Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Gideone o Ile a Hlola Bamidiane
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Gideone le masole a hae ba letsa manaka, ba pshatla linkho, ba tsoka mabone eaba baa hoeletsa

      THUTO EA 34

      Gideone o Ile a Hlola Bamidiane

      Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba boela ba se ke ba mamela Jehova ’me ba qala ho rapela melimo ea bohata. Bamidiane ba ile ba utsoa liphoofolo tsa Baiseraele ’me ba senya lijalo tsa bona ka lilemo tse supileng. Kahoo, Baiseraele ba ipatela Bamidiane ka mahaheng le lithabeng. Ba kopa Jehova hore a ba thuse. Eaba Jehova o romella lengeloi ho mohlankana ea bitsoang Gideone. Lengeloi leo la re: ‘Jehova o u khethile hore u be lesole le matla.’ Gideone a re: ‘Ke tla thusa Baiseraele joang ke se letho?’

      Gideone o ile a tseba joang hore Jehova o mo khethile? O ile a beha boea fatše eaba o re ho Jehova: ‘Hoseng ha nka fumana boea bona bo le metsi ke phoka empa fatše ho omme, ke tla tseba hore u nkhethile hore ke thuse Baiseraele.’ Hoseng ho ne ho omme fatše empa boea bo le metsi. Ka le hlahlamang, Gideone a kopa Jehova hore a etse hore fatše ho be metsi empa boea bo ome. Ho ile ha e-ba joalo. Kahoo Gideone a lumela hore ehlile Jehova o khethile eena. A tsamaea le masole a hae ho ea loantša Bamidiane.

      Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Baiseraele ba tla hlola Bamidiane. Empa kaha masole a hao a mangata, u ka ’na oa nahana hore u hlotse Bamidiane ka matla a hao. Bolella masole a tšabang ho ea ntoeng hore a khutlele hae.’ Kahoo, masole a 22 000 a khutlela hae ’me ha sala a 10 000. Eaba Jehova o re: ‘Masole a setseng a ntse a le mangata haholo. E-re a ee nokeng ho ea noa metsi. U siee feela masole a noang metsi a ntse a shebile lira tsa bona.’ Ho ile ha sala masole a 300 feela. Jehova o ile a re masole ao a 300 a tla hlola masole a 135 000 a Bamidiane.

      Bosiung boo, Jehova o ile a re ho Gideone: ‘Joale ke nako ea hore u loantše Bamidiane.’ Gideone o ile a fa masole a hae manaka le linkho tse kentseng mabone ka hare. A re ho ’ona: ‘Nchebeng, le etse seo ke se etsang.’ Gideone o ile a letsa lenaka la hae, a pshatla nkho ea hae, a tsoka lebone la hae eaba oa hoeletsa o re: ‘Sabole ea Jehova le ea Gideone.’ Masole ao a 300 a ile a mo etsisa. Bamidiane ba ile ba tšoha eaba baa baleha. Ha ba ntse ba baleha joalo, ba qala ho loantšana ka bobona. Jehova o ile a thusa Baiseraele hape hore ba hlole lira tsa bona.

      Masole a Bamidiane a tšohileng

      “E le hore ho ka hlaka hore matla a sa tloaelehang ao re nang le ’ona a tsoa ho Molimo eseng ho rona.”—2 Bakorinthe 4:7

      Lipotso: Jehova o ile a bontša Gideone joang hore o khethile eena? Ke hobane’ng ha masole a Gideone a ne a le 300 feela?

      Baahloli 6:1–16; 6:36–7:25; 8:28

  • Anna o Rapella ho ba le Mora
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
    • Anna o isa Samuele e monyenyane ho Eli tabernakeleng

      THUTO EA 35

      Anna o Rapella ho ba le Mora

      Monna oa Moiseraele ea bitsoang Elkana o ne a e-na le basali ba babeli, e leng Anna le Penina ’me a rata Anna ho feta Penina. Penina o ne a lula a soma Anna hobane a se na bana empa eena a e-na le ba bangata. Elkana o ne a tsamaea le ba lelapa la hae selemo le selemo ho ea rapela tabernakeleng e Shilo. Ka le leng ha ba le moo, a bona hore Anna o utloile bohloko haholo. Eaba o re: ‘Anna, u se ke oa lla. Ke ntse ke le teng. Kea u rata.’

      Hamorao, Anna o ile a e’o rapela a le mong. O ne a ntse a lla ha a kopa Jehova hore a mo thuse. O ile a re: ‘Jehova haeba u ka mpha mora, ke tla u fa eena hore a u sebeletse bophelo bohle ba hae.’

      Moprista ea phahameng Eli o bona Anna a rapela a ntse a lla

      Moprista ea Phahameng Eli o ile a bona Anna a ntse a lla eaba o nahana hore o tahiloe. Empa Anna a re ho eena: ‘Che moren’a ka, ha kea tahoa. Ke ntse ke bolella Jehova bothata ba ka.’ Eli o ile a hlokomela hore o entse phoso ha a re Anna o tahiloe eaba o re: ‘E se eka Molimo a ka u fa seo u se kopang.’ Anna o ile a ikutloa a imolohile eaba oa tsamaea. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, o ile a ba le mora eaba o mo reha Samuele. U ka inahanela feela hore na Anna o ne a thabile hakaakang!

      Anna ha aa ka a lebala tšepiso ea hae ho Jehova. O ile a isa Samuele tabernakeleng a sa le monyenyane hore a e’o sebeletsa Jehova. O ile a re ho Eli: ‘Enoa ke mora eo ke ileng ka rapela Jehova hore a mphe eena. Ke fana ka eena hore a mo sebeletse bophelo bohle ba hae.’ Elkana le Anna ba ne ba chakela Samuele selemo se seng le se seng, ba mo tlisetsa seaparo se se nang matsoho. Jehova o ile a fa Anna bara ba bang ba bararo le barali ba babeli.

      “Le ’ne le kope, le tla fuoa. Le ’ne le batle, le tla fumana.”—Matheu 7:7

      Lipotso: Ke hobane’ng ha Anna a ne a utloile bohloko? Jehova o ile a arabela thapelo ea Anna joang?

      1 Samuele 1:1–2:11, 18-21

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela