Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Fumana Leruo la ’Nete Hong Kong
    Molula-Qhooa—1993 | May 15
    • seterateng. Hape ba etela batho libakeng tsa bona tsa mosebetsi ka ho etela basebetsi ba liofisi, beng ba mabenkele, balemi, le banna ba khutlang maetong a ho tšoasa litlhapi Leoatleng la Chaena e ka Boroa.

      Kannete ho ka boleloa hore “kotulo e khōlō ruri, empa basebetsi ha ba bakae” Hong Kong. (Mattheu 9:37) Hona joale, ka karolelano ke Paki e le ’ngoe ho baahi ba 2 300. Ka ho utloisisa ho potlaka ha mosebetsi oa kotulo, bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 600 ho ba 2 600 moo ke bo-pula-maliboho, kapa bahoeletsi ba nako e tletseng ba litaba tse molemo. Lipaki tsa Jehova Hong Kong, joaloka tse libakeng tse ling, li hlokomela hore ‘tlhohonolofatso ea Jehova ke eona e ruisang.’ (Liproverbia 10:22, NW) Kahoo, ba sebetsa ka thata ho thusa batho ba bangata ka ho eketsehileng ba baahi bao ba atlehileng moruong ho fumana leruo la ’nete.

  • Na U Latela Jehova Kahohle?
    Molula-Qhooa—1993 | May 15
    • Na U Latela Jehova Kahohle?

      “BA LOKILENG ba iketlile joale ka tau e ncha.” (Liproverbia 28:1) Ba bontša tumelo, ba itšetleha ka Lentsoe la Molimo ka tšepo, ’me ka sebete ba tsoela pele tšebeletsong ea Jehova ho sa tsotellehe kotsi efe kapa efe.

      Ha Baiseraele ba le Sinai ka mor’a hore Molimo a ba lopolle bokhobeng Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., banna ba babeli ka ho khetheha ba ile ba bontša hore ba iketlile joaloka litau. Ba ile ba boela ba bonahatsa tumelo ho Jehova ka tlas’a maemo a sa tloaelehang.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela