-
Jobo e ne e le Mang?Ithute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 16
Jobo e ne e le Mang?
Naheng ea Utse ho ne ho e-na le monna ea rapelang Jehova. Lebitso la hae e ne e le Jobo. O ne a ruile ’me a e-na le lelapa le leholo. O ne a le mosa a bile a rata ho thusa bafutsana, basali ba hlokahalletsoeng ke banna le bana ba se nang batsoali. Kaha Jobo o ne a etsa lintho tse ntle, na see se bolela hore o ne a sa tl’o ba le mathata?
Jobo o ne a sa tsebe hore Satane Diabolose o mo shebile. Jehova o ile a re ho Satane: ‘Na u bone mohlanka oa ka Jobo? Ha ho motho ea tšoanang le eena lefatšeng. Oa ’mamela ebile o etsa lintho tse lokileng.’ Satane a araba a re: ‘O u mamela hobane u mo sirelelitse ebile u mo hlohonolofalitse. U mo file masimo le liphoofolo empa ha u ka li tlosa a ke ke a hlola a u mamela.’ Jehova a re: ‘U ka li tlosa empa u se ke oa mo bolaea.’ Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Satane hore a leke Jobo? O ne a kholisehile hore Jobo o tla lula a tšepahala.
Satane o ile a bakela Jobo mathata a mangata. A qala ka ho romela batho ba bitsoang Basabea hore ba utsoe likhomo le litonki tsa hae. Ka mor’a moo, mollo oa bolaea linku tsa Jobo kaofela. Batho ba bang ba bitsoang Bakalde ba utsoa likamele tsa hae ’me ba bolaea batho ba neng ba li hlokometse. Ha boela ha etsahala ntho e ’ngoe e mpe le ho feta. Bana bohle ba Jobo ba ile ba hlokahala ha ntlo eo ba leng ka ho eona e ba oela holimo. Jobo o ile a utloa bohloko empa ha aa ka a tlohela ho sebeletsa Jehova.
Satane o ile a etsa hore Jobo a tsoe mathopa hohle ’meleng hobane a batla ho mo utloisa bohloko. Jobo o ne a opeloa haholo a bile a sa tsebe hore na ke hobane’ng ha a etsahalloa ke lintho tsena. Leha ho le joalo, Jobo o ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ’me Jehova o ne a bona lintho tsena kaofela. O ile a thaba ha a bona hore Jobo oa tšepahala.
Ka mor’a moo, Satane o ile a romela banna ba bararo hore ba leke Jobo. Eaba ba re ho eena: ‘E tlameha ebe u patile sebe seo u se entseng. Joale Molimo oa u otla.’ Jobo a re: ‘Ha kea etsa letho le lebe.’ Empa a qala ho nahana hore ke Jehova ea mo bakelang mathata ana kaofela ’me a reha a na toka.
Mohlankana e mong ea bitsoang Elihu o ne a ntse a mametse ha ba bua. Eaba o re ho bona: ‘Lintho tseo le li buang ha se ’nete. Jehova o lokile. A ke ke a etsa bokhopo. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me o thusa batho ha ba na le mathata.’
Joale Jehova a bua le Jobo a re: ‘U ne u le hokae ha ke etsa leholimo le lefatše? Hobane’ng ha u re ha ke na toka? Ha u tsebe hore na ke hobane’ng ha lintho tsena li etsahala.’ Jobo o ile a lumela phoso ea hae ’me a re: ‘Ke fositse. Ke ile ka utloela ka uena empa joale kea u tseba. Ha ho letho le ka u hlolang. Ke kopa u ntšoarele.’
Ka mor’a liteko tsena, Jehova o ile a folisa Jobo ’me a mo fa maruo a fetang ao a neng a e-na le ’ona pele. Jobo o ile a phela hamonate nako e telele. Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hobane a ile a mamela leha ho ne ho le thata. Na le uena u tla lula u sebeletsa Jehova joaloka Jobo ho sa tsotellehe se ka ’nang sa u hlahela?
“Le utloile hore Jobo o ile a mamella ’me [le utloile le] seo Jehova a mo etselitseng sona.”—Jakobo 5:11
-
-
Moshe o Khetha ho Sebeletsa JehovaIthute Lipaleng Tsa Bibele
-
-
THUTO EA 17
Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova
Ba lelapa la Jakobo ba ne ba tsejoa ka hore ke Baiseraele ha ba le Egepeta. Ka mor’a lefu la Jakobo le la Josefa, Faro ea mocha o ile a qala ho busa. O ne a tšaba hore Baiseraele ba tla ba matla ho feta Baegepeta. Kahoo, Faro a etsa Baiseraele makhoba. A ba qobella hore ba etse litene le hore ba sebetse ka thata masimong. Baiseraele ba ’na ba eketseha le hoja Baegepeta ba ne ba ba sebelisa ka thata. Faro ha aa ka a thabela seo. Kahoo, a laela hore masea ’ohle a bashanyana a Baiseraele a bolaoe. Ak’u nahane feela hore na Baiseraele ba ile ba tšoha hakaakang.
’Mè e mong oa Moiseraele ea bitsoang Jokebede o ile a ba le ngoana oa moshanyana ea motle. A mo kenya ka basketeng eaba o mo pata mahlakeng a Noka ea Nile. Miriame o ne a lula a shebile baskete eo e le hore a bone se tla etsahala ka ngoan’abo.
Ha morali oa Faro a tla nokeng a tl’o hlapa, a bona baskete eo. Ha a e bula a fumana ngoana ea ntseng a lla, eaba o mo utloela bohloko. Miriame a mo botsa a re: ‘U batla ke u bitsetse mosali ea tla u nyantšetsa ngoana eo?’ Morali oa Faro a lumela, eaba Miriame o bitsa ’mè oa hae Jokebede. Morali oa Faro a re ho eena: ‘Nka ngoana enoa, u ’nyantšetse eena. Ke tla u patala.’
Ha ngoana a se a holile, Jokebede a mo khutlisetsa ho morali oa Faro. Eaba o mo reha Moshe ’me a mo holisa e le mora oa hae. Moshe o ile a hola e le ngoana oa morena, a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Empa ha aa ka a lebala Jehova. O ne a tseba hore ha se Moegepeta empa ke Moiseraele. Kahoo, a khetha ho sebeletsa Jehova.
Ha Moshe a le lilemo li 40, o ile a etsa qeto ea ho thusa batho ba habo. O ile a bona Moegepeta a otla Moiseraele. Kahoo, a otla Moegepeta eo a ba a mo bolaea. Moshe a pata setopo sa Moegepeta eo lehlabatheng. Ha Faro a utloa ka seo, a leka ho bolaea Moshe. Empa Moshe a baleha, a ipata naheng ea Midiane. Ha a le moo, Jehova a mo hlokomela.
“Moshe . . . o ile a bontša hore o na le tumelo ka hore a hane ho bitsoa mora oa morali oa Faro. O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.”—Baheberu 11:24, 25
-