Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tempele e Hloekisoa Hape
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Jesu o phethola tafole ea motho ea ananyang chelete

      KHAOLO EA 103

      Tempele e Hloekisoa Hape

      MATHEU 21:​12, 13, 18, 19 MAREKA 11:​12-18 LUKA 19:​45-48 JOHANNE 12:​20-27

      • JESU O ROHAKA SEFATE SA FEIGA EBILE O HLOEKISA TEMPELE

      • JESU O TLAMEHA HO SHOA E LE HORE A KA FA BA BANGATA BOPHELO

      Jesu le barutuoa ba hae ba se ba qetile masiu a mararo ba le Bethani ka mor’a hore ba fihle ba tsoa Jeriko. Joale, mesong ea Mantaha oa la 10 Nisane, ba khutlela Jerusalema. Jesu o lapile. Kahoo, ha a bona sefate sa feiga, o ea ho sona. Na se na le lifeiga?

      Ke mafelo a March, empa lifeiga li butsoa ka June. Ho ntse ho le joalo, makhasi a se a hlahile pele ho nako ea ’ona. Kahoo Jesu o lumela hore ho se ho e-na le lifeiga tsa pele. Leha ho le joalo, o fumana sefate se re na u ne u ’nehile eng. Makhasi ao a etsa hore sefate seo se be le ponahalo e thetsang. Joale Jesu o re: “Ho se ke ha hlola ho e-ba le ea jang litholoana tse tsoang ho uena ka ho sa feleng.” (Mareka 11:​14) Hang-hang sefate seo sea pona, ’me ho tla hlaka hoseng ha letsatsi le hlahlamang hore na hoo ho bolela’ng.

      Ho e-s’o ee kae, Jesu le barutuoa ba hae ba fihla Jerusalema. O ea tempeleng, eo a neng a sa tsoa e hlahloba mantsiboeeng a maobane. Kajeno ha a e hlahlobe feela empa o nka khato e tšoanang le eo a ileng a e nka pejana lilemong tse tharo tse fetileng ka Paseka ea selemo sa 30. (Johanne 2:​14-16) Lekhetlong lena Jesu o lelekella ka ntle “ba rekisang le ba rekang ka tempeleng.” O boetse o phethola le “litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba.” (Mareka 11:​15) O hanela le batho ba nkileng thepa ba e isa karolong e ’ngoe ea motse ho khaoletsa le lebaleng la tempele.

      Ke hobane’ng ha Jesu a nka khato e matla hakana khahlanong le ba entseng khoebo ka tempeleng? O re: “Na ha hoa ngoloa, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle’? Empa le e entse lehaha la masholu.” (Mareka 11:​17) Lebaka leo ka lona a reng banna bana ke masholu, ke hobane ba lefisa batho chelete e ngata haholo bakeng sa liphoofolo tsa mahlabelo. Jesu o nka mosebetsi oa bona e le boqhekanyetsi kapa bosholu ba boqhobane.

      Baprista ba ka sehloohong, bangoli, le banna ba ka sehloohong baa utloa hore na Jesu o entse’ng, ’me ba ikemisetsa ho feta leha e le neng pele ho mo bolaea. Leha ho le joalo, ba thula thaba ka phatla. Ha ba tsebe hore na ba ka mo bolaea joang hobane joale batho ba phuthehile ho tla mo mamela.

      Ha se Bajuda ba tlhaho feela ba tlileng Pasekeng, empa le batho ba sokolohetseng Bojudeng ba tlile. Har’a bona ho na le Bagerike ba tlileng ho tla rapela moketeng. Bagerike bana ba atamela Filipi, mohlomong ba nolofalloa ho tla ho eena ka lebaka la lebitso la hae la Segerike ’me ba kopa ho bona Jesu. E ka ’na eaba Filipi ha aa kholiseha hore ho loketse hore ba kopane le Jesu, kahoo o botsa Andrease. Jesu o ntse a le tempeleng, kahoo ba ea ho eena ba il’o mo joetsa.

      Jesu oa tseba hore o tl’o shoa ka mor’a matsatsi a se makae, kahoo ena ha se nako ea ho khotsofatsa bohelehele ba batho kapa ho ipatlela botumo. O arabela baapostola bao ba babeli ka papiso, o re: “Hora ea hore Mor’a motho a tlotlisoe e fihlile. Kannete-nete ke re ho lona, ntle le hore thollo ea koro e oele mobung ’me e shoe, e sala e le thollo e le ’ngoe feela, empa haeba e shoa, joale e beha litholoana tse ngata.”​—Johanne 12:​23, 24.

