Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/08 maq. 6-9
  • Kamoo U ka Etsang Hore Lenyalo la Hao le Atlehe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Etsang Hore Lenyalo la Hao le Atlehe
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Boiteko ho Tlisa Melemo
  • “Lenyalo le ke le Hlomphehe”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lenyalo la Hao le ka Pholosoa!
    Tsoha!—2001
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Kamoo U ka Hahang Lenyalo le Thabileng
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 7/08 maq. 6-9

Kamoo U ka Etsang Hore Lenyalo la Hao le Atlehe

LENYALO le ka tšoantšoa le leeto le nang le lintho tse ngata tse sa lebelloang, tse ling e le tse thabisang ha tse ling e le tse bohloko. Lintho tse ling li ka ’na tsa hlahisa mathata a sa lebelloang, ao a mang a ’ona ho ka bonahalang eka a ke ke a rarolloa. Leha ho le joalo, ba bangata baa atleha leetong lena ’me ba thabile le hoja ba thulana le mathata a seng makae. Ka sebele, manyalo a atlehileng hase a nang le mathata a fokolang ka ho fetisisa empa ke ao ho ’ona banyalani ba khonang ho rarolla mathata hantle.

U nahana hore ke eng e ka etsang hore lenyalo e be le atlehileng le le thabisang haholoanyane? Banyalani ba bangata ba nahana hore ba hloka ’mapa o ka ba tataisang lenyalong. Moqapi oa lenyalo, e leng Jehova Molimo o lokiselitse hore ho be le “’mapa” o ka tšeptjoang le o fanang ka tataiso e hlakileng ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Lentsoe la hae le bululetsoeng, e leng Bibele e Halalelang, le ka thibela mathata kapa la a rarolla ka mohlolo. Ho e-na le hoo, le fana ka tataiso e molemo eo banyalani ba lokelang ho e latela e le hore lenyalo la bona le atlehe.—Pesaleme ea 119:105; Baefese 5:21-33; 2 Timothea 3:16.

A re ke re tšohleng litaelo tse ling tsa Mangolo—e leng melao-motheo e ka sehloohong ea Bibele—tse ka u tataisang hore u be lenyalo le atlehileng le le nang le thabo.

▸ Talima lenyalo e le tokisetso e halalelang. “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:6) ’Mōpi o ile a theha tokisetso ea lenyalo ha a ne a tsebisa motho oa pele, Adama, mosali oa hae Eva. (Genese 2:21-24) Kreste Jesu, ea neng a bone ketsahalo ena pele e e-ba motho oa nama, o ile a tiisa hore lenyalo la Adama le Eva le ne le reretsoe hore e be kamano e sa khaotseng. O ile a re: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:4-6.

Ha Jesu a ne a re “seo Molimo a se kopantseng hammoho,” o ne a sa bolele hore Molimo o lokisetsa manyalo leholimong. Ho e-na le hoo, o ne a tiisa hore kamano ea lenyalo e thehiloe ke Molimo ka boeena, ka lebaka leo e ne e lokela ho talingoa e le tokisetso e halalelang.a

Ho hlakile hore banna le basali ba ke ke ba rata ho lula ba ‘kopantsoe hammoho jokong’ empa ba se ba sa ratane. Ho e-na le hoo, ba batla ho khotsofala le ho thaba lenyalong. Ba ka ‘kopanngoa hammoho jokong’ ka thabo haeba ba sebelisa keletso e molemo ea Mōpi e fumanoang ka Bibeleng.

Kaha kaofela ha rōna ha rea phethahala, joang kapa joang ho tla ba le ho se utloisisane le liphapang. Leha ho le joalo, hore lenyalo le atlehe ha hoa itšetleha hakaalo ka hore na banyalani ba tšoanelana hakae empa ho itšetlehile ka hore na ba sebetsana joang le maemo ao ba sa tšoaneng ho ’ona. Ka hona, e ’ngoe ea litšobotsi tsa bohlokoa ka ho fetisisa lenyalong ke ho tseba ho rarolla liphapang ka lerato, kaha lerato le “tlama ntho e ’ngoe le e ’ngoe hammoho ka kutloano e phethahetseng.”—Bakolose 3:14, English Standard Version.

▸ Bua ka tlhompho. “Ho na le ea buang a sa nahane joalokaha eka ke ka ho hlaba ha sabole, empa maleme a ba bohlale ke pholiso.” (Liproverbia 12:18) Bafuputsi ba hlokometse hore hangata puisano e qetella ka tsela eo e qalileng ka eona. Kahoo haeba puisano e qala ka tlhompho, ho ka etsahala hore e qetelle ka eona tsela eo. Ua tseba hore na ke ntho e hlabang hakaakang ha moratuoa oa hao a bua le uena ka tsela e bontšang ho se nahane. Ka hona, etsa boiteko bo matla ’me u rapelle hore u bontše tlhompho, seriti le kameho e mofuthu ha u bua le molekane oa hao. (Baefese 4:31) Mosali e mong oa Japane ea bitsoang Haruko,b ea nyetsoeng ka lilemo tse 44, o re: “Le hoja re hlokomela mefokolo eo re nang le eona, re leka ho bontšana tlhompho ka tsela eo re buisanang ka eona le eo re tšoaranang ka eona. Seo se re thusitse hore re be le lenyalo le atlehileng.”

▸ Bontša mosa le qenehelo. “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo.” (Baefese 4:32) Ha balekane ba sa lumellane ka matla tabeng e itseng ’me e mong a halefa, hangata seo se halefisa le molekane e mong. Annette, oa Jeremane, ea bileng lenyalong le nang le thabo ka lilemo tse 34 o lumela sena: “Ha ho bonolo ho khoba matšoafo ha u e-na le khatello kelellong—u atisa ho bua lintho tse khopisang molekane oa hao, e leng ho mpang ho mpefatsa maemo.” Leha ho le joalo, ha u leka ho bontša mosa le qenehelo, u ka etsa ho hoholo ho etsa hore lenyalo la hao le be le khotso.

▸ Bontša boikokobetso. ‘U se etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong u nke hore ba bang ba u phahametse.’ (Bafilipi 2:3) Likhohlano tse ngata li hlahisoa ke hobane ka boikhohomoso banyalani ba leka ho beha balekane ba bona molato ka mathata a teng ho e-na le hore ka boikokobetso ba batle litsela tsa hore ba nolofalletsane bophelo. Boikokobetso bo ka u thusa hore u se ke ua tsitlella hore ke uena ea nepileng ha ho e-ba le ho se lumellane.

▸ U se ke ua potlakela ho khopeha. “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe.” (Moeklesia 7:9) Leka hore u qobe tloaelo ea ho hanyetsa molekane oa hao kapa ho potlakela ho ikemela haeba molekane oa hao a u botsa ka ntho eo u e buileng kapa eo u e entseng. Ho e-na le hoo, mamela seo molekane oa hao a se buang ’me u bontše hore ua se utloisisa. Nahana ka hloko pele u araba. Banyalani ba bangata ba hlokomela ho se ho senyehile hore ntho ea bohlokoa haholo hase ho hlōla khang empa ke ho boloka lerato lenyalong.

▸ U tsebe ha e le nako ea ho khutsa. ‘U potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Ha ho pelaelo hore puisano e ntle ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse thusang hore ho be le thabo lenyalong. Joale ke hobane’ng ha Bibele e re ho na le “nako ea ho khutsa”? (Moeklesia 3:7) Ena e ka ’na eaba ke nako ea hore u mamele ka morero oa ho utloisisa seo molekane oa hao a se buang—e leng karolo ea bohlokoa haholo ea puisano e akarelletsang hore u lemohe hore na ha e le hantle, molekane oa hao o ikutloa joang le lebaka leo ka lona a ikutloang joalo.

▸ Mamela u ipehile boemong ba hae. “Thabang le batho ba thabileng; llang le batho ba llang.” (Baroma 12:15) Hore puisano e atlehe, ke habohlokoa ho ipeha boemong ba molekane oa hao hobane seo se u nolofalletsa hore u lemohe maikutlo a hae a tebileng. Sena se ka etsa hore ka lapeng molekane ka mong a hlomphe mehopolo le maikutlo a molekane e mong. Nella oa Brazil, ea nyetsoeng ka lilemo tse 32 o re: “Ha re bua ka mathata a rōna, kamehla ke mamela ka hloko e le hore ke utloisise menahano le maikutlo a Manuel.” Ha molekane oa hao a bua, ke ‘nako ea hore u khutse’ ’me u mo mamele u ipehile boemong ba hae.

▸ Itloaetse ho bontša kananelo. “Le iponahatse le le ba lebohang.” (Bakolose 3:15) Banyalani ba nang le kamano e matla ba etsa bonnete ba hore balekane ba bona ba tseba kamoo ba ananelang seo ba se etsang kateng. Leha ho le joalo, bophelong ba letsatsi le letsatsi, balekane ba bang ba hlokomoloha karolo ena ea bohlokoa ea puisano ’me ba nka feela hore balekane ba bona baa tseba hore baa ba ananela. Dr. Ellen Wachtel o re: “Banyalani ba bangata ba ka khona ho etsa hore balekane ba bona ba ikutloe e le ba bohlokoa, ke feela hore hangata ha ba nahane ho etsa joalo.”

Ka ho khetheha basali ba hloka hore banna ba bona ba ba tiisetse hore baa ba rata ’me ba bontše hore baa ba ananela. Lōna banna, le ka etsa ho hongata hore le ntlafatse manyalo a lōna le boiketlo ba basali ba lōna, esita le ba lōna, ka ho etsa bonnete ba hore le ba bolella hore le ananela lintho tse molemo tseo ba li etsang le bile le ananela makhabane a bona.

Ke habohlokoa ho tiisetsa mosali oa hao hore ua mo rata, ka hore u mo bolelle le ka ho mo bontša ka liketso. Ha monna a aka mosali oa hae hamonate, a mo ama ka tsela e lerato, a bososela le eena ka mofuthu, seo se feta ha a re feela, “Kea u rata.” Sena se mo tiisetsa hore ke motho oa bohlokoa le hore oa mo hloka. Ak’u mo letsetse mohala kapa u mo ngolle molaetsa oa elektronike o reng, “Ke u hlolohetsoe” kapa “Ho ntse ho ea joang?” Haeba u qetetse lipolelo tseo ha le ne le sa le leferehong, ho ka ba molemo hore u qalelle hape. Tsoela pele u ithuta hore na ke eng e amang pelo ea molekane oa hao.

Mantsoe ao ’mè oa Morena Lemuele oa Iseraele ea boholo-holo a ileng a a bua a loketse haholo: “Monna oa hae oa mo rorisa o re, ‘Basali ba bangata ba entse hantle, empa uena u ba feta kaofela.’” (Liproverbia 31:1, 28, 29, Tanakh—The Holy Scriptures) U qetetse neng ho rorisa mosali oa hao? Kapa haeba u mosali, u qetetse neng ho rorisa monna oa hao?

▸ Potlakela ho tšoarela. “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.” (Baefese 4:26) Uena le molekane oa hao le tla etsa liphoso lenyalong. Ke ka lebaka leo ho leng bohlokoa ho ikemisetsa ho tšoarela. Clive le Monica, ba Afrika Boroa, ba nang le lilemo tse 43 ba nyalane ba hlokometse hore keletso ena ea Bibele e molemo haholo. Clive oa hlalosa: “Re leka ho sebelisa molao-motheo o ho Baefese 4:26, ’me re potlakela ho tšoarelana kaha rea tseba hore seo se khahlisa Molimo. Ka mor’a moo re ikutloa re thabile, ebe re il’o robala ka matsoalo a hloekileng, ’me re robala hamonate.”

Ka ho utloahalang, maele a boholo-holo a re: “Ho hlokomoloha tlōlo ke botle.” (Liproverbia 19:11) Annette, ea boletsoeng pejana o lumellana le seo ’me o phaella ka ho re: “Ho ke ke ha khoneha hore lenyalo le atlehe haeba banyalani ba sa tšoarelane.” O hlalosa lebaka: “Haeba ba sa tšoarelane, baa hlonama ebile ha ba tšepane ’me seo se senya lenyalo butle-butle. Ha le tšoarelana, kamano ea lōna ea lenyalo ea matlafala ’me le momahana le ho feta.”

Ha u utloisitse molekane oa hao bohloko, u se ke ua etsa qeto ea hore feela o tla u tšoarela ’me a lebale ka taba eo. Hore u bōpe khotso, hangata ho hlokahala hore u etse e ’ngoe ea lintho tseo ho leng thata haholo hore banyalani ba li etse, e leng ho lumela hore u entse phoso. Leha ho le joalo, fumana tsela eo ka eona ka boikokobetso u ka buang mantsoe a kang ana: “Moratuoa, ke kōpa u ntšoarele. Ke entse phoso.” Ho kōpa tšoarelo ka boikokobetso ho tla etsa hore molekane oa hao a u hlomphe, le tšepane ’me seo se tla etsa hore u be le khotso kelellong.

▸ Phelela boitlamo ba hao lenyalong. “Ha ba sa le babeli [monna le mosali], empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:6) U ikanne ka pel’a Molimo le batho le ka pel’a molekane oa hao hore le tla phela hammoho, ho sa tsotellehe mathata a ka ’nang a hlaha.c Leha ho le joalo boitlamo hase taba ea molao feela tjee. Ho e-na le hoo, ke ntho e susumetsoang ke lerato le tiileng, le tsoang botebong ba pelo ’me ke pontšo ea hore lea hlomphana ebile le hlompha Molimo. Kahoo, le ka mohla u se ke ua fokolisa kamano e halalelang ea lenyalo ka ho bonya le ba bang; empa u shebe molekane oa hao feela.—Matheu 5:28.

▸ Boitelo bo matlafatsa boitlamo. ‘Le se ke la hlokomela lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ (Bafilipi 2:4) Tsela e ’ngoe ea ho matlafatsa boitlamo lenyalong ke ho etelletsa pele litlhoko le lintho tse ratoang ke molekane oa hao. Premji, ea qetileng lilemo tse 20 a nyetse, o etsa bonnete ba hore o thusa mosali oa hae ea sebetsang ka hore a kenye letsoho mosebetsing oa lapeng. “Ke thusa Rita ka ho pheha le ho hloekisa le ka mesebetsi e meng e le hore a be le nako le matla a ho etsa lintho tse ling tseo a thabelang ho li etsa.”

Ho Etsa Boiteko ho Tlisa Melemo

Ka linako tse ling, mosebetsi o boima o lokelang ho etsoa e le hore ho be le thabo lenyalong o ka ’na oa etsa hore ba bang ba batle ho tela. Empa u se ke ua lumella mathata hore a etse hore u koenehele boitlamo boo u bo entseng kapa u nyahlatse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le seng le e finyeletse lenyalong, e leng sebaka seo u seng u se tsamaile leetong lena le molekane oa hao.

Sid ea bileng lenyalong le atlehileng ka lilemo tse 33 o re: “Haeba le etsa boiteko ka tieo ’me le bontša hore le batla hore lenyalo la lōna le atlehe, Jehova o tla le hlohonolofatsa.” Haeba le tšehetsana ka botšepehi linakong tse thata le bile le thabela linako tse monate hammoho, seo se tla le thusa hore lenyalo la lōna e be leeto le khotsofatsang le le atlehileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Jesu o ile a bolela hore lebaka feela le ka etsang hore lenyalo le qhaloe ’me motho a ’ne a lokolohe hore a nyale kapa a nyaloe hape ke haeba e mong a entse bohlola—a kopanetse liphate le motho eo a sa nyalanang le eena.—Matheu 19:9.

b Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

c Bibele e lumella molekane ea se nang molato ho iketsetsa qeto ea hore na a hlale molekane ea entseng bofebe kapa che. (Matheu 19:9) Sheba sehlooho se tokollong ea Tsoha! ea August 8, 1995, se reng “Pono ea Bibele: Bofebe—Na U Lokela ho Tšoarela Kapa ho se Tšoarele?”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Bibele e tšoana le ’mapa o ka u tataisang lenyalong

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ha ho Hlokahala Hore U Buisane le Molekane oa Hao ka Bothata bo Itseng

◼ Khetha nako eo ka bobeli le sa khathalang.

◼ Qoba ho tšoaea molekane oa hao liphoso; e-ba le tšepo ea hore o tla etsa lintho hantle.

◼ Qoba ho mo kena hanong; e mong le e mong a be le nako ea ho mamela le ea ho bua.

◼ Bontša hore u utloisisa kamoo a ikutloang kateng.

◼ Ipehe boemong ba hae, esita le ha u sa lumellane le eena.

◼ E-ba ea nahanelang maemo le ea feto-fetohang le ’ona.

◼ Kōpa tšoarelo ka boikokobetso ha u entse phoso.

◼ Bontša kananelo le kameho e mofuthu.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Hore Lenyalo le Atlehe

◼ Khomarela linnete tsa Bibele tse matlafatsang lenyalo.

◼ Iphe nako ea ho ba le molekane oa hao.

◼ Etsa hore ho be le kamano e mofuthu le e lerato.

◼ Tšepahala ’me u phelele boitlamo boo u bo entseng.

◼ Bontša mosa le tlhompho.

◼ Thusa molekane oa hao ka mesebetsi ea lapeng.

◼ Tlatsetsa puisanong e khotsofatsang.

◼ Tšehang hammoho le ho ikhatholla hammoho.

◼ Tsoela pele ho matlafatsa lenyalo la hao.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lintlha Tseo Motho a ka Nahanang ka Tsona

◼ Ke ntho efe eo ke lokelang ho ntlafatsa ho eona haholo lenyalong la ka?

◼ Ke tla nka mehato efe hore ke etse see?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela