U ka Qoba Lefu la Moea la ho Ema ha Pelo
Moatlelete e mong ea hlahelletseng, ea hloahloa le eo ho neng ho bonahala a phela hantle ’meleng, o ile a oa ka tšohanyetso a ntse a ikoetlisa ’me a shoa. Moatlelete enoa e ne e le Sergei Grinkov, setsebi sa ho thelelisa leqhoeng se ileng sa hapa khau ea khauta Lipapaling tsa Olympiki ka makhetlo a mabeli le eo tsoelo-pele ea hae e ileng ea khaoletsoa qalong ea eona ha a le lilemo li 28 feela. E bile bomalimabe bo bokaakang! Sesosa sa ho oa e ne e le eng? Lefu la ho ema ha pelo. Ho ile ha boleloa hore o shoele ka tšohanyetso hobane ho ne ho se letho le bontšang hore o tšoeroe ke lefu la pelo. Leha ho le joalo, bahlahlobi ba ile ba fumana hore pelo ea hae e ne e ruruhile le hore methapo ea pelo ea hae e ne e koalehile haholo.
LE HOJA ho ka ’na ha bonahala eka lefu la ho ema ha pelo lea tsometsa, litsebi tsa bongaka li bolela hore ho ba joalo ka seoelo. ’Nete ke hore hangata ho hlokomolohuoa litemoso le lisosa tse kang ho koaleha moea, botenya le mahlaba ka sefubeng. Ka lebaka leo, le hoja ba bangata ba sa shoe ka nako eo lipelo tsa bona li emang ka eona, e ba liqhoala bophelo bohle.
Hona joale litsebi tse ngata tsa bongaka li lumela hore ho thibela lefu la ho ema ha pelo ho hloka hore motho a hlokomele hore na o ja eng, hore na o phela ka tsela efe le hore a ee tlhahlobong ea lingaka nako le nako.a Mehato e joalo, hammoho le boikemisetso ba ’nete ba ho etsa liphetoho moo ho hlokahalang, e tla thusa ho thibela liphello tse kotsi tsa lefu la ho ema ha pelo.
Leha ho le joalo, ho na le karolo e ’ngoe ea lipelo tsa rōna e hlokang ho eloa hloko haholoanyane. Bibele ea re lemosa: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” (Liproverbia 4:23) Ha e le hantle, lengolo lena, le bua haholo ka pelo ea tšoantšetso. Ho hlokahala hore re falimehe e le hore re lebele lipelo tsa rōna tsa sebele, empa ke habohlokoa haholoanyane ho lula re falimehile haeba re batla ho sireletsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso maloetseng a ka ’nang a baka lefu la moea.
Ho Sekaseka Lefu la Tšoantšetso la ho Ema ha Pelo
Joaloka tabeng ea lefu la pelo ea sebele, ha re bua ka tsela ea moea, tsela e molemohali ea ho thibela lefu la ho ema ha pelo ke ho ithuta lisosa ebe u li nkela khato. Kahoo, a re hlahlobeng mabaka a mang a sehlooho a bakang mathata a pelo—ea sebele le ea tšoantšetso.
Lijo. Bohle baa lumela hore lijo tse se nang kōtlo, le hoja li hlabosa, li na le melemo e fokolang bophelong kapa ha li na eona ho hang. Ka ho tšoanang, lijo tsa kelello tse se nang kōtlo li fumaneha habonolo ’me kelello le eona ea li thabela, empa li kotsi bophelong ba moea. Ka bohlale mecha ea litaba e rekisa lintho tse ngata tse bontšang ho kopanela liphate ho seng molaong le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, pefo le boloi. Ho fepa kelello ka lijo tse joalo ho kotsi pelong ea tšoantšetso. Lentsoe la Molimo lea lemosa: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng. Ho feta moo, lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:16, 17.