      Thollo e le ’ngoe ea koro e ka bonahala e se ea bohlokoa hakaalo. Leha ho le joalo, ha peo e kenngoa mobung ea “shoa,” ka mantsoe a mang e khaotsa ho ba peo, ’me e fetoha semela se behang lithollo tse ngata. Ka ho tšoanang, Jesu ke monna a le mong ea phethahetseng. Leha ho le joalo, ka ho tšepahala ho Molimo ho isa lefung, o khona ho fana ka bophelo bo sa feleng ho ba bangata ba nang le boikutlo bo tšoanang le ba hae ba ho itela. Ke kahoo Jesu a reng: “Ea ratang moea oa hae oa o timetsa, empa ea hloeang moea oa hae lefatšeng lena o tla o sireletsa bakeng sa bophelo bo sa feleng.”​—Johanne 12:25.

      Jesu o bua sena a nahanne le ka batho ba bang kaha o re: “Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, a ke a ntatele, ’me moo ke leng teng le mosebeletsi oa ka o tla ba moo. Haeba mang kapa mang a lakatsa ho ntšebeletsa, Ntate o tla mo hlompha.” (Johanne 12:​26) Oo ke moputso o tsotehang! Ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate e tla ba basebetsi ’moho le Kreste ’Musong oa hae.

      Jesu o nahanne ka mahlomola le lefu le sehloho le mo tjametseng, kahoo o re: “Joale moea oa ka o khathatsehile, ’me ke tla re’ng? Ntate, mpholose horeng ena.” Leha ho le joalo, Jesu ha a leke ho baleha ho phetha thato ea Molimo. O re: “Leha ho le joalo, ke ka lebaka lena ke fihlileng horeng ena.” (Johanne 12:​27) Jesu o lumellana le morero oa Molimo, ho akarelletsa le lefu la hae la sehlabelo.

      • Ke hobane’ng ha Jesu a lebelletse ho fumana lifeiga le hoja e se nako ea tsona?

      • Ke hobane’ng ha ho nepahetse hore Jesu a re batho ba rekisang ka tempeleng ke “masholu”?

      • Ke joang Jesu a ka tšoantšoang le thollo ea koro, hona o ikutloa joang ka mahlomola le lefu tse mo tjametseng?

  • Bajuda ba Utloa Lentsoe la Molimo, Empa na ba Tla Bontša Tumelo?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Jesu o re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao,” ’me Bajuda ba emeng haufinyane ba utloa lentsoe la Molimo

      KHAOLO EA 104

      Bajuda ba Utloa Lentsoe la Molimo, Empa na ba Tla Bontša Tumelo?

      JOHANNE 12:​28-50

      • BA BANGATA BA UTLOA LENTSOE LA MOLIMO

      • LEBAKA LA KAHLOLO

      Jesu o tempeleng ka Mantaha oa la 10 Nisane ’me o ntse a bua ka lefu la hae le ntseng le atamela. O amehile ka hore lebitso la Molimo le se ke la senyeha, kahoo o re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Lentsoe le matla le arabela le hlaha maholimong le re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.”​—Johanne 12:​27, 28.

      Batho ba pel’a hae ba hlolletsoe. Ba bang ba nahana hore ba utloile molumo oa letolo. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le eena.” (Johanne 12:​29) Leha ho le joalo, ke Jehova eo ba mo utloileng a bua. Lena ha se lekhetlo la pele batho ba utloa lentsoe la Molimo litabeng tse amanang le Jesu.

      Lilemong tse tharo le halofo tse fetileng ha Jesu a ne a kolobetsoa, Johanne mokolobetsi o ile a utloa Molimo a re ka Jesu: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” Hamorao ka mor’a Paseka ea selemo sa 32, Jesu o ile a fetoha sebopeho ka pel’a Jakobo, Johanne le Petrose. Banna bao ba bararo ba ile ba utloa ha Jehova a phatlalatsa a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng. Mo mameleng.” (Matheu 3:​17; 17:5) Lekhetlong lena la boraro, Jehova o bua ka tsela eo batho ba bangata ba ka khonang ho mo utloa.

      Jesu o re: “Lentsoe lena ha lea ba teng ka lebaka la ka, empa le bile teng ka lebaka la lona.” (Johanne 12:​30) Ke bopaki ba hore e fela e le Mor’a Molimo le Mesia ea tšepisitsoeng.

