le hlokang.”
11 Ho ba le metsoalle e mecha ho ka ’na ha se be bonolo haholo-holo haeba u le lihlong. Morali’abo rona Ratna ea lihlong ea ileng a ithuta Bibele le hoja a hanyetsoa o re: “Ke ile ka bona hore ke hloka hore bara le barali ba bo rona ka phuthehong ba nthuse.” Ho ka ba thata hore u bolelle motho e mong hore na u ikutloa joang empa ha u se u mo bolelletse, e ka ba motsoalle oa hao ea haufi-ufi. Metsoalle ea hao e batla ho u khothatsa le ho u tšehetsa empa e hloka hore u e bolelle hore na e ka etsa joalo joang.
12 E ’ngoe ea litsela tse ka etsang hore u be le metsoalle ka phuthehong, ke hore u ee tšebeletsong ea tšimo le bara le barali ba bo rona. Morali’abo rona Carol eo re buileng ka eena o re: “Ke ile ka fumana metsoalle e mengata ka hore ke qete nako e ngata ke e-na le baralib’abo rona tšebeletsong ea tšimo le ho etsa lintho tse ling tšebeletsong ea Jehova. Ka lilemo tse ngata Jehova o ile a nthusa a sebelisa metsoalle ena ea ka.” Kamehla ke ntho e ntle ho ba metsoalle le Bakreste ba tšepahalang. Jehova o sebelisa metsoalle eo ho u khothatsa nakong eo u nyahameng kapa u ikutloang eka ha o na mang oe.—Liprov. 17:17.
it-2-E 1190 ¶2
Bohlale
Bohlale ba Molimo. Bohlale ke tšobotsi eo Jehova Molimo a nang le eona kaha ke “eena feela ea bohlale.” (Bar 16:27; Tše 7:12) Tsebo e tsamaisana le ’nete ’me kaha Jehova o bopile lintho tsohle ‘ha a na qalo ebile ha a na qetello’ (Ps 90:1, 2), o tseba popo eohle hantle hore na e entsoe neng, e entsoe ka’ng ebile o tseba histori ea eona ho tla fihlela hona joale. Jehova ke eena ea entseng melao ea tlhaho, ea potoloho le melao eo batho ba ipapisang ka eona ha ba etsa lipatlisiso, ba qapa kapa ba etsa lintho tse itseng. Ntle ho lintho tsena kaofela ho ne ho se letho leo batho ba ka khonang ho le etsa. (Job 38:34-38; Ps 104:24; Pr 3:19; Jer 10:12, 13) Empa melao ea Jehova ea boitšoaro e molemo haholo ho batho hobane e na le kahlolo e molemo ebile e tsoela batho molemo ha ba e mamela. (De 32:4-6) Ha ho letho leo Jehova a ke keng a le utloisisa. (Esa 40:13, 14) Le hoja Jehova a ka lumella lintho tse khahlanong le thato ea hae hore li etsahale ka nakoana, haufinyane o tla li felisa a be a lokise lintho hore li etsahale ho ea ka thato ea hae. Lintho tsohle tseo a li buileng ‘joang kapa joang li tla atleha.’—Esa 55:8-11; 46:9-11.
Matlotlo a Patiloeng
Tsela ea ho Buisana le Bacha
▪ ‘Na ke utloisisa seo a lekang ho mpolella sona?’ Jobo 12:11 e re: “Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?” Nakong ena ho feta leha e le neng pele, ho hlokahala hore u “leke mantsoe” a mora kapa morali oa hao. Hangata bahlankana kapa baroetsana ba feteletsa litaba. Ka mohlala, mora kapa morali oa hao a ka ’na a re, “Nako ena kaofela u nketsa ngoana!” kapa “Ha ho mohla u mamelang seo ke se buang!” Ho e-na le ho pheha khang ka hore na ebe lintho tseo li etsahala “nako ena kaofela” kapa “ha ho mohla” li etsahalang, hlokomela hore mohlomong ngoana oa hao ha a bolele seo a se buang. Ka mohlala, ha a re “Nako ena kaofela u nketsa ngoana” e ka ’na eaba ha e le hantle o re, “Ke bona eka ha u ntšepe,” ’me ha a re, “Ha ho mohla u mamelang seo ke se buang” e ka ’na eaba o re “Ke batla ho u bolella hore na ke ikutloa joang.” Leka ho utloisisa seo a u bolellang sona.