Hangata motho ea lemaletseng lijo tse se nang kōtlo ha a rate lijo tse ōtlang, tse kang litholoana le meroho e metala. Ka tsela e tšoanang, lijo tse hahang le tse tiileng tsa moea ha li ipiletse ho motho ea seng a tloaetse ho iphepa kelello le pelo ka lintho tsa boithabiso tsa lefatše. Ka nakoana, a ka ’na a phela ka “lebese” la Lentsoe la Molimo. (Baheberu 5:13) Qetellong, ha a hōle moeeng ka mokhoa o hlokahalang hore a jare boikarabelo ba hae ba sehlooho ka phuthehong le tšebeletsong ea Bokreste. (Matheu 24:14; 28:19; Baheberu 10:24, 25) Ba bang ba boemong bona ba itlohelletse hore ba fele matla moeeng hoo e bang Lipaki tse khathetseng kapa tse lutseng feela!
Kotsi e ’ngoe ke hore ponahalo e ka thetsa. Mesebetsi ea Bokreste e etsoang ka boikaketsi e ka ’na ea pata bofokoli bo ntseng bo hōla ba pelo ea tšoantšetso e fokolisoang ke ho kopanela ka lenyele likhopolong tsa lintho tse bonahalang kapa boithabisong bo bontšang boitšoaro bo bobe, pefo, kapa boloi. Ho ka ’na ha bonahala eka lijo tsa moea tse fosahetseng joalo ha li na phello e matla bomoeeng ba motho, empa li ka holofatsa pelo ea tšoantšetso joalokaha lijo tse se nang kōtlo li ka thatafatsa methapo ea pelo le ho lematsa pelo ea sebele. Jesu o lemositse hore motho a se ke a lumella hore litakatso tse sa lokelang li kene ka pelong ea hae. O ile a re: “E mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:28) Ha ho pelaelo hore lijo tsa moea tse se nang kōtlo li ka etsa hore pelo ea moea e eme. Empa ho na le lintho tse ling tse lokelang ho nahaneloa.
Boikoetliso. Hoa tsebahala hore motho ea lutseng feela bophelong a ka ipakela lefu la ho ema ha pelo. Ka ho tšoanang, motho ea lutseng feela moeeng a ka hlaheloa ke kotsi. Ka mohlala, motho a ka ’na a ba le karolo e itseng tšebeletsong ea Bokreste empa a e etsa feela ka mokhoa o lumellanang le eena, a sa ikitlaelletse ho ba “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) Kapa motho a ka ’na a ba teng libokeng tse ling tsa Bokreste empa a sa li lokisetsa hantle le hore a be le karolo ho tsona. A ka ’na a se ke a ba le lipakane, kapa takatso kapa cheseho bakeng sa lintho tsa moea. Ha motho a sa ikoetlise moeeng, qetellong o fokolisa tumelo eo e ka ’nang eaba o kile a ba le eona, esita le hona ho e bolaea. (Jakobo 2:26) Moapostola Pauluse o ile a hlokomela kotsi ena ha a ngolla Bakreste ba Baheberu bao ho bonahalang hore ba bang ba bona ba ne ba phela bophelo ba ho lula feela moeeng. Hlokomela kamoo a ileng a lemosa kateng ka tsela eo sena se neng se ka ’na sa ba thatafatsa moeeng. “Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla mang kapa mang oa lōna a ba le pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang; empa le ’ne le eletsane letsatsi ka leng, hafeela ho ka bitsoa hore ke ‘Kajeno,’ esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.”—Baheberu 3:12, 13.
Ho imeloa kelellong. Empa sesosa se seng se seholo sa lefu la ho ema ha pelo ea sebele ke ho imeloa kelellong. Ka ho tšoanang, ho imeloa kelellong, kapa “matšoenyeho a bophelo,” ho ka ba kotsi pelong ea tšoantšetso, ho bile ho etsa hore motho ea imetsoeng kelellong a khaotse ho sebeletsa Molimo ka ho feletseng. Temoso ea Jesu e tlile ka nako ntlheng ena: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi leo la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.” (Luka 21:34, 35) Ho imeloa kelellong ho ka ama lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso ka matla haeba ka nako e telele re hlokofatsoa ke sebe se entsoeng ka lenyele. Morena Davida o ile a ithuta ka phihlelo bohloko bo amanang le ho imeloa ho kotsi joalo kelellong ha a ne a re: “Ha ho khotso masapong a ka ka lebaka la sebe sa ka. Etsoe liphoso tsa ka li fetile holim’a hlooho ea ka; joaloka mojaro o boima li nkimetse haholo.”—Pesaleme ea 38:3, 4.
Ho itšepa ho tlōla. Batho ba bangata ba ileng ba hlaseloa ke lefu la ho ema ha pelo ba ne ba kholisehile ka ho feletseng hore ba phela hantle nakoana pele lipelo tsa bona li ema. Hangata motho o ne a qhela kapa a tšeha taba ea ho hlahlojoa ke ngaka a nka hore ha ho hlokahale ho hang. Ka ho tšoanang, ba bang ba ka ’na ba nahana hore kaha e bile Bakreste ka nako e telele, ha ho letho le ka ba hlahelang. Ba ka ’na ba hlokomoloha ho hlahlojoa kapa ho itlhahloba moeeng ho fihlela ba oeloa ke tlokotsi. Ho hotle ho hopola keletso e molemo e fanoeng ke moapostola Pauluse ea hore re se ke ra itšepa ho tlōla, e reng: “Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.” Ke bohlale hore re lumele hore ha rea phethahala le hore re itlhahlobe moeeng nako le nako.—1 Bakorinthe 10:12; Liproverbia 28:14.
U se ke Ua Hlokomoloha Litemoso
Ke ka lebaka le utloahalang ha Mangolo a hlokomelisa haholo ka boemo ba pelo ea tšoantšetso. Ho Jeremia 17:9, 10, rea bala: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang. Ke mang ea ka e tsebang? ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo, ke phenya liphio, esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae, ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.” Empa ntle le ho hlahloba lipelo tsa rōna, Jehova o boetse o etsa litokisetso tse lerato tsa ho re thusa ho itlhahloba kamoo ho hlokahalang.
Re fuoa likhopotso tse nakong ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) Ka mohlala, tsela e ’ngoe e ka sehloohong eo lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li ka re thetsang ka eona ke ho etsa hore re thabele litoro tsa lefatše. Litoro tsena ke ho lakatsa eka, ke ho lora motho a shebile, ke kelello e lelerang. Litoro tsena li ka ba kotsi haholo, haholo haeba li tsosa mehopolo e sa hloekang. Kahoo, re lokela ho li hana ka ho feletseng. Haeba re hloile tlōlo ea molao joaloka Jesu, re tla lebela lipelo tsa rōna hore li se ke tsa thabela litoro tsa lefatše.—Baheberu 1:8, 9.
Ho phaella moo, re na le thuso e tsoang ho baholo ba lerato ka phuthehong ea Bokreste. Le hoja re ananela kameho ea ba bang haholo, boikarabelo ba ho hlokomela lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso bo sallana le rōna ka borōna. Ho ho rōna ka bomong hore re ‘nepisise lintho tsohle’ le hore re ‘inonye hore na re tumelong.’—1 Bathesalonika 5:21; 2 Bakorinthe 13:5.
Sireletsa Pelo
Molao-motheo oa Bibele o bolelang hore “leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule” o sebetsa le tabeng ea ho phela hantle ha lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso. (Bagalata 6:7) Hangata, se bonahalang eka ke tlokotsi ea moea e tlileng ka tšohanyetso ke phello ea liketsahalo tse ngata, tse entsoeng ka lenyele tsa ho kopanela linthong tse kotsi moeeng tse kang ho shebella litšoantšo tsa bootsoa, ho ameha ho tlōla ka lintho tse bonahalang kapa ho tsekella botumo kapa bolaoli.
Kahoo, ntho ea bohlokoa eo motho a ka sireletsang pelo ka eona ke ho hlokomela lijo tsa hae tsa moea. Ōtla kelello le pelo ka ho iphepa ka Lentsoe la Molimo. Phema lijo tsa kelello tse se nang kōtlo tse fumanehang habonolo le tse lakatsehang empa li bolaea pelo ea tšoantšetso. Mopesaleme o hlokomelisa ka tšoantšiso e loketseng le e utloahalang litabeng tsa bongaka: “Lipelo tsa bona li fetohile tse hlokang boikutlo feela joaloka mafura.”—Pesaleme ea 119:70.
Haeba ho e-na le liphoso tse entsoeng ka lenyele ka nako e telele, leka ka matla ho li felisa esere tsa koala methapo ea hao ea tšoantšetso. Haeba lefatše le qala ho u hohela ’me ho bonahala menate ea lona le boithabiso e le matletse-tletse, nahanisisa ka keletso e bohlale e fanoang ke moapostola Pauluse. O ile a ngola a re: “Ke bolela sena, barab’eso, nako e setseng e fokotsehile. Ho tloha joale ho ea pele ba . . . sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo; etsoe boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (1 Bakorinthe 7:29-31) Haeba maruo a qala ho u hohela, ela hloko mantsoe ana a Jobo: “Haeba ke entse khauta tšepo ea ka, kapa ke itse ho khauta, ‘U tšepo ea ka!’ le seo e ne e tla ba phoso e lokelang ho eloa hloko ke baahloli, etsoe nka be ke latotse Molimo oa ’nete ea holimo.”—Jobo 31:24, 28; Pesaleme ea 62:10; 1 Timothea 6:9, 10.
Bibele e bolela se latelang ha e lemosa ka botebo ba ho itloaetsa ho hlokomoloha keletso e thehiloeng Bibeleng: “Motho ea khalemeloang ka ho pheta-pheta empa a thatafatsa molala o tla robeha ka tšohanyetso, ’me o ke ke oa fola.” (Liproverbia 29:1) Ho fapana le seo, ha re hlokomela lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso hamolemo, re ka thaba hape ra ba le khotso ea kelello e tlisoang ke ho phela bophelo bo sa rarahanang le bo laolehileng. Ena ke tsela e buelloang kamehla ea Bokreste ba ’nete. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa ho ngola: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Timothea 6:6-8.
Ha ho pelaelo hore ho ithuta le ho ikoetlisa tseleng ea boinehelo ba bomolimo e tla ba tiiso ea hore re ba le lipelo tsa tšoantšetso tse phelang hantle le tse matla. Ha re hlokomelisisa lijo tsa rōna tsa moea, ha re na ho senya kapa ho lematsa bomoea ba rona ka litsela tse senyang tsa lefatše lena le monahano oa lona o senyang. Ho feta tsohle, ha re amohela litokisetso tsa Jehova ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, e se eka kamehla re ka ikokobeletsa hore lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li hlahlojoe. Ho khothalla ho etsa joalo ho tla re thusa ho qoba liphello tse soabisang tsa lefu la moea la ho ema ha pelo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo bona letoto la lihlooho tse buang ka lefu la pelo le hore na ke eng se ka etsoang ka lona tokollong ea Tsoha! ea December 8, 1996, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
LIJO TSA MOEA TSE FOSAHETSENG LI KA HOLOFATSA PELO EA TŠOANTŠETSO JOALOKAHA LIJO TSE SE NANG KŌTLO LI KA THATAFATSA METHAPO EA PELO LE HO LEMATSA PELO EA SEBELE
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]
BOPHELO BA HO LULA FEELA MOEENG BO KA BA LE LIPHELLO TSE TEBILENG
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“MATŠOENYEHO A BOPHELO” A KA BA KOTSI PELONG EA TŠOANTŠETSO
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Ho hlokomoloha bophelo ba rōna ba moea ho ka ’na ha re bakela bohloko bo boholo
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Ho hlaolela mekhoa e metle ea moea ho sireletsa pelo ea tšoantšetso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
AP Photo/David Longstreath