      Ho feta moo, tsela eo Jesu a phelang ka botšepehi ka eona, ke mohlala ho batho hore na ba tlameha ho phela joang. E boetse e netefatsa hore Satane Diabolose, ’musi oa lefatše lena, o lokela ho bolaoa. Jesu o re: “Joale lefatše lena lea ahloloa, joale ’musi oa lefatše lena o tla lahleloa ntle.” Ho shoa ha Jesu ho tla be ho sa bolele hore o hlotsoe. Ho fapana le hoo, o tla be a hlotse. Ka tsela efe? O re: “Leha ho le joalo, haeba ke phahamisoa ho tsoa lefatšeng, ke tla hulela batho ba mefuta eohle ho ’na.” (Johanne 12:​31, 32) Nakong eo Jesu a shoelang thupeng kapa palong, o tla hulela ba bang ho eena, a ba bulele tsela e isang bophelong bo sa feleng.

      Ka lebaka la seo Jesu a se buileng ka ho “phahamisoa,” letšoele le re: “Re utloile Molaong hore Kreste o hlola ka ho sa feleng, ’me ho tla joang hore ebe u re Mor’a motho o tla phahamisoa? Mora enoa oa motho ke mang?” (Johanne 12:​34) Ho sa tsotellehe bopaki bo bongata bo teng, ho akarelletsa le hore ba utloile lentsoe la Molimo, boholo ba batho bo ntse bo sa amohele hore Jesu ke Mor’a motho oa ’nete, e leng Mesia ea tšepisitsoeng.

      Jesu o re ke “leseli,” joalokaha a kile a cho. (Johanne 8:​12; 9:5) O re ho letšoele: “Leseli le tla ba har’a lona ka nakoana e eketsehileng. Tsamaeang ha le sa na le leseli, e le hore lefifi le se ke la le hlola ka matla . . . Ha le sa na le leseli, le bontše tumelo leseling, e le hore le be bara ba leseli.” (Johanne 12:​35, 36) Jesu o tloha ho bona hobane la 10 Nisane ha se lona letsatsi leo a tla shoa ka lona. O tla “phahamisoa,” a khokhotheloe palong ka paseka ea la 14 Nisane.​—Bagalata 3:13.

      Ha re hetla morao tšebeletsong ea Jesu, ho hlakile hore boprofeta bo ne bo phethahala ha Bajuda ba ne ba sa lumele ho eena. Esaia o ile a profeta hore mahlo a batho a ne a tla foufala ’me lipelo tsa bona li be thata hoo ho neng ho ke ke ha khoneha hore ba phekoloe. (Esaia 6:​10; Johanne 12:​40) Ka manganga, boholo ba Bajuda ba ile ba hana bopaki ba hore Jesu ke Molopolli oa bona ea tšepisitsoeng le hore ke tsela e isang bophelong bo sa feleng.

      Nikodemase, Josefa oa Arimathea esita le babusi ba bang “ba hlile ba beha tumelo” ho Jesu. Na ba tla bontša tumelo, kapa na ba tla tsilatsila, mohlomong hobane ba tšaba ho tebeloa synagogeng kapa ba “rata thoriso ea batho”?​—Johanne 12:​42, 43.

      Jesu oa hlalosa hore na ho ba le tumelo ho eena ho akarelletsa eng. O re: “Ea behang tumelo ho ’na ha a behe tumelo ho ’na feela, empa o e beha le ho ea nthomileng, ’me ea mponang o bona le ea nthomileng.” Lithuto tsa ’nete tseo Molimo a laetseng Jesu hore a li rute, e leng tseo Jesu a ntseng a tsoela pele ho li ruta, ke tsa bohlokoa hoo a ka bang a re: “Ea ntlhokomolohang ’me a sa amohele lipolelo tsa ka o na le ea tla mo ahlola. Lentsoe leo ke le buileng ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la ho qetela.”​—Johanne 12:​44, 45, 48.

      Jesu o qetella ka ho re: “Ha kea bua ka tšusumetso e tsoang ho ’na, empa Ntate ea nthomileng o mphile taelo mabapi le seo ke tla se bolela le seo ke tla se bua. Hape, kea tseba hore taelo ea hae e bolela bophelo bo sa feleng.” (Johanne 12:​49, 50) Jesu oa tseba hore haufinyane o tla fana ka mali a hae e le sehlabelo bakeng sa batho ba lumelang ho eena.​—Baroma 5:​8, 9.

      • Ke liketsahalong life tse tharo moo lentsoe la Molimo le utloiloeng mabapi le Jesu?

      • Ke babusi bafe ba lumelang ho Jesu, empa e ka ’na eaba ke hobane’ng ha ba sa batle hore batho ba bang ba tsebe?

      • Batho ba tl’o ahloloa ho ipapisitsoe le eng ka “letsatsi la ho qetela”?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela