Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Abrahama le Sara ba nka lintho tsa bona ba tloha Ure

      THUTO EA 8

      Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo

      Haufi le Babele ho ne ho e-na le motse o bitsoang Ure. Batho ba moo ba ne ba rapela melimo e meng eseng Jehova. Empa ho ne ho e-na le monna ea neng a rapela Jehova feela. Lebitso la hae e ne e le Abrahama.

      Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Tloha motseng oa heno le ho batho ba heno, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’ Eaba Molimo o re ho eena: ‘U tla fetoha sechaba se seholo ’me ke tla etsetsa batho kaofela lefatšeng lintho tse ntle ka lebaka la hao.’

      Abrahama o ne a sa tsebe hore na Jehova o mo roma hokae empa o ile a tšepa Jehova. Eaba Abrahama, mosali oa hae Sara, ntate oa hae Tera le ngoana oa abuti oa hae ea bitsoang Lota, ba mamela taelo ea Jehova. Ba ile ba nka lintho tsohle tsa bona eaba baa tsamaea.

      Abrahama o ne a le lilemo li 75 ha eena le ba lelapa la hae ba fihla naheng eo Jehova a ba isitseng ho eona. Naha eo e bitsoa Kanana. Ha ba le moo Molimo o ile a tšepisa a re: ‘Naha ena kaofela eo u e bonang ke tla e fa bana ba hao.’ Jehova o ne a tla fa bana ba Abrahama naha eo joang hobane eena le Sara ba ne ba se ba tsofetse hape ba se na bana?

      Abrahama le lelapa la hae ba leetong le eang Kanana

      “Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo, . . . o ile a mamela ka hore a ee sebakeng seo a neng a tl’o se fuoa e le lefa. O ile a tsamaea le hoja a ne a sa tsebe hore na o ea hokae.”—Baheberu 11:8

      Lipotso: Jehova o ile a re Abrahama a etse’ng? Jehova o ile a tšepisa Abrahama eng?

      Genese 11:29–12:9; Liketso 7:2-4; Bagalata 3:6; Baheberu 11:8

  • Abrahama le Sara ba ba le Mora
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Sara o ka tenteng o mametse ha mangeloi a ntse a bua le Abrahama

      THUTO EA 9

      Abrahama le Sara ba ba le Mora

      E se e le lilemo tse ngata Abrahama le Sara ba nyalane. Ba ne ba tlohile motseng oa habo bona o ruileng oa Ure ’me joale ba lula litenteng. Empa Sara o ne a sa belaele ka seo kaha o ne a tšepile Jehova.

      Sara o ne a batla ngoana hoo a ileng a re ho Abrahama: ‘Haeba Hagare mosebeletsi oa ka a ka ba le ngoana, ho tla tšoana leha e le oa ka.’ Ha nako e ntse e ea, Hagare o ile a ba le mora. Lebitso la hae e ne e le Ishmaele.

      Sara o imme

      Ha Abrahama a le lilemo li 99 ’me Sara a le lilemo li 89, ba ile ba ba le baeti ba bararo. Abrahama o ile a re ba lule tlas’a sefate ’me a ba fa lijo. Na oa tseba hore baeti bao e ne e le bo-mang? E ne e le mangeloi. A ile a re ho Abrahama: ‘Selemong se tlang ka eona nako ena, uena le mosali oa hao le tla ba le mora.’ Sara o ne a le ka tenteng a mametse ha mangeloi a ntse a bua. O ile a tšeha ’me a re ka pelong: ‘Na kannete nka ba le ngoana empa ke tsofetse tjee?’

      Selemong se latelang, Sara o ile a ba le mora feela joalokaha lengeloi la Jehova le ne le boletse. Abrahama o ile a mo reha Isaka, e bolelang ‘Thabo.’

      Ha Isaka a le lilemo li ka bang hlano, Sara o ile a hlokomela hore Ishmaele o ne a soma Isaka. O ne a batla ho sireletsa mora oa hae. Kahoo, a kopa Abrahama hore a leleke Hagare le mora oa hae Ishmaele. Qalong, Abrahama o ne a sa batle ho ba leleka. Empa Jehova o ile a re ho Abrahama: ‘Mamela seo Sara a se buang. Ke tla hlokomela Ishmaele. Ha e le hantle, ke tla phethahatsa litšepiso tsa ka ka Isaka.’

      Sara o tšoere Isaka ha Hagare le Ishmaele ba tsamaea

      “Kaha Sara le eena o ne a e-na le tumelo, o ile a fuoa matla a ho ba le bana . . . hobane o ile a nka hore ea neng a tšepisitse oa tšepahala.”—Baheberu 11:11

      Lipotso: Sara o ile a utloa mangeloi a re’ng ho Abrahama? Jehova o ile a sireletsa Isaka joang?

      Genese 16:1-4, 15, 16; 17:25-27; 18:1-15; 21:1-14; Baheberu 11:11

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela