Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U Lokela ho Lumela Mang?
    Tsoha!—2006 | September
    • U Lokela ho Lumela Mang?

      “Ka ho hlakileng, ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.”—BAHEBERU 3:4.

      NA U lumellana le taba e utloahalang ea mongoli eo oa Bibele? Ka lilemo tse ka bang 2 000, moloko oa batho o ’nile oa hatela pele ho tsa saense ho tloha ha temana eo e ne e ngoloa. Na ho sa ntse ho e-na le ba lumelang hore boqapi bo bonahalang pōpong bo bontša hore ho na le Moqapi, e leng eena ’Mōpi—Molimo?

      Esita le linaheng tse tsoetseng pele indastering, batho ba bangata ba lumela joalo. Ka mohlala, phuputso e ileng ea etsoa United States ke makasine ea Newsweek ka 2005 e fumane hore batho ba etsang karolo ea 80 lekholong “ba lumela hore Molimo o bōpile bokahohle.” Na ba lumela see hobane ba sa ruteha? Na ho na le bo-rasaense ba lumelang hore Molimo o teng? Makasine ea saense e bitsoang Nature ka 1997 e ile ea tlaleha hore litsebi tse ka etsang karolo ea 40 lekholong tsa baeloji, tsa fisiks le tsa lipalo tseo ho ileng ha etsoa lipatlisiso ho tsona li lumela hore Molimo o teng ebile o mamela lithapelo le ho li araba.

      Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bang ba lomahantse meno ho hanana le sena. Dr. Herbert A. Hauptman, ea hapileng Khau ea Nobel, o sa tsoa bolella ba neng ba le sebokeng sa bo-rasaense hore ho lumela hore ho na le matla a phahametseng tlhaho, haholo-holo ho lumela hore Molimo o teng, ke ntho e sa lumellaneng ka ho feletseng le saense. O ile a re: “Ho lumela sena ke ho beha boiketlo ba moloko oa batho kotsing.” Esita le bo-rasaense ba lumelang hore Molimo o teng ba leqe ho ruta hore boqapi bo bonahalang limeleng le liphoofolong bo tlameha bo e-na le Moqapi. Hobane’ng? Ha a fana ka lebaka le leng, Douglas H. Erwin, rasaense ea ithutetseng ho batlisisa ka mesaletsa ea lintho tsa khale oa Smithsonian Institute, o re: “Molao o mong oa saense ke hore ha e lumellane le taba ea hore ho etsahala mehlolo.”

      U ka ’na ua lumella ba bang hore ba laole tsela eo u nahanang ka eona le seo u se lumelang. Kapa u ka ’na ua iketsetsa lipatlisiso ka bouena eaba u iketsetsa qeto. Ha u ntse u bala ka lintho tseo saense e sa tsoa li sibolla tse tla tšohloa maqepheng a latelang, ak’u ipotse, ‘Na ke ntho e utloahalang ho etsa qeto ea hore ’Mōpi o teng?’

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

      Iketsetse lipatlisiso ka bouena

      [Lebokose le leqepheng la 3]

      NA LIPAKI TSA JEHOVA LI LUMELA HORE LINTHO LI BŌPILOE KA MATSATSI A TŠELETSENG A SEBELE?

      Lipaki Tsa Jehova li lumela tlaleho ea pōpo kamoo e tlalehiloeng kateng ka Bibeleng bukeng ea Genese. Leha ho le joalo, ho ke ke ha thoe Lipaki Tsa Jehova ke batho ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele. Hobane’ng? Ntlha ea pele, batho ba bangata ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele ba lumela hore bokahohle le lefatše le lintho tsohle tse phelang li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24, lilemong tse ka bang 10 000 tse fetileng. Leha ho le joalo, sena hase seo Bibele e se rutang.a Hape, ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele ba lumela lintho tse ling tse ngata tse sa tšehetsoeng ke Bibele. Lipaki Tsa Jehova li thehile lithuto tsa tsona tsa bolumeli Lentsoeng la Molimo ka ho feletseng.

      Ho feta moo, linaheng tse ling motho “ea lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele” o nkoa e le setho sa o mong oa mekhatlo e Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe e ikakhetseng ka setotsoana lipolotiking. Mekhatlo ena e leka ho hatella bo-ralipolotiki, baahloli le matichere hore ba amohele melao le lithuto tse rutoang ke ba lumelang hore lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele.

      Lipaki Tsa Jehova ha li nke lehlakore lipolotiking. Li hlompha tokelo ea mebuso ea ho etsa melao le ho e phethahatsa. (Baroma 13:1-7) Leha ho le joalo, li nka ka ho teba mantsoe a Jesu a hore “hase karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14-16) Tšebeletsong ea tsona ea boboleli, li fa batho monyetla oa ho ithuta melemo ea ho phela ka litekanyetso tsa Molimo. Empa ha li sekisetse tabeng ea ho se nke lehlakore ha tsona ha Bokreste ka ho tšehetsa boiteko ba mekhatlo e Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe e lekang ho etsa melao e tla qobella ba bang hore ba amohele litekanyetso tsa Bibele.—Johanne 18:36.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ka kōpo bona sehlooho se reng, “Pono ea Bibele: Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?” se leqepheng la 18 la makasine ena.

  • Tlhaho e Ruta Eng?
    Tsoha!—2006 | September
    • Tlhaho e Ruta Eng?

      “Ka kōpo, botsa liphoofolo tse ruuoang, ’me li tla u rupela; le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, ’me li tla u bolella. Kapa u bontše lefatše ho tšoenyeha ha hao, ’me le tla u rupela; litlhapi tsa leoatle li tla u bolella.”—JOBO 12:7, 8.

      LILEMONG tsa morao tjena bo-rasaense le baenjiniere ba lumeletse limela le liphoofolo hore li ba rute ka tsela ea sebele. Ba ithuta tsela eo lintho tse fapaneng li entsoeng ka eona ebe ba etsisa boqapi boo—e leng lefapha la saense le bitsoang biomimetics—moo ba lekang ho qapa lisebelisoa tse ncha le ho ntlafatsa ho sebetsa ha mechine e seng e ntse e le teng. Ha u ntse u nahana ka mehlala e latelang, ipotse, ‘Ke mang eo ka sebele a tšoaneloang ke thoriso bakeng sa boqapi boo?’

      Ho Ithuta Mapheong a Leruarua

      Baetsi ba lifofane ba ka ithuta eng leruarueng? Ho bonahala ba ka ithuta ho hongata. Leruarua le hōlileng le nang le ’mele o sataletseng o nang le mapheo a maholo, le boima ba lithane tse 30—e leng boima bo lekanang le ba teraka e laetseng thepa. Phoofolo ena e limithara li 12 ka bolelele e matjato a hlollang metsing. Ka mohlala, ha le fumana lijo tsa lona, leruarua le ka nyoloha la etsa lilikalikoe ka tlas’a liphoofotsoana tse nang le likhetla kapa litlhapi tseo e leng lijo tsa lona, ka nako e tšoanang le ntse le butsoela moea ho etsa lipululana ka metsing. Lipululana tsena li etsa ntho e kang letlooa le bophara ba mithara le halofo, le bokella liphofu nģa e le ’ngoe holim’a metsi. Ebe joale leruarua le kometsa lijo tsa lona tse bokeletsoeng ka makhethe.

      Se khahlileng bafuputsi ka ho khetheha e bile tsela eo ’mele o sataletseng oa leruarua o khonang ho thinya ka eona ha le etsa lilikalikoe tse nyenyane tseo ho bonahalang eka le ke ke la li etsa. Ba ile ba sibolla hore lekunutu ke mapheo a leruarua. Ho ella ntlheng, mapheo ana ha a boreleli joaloka a sefofane, empa a lisakha, a bile a na le makukuno a entseng mola.

      Ha leruarua le thala metsing, makukuno ana a mapheong aa le phahamisa ’me a etse hore le be bobebe ka metsing. Joang? Makasine ea Natural History e hlalosa hore makukuno ana a etsa hore metsi a lelemele feela mapheong, esita le haeba leruarua le nyoloha le lopaletse ho tsoa tlaase-tlaase. Haeba ntlha ea mapheo e ne e le boreleli, leruarua le ne le tla sitoa ho nyoloha le ntse le etsa lilikalikoe hobane metsi a ne a tla imela mapheo a le thusang hore le phahame.

      Ke eng e molemo e ka etsoang ka see se sibolotsoeng? Ha mapheo a sefofane a ka etsoa joaloka a leruarua, ho hlakile hore a tla hloka lintho tse fokolang tse se thusang ha se phahama le ha se lula, kapa tse se thusang ho laola moea ha se fofa. Mapheo a joalo e ne e tla ba a sireletsehileng le a lokisehang habonolo. John Long eo e leng setsebi sa tšebetso ea mesifa ’meleng, o lumela hore haufinyane “re ka ’na ra bona sefofane se seng le se seng se seholo se e-na le makukuno a fumanoang mapheong a leruarua.”

      Ho Etsisa Mapheo a Nonyana ea Leoatleng

      Ha e le hantle mapheo a sefofane a se a ntse a entsoe ho tšoana le a linonyana. Leha ho le joalo, baenjiniere ba sa tsoa ntlafatsa mapheo ana. New Scientist ea tlaleha: “Bafuputsi Univesithing ea Florida ba qapile sefofane se senyenyane se laoloang ke motho ea fatše, seo joaloka nonyana ea leoatleng, se khonang ho ōkaōkela, ho tsubella le ho nyoloha ka potlako.”

      Linonyana tsa metsing li fofa ka tsela e hlollang ka ho koba mapheo a tsona setsoeng le manonyellong a lehetla. Makasine eo e re, e le ha se etsisa ho tenyetseha ha mapheo a nonyana ea leoatleng, “sefofane seo se boholo ba linōkō tse 24 [lisentimithara tse 60] se sebelisa enjene e nyenyane ho laola litšepe tse ngata tse tsamaisang mapheo.” Mapheo ana a entsoeng ka bohlale a etsa hore sefofane sena se senyenyane se ōkaōkele le ho tsubella pakeng tsa mehaho e melelele. Sesole sa Moeeng sa United States se chesehela ho etsa sefofane se khonang ho tsoelipana joalo e le hore se sebelisoe ha ho batloa libetsa tsa lik’hemik’hale le tsa likokoana-hloko metseng e meholo.

      Ho Etsisa Maoto a Checheiki

      Liphoofolo tse phelang moo ho ommeng le tsona li na le ho hongata hoo li ho rutang. Ka mohlala, mokholutsoane o mong o bitsoang checheiki o khona ho ngoangoarela maboteng le ho itšoarella o thulametse holimo marulelong. Esita le mehleng ea Bibele, sehahabi sena se ne se tsejoa ka ho ba le bokhoni bona bo hlollang. (Liproverbia 30:28) Sephiri se etsang hore checheiki e hlōle matla a khoheli ke sefe?

      Hore ebe checheiki e khona ho manama esita le moo ho leng boreleli joaloka khalaseng ho etsoa ke boea bo bonyenyane bo koahetseng maoto a eona. Maoto a eona ha a na sekhomareli. Ho e-na le hoo, a sebelisa matla a fokolang a limolek’hule. Limolek’hule tse boeeng ba maoto a checheiki ha li kopana le tsa moo e tsamaeang teng lia manamana, ka lebaka la matla a fokolang a li kopanyang a tsejoang e le van der Waals. Ka tloaelo, matla a khoheli a hlōla matla ana, e leng eona ntho e etsang hore uena u sitoe ho hloa lebota ka ho beha matsoho feela. Leha ho le joalo, boea bona bo maotong a checheiki bo etsa hore e maname leboteng. Ha matla a van der Waals a eketseha boeeng bo likete-kete bo maotong a checheiki, ho etsa hore e itšoarelle ka matla ho sa tsotellehe boima ba eona ba ’mele.

      See se sibolotsoeng se ka sebelisoa hokae? Masela a entsoeng ho tšoana le maoto a checheiki a ka sebelisoa sebakeng sa Velcro—e leng bo bong ba boqapi bo nkiloeng linthong tsa tlhaho.a Makasine ea The Economist e qotsa ’matlisisi e mong ea reng lesela le entsoeng joalokaha e ka ke “theipi ea checheiki” le ka sebelisoa hamolemo “phekolong eo ho ke keng ha sebelisoa lintho tse khomaretsoang ka lik’hemik’hale.”

      Thoriso e Lokela ho Lebisoa ho Mang?

      Ka nako e tšoanang, National Aeronautics and Space Administration e ntse e nahana ka ho etsa roboto e maoto a mangata e tsamaeang joaloka phepheng, ’me baenjiniere ba Finland bona ba se ba ntse ba qapile terekere e mabili a tšeletseng e ka khonang ho hloa mekoallo e tseleng ho tšoana le kokoanyana e khōlō. Babatlisisi ba bang ba qapile lesela le nang le mameno a manyenyane a bulehang le ho koaleha ka tsela e tšoanang le ea tholoana ea sefate sa phaene. Baetsi ba likoloi ba qapa koloi e tla tsamaea ka ho thella ho hlollang ho tšoanang le ha tlhapi e bitsoang boxfish. ’Me babatlisisi ba bang ba ntse ba batlisisa mokhoa oo khetla e sireletsang khofu ea leoatle ka oona, ba ntan’o etsa tšireletso ea sefuba ea mohlabani e bobebe, empa e le thata.

      Ho na le likhopolo tse ngata tse ntle tse hlahisitsoeng ke lintho tsa tlhaho hoo babatlisisi ba seng ba bokeletse boitsebiso k’homphieutheng bo thathamisitseng litsela tse ngata tse fapaneng tseo lintho tse phelang li sebetsang ka tsona. The Economist, e re bo-rasaense ba ka hlahloba boitsebiso bona ho fumana “tharollo ea tlhaho mathateng ao ba thulanang le ’ona ha ba qapa lintho.” Litsela tseo lintho tsa tlhaho li sebetsang ka tsona tse bokeletsoeng boitsebisong ba k’homphieutha li tsebahala ka hore ke “litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang.” Ka tloaelo, e ba motho kapa k’hamphani e nang le tokelo ea molao ea ho ngolisa khopolo e ncha kapa mochine o mocha. Ha e tšohla boitsebiso bona ba litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang, The Economist e re: “Ka ho bitsa mekhoa ea ho etsisa lintho tsa tlhaho ‘litokelo tsa molao tsa lintho tse phelang’, ha e le hantle bafuputsi ba hatisa ntlha ea hore tlhaho ke eona e nang le litokelo tsa molao.”

      Lintho tsee tsa tlhaho li fumane bohlale bo bokaale hokae? Bafuputsi ba bangata ba tla re bohlale bo bonahatsoang ke lintho tsa tlhaho bo hlahisitsoe ke ha lintho li ntse li leka ho iphetola ka lilemo tse limilione li leka sena le sane. Leha ho le joalo, bafuputsi ba bang ba fihlela qeto e fapaneng. Setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo, Michael Behe, se ngotse tjena ho New York Times ka 2005: “Boqapi bo boholo bo bonahalang [pōpong] bo fana ka lebaka le le leng feela le utloahalang: haeba e shebahala joaloka letata, e tsamaea le ho lla joaloka lona, joale ha ho lebaka la hore re belaele hore ehlile ke letata.” Qeto ea hae ke efe? “Ha ho totobetse hore ntho e entsoe, seo ha sea lokela ho hlokomolohuoa.”

      Ka sebele, moenjiniere ea qapang lepheo le sireletsehileng, le sebetsang hamolemo la sefofane o tla lokela ho fuoa tlotla bakeng sa boqapi ba hae. Ka ho tšoanang, moqapi oa lesela le tlamisang maqeba le phethang merero e mengata—kapa oa lesela la liaparo le bonojoana, kapa oa koloi e sebetsang hantle haholoanyane—kaofela ba tšoaneloa ke tlotla bakeng sa boqapi ba bona. Ha e le hantle, mohlahisi oa ntho leha e le efe ea etsisang boqapi ba motho e mong ebe ha a bolele moqapi oa eona kapa ho lebisa thoriso ho eena a ka nkoa e le motlōli oa molao.

      Na joale ke ho utloahalang hore ebe bafuputsi ba rutehileng, ba etsisang tsamaiso ea tlhaho ho rarolla mathata a bona ha ba qapa lintho, ba re bohlale bo fumanoang tlhahong bo bile teng ka ho iphetola ha lintho ho sa utloahaleng? Haeba ho etsisa tlhaho ho hloka moqapi ea bohlale, joale ho thoe’ng ka ea entseng ntho e etsisoang? Ha e le hantle, ke mang ea tšoaneloang ke tlotla pakeng tsa moetsi e moholo le seithuti se mo etsisang?

      Qeto e Utloahalang

      Ka mor’a ho hlahloba bopaki ba boqapi bo linthong tsa tlhaho, batho ba bangata ba nahanang ka ho teba ba lumellana le mantsoe a mopesaleme ea ileng a ngola: “Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang! Kaofela ha eona u e entse ka bohlale. Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.” (Pesaleme ea 104:24) Mongoli oa Bibele, Pauluse, o ile a fihlela qeto e tšoanang le eena. O ile a ngola: “Etsoe litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.”—Baroma 1:19, 20.

      Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tšepahalang, ba hlomphang Bibele le ho lumela hore Molimo o teng ba ntse ba ka pheha khang ea hore Molimo o ne a ka ’na a sebelisa ho iphetola ha lintho hore a bōpe lintho tse hlollang tse teng tlhahong. Leha ho le joalo, Bibele e ruta’ng?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Velcro ke lesela le nang le likhoketsane tsa maiketsetso hore le tšoarahane le qapiloeng ho etsisoa boqapi bo fumanoang bohomeng.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

      Ho tla joang hore ebe tlhaho e fana ka likhopolo tse ngata hakaale tse ntle?

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

      Ke mang ea nang le tokelo ea molao ea lintho tsa tlhaho?

      [Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

      Haeba ho etsisa tlhaho ho hloka moqapi ea bohlale, joale ho thoe’ng ka ea entseng ntho e etsisoang?

      Maoto a checheiki ha a be litšila, ha ho mohla a sieang mohlala moo e tsamaileng, a manama hohle ntle le ho “Teflon” (ntho eo ho seng letho le khomarelang ho eona), ’me a manama le ho imanamolla habobebe feela. Bafuputsi ba leka ho a etsisa

      Sefofane sena se khonang ho tsoelipana se entsoe ho etsisoa lepheo la nonyana ea leoatleng

      Ho thella ho hlollang ha tlhapi ho susumelitse boqapi ba koloi

      [Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

      Airplane: Kristen Bartlett/ University of Florida; gecko foot: Breck P. Kent; box fish and car: Mercedes-Benz USA

      [Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]

      LI BOHLALE KA TLHAHO HA LI NKA MAETO

      Libōpuoa tse ngata li “bohlale ka tlhaho” mokhoeng oa ho fumana tsela eo li batlang ho e nka ha li hahlaula ho pota lefatše. (Liproverbia 30:24, 25) Nahana ka mehlala e ’meli.

      ◼ Taolo ea Sephethephethe Bohloeng Bohloa bo phathahaneng bo batlang lijo bo fumana tsela e boelang seolong joang? Bafuputsi United Kingdom ba sibolotse hore ntle le hore moo bo fetileng bo siea bo tšoaile ka monko, mefuta e meng ea bohloa e sebelisa lipalo ho etsa litselana tse bo nolofaletsang ho fumana tsela ha bo khutlela seolong. Ka mohlala, New Scientist e re, ha maroana a “tsoa mokoting, a siea mophula oa litselana tse qaqolohaneng ka likhato tse ka bang 50 ho ea ho tse 60.” Ke eng e ikhethang ka mokhoa oo? Ha maroana a khutlela mokoting ’me a fihla moo litselana li arohanang teng, a nka tsela e khaoletsang eo joang kapa joang e lebang mokoting. Makasine eo e re “litselana tsena tse entsoeng ka lipalo li thusa maroana ho tsamaea ka bolokolohi ha a ntse a ea holimo le tlaase, haholo-holo ha a fapanyetsana ’me li a thusa hore a se ke a lahleha.”

      ◼ Sesupa-tsela sa Linonyana Linonyana tse ngata li nka maeto a malelele maemong a sa tšoaneng a leholimo empa li nepa tsela ka mokhoa o hlollang. Li khona see joang? Bafuputsi ba fumane hore linonyana li khona ho lekanyetsa moo lefatše le nang le matla a khoheli teng. Leha ho le joalo, makasine ea Science e re “matla a lefatše a khoheli a fapana ho ea ka libaka ’me hase kamehla a lebisang leboea.” Ke eng e thusang linonyana tse fallang hore li se lahle tsela? Kamoo ho bonahalang kateng, linonyana li khona ho lokisa sesupa-tsela sa tsona sa tlhaho letsatsi le leng le le leng ha letsatsi le likela. Makasine ea Science e re kaha ho likela ha letsatsi ho ea ka hore na sebaka se hōle hakae le equator le hore na ke nakong efe ea selemo, bafuputsi ba nahana hore e tlameha ebe linonyana tsena li khona ho ikamahanya le liphetoho tsena ka ho latela “tsela ea tlhaho e li bolellang hore na ke nako efe selemong.”

      Ke mang ea entseng bohloa ka kutloisiso ea bona ea lipalo? Ke mang ea fileng linonyana sesupa-tsela, tsela ea tlhaho ea ho tseba nako hammoho le boko bo khonang ho hlalosa boitsebiso boo? Na ke ho iphetola ha lintho ho sa utloahaleng? Kapa na ke ’Mōpi ea bohlale?

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      © E.J.H. Robinson 2004

  • Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?
    Tsoha!—2006 | September
    • Na Molimo o Sebelisitse ho Iphetola ha Lintho ho Hlahisa Bophelo?

      “Jehova, Molimo oa rōna, ua tšoaneleha ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa e-ba teng ’me tsa bōptjoa.”—TŠENOLO 4:11.

      NAKOANA ka mor’a hore Charles Darwin a tumise khopolo ea ho iphetola ha lintho, malumeli a mangata ao ho thoeng ke a Bokreste a ile a qala ho batla litsela tsa ho nyalanya ho lumela ha ’ona ho Molimo le khopolo ea ho iphetola ha lintho.

      Kajeno, malumeli a hlahelletseng a “Bokreste” a bonahala a ikemiselitse ho amohela hore Molimo o tlameha a sebelisitse ho iphetola ha lintho ka tsela e itseng ho hlahisa bophelo. A mang a ruta hore Molimo o ile a hlophisa hore bokahohle bo be teng ka tsela eo lintho tse phelang li tla hlaha butle-butle lik’hemik’haleng tse se nang bophelo ’me qetellong li hlahise moloko oa batho. Ba lumelang thuto ena, e tsejoang e le tsela eo Molimo a entseng hore lintho li iphetole ka eona, ha ba lumele hore Molimo o ile a kenella hang ha e qalile. Ka kakaretso, ba bang ba nahana hore Molimo o ile a lumella ho iphetola ha lintho hore ho hlahise boholo ba mefuta ea limela le liphoofolo, empa mona le mane o ne a kenella ho thusa lintho ha li ntse li iphetola.

      Ho Nyalanya Lithuto—Na Hoa Sebetsa?

      Na khopolo ea ho iphetola ha lintho ka sebele e lumellana le seo Bibele e se rutang? Haeba ho iphetola ha lintho ho ne ho fela ho etsahetse, joale tlaleho ea Bibele ea ho bōptjoa ha monna oa pele, Adama, e ne e tla be e le feela pale e etselitsoeng ho re ruta ho itseng empa e sa lokeloa ho nkoa e le ’nete. (Genese 1:26, 27; 2:18-24) Na ke tsela eo Jesu a neng a nka tlaleho ee ea Bibele ka eona? Jesu o itse: “Na ha lea ka la bala hore ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’? E leng hore ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Matheu 19:4-6.

      Mona Jesu o ne a qotsa tlaleho ea pōpo e tlalehiloeng ho Genese khaolo ea 2. Haeba Jesu o ne a lumela hore lenyalo la pele e ne e le tšōmo feela, na a ka be a ile a bua ka lona ho tšehetsa seo a neng a se ruta ka ho halalela ha lenyalo? Che. Jesu o ile a bua ka tlaleho ea Genese hobane a ne a tseba hore ke histori ea sebele.—Johanne 17:17.

      Barutuoa ba Jesu le bona ba ne ba lumela tlaleho ea pōpo e ho Genese. Ka mohlala, tlaleho ea Kosepele ea Luka e thathamisa leloko la Jesu ho tloha ho Adama. (Luka 3:23-38) Haeba Adama e ne e le motho oa tšōmong, joale lethathamo lee la leloko le ne le tla fetoha ’nete ha le fihla hokae? Haeba tatellano ea leloko lee e ne e le tšōmo, joale ho ka be ho ile ha tiisa joang mantsoe a Jesu a hore ke Mesia, ea tsoetsoeng lesikeng la Davida? (Matheu 1:1) Luka, mongoli oa Kosepele o itse o ne a “setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.” Ka ho hlakileng, o ne a lumela tlaleho ea ho bōptjoa ha lintho e ho Genese.—Luka 1:3.

      Tumelo ea moapostola Pauluse ho Jesu e ne e tsamaisana le ho lumela ha Pauluse tlaleho ea Genese. O ile a ngola: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:21, 22) Haeba Adama e ne e se moholo-holo oa moloko ’ohle oa batho, eo ‘sebe se ileng sa kena lefatšeng ka [eena] le lefu la kena ka sebe,’ joale ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho shoa ho etsolla liphello tsa sebe se futsitsoeng?—Baroma 5:12; 6:23.

      Ho khella fatše tlaleho ea pōpo e ho Genese ke ho khella fatše motheo oa tumelo ea Bokreste. Khopolo ea ho iphetola ha lintho ha e lumellane le lithuto tsa Kreste. Boiteko leha e le bofe ba ho nyalanya litumelo tsena bo ka tsoala tumelo e fokolang eo habonolo feela e ka ‘akhotsoang joalokaha eka e akhotsoa ke maqhubu ’me ea isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.’—Baefese 4:14.

      Tumelo e Thehiloeng Motheong o Tiileng

      Ka makholo a lilemo, Bibele e ’nile ea tšoauoa liphoso le ho hlaseloa. Nako le nako Bibele e ’nile ea hlōla. Ha Bibele e bua ka histori, bophelo bo botle ba ’mele le ka saense, litlaleho tsa eona li ipakile ka makhetlo e le tse nepahetseng. Keletso ea eona mabapi le likamano tsa batho ea tšepahala ’me ha e felloe ke nako. Lifilosofi tsa batho le likhopolo tsa bona, feela joaloka joang bo botala, lia hlaha ebe lia omella ha nako e ntse e feta, empa Lentsoe la Molimo “le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Esaia 40:8.

      Thuto ea ho iphetola ha lintho ha e felle feela likhopolong tsa saense. Ke filosofi ea batho e ’nileng ea hōla ’me ea tlokoma ka lilemo. Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena thuto ea tšimolohong ea ho iphetola ha lintho ea Darwin e ’nile ea feto-fetoha, ha ho ntse ho etsoa boiteko ba ho qhelela thōko bopaki bo ntseng bo eketseha ba boqapi bo bonahalang linthong tsa tlhaho. Re u mema hore u hlahlobe taba ena ka ho eketsehileng. U ka etsa joalo ka ho hlahloba lihlooho tse ling makasineng ena. Ho phaella moo, u ka ’na ua rata ho bala lingoliloeng tse bontšitsoeng leqepheng lena le la 32.

      Ka mor’a ho etsa lipatlisiso tabeng ena, u ka ’na ua fumana hore tumelo ea hao ho seo Bibele e se buang ka se etsahetseng nakong e fetileng e tla tiea. Ntho ea bohlokoa le ho feta, tumelo ea hao litšepisong tsa Bibele bakeng sa bokamoso e tla matlafala. (Baheberu 11:1) U ka ba ua susumeletseha ho rorisa Jehova, “Moetsi oa leholimo le lefatše.”—Pesaleme ea 146:6.

      SE SENG SEO U KA SE BALANG

      Buka ea batho bohle Mehlala e tobileng ea ho nepahala ha Bibele e tšohloa bukaneng ena

      Is There a Creator Who Cares About You? Hlahloba bopaki bo eketsehileng ba saense ’me u ithute hore na ke hobane’ng ha Molimo ea tsotellang a lumeletse mahlomola a mangata hakana

      Ha e le hantle ke eng seo Bibele e se Rutang? Potso e reng morero oa Molimo ke ofe ka lefatše? e arajoa khaolong ea 3 ea buka ena

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 10]

      Jesu o ne a lumela tlaleho ea pōpo e ho Genese. Na o ne a lahlehile?

      [Lebokose le leqepheng la 9]

      HO IPHETOLA HA LINTHO KE ENG?

      Tlhaloso e ’ngoe ea “ho iphetola ha lintho” ke: “Ho fetoha ha ntho ka tsela e itseng.” Leha ho le joalo, polelo ena e sebelisoa ka litsela tse ngata. Ka mohlala, e sebelisoa ho hlalosa phetoho e khōlō linthong tse sa pheleng—e leng ho beng teng ha bokahohle. Ho phaella moo, polelo ena e sebelisoa ho hlalosa liphetoho tse nyenyane linthong tse phelang—tsela eo limela le liphoofolo li ikamahanyang le tikoloho ea tsona ka eona. Leha ho le joalo, polelo ena e atisa ho sebelisoa ha ho hlalosoa khopolo ea hore bophelo bo hlahile lik’hemik’haleng tse se nang bophelo, tse ileng tsa iphetola lisele tse ikatisang, ’me butle-butle tsa fetoha libōpuoa tse rarahaneng tseo ho tsona motho e leng eena ea bohlale ka ho fetisisa. Tlhaloso ena ea boraro ke eona e sebelisitsoeng bakeng sa polelo “ho iphetola ha lintho” sehloohong sena.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

      Space photo: J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA

  • Puisano le Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang
    Tsoha!—2006 | September
    • Puisano le Setsebi sa Tšebetso ea Lik’hemik’hale Linthong Tse Phelang

      KA 1996, Michael J. Behe, eo hona joale e leng moprofesa lefapheng la tšebetso ea lik’hemik’hale linthong tse phelang Univesithing ea Lehigh, e Pennsylvania, U.S.A., o ile a lokolla buka e reng Darwin’s Black Box—The Biochemical Challenge to Evolution. Tsoha! (ea Senyesemane) ea May 8, 1997, e na le letoto la lihlooho tlas’a sehlooho se seholo se reng “Re Bile Teng Joang?—Na e Bile ka Tšohanyetso Kapa ka Morero?” tse buang ka buka eo ea Behe. Nakong ea lilemo tse leshome buka eo ea Darwin’s Black Box e hatisitsoe, bo-rasaense ba buellang ho iphetola ha lintho ba ’nile ba leka ka matla ho hanyetsa mabaka a fanoeng ke Behe. Bahlahlobisisi ba ’nile ba mo nyatsa ka hore o lumeletse tumelo ea hae—kaha ke Moroma oa K’hatholike—hore e pupetse kahlolo ea hae ea saense. Ba bang ba re lintho tseo a li buileng ha li lumellane le saense. Tsoha! e buisane le Moprofesa Behe ho fumana hore na ke hobane’ng ha maikutlo a hae a tsositse khang e joalo.

      TSOHA!: KE HOBANE’NG HA U NAHANA HORE BOPHELO BO FANA KA BOPAKI BA HORE LINTHO LI QAPILOE KA TSELA E BOHLALE?

      MOPROFESA BEHE: Neng le neng ha re bona ntho e rarahaneng e sebetsa ka tsela e hlophisehileng, re fihlela qeto ea hore ho na le motho ea e qapileng. Ka mohlala, nahana ka mechine eo re e sebelisang letsatsi le leng le le leng—mochine o kutang mohloa, koloi kapa esita le lintho tse ling tse tloaelehileng. Ke rata ho etsa mohlala ka selakheitere sa litoeba. U etsa qeto ea hore se qapiloe ke motho hobane u bona tsela eo se entsoeng ka eona hore se phethe morero oa ho pitla toeba.

      Hona joale saense e se e hatetse pele hoo e seng e sibolotse moralo oa lintho tse phelang. ’Me ntho e makatsang le ho feta ke hore bo-rasaense ba fumane limolek’hule tsa lintho tse phelang li sebetsa joaloka mochine o rarahaneng. Ka mohlala, liseleng tsa lintho tse phelang ho na le limolek’hule tse nyenyane tse kang literaka tse nkang lintho seleng e ’ngoe ho li isa ho e ’ngoe. Ho na le limolek’hule tse ling tse nyenyane tse sebetsang joaloka matšoao a tsela ho bolella literaka tsena hore li thinyetse ka ho le letona kapa ho le letšehali. Lisele tse ling li na le limolek’hule tse kang lienjene tse nyenyane tse tsamaisang lisele mokelikeling. Maemong a tloaelehileng, ha batho ba bona bopaki ba ho sebetsa ha ntho e rarahaneng joalo, ba etsa qeto ea hore e entsoe. Ha re na tlhaloso e ’ngoe bakeng sa ho rarahana hona, ho sa tsotellehe hore na khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho e ruta eng. Kaha kamehla re fihlela qeto e tšoanang ka lintho tse fanang ka bopaki ba hore li entsoe, hoa utloahala ho nahana hore tsela eo limolek’hule tsena li sebetsang ka eona e entsoe ka bohlale.

      TSOHA!: U NAHANA HORE KE HOBANE’NG HA BOHOLO BA BO-MPHATO OA HAO BA HANANA LE UENA QETONG EA HAO EA HORE LINTHO LI QAPILOE KA TSELA E BOHLALE?

      MOPROFESA BEHE: Bo-rasaense ba bangata ha ba lumellane le qeto ea ka hobane baa lemoha hore khopolo ea hore lintho li qapiloe ka tsela e bohlale e fetela ka nģ’ane ho tsebo ea saense—e supa mohloli o phahameng ho feta oa tlhaho. Qeto ena e kukunela batho ba bangata. Leha ho le joalo, ke ’nile ka rutoa hore saense e lokela ho latela bopaki hohle moo bo lebisang teng. Kamoo ke bonang kateng, ke ho ba lekoala ho ikhula nthong e nang le bopaki bo matla hobane feela motho a nahana hore qeto eo e tla thunthetsa filosofi.

      TSOHA!: U ARABA JOANG BA U NYATSANG KA HORE HO AMOHELA KHOPOLO EA HORE LINTHO LI QAPILOE KA TSELA E BOHLALE HO BONTŠA HO HLOKA TSEBO?

      MOPROFESA BEHE: Qeto ea hore lintho li qapiloe ha kea e fihlela ka lebaka la ho hloka tsebo. Ha kea e fihlela ka lebaka la seo re sa se tsebeng; ke e fihletse ka lebaka la seo re se tsebang. Ha Darwin a ne a hatisa buka ea The Origin of Species lilemong tse 150 tse fetileng, bophelo bo ne bo bonahala eka ha boa rarahana. Bo-rasaense ba ne ba nahana hore sele ha ea rarahana hoo e ka itlhahelang feela seretseng sa leoatle. Empa ka mor’a moo, saense e ’nile ea sibolla hore sele e rarahane ka tsela e hlollang, e rarahane ho feta mochine leha e le ofe o entsoeng lekholong la bo21 la lilemo. Ntho e rarahaneng joalo empa e sebetsa ka botlalo e paka hore e entsoe ka morero.

      TSOHA!: NA SAENSE E FANE KA BOPAKI LEHA E LE BOFE BA HORE HO IPHETOLA HA LINTHO KA TSELA EO TLHAHO E KHETHANG TSE TLA ATLEHA TIKOLOHONG KE HONA HOO E KA ’NANG EABA HO HLAHISITSE LIMOLEK’HULE TSE RARAHANENG TSEO U BUILENG KA TSONA TSE SEBETSANG JOALOKA MOCHINE?

      MOPROFESA BEHE: Haeba u ka batlisisa libukeng tsa saense, u tla fumana hore ha ho motho ea kileng a etsa boiteko bo tiileng ba ho batla tlhaloso—ka ho etsa liteko kapa ka ho latela tlhaloso e feletseng ea saense—ea hore na limolek’hule tse sebetsang joaloka mochine li bile teng joang ho latela tlhaloso ea Darwin. Ho ntse ho le joalo le hoja lilemong tsena tse leshome buka ea ka e hatisitsoe, mekhatlo e mengata ea saense, e kang National Academy of Sciences le American Association for the Advancement of Science, e ’nile ea etsa boipiletso bo matla ba hore litho tsa eona li etse sohle se matleng a tsona ho loantša khopolo ea hore lintho tse phelang li fana ka bopaki ba hore li qapiloe ka tsela e bohlale.

      TSOHA!: U ARABA JOANG BA SUPANG LITŠOBOTSI TSE ITSENG TSA LIMELA KAPA LIPHOOFOLO TSEO BA RENG HA LIA ETSOA HANTLE?

      MOPROFESA BEHE: Ho se tsebe hore na ke hobane’ng ha ntho e phelang e e-na le tšobotsi e itseng ha ho bolele hore hase ea bohlokoa. Ka mohlala, ho kile ha nahanoa hore litho tseo ho neng ho thoe ha li sebetse letho ’meleng ke bopaki ba hore ’mele oa motho le oa lintho tse ling tse phelang ha e ea etsoa hantle. Mohlala ke lelana le litemetoane, tseo ho kileng ha nahanoa hore ke litho tse sa sebetseng letho ’meleng ’me li ntšoa. Empa ho ile ha sibolloa hore litho tsena li phetha karolo e khōlō tsamaisong ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ’me hona joale li se li nkoa e le tsa bohlokoa.

      Ntlha e ’ngoe eo re lokelang ho e hopola ke hore linthong tse phelang, ho na le lintho tse ling tse iketsahallang feela tjee. Empa taba ea hore ho na le moo koloi e khobehileng teng kapa hore e panchetsoe ke thaere ha e bolele hore koloi eo kapa eona thaere ha ea etsoa ke motho. Ka ho tšoanang, taba ea hore lintho tse ling li etsahala e se ka morero linthong tse phelang ha e bolele hore tšebetso e tsoetseng pele le e rarahaneng ea limolek’hule tse sebetsang joaloka mochine linthong tse phelang e iketsahaletse feela tjee. Ruri ha ho utloahale ho fana ka lebaka le joalo.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

      “Kamoo ke bonang kateng, ke ho ba lekoala ho ikhula nthong e nang le bopaki bo matla hobane feela motho a nahana hore qeto eo e tla thunthetsa filosofi”

  • Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?
    Tsoha!—2006 | September
    • Na Khopolo ea Hore Lintho li Iphetotse ke ’Nete?

      MOPROFESA Richard Dawkins, rasaense ea hlaheletseng oa thuto ea ho iphetola ha lintho o re: “Taba ea ho iphetola ha lintho ke ea sebele feela joaloka ho chesa ha letsatsi.” Ke ’nete hore liteko tse etsoang le ho hlokomela se etsahalang ho fana ka bopaki ba hore letsatsi lea chesa. Empa na ho etsa liteko le ho hlokomela se etsahalang ho fana ka bopaki ba hore thuto ea ho iphetola ha lintho le eona ke ’nete?

      Pele re araba potso eo, re lokela ho hlakisa taba e itseng. Bo-rasaense ba bangata ba hlokometse hore ha nako e ntse e feta, lintho tse itseng tse phelang li ka ’na tsa fetoha hanyenyane ha li ntse li ikatisa. Charles Darwin o bitsa sena “ho fetoha ha sebōpeho ha lintho li ntse li hlahlamana.” Ho ’nile ha hlokomeloa liphetoho tseo, tsa ngoloa fatše ha ho etsoa liteko, tsa ba tsa sebelisoa ka bohlale ke ba nyalanyang limela le liphoofolo.a Liphetoho tsena li ka nkoa e le tsa sebele. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bitsa liphetoho tseo tse nyenyane “ho iphetola ho honyenyane ha lintho.” Esita le eona tlhaloso ena e lumellana le maikutlo a bo-rasaense ba bangata a hore liphetoho tsena tse nyenyane li fana ka bopaki ba ketsahalo e ’ngoe hape, eo ho seng motho ea kileng a e bona, eo ba e bitsang ho iphetola ho hoholo ha lintho.

      Taba ke hore Darwin o ile a fetela ka nģ’ane ho liphetoho tsena tse hlokomelehang. O ngotse tjena bukeng ea hae e tsebahalang ea The Origin of Species: “Ha ke nke hore lintho tsohle tse phelang li bōpiloe ka ho khetheha, empa ke nka hore li hlahile linthong tse seng kae tse phelang.” Darwin o itse ha nako e telele e ntse e feta, ‘lintho tsena tse seng kae’ tse qalang, kapa tse bitsoang lintho tse phelang tse sa rarahanang, butle-butle li ile tsa iphetola—ka “liphetoho tse nyenyane haholo”—ho fihlela li hlahisitse lintho tse limilione tse phelang lefatšeng. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba ruta hore ho iphetola hona ho honyenyane ho ile ha ’na ha eketseha ho fihlela ho entse liphetoho tse khōlō tse neng li hlokahala hore litlhapi li fetohe liphoofolo tse phelang metsing le ka ntle ho metsi, le hore litšoene li fetohe batho. Liphetoho tsena tse khōlō tseo ho thoeng li etsahetse ke tsona tseo ho thoeng ke ho iphetola ho hoholo ha lintho. Ho ba bangata, tlhaloso ena ea bobeli ke eona e utloahalang. Baa ipotsa, ‘Haeba liphetoho tse nyenyane li ka etsahala mofuteng o le mong, ke hobane’ng ha ho iphetola ha lintho ho sa hlahise liphetoho tse khōlō ha nako e ntse e feta?’b

      Thuto ea ho iphetola ho hoholo ha lintho e itšetlehile likhopolong tse tharo:

      1. Liphetoho tse bang teng li tsoala se hlokahalang ho hlahisa mefuta e mecha.c

      2. Tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e hlahisa mefuta e mecha.

      3. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e fana ka bopaki ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho limeleng le liphoofolong.

      Na bopaki ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho bo matla hoo bo ka nkoang e le ’nete?

      Na Liphetoho Tse Bang Teng li ka Hlahisa Mefuta e Mecha?

      Boitsebiso bo bongata ba semela kapa ba phoofolo bo laoloa ke litaelo tse liphatseng tsa lefutso tse fumanoang khubung ea sele ka ’ngoe.d Bafuputsi ba sibolotse hore liphetoho tse bang teng—kapa tse bang teng ka seoelo—liphatseng tsa lefutso li ka hlahisa liphetoho tse itseng limeleng le liphoofolong tse latelang. Ka 1946, Hermann J. Muller, ea ileng a hapa Khau ea Nobel e bile e le mothehi oa thuto ea ho iphetola ha liphatsa tsa lefutso, o ile a re: “Hase feela hore liphetoho tsena tse etsahalang seoelo, tseo boholo ba tsona li leng nyenyane ke oona mokhoa o ka sehloohong o sebelisoang ho ntlafatsa liphoofolo le limela, ha e hantle, ke tsela ea tlhaho eo lintho li iphetotseng ka eona ho latela khetho ea tlhaho.”

      Ka sebele, thuto ea ho iphetola ho hoholo ha lintho e thehiloe khopolong ea hore liphetoho tse bang teng li ka hlahisa mefuta e mecha tsa ba tsa hlahisa malapa a macha ka ho feletseng a limela le liphoofolo. Na ho na le mokhoa oo ka oona re ka hlahlobang hore see se buuoang ka sebete ke ’nete? Ak’u nahane ka se sibolotsoeng ke lipatlisiso tse entsoeng ka lilemo tse ka bang lekholo liphatseng tsa lefutso.

      Ho ella bofelong ba lilemo tsa bo-1930, bo-rasaense ba ile ba amohela ka mafolofolo khopolo ea hore haeba liphetoho tse etsahalang seoelo tseo tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e itseng ka eona li hlahisa mefuta e mecha, joale motho o lokela ho atleha le ho feta ho fetola liphatsa tsa lefutso, kapa ho laola tsela eo li fetohang ka eona. Wolf-Ekkehard Lönnig, rasaense oa Max Planck Institute for Plant Breeding Research, e Jeremane, eo Tsoha! e buisaneng le eena o ile a re: “Litsebi tsa baeloji, litsebi tsa liphatsa tsa lefutso le ba nyalanyang limela le liphoofolo ba ile ba nyakalla haholo.” Ba ne ba nyakalatsoa ke eng? Lönnig, ea qetileng lilemo tse ka bang 28 a ithuta ka ho fetoha ha liphatsa tsa lefutso limeleng o itse: “Bafuputsi bana ba ile ba nka hore nako e fihlile ea hore ba fetole mokhoa oo ho neng ho hlahisoa limela le ho tsoalisa liphoofolo ka oona. Ba ile ba nahana hore ka ho khetha le ntlafatsa liphatsa tsa lefutso, ba ka hlahisa limela le liphoofolo tse ncha, tse bileng li leng hantle ho feta tsa pele.” e

      Bo-rasaense ba United States, Asia le Europe ba ile ba qala mananeo a lipatlisiso a neng a tšehelitsoe hantle ka lichelete, ba sebelisa mekhoa eo ba neng ba tšepa hore e tla potlakisa ho iphetola ha limela le liphoofolo. Ka mor’a lilemo tse fetang tse 40 ba ntse ba etsa lipatlisiso tse matla, liphello e bile life? Mofuputsi Peter von Sengbusch, o re: “Ho sa tsotellehe lichelete tse ngata-ngata tse sebelisitsoeng, boiteko ba ho sebelisa mahlaseli ho hlahisa mefuta e sa tšoaneng e ntlafetseng, bo hlōlehile ka ho soabisang.” Lönnig o itse: “Lilemong tsa bo-1980, tšepo eo bo-rasaense ba neng ba e-na le eona le nyakallo ea bona li ile tsa fela lefatšeng ka bophara. Linaheng tsa Bophirimela, lefapha le ikemetseng la ho hlahisa mefuta e meng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso le ile la koaloa. Hoo e batlang e le limela le liphoofolo tsohle tse hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso ‘li ne li sa khahlise,’ ka mantsoe a mang, li ile tsa shoa kapa ea e-ba tse fokolang haholo ha li bapisoa le tsa tlhaho.”f

      Leha ho le joalo, boitsebiso bo bokeletsoeng lilemong tse ka bang lekholo tseo ho entsoeng lipatlisiso ka liphetoho tse bang teng ka kakaretso liphatseng tsa lefutso, le tse 70 tseo ho entsoeng lipatlisiso ka ho nyalanya liphatsa tsa lefutso tse sa tšoaneng bo thusitse bo-rasaense ka ho khetheha hore ba fihlele qeto mabapi le hore na liphetoho tse bang teng li ka hlahisa mefuta e mecha na. Ka mor’a ho hlahloba bopaki bo teng, Lönnig o fihletse qeto ena: “Liphetoho tse bang teng li ke ke tsa fetola mofuta oa qalong [oa semela kapa oa phoofolo] hore e be o mocha ka ho feletseng. Qeto ena e lumellana le sohle se entsoeng le se fumanoeng ha ho etsoa lipatlisiso lekholong la bo20 la lilemo ka liphetoho tse bang teng liphatseng tsa lefutso limeleng le liphoofolong, ebile e lumellana le melao ea se ka ’nang sa etsahala. Ka hona, mokhoa o lulang o ipheta-pheta oa phetoho o bontša hore mefuta e fapaneng le e meng ka liphatsa tsa lefutso e na le meeli e ke keng ea tlosoa kapa ea tlōloa ka lebaka la liphetoho tse ka itlhahelang feela.”

      Nahana ka bohlokoa ba linnete tse tšohliloeng ka holimo. Haeba bo-rasaense ba rutehileng ba hlōleha ho hlahisa mefuta e mecha ka ho khetha le ho ntlafatsa liphatsa tsa lefutso, na monyetla o teng oa hore mokhoa feela tjee o seng bohlale o phethe seo? Haeba lipatlisiso li bontša hore liphetoho tse etsoang li ke ke tsa fetola mofuta oa qalong ho o etsa o mocha ka ho feletseng, joale ebe ho ne ho ka etsahala joang hore ho be le ho iphetola ho hoholo ha lintho?

      Na Tsela ea Tlhaho ea ho Khetha Lintho e Hlahisa Mefuta e Mecha?

      Darwin o ne a lumela hore seo a se bitsang tsela ea tlhaho ea ho khetha lintho tse tla atleha tikolohong e itseng e ne e tla tsoela lintho tse loketseng ho phela tikolohong e itseng molemo, ha tse sa tšoaneleheng tsona li ne li tla qetella li shoele. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho kajeno ba ruta hore ha mefuta e itseng e ntse e ata ’me e ikarola ho e meng, tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong ka eona e ile ea khetha tseo liphatsa tsa tsona tsa lefutso li neng li tla fetoha ka tsela e tla lumellana le tikoloho e ncha. Ka hona, ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba lumela hore lihlopha tsena tse ikarotseng qetellong li ile tsa fetoha mefuta e mecha ka ho feletseng.

      Joalokaha ho se ho bontšitsoe, bopaki boo lipatlisiso li fanang ka bona bo bontša hantle hore liphetoho tse bang teng li ke ke tsa hlahisa mefuta e mecha ka ho feletseng ea limela kapa ea liphoofolo. Leha ho le joalo, ke bopaki bofe boo ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba fanang ka bona ho tšehetsa thuto ea hore tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong ke eona e khethang tse lokileng bakeng sa ho fetoha e le hore ho hlahe mefuta e mecha? Bukana e hatisitsoeng ka 1999 ke National Academy of Sciences (NAS) e United States e re: “Mohlala o ikhethang oa ho hlaha ha mofuta o mocha [ho ba teng ha mefuta e mecha ka ho iphetola ha lintho] o akarelletsa mefuta e 13 ea lithaha eo Darwin a ithutileng eona Lihlekehlekeng Tsa Galápagos, tseo hona joale li tsejoang e le lithaha tsa Darwin.”

      Ka bo-1970, sehlopha sa bafuputsi se neng se eteletsoe pele ke Peter le Rosemary Grant se ile sa qala ho ithuta lithaha tsena ’me sa sibolla hore ka mor’a selemo se seng sa komello, lithaha tse nang le melomo e meholoanyane li ile tsa pholoha habobebe ho feta tse melomo e menyenyane. Kaha boholo le sebōpeho sa melomo ke tsela e ’ngoe ea tse ka sehloohong tse khethollang mefuta e 13 ea lithaha, ho ile ha nkoa sena se sibolotsoeng e le sa bohlokoa. Bukana eo e tsoela pele: “Ba ha Grant ba ile ba hakanya hore haeba lilemong tse ling le tse ling tse 10, selemo se le seng e ne e ka ba sa komello lihlekehlekeng tsena, ho ne ho tla hlaha mofuta o mocha oa thaha ka mor’a lilemo tse 200.”

      Leha ho le joalo, bukana eo ea NAS ha e bue ka lintlha tsa bohlokoa tse behang taba ena ka mosing. Lilemong tse latelang tsa komello, lithaha tse melomo e menyenyane li ile tsa boela tsa e-ba ngata ho feta tse ling. Ka hona, Peter Grant le Lisle Gibbs, ea neng a sa tsoa qeta lithuto tsa hae, ba ile ba ngola makasineng ea saense e bitsoang Nature ka 1987 hore ba bone “phetoho tseleng eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha ho phela tikolohong ka eona.” Ka 1991, Grant o ile a ngola hore neng le neng ha boemo ba leholimo bo fetoha, “palo ea linonyana ea phahama le ho fokotseha ho latela tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha ka eona tikolohong.” Bafuputsi ba ile ba boela ba hlokomela hore lithaha tsa “mefuta” e meng li ile tsa nyalana ’me tsa hlahisa malinyane a ileng a atleha ho li feta. Peter le Rosemary Grant ba ile ba etsa qeto ea hore haeba lithaha tsa mefuta e sa tšoaneng li ka lula li nyalana, ho ka nka lilemo tse 200 hore “mefuta” e ’meli e qetelle e hlahisitse o mong.

      Khale ka 1966, setsebi sa baeloji se buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, George Christopher Williams, se ile sa ngola: “Ke bomalimabe hore ebe tlhaloso ea tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e itseng ka eona e sebeliselitsoe ho hlalosa liphetoho tse bang teng ka ho iphetola ha lintho. Ke ea bohlokoa haholo ho hlaloseng liphetoho tse etsahalang linthong tse phelang hore li lule li ikamahanya le maemo.” Jeffrey Schwartz, ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, ka 1999 o ile a ngola hore haeba qeto ea Williams e nepahetse, tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong ka eona e ka thusa mefuta e itseng ho ikamahanya le sebaka le maemo a sona, empa “e seng ho hlahisa mofuta o mocha.”

      Ka sebele, lithaha tsa Darwin hase “mofuta o mocha.” E ntse e le lithaha. ’Me taba ea hore mefuta ena ea nyalana e hlahisa pelaelo mokhoeng oo ba bang ba buellang ho iphetola ha lintho ba hlalosang mofuta ka mong ka eona. Ho phaella moo, li senola ’nete ea hore esita le mekhatlo e nkeloang holimo ea bo-rasaense e ntse e ka fana ka tlaleho e leeme.

      Na Tlaleho ea Mesaletsa ea Lintho Tsa Khale e Paka Hore ho Bile le ho Iphetola ho Hoholo ha Lintho?

      Bukana eo ho buileng ka eona pejana ea NAS e siea ’mali le maikutlo a hore mesaletsa ea lintho tsa khale e fumanoeng ke bo-rasaense e fana ka bopaki bo matla ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho. E re: “Ho ’nile ha fumanoa mefuta e mengata e lipakeng tsa litlhapi le liphoofolo tse phelang metsing le ka ntle ho metsi, e lipakeng tsa tse phelang metsing le ka ntle ho metsi le lihahabi, e lipakeng tsa lihahabi le tse anyesang, hammoho le ho mefuta e meng ea tse anyesang tseo hangata ho leng thata ho li lihela sehlopheng se itseng ha li fetoha ho tloha mofuteng o mong li fetela ho o mong.”

      Polelo ena e builoeng ka sebete ea makatsa. Hobane’ng? Ka 2004, National Geographic e ile ea hlalosa tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e tšoana le ha “e se na litšoantšo tse 999 ho tse 1 000 tse nkiloeng ho bontša taba ea ho iphetola ha lintho.” Na seo se le seng se setseng ho tse sekete se hlile se fana ka bopaki ba hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho? Ha e le hantle tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale e bontša eng? Niles Eldredge, ea buellang ka matla khopolo ea ho iphetola ha lintho, oa lumela hore tlaleho e bontša hore ka nako e telele, “ho ba le ho iphetola ho fokolang kapa ho hang ha ho be teng mefuteng e mengata.”

      Ho fihlela hona joale, lefatšeng ka bophara bo-rasaense ba epolotse le ho ngola ka mesaletsa ea khale ea lintho tse khōlō tse limilione tse 200 le mesaletsa ea lintho tse nyenyane tse limilione tse likete. Bafuputsi ba bangata ba lumela hore tlaleho ena e pharaletseng le e nang le boitsebiso bo qaqileng e bontša hore lihlopha tse ka sehloohong tsa liphoofolo li ile tsa e-ba teng hang ’me tsa lula li sa fetohe, ’me tse ngata tsa tsona li ile tsa nyamela ka tšohanyetso joalokaha li hlahile. Ka mor’a ho hlahloba bopaki ba tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale, setsebi sa baeloji, Jonathan Wells o ngotse: “Ho hlakile hore hase ’nete e ka pakoang hore mefuta-kakaretso, lihlopha le masika a lintho tse phelang li ile tsa ’na tsa fetoha ho tsoa ho moholo-holo a le mong. Ho latela bopaki bo fanoeng ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale le bopaki ba limolek’hule, ha ho letho le tšehetsang khopolo ena.”

      Ho Iphetola ha Lintho—’Nete Kapa Khopolo-taba?

      Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hlahelletseng ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba tsitlella taba ea hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho? Ka mor’a ho nyatsa tsela eo Richard Dawkins a behang mabaka ka eona, ’muelli ea nang le tšusumetso e matla oa khopolo ea ho iphetola ha lintho, Richard Lewontin, o ile a ngola hore bo-rasaense ba bangata ba ikemiselitse ho amohela lithuto tsa saense tse sa utloahaleng “hobane re se re itlamme ka ho lumela hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela.”g Bo-rasaense ba bangata ba hana le ho nahana feela ka monyetla oa hore e ka ’na eaba Moqapi ea bohlale o teng, hobane joalokaha Lewontin a ngotse, “re ke ke ra lumela khopolo ea hore e ka ’na eaba Molimo o teng.”

      Tabeng ena, setsebi litabeng tsa kahisano, Rodney Stark, ea qotsitsoeng ho Scientific American o re: “Ka lilemo tse 200, ho ’nile ha khothalletsoa hore haeba motho a batla ho ba rasaense, o lokela ho tlosa kelello ea hae litabeng tsa bolumeli.” O ile a boela a re liunivesithing tse etsang lipatlisiso, “balumeli ba koala melomo” ha “ba sa lumeleng bona ba khetholla ba lumelang.” Ho ea ka Stark, “sehlopheng sa batho ba phahameng [ho tsa saense], motho ea sa lumeleng o rua molemo.”

      Haeba u lumela hore thuto ea hore ho bile le ho iphetola ho hoholo ha lintho ke ’nete, joale u lokela ho lumela hore bo-rasaense ba belaellang boteng ba Molimo, kapa ba reng Molimo ha a eo, ba ke ke ba lumella seo ba se lumelang hore se susumetse tsela eo ka eona ba hlalosang seo saese e se sibolotseng. U lokela ho lumela hore liphetoho tse bileng teng linthong tse phelang le tsela eo tlhaho e khethang lintho tse tla atleha tikolohong e itseng ka eona, ke tsona tse hlahisitseng mefuta-futa e rarahaneng ea lintho tse phelang, le hoja liphuputso tse entsoeng ka lilemo tse lekholo le ho ithuta ka liphoofolo le limela tse limilione tse likete ho bontša hore liphetoho tse bileng teng ha lia fetola mofuta leha o le mong ho hlahisa o mocha ka ho feletseng. U lokela ho lumela hore lintho tsohle tse phelang butle-butle li ile tsa iphetola ho tloha ho moholo-holo a le mong, ho sa tsotellehe bopaki bo fanoang ke tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale ba hore mefuta e ka sehloohong ea limela le liphoofolo e hlahile hang ’me ha ea ka ea iphetolela mefuteng e meng, esita le ka mor’a lilemo tse ngata-ngata. Na tumelo e joalo e utloahala e thehiloe ’neteng kapa e utloahala e le khopolo-taba?

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Batho ba nyalanyang lintja ba ka khetha mefuta e itseng bakeng sa lintja tsa bona e le hore qetellong ho ka ba le lintja tse maoto a makhutšoaane kapa tse nang le boea bo bolelele ho feta tse li tsoetseng. Leha ho le joalo, liphetoho tseo batho bana ba ka li hlahisang ka ho nyalanya lintja hangata li bakoa ke ho se sebetse hantle ha liphatsa tse ling tsa lefutso. Ka mohlala, hore ebe ntja ea dachshund e chelletse ho bakiloe ke ho se hōle hantle ha lefufuru, ho etsang hore e be khutšoanyane haholo.

      b Le hoja sehloohong sena ho sebelisitsoe lentsoe “mefuta” khafetsa, re lokela ho hlokomela hore bukeng ea Genese e ka Bibeleng, ha le sebelisoe ho latela tsela eo le sebelisoang ka eona litlhalosong tsa saense. Hangata, seo bo-rasaense ba khethang ho se bitsa ho iphetola ha lintho ho ba mefuta e mecha ke feela ho fapana ho itseng hona ‘mefuteng’ eo tlaleho ea Genese e buang ka eona.

      c Bona lebokose le reng “Kamoo Lintho Tse Phelang li Aroloang ka Mefuta ea Tsona.”

      d Liphuputso li bontša hore lero la sele, lera la eona le likarolo tse ling li phetha karolo ea bohlokoa ho faneng ka sebōpeho sa ntho e phelang.

      e Se boletsoeng ke Lönnig sehloohong sena ke maikutlo a hae, hase maikutlo a Max Planck Institute for Plant Breeding Research.

      f Liteko tsa ho fetola liphatsa tsa lefutso li bontšitse ka makhetlo hore mefuta e mecha e hlahisoang e lula e fokola, ha mefuta e tšoanang eona e lula e hlaha. Sena se entse hore Lönnig a qape seo a reng ke “mokhoa o lulang o ipheta-pheta oa phetoho.” Ho phaella moo, ho ile ha khethoa tse ka tlaase ho phesente e le ’ngoe ho tsona, ’me ha fumanoa hore ho tseo, tse ka isoang ’marakeng ke tse fokolang haholo. Ho hlahisa mofuta o mocha ka ho fetola liphatsa tsa lefutso ho bile le liphello tse mpe liphoofolong ho feta limeleng, ’me mokhoa oo o ile oa khaotsoa.

      g Tumelo ea hore lintho tse teng ke tse bonahalang feela, ke thuto e rutang hore lintho tsohle tse teng bokahohleng, ho akarelletsa le tsohle tse phelang, li bile teng ntle le ho kenella ha matla a itseng a phahametseng tlhaho.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 15]

      “Liphetoho tse bang teng li ke ke tsa fetola mofuta oa qalong [oa semela kapa oa phoofolo] hore e be o mocha ka ho feletseng”

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]

      Qeto eo re ka e fihlelang ho latela lithaha tsa Darwin ke ea hore mefuta e itseng e ka ikamahanya le maemo a leholimo

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

      Ho ea ka tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale, lihlopha tsohle tse ka sehloohong tsa liphoofolo li ile tsa hlaha hang ’me tsa lula li sa fetoha

      [Chate e leqepheng la 14]

      (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

      KAMOO LINTHO TSE PHELANG LI AROLOANG KA MEFUTA EA TSONA

      Lintho tse phelang li aroloa ka lihlopha tse ntseng li hōla ho ea pele, ho tloha mofuteng o tobileng ho ea ho mofuta-kakaretso.h Ka mohlala, bapisa mokhoa oo batho le lintsintsi tsa litholoana ba aroloang ka oona lethathamong le ka tlaase.

      BATHO LINTSINTSI TSA LITHOLOANA

      Mefuta sapiens melanogaster

      Mefuta Eabo Eona Homo Drosophila

      Lelapa Drosophilids

      Leloko Primates Diptera

      Lesika Lianyisi Likokoanyana

      Sehlopha Chordates Arthropods

      Mofuta-kakaretso Liphoofolo Liphoofolo

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      h Tlhokomeliso: Genese khaolo ea 1 e bolela hore limela le liphoofolo li ne li tla ikatisa “ka mefuta ea tsona.” (Genese 1:12, 21, 24, 25) Leha ho le joalo, lentsoe “mofuta,” leo Bibele e le sebelisitseng hase lentsoe la saense ’me ha lea lokela ho ferekanngoa le tlhaloso ea saense ea “mefuta.”

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      Chate e thehiloeng bukeng ea Icons of Evolution—Science or Myth? Why Much of What We Teach About Evolution Is Wrong, e ngotsoeng ke Jonathan Wells.

      [Litšoantšo tse leqepheng la 15]

      Ntsintsi ea litholoana e hlahisitsoeng ka ho fetola liphatsa tsa lefutso (e ka holimo), le hoja e e-na le bokooa bo itseng, e ntse e le ntsintsi ea litholoana

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      © Dr. Jeremy Burgess/Photo Researchers, Inc.

      [Litšoantšo tse leqepheng la 15]

      Liteko tsa ho fetola liphatsa tsa lefutso limeleng li bontšitse ka makhetlo hore limela tse hlahang bocha lia fokola, le hona ho lula ho hlaha mefuta e tšoanang (Palesa e fetotsoeng e na le thunthung e khōlō)

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

      From a Photograph by Mrs. J. M. Cameron/ U.S. National Archives photo

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

      Finch heads: © Dr. Jeremy Burgess/ Photo Researchers, Inc.

      [Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]

      Dinosaur: © Pat Canova/Index Stock Imagery; fossils: GOH CHAI HIN/AFP/Getty Images

  • Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mōpi o Teng
    Tsoha!—2006 | September
    • Lebaka Leo re Lumelang Hore ’Mōpi o Teng

      Litsebi tse ngata mafapheng a sa tšoaneng a saense lia hlokomela hore lintho tsa tlhaho li entsoe ka bohlale. Li nka e le ho sa utloahaleng ho nahana hore lintho tse rarahaneng ka tsela e hlollang tse phelang lefatšeng, li itlhahetse feela tjee. Ka hona, bo-rasaense le bafuputsi ba bangata ba lumela hore ’Mōpi o teng.

      Ba bang ba bona ke Lipaki Tsa Jehova. Ba lumela hore Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng ke Moqapi le Moetsi oa lintho tse bokahohleng. Ke’ng se entseng hore ba fihlele qeto eo? Tsoha! e ile ea buisana le ba bang ba bona. U ka ’na ua fumana seo ba se buileng se thahasellisa.a

      ‘Lintho Tse Phelang li Rarahane ka Tsela e ke Keng ea Lekanngoa’

      ◼ WOLF-EKKEHARD LÖNNIG

      PALE EA BOPHELO: Ke qetile lilemo tse 28 tse fetileng ke sebetsana le saense ea ho fetola liphatsa tsa lefutso limeleng. Lilemong tseo, ke qetile tse 21 ke sebeletsa Max Planck Institute for Plant Breeding Research e Cologne, Jeremane. Ke sebelelitse ke le moholo ka phuthehong ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova ka lilemo tse ka bang mashome a mararo.

      Seo ke se fumanang ha ke ntse ke batlisisa ka liphatsa tsa lefutso le seo ke ithutileng sona ka tsela eo litho tsa ’mele li sebetsang ka eona le eo limela le liphoofolo li bōpehileng ka eona, se ntlhokomelisa kamoo lintho tse phelang li rarahaneng ka tsela e ke keng ea lekanngoa kateng. Ho ithuta ha ka lintho tsena ho nkholisitse le ho feta hore lintho tse phelang, esita le tse sa rarahanang, e tlameha ebe li entsoe ka bohlale.

      Bo-rasaense baa hlokomela hore lintho tse phelang li rarahane. Empa hangata linnete tsena tse hlollang li sebelisoa ho tšehetsa khopolo ea ho iphetola ha lintho. Empa ho ea ka ’na, mabaka a tšetlehoang ho loantša tlaleho ea Bibele ea pōpo a fella moeeng ha a hlahlobisisoa ka tsela ea saense. Ke qetile lilemo tse mashome ke hlahloba mabaka ana a tšetlehoang. Ka mor’a ho ithuta ka hloko lintho tse phelang le ho nahanisisa kamoo melao e laolang bokahohleng ho bonahalang e lumellana ka ho feletseng kateng ho etsa hore ho be le bophelo mona lefatšeng, ke ikutloa ke tlameha ho lumela hore ’Mōpi o teng.

      “Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe eo ke e Bonang e Entsoe”

      ◼ BYRON LEON MEADOWS

      PALE EA BOPHELO: Ke lula United States ’me ke sebetsa lefapheng la laser physics, National Aeronautics and Space Administration. Hona joale ke tšoarahane le ho hlahisoa ha theknoloji e ntlafatsang ho lekola tlelaemete ea lefatše, boemo ba leholimo le se etsahalang lipolaneteng tse ling. Ke moholo ka phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova e Kilmarnock, tikolohong ea Virginia.

      Ke sebelisa melao-motheo ea fisiks hangata ha ke ntse ke etsa lipatlisiso. Ke leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha lintho tse itseng li etsahala le hore na li etsahala joang. Lefapheng leo ke sebetsang ho lona, ke fumana bopaki bo hlakileng ba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e bonang e entsoe. Ke lumela hore ho na le bopaki bo utloahalang ba saense ho amohela hore Molimo o bōpile lintho tsohle tsa tlhaho. Melao ea tlhaho e tsitsitse hoo ke tlamehang ho lumela hore e raliloe ke Mohlophisi, e leng ’Mōpi.

      Joale ke hobane’ng ha bo-rasaense ba bangata ba lumela khopolo ea ho iphetola ha lintho empa taba ee e hlakile hakaale? Ebe mohlomong ke hobane ba buellang khopolo eo ba entse qeto le pele ba hlahloba mabaka? Seo se etsahala ka makhetlo ho bo-rasaense. Empa le haeba motho a kholisehile ka boemo boo a bo lekotseng, seo ha se tiise hore o tla etsa qeto e nepahetseng. Ka mohlala, motho ea batlisisang ka laser physics a ka ’na a tsitlella hore khanya e tsamaea ka leqhubu le kang la molumo, hobane khanya e atisa ho hlahella e le leqhubu. Empa ho etsa qeto eo ho tla be ho siile lintlha tse ling ka thōko hobane bopaki bo boetse bo bontša hore khanya e hlahella e le sehlopha sa mahlaseli a khanya. Ka ho tšoanang, ba tsitlellang hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ke ’nete ba thehile qeto ea bona bopaking bo sa fellang, ’me ba lumeletse maikutlo a bona hore a susumetse tsela eo ba lekolang bopaki boo ka eona.

      Ke makatsoa ke motho ea amohelang khopolo ea ho iphetola ha lintho empa “litsebi” tsa khopolo eo tsona li ngangisana ka se tlamehang se etsahetse. Ka mohlala, na u ne u tla amohela thuto ea lipalo e le ’nete e tšehetsoang ke bopaki haeba litsebi tse ling li re ha u kopanya peli le peli u fumana ’nè, empa litsebi tse ling tsona li re li lumela hore u fumana tharo kapa mohlomong tšelela? Haeba mosebetsi oa saense ke ho amohela feela taba e tšehetsoang ke bopaki, e hlahlobiloeng le ho hlahisoa hape, joale khopolo ea hore lintho tsohle tse phelang li tsoa ho moholo-holo a le mong hase ’nete e nang le bopaki ba saense.

      “Ntho e ke ke ea Itlhahela Feela Tjee”

      ◼ KENNETH LLOYD TANAKA

      PALE EA BOPHELO: Ke ithutetse jioloji, ’me hona joale ke sebetsa lefapheng la U.S. Geological Survey le Flagstaff, Arizona. Ke qetile lilemo tse ka bang mashome a mararo ke etsa phuputso ea saense mafapheng a sa tšoaneng a jioloji, ho akarelletsa la sebōpeho sa lipolanete. Lihlooho tse ngata tsa patlisiso eo ke e entseng le limmapa tsa sebōpeho sa Mars li hatisitsoe likoranteng tsa saense tse amohelehang. Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke qeta lihora tse ka bang 70 khoeli le khoeli ke khothalletsa batho ho ithuta Bibele.

      Ke rutiloe hore ke lumele khopolo ea ho iphetola ha lintho, empa ke sitoa ho amohela hore matla a maholohali a ileng a hlokahala hore ho etsoe bokahohle a bile teng kantle ho ’Mōpi ea matlahali. Ntho e ke ke ea itlhahela feela tjee. Ke boetse ke fumana bopaki bo matla ba hore ’Mōpi o teng ka Bibeleng. Buka ena e fana ka mehlala e ’maloa ea linnete tsa saense lefapheng leo ke ithutetseng lona, joaloka tabeng ea hore lefatše le chitja le hore le leketlile “holim’a lefeela.” (Jobo 26:7; Esaia 40:22) Linnete tsena li ngotsoe ka Bibeleng nako e telele pele batho ba etsa lipatlisiso.

      Nahana ka tsela eo re entsoeng ka eona. Re na le matla a ho lemoha, ho tseba seo re leng sona, ho nahana lintho ka tsela e bohlale, ho buisana le ho ba le maikutlo. Ka ho khetheha, re khona ho utloa hore rea ratoa, ho ananela seo le ho bontša ba bang lerato. Khopolo ea ho iphetola ha lintho e ke ke ea hlalosa hore na litšobotsi tsena tse babatsehang tseo batho ba nang le tsona li bile teng joang.

      Ipotse, ‘Boitsebiso bo sebelisitsoeng ho tšehetsa khopolo ea ho iphetola ha lintho bo tšepahala hakae?’ Tlaleho ea hore na lefatše le lipolanete li bōpehile joang ha ea fella, e rarahane ebile ea ferekanya. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba hlōlehile ho pakahatsa khopolo eo ba sebelisa liteko tsa saense tsa ka laboratoring. Le hoja ka tloaelo bo-rasaense ba sebelisa litsela tse tsoetseng pele ha ba bokella boitsebiso, hangata ba susumetsoa ke lipakane tsa boithati ha ba hlalosa seo ba se fumaneng. Bo-rasaense ba tumme ka ho buella maikutlo a bona ha boitsebiso bo teng bo sa fane ka qeto e tobileng kapa bo hanyetsana. Seo ba se rutiloeng le maikutlo a bona se phetha karolo ea bohlokoa.

      Ke le rasaense ke bile ke le seithuti sa Bibele, ke fuputsa seo e leng ’nete, e lumellanang le lintlha tsohle tse tsebahalang le tse hlokometsoeng e le hore ke be le kutloisiso e hlileng e nepahetseng. Ke nka e le ho utloahalang haholo ho lumela hore ’Mōpi o teng.

      “Bopaki bo Totobetseng ba Hore Sele e Entsoe ka Bohlale”

      ◼ PAULA KINCHELOE

      PALE EA BOPHELO: Ke qetile lilemo tse ’maloa ke fuputsa ka sele le ka baeloji ea limolek’hule le lintho tse phelang tse nyenyane haholo. Hona joale ke sebetsa Univesithing ea Emory, e Atlanta, Georgia, U.S.A. Ke boetse ke ithaopetse ho ruta batho ba buang Serussia Bibele.

      E le karolo ea ho ithutela ha ka baeloji, ke ile ka qeta lilemo tse ’nè ke ithuta sele le likaroloana tsa eona. Ha ke ntse ke ithuta ka ho eketsehileng ka DNA, RNA, liprotheine le tsela eo ’mele o hlahisang matla ka eona, ke tsota le ho feta kamoo li rarahaneng, li hlophisitsoeng li bileng li sebetsang ka nepo kateng. Le hoja ke tsota kamoo motho a seng a ithutile lintho tse ngata kateng ka sele, ke hlolloa le ho feta ke lintho tse ling tse ngata tseo a e-s’o ithute tsona. Bopaki bo totobetseng ba hore sele e entsoe ka bohlale ke le leng la mabaka a etsang hore ke lumele hore Molimo o teng.

      Ho ithuta ha ka Bibele ho nthutile hore na ’Mōpi ke mang—hore ke Jehova Molimo. Ke kholisehile hore hase feela hore ke Moqapi ea bohlale empa hape ke Ntate ea mosa le ea lerato ea ntsotellang. Bibele e hlalosa morero oa bophelo ebile e tšepisa batho bokamoso bo thabileng.

      Bana ba rutoang khopolo ea ho iphetola ha lintho sekolong ba ka ’na ba tsieleha hore na ba lumele eng. Ena e ka ba nako e ferekanyang ho bona. Haeba ba lumela hore Molimo o teng, eo ke teko ea tumelo. Empa ba ka e hlōla ka ho hlahloba lintho tse hlollang tsa tlhaho tse re pota-potileng le ka ho tsoela pele ba ithuta ka ’Mōpi le litšobotsi tsa hae. Ke seo ke se entseng ’me ka fihlela qeto ea hore tlaleho ea pōpo e ka Bibeleng e nepahetse le hore ha e hanyetsane le saense ea ’nete.

      “Melao e Bonolo ka Tsela e Babatsehang”

      ◼ ENRIQUE HERNÁNDEZ-LEMUS

      PALE EA BOPHELO: Ke mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Ke boetse ke setsebi sa fisiks e sebelisang lipalo, ke sebetsa Univesithing ea Sechaba Mexico. Hona joale mosebetsi oa ka o akarelletsa ho fumana tlhaloso e utloahalang ea boemo bo sa tloaelehang ba hore linaleli tse bohareng ba sehlopha sa linaleli li elelle ka thōko, e leng ho etsang hore sehlopha sa linaleli se hōle. Ke boetse ke sebetsane le tsela e rarahaneng eo liphatsa tsa DNA li latellanang ka eona.

      Ha e le hantle lintho tse phelang li rarahane hoo li ke keng tsa itlhahela feela tjee. Ka mohlala, nahana ka boitsebiso bo bongata bo fuperoeng ke molek’hule ea DNA. Monyetla oa hore chromosome e itlhahele feela tjee o ka tlaase ho o le mong ho e limilione tse limilione tse 9, e leng ntho e thata ho etsahala hoo ho nkoang hore e ke ke ea etsahala. Ke nahana hore ke ho sa utloahaleng ho nahana hore matla a se nang bohlale a ka sitoa ho hlahisa chromosome e le ’ngoe empa a khona ho hlahisa lintho tsohle tse rarahaneng tse phelang kajeno.

      Ho feta moo, ha ke ntse ke ithuta ka lintho tse rarahaneng bokahohleng, ho tloha ka tse nyenyane haholo ho isa lihlopheng tsa linaleli tse sepakapakeng, ke khahloa ke melao e bonolo ka tsela e babatsehang e laolang tsela eo li tsamaeang ka eona. Ke nka hore melao ena ha e supe feela mosebetsi oa Setsebi se Seholo sa Lipalo—empa ke tiiso e tšoanang le ea ha Moetsi oa Litšoantšo a saena litšoantšo tsa hae.

      Batho ba atisa ho makala ha ke ba bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka linako tse ling baa mpotsa hore na ho tla joang hore ebe ke lumela hore Molimo o teng. Kea ba utloela, kaha malumeli a mangata ha a khothalletse balumeli ba ’ona ho batla bopaki ba seo ba se rutoang kapa hona ho batlisisa ka seo ba se lumelang. Empa Bibele e re khothalletsa hore re sebelise ‘matla a rōna a ho nahana.’ (Liproverbia 3:21) Bopaki bohle ba hore lintho tsa tlhaho li entsoe ka bohlale, hammoho le bopaki bo ka Bibeleng, bo etsa hore ke lumele hore Molimo o teng le hore o thahasella lithapelo tsa rōna.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Maikutlo a hlalositsoeng ke litsebi sehloohong sena hase hore ke a bahiri ba tsona.

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

      Mars in background: Courtesy USGS Astrogeology Research Program, http://astrogeology.usgs.gov

  • Libōpeho Tse Hlollang Tsa Limela
    Tsoha!—2006 | September
    • Libōpeho Tse Hlollang Tsa Limela

      NA U kile ua hlokomela hore limela tse ngata lia ikhara ha li hōla? Ka mohlala, phaenapole e ka ’na ea etsa makhekhebu a 8 a ikharileng a leba nģa e le ’ngoe le a mang a 5 kapa a 13 a lebang nģa e ’ngoe. (Bona setšoantšo 1.) Ha u sheba lithootse tsa sonobolomo, u ka ’na ua khona ho bona mela e 55 le e 89 e ikharang o mong o fapanyetsana le o mong kapa ua bona e bileng e fetang eo. U ka fumana ho ikhara hona esita le ho cauliflower. Hang ha u se u hlokometse ho ikhara hoo, u ka ’na ua iphumana u se u thabela ho ea lebenkeleng le rekisang meroho le litholoana. Ke hobane’ng ha limela li hōla ka tsela ee? Na hore na li ikharile ka makhetlo a makae ke habohlokoa bo itseng?

      Limela li Hōla Joang?

      Limela tse ngata li bōpa likaroloana tse ncha tse joaloka likutu, makhasi le lithunthung li ropoha peloaneng, e leng ntlhana e hōlang bohareng ba semela. Karoloana ka ’ngoe, e hōla ho tsoa bohareng moo e iqallang tselana ea eona, ’me e sekama ho fapanyetsana le e hlahileng pele ho eona.a (Bona setšoantšo 2.) Limela tse ngata li hlahisa likaroloana tse ncha li sekame ka tsela e ikhethang. Li sekama hakae?

      Ak’u nahane ka bothata bona: Nka hore u leka ho hlahisa semela seo likaroloana tsa sona li tla hōla li teteane hantle li sa siee likheo lipakeng. Nka hore u khetha hore karoloana ka ’ngoe e hlahe e sekame ka likhato tse peli ho tse bohlano. U ne u tla ba le bothata ba hore karoloana e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlano e hlahe sebakeng se le seng le hona e leba nģa e le ’ngoe. Ho ne ho tla ba le mela e nang le likheo tse itjang feela. (Bona setšoantšo 3.) ’Nete ke hore ho sebelisa mokhoa leha e le ofe o bonolo oa lipalo ho hlahisa mela ho e-na le ho hlahisa sebōpeho se teteaneng hantle. Ntho feela e etsang hore se ikhare se teteane hantle ke seo ho thoeng ke “ho sekama ho ikhethang” ha likhato tse ka bang 137,5. (Bona setšoantšo 5.) Ke’ng se etsang hore ho sekama hoo e be ho ikhethang?

      Ho sekama ho ikhethang ke habohlokoa kaha ho ke ke ha hlalosoa ka mokhoa o bonolo oa lipalo. Palo ea 5/8 e atametse, 8/13 e batla e atametse, ’me 13/21 eona e atametse le ho feta, empa ha ho e tšoanang hantle le ea ho sekama hoo ho ikhethang. Kahoo, ha karoloana e ncha e hlaha ho latela ho sekama hona ho ikhethang, ha ho kamoo likaroloana tse peli li ka hlahang li leba nģa e le ’ngoe. (Bona setšoantšo 4.) Kahoo, lia ikhara ho e-na le ho etsa mela e kang ea mahlaseli a leseli.

      Ho thahasellisang ke hore k’homphieutha e khona ho hlahisa meharelo e bonahalang hafeela likaroloana tseo li sekamisitsoe ka ho nepahala. Ho li sekamisa ka tsela e ’ngoe e fapaneng le eo esita le ka karolo ea ’ngoe leshomeng ho senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe.—Bona setšoantšo 5.

      Palesa e na le Mahlaku a Makae?

      Ho thahasellisang ke hore makhetlo ao semela se ikharang ka ’ona ho latela ho sekama hoo ho ikhethang a tšoana le a lenane la letoto le bitsoang hore ke la lipalo tsa Fibonacci. Letoto lena le qalile ho hlalosoa ke setsebi sa lipalo sa Motaliana sa lekholong la bo13 la lilemo se bitsoang Leonardo Fibonacci. Letotong lena nomoro ka ’ngoe e tlang ka mor’a 1 e lekana le tse peli tse ka pel’a eona—1, 1, 2, 3, 5, 8, 13, 21, 34, 55, joalo-joalo.

      Lithunthung tsa limela tse ngata tse ikharang ha li hōla li atisa ho ba le mahlaku a lekanang le lipalo tsa Fibonacci. Ho ea ka ba bang, li-buttercup li atisa ho ba le mahlaku a 5, li-bloodroot a 8, li-fireweed a 13, li-aster a 21, lishoeshoe tse tloaelehileng tsa naheng a 34 le lishoeshoe tsa Michaelmas a 55 kapa a 89. (Bona setšoantšo 6.) Litholoana le meroho le tsona li atisa ho ba le litšobotsi tse lumellanang le lipalo tsa Fibonacci. Ka mohlala, banana ha e sehoa ka lehare e hlahisa likarolo tse hlano.

      “O Entse Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe e le Ntle”

      Ke khale baetsi ba litšoantšo ba hlokometse hore libōpeho tsena tsa ho ikhara ha limela li re hapa mahlo. Ke’ng e etsang hore likaroloana tse ncha tsa limela li sekame ka tsela ee e hlollang? Batho ba bangata ba entse qeto ea hore ona ke o mong oa mehlala e bontšang hore lintho tse phelang li entsoe ka bohlale.

      Ba bangata ha ba nahana ka tsela eo lintho tse phelang li entsoeng ka eona le kamoo li re thabisang kateng baa hlokomela hore oo ke mosebetsi oa ’Mōpi ea batlang hore re thabele bophelo. Bibele e re ka ’Mōpi oa rōna: “O entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.”—Moeklesia 3:11.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Ho thahasellisang ke hore sonobolomo ha e ea tloaeleha kaha lithunthung tsa eona tse qetellang e le lithootse li qala ho ikhara mophethong oa hlooho ho fapana le ho qala bohareng.

      [Litšoantšo Tse Qanollang tse leqepheng la 24, 25]

      Setšoantšo 1

      (Sheba sengoliloeng)

      Setšoantšo 2

      (Sheba sengoliloeng)

      Setšoantšo 3

      (Sheba sengoliloeng)

      Setšoantšo 4

      (Sheba sengoliloeng)

      Setšoantšo 5

      (Sheba sengoliloeng)

      Setšoantšo 6

      (Sheba sengoliloeng)

      [Setšoantšo se leqepheng la 24]

      Setšoantšo se hōlisitsoeng sa motloang

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

      R. Rutishauser, University of Zurich, Switzerland

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

      White flower: Thomas G. Barnes @ USDA-NRCS PLANTS Database

  • Na ke Habohlokoa Hore na U Lumela Eng?
    Tsoha!—2006 | September
    • Na ke Habohlokoa Hore na U Lumela Eng?

      NA U nahana hore bophelo bo na le morero? Haeba khopolo ea ho iphetola ha lintho ke ’nete, seo se bolela hore mantsoe a qotsitsoeng koranteng ea Scientific American ke ’nete, ha e re: “Tsela eo re utloisisang khopolo ea ho iphetola ha lintho ka eona morao tjena e fana ka maikutlo . . . a hore ha e le hantle bophelo ha bo na morero.”

      Ak’u nahane ka seo mantsoe ao a se bolelang. Haeba ha e le hantle bophelo ha bo na morero, seo se bolela hore ha ho na seo u hlile u se phelelang haese feela ho etsa molemo o itseng, ’me mohlomong u siele moloko o latelang litšobotsi tse itseng tsa liphatsa tsa lefutso. Ha u shoa, ke phetho ka uena. Boko ba hao, bo nang le matla a ho nahana, ho beha mabaka le ho thuisa ka morero oa bophelo, e ne e tla ba bo itlhahetse feela ka tšohanyetso.

      Taba ena ha e felle moo. Ba bangata ba lumelang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba re lintho li peli, Molimo ha a eo kapa haeba o teng a ke ke a kenella linthong tseo batho ba li etsang. Maemong ana ka bobeli, ho ne ho tla bolela hore bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka baeta-pele ba lipolotiki, barutehi le baeta-pele ba bolumeli. ’Me ha re sheba tlaleho eo ba iketselitseng eona, pherekano, lintoa le bobolu tse aparetseng moloko oa batho li tla ’ne li tsoele pele. Haeba khopolo ea ho iphetola ha lintho e hlile e le ’nete, leo e ne e tla ba lebaka le utloahalang la ho phela ka lepetjo la batho ba feletsoeng ke tšepo: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.”—1 Bakorinthe 15:32.

      Lula u tseba taba ke ena. Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le litlhaloso tse boletsoeng ka holimo. Ebile Lipaki ha li lumellane le motheo oo litlhaloso tseo li nkiloeng ho oona—e leng khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ho e-na le hoo, Lipaki li lumela hore Bibele ke ’nete. (Johanne 17:17) Kahoo, li lumela seo e se buang ka hore na re bile teng joang: “Mohloli oa bophelo o ho uena [Molimo].” (Pesaleme ea 36:9) Mantsoe ao a bolela ho hongata.

      Bophelo bo na le morero. ’Mōpi oa rōna o na le morero o lerato oo a o reretseng bohle ba phelang tumellanong le thato ea hae. (Moeklesia 12:13) Morero oo o akarelletsa tšepiso ea ho phela lefatšeng le se nang pherekano, lintoa le bobolu—haesita le lefu. (Esaia 2:4; 25:6-8) Lipaki Tsa Jehova tse limilione lefatšeng ka bophara li ka paka hore ho ithuta ka Molimo le ho etsa thato ea hae ho etsa hore bophelo bo be le morero ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe!—Johanne 17:3.

      Ka sebele seo u se lumelang ke sa bohlokoa, kaha se ka u tlisetsa thabo hona joale le nakong e tlang. Ke uena ea tla ikhethela. Na u tla kholoa khopolo e hlōlehileng ho qhela bopaki bo totobetseng ba hore lintho tsa tlhaho li entsoe? Kapa u tla lumela seo Bibele e se buang, ha e re lefatše le tse phelang ho lona li entsoe ke Moqapi ea babatsehang—e leng Jehova, Molimo ea ‘bōpileng lintho tsohle’?—Tšenolo 4:11.

  • Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?
    Tsoha!—2006 | September
    • Pono ea Bibele

      Na Saense e Hanyetsana le Tlaleho ea Genese?

      BATHO ba bangata ba re saense ha e lumellane le tlaleho ea Bibele ea pōpo. Empa ha e le hantle ho hanyetsanang hase Bibele le saense, empa ke saense le batho ba malumeli ao ho thoeng ke a Bakreste ba Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe. A mang a malumeli ana a bua leshano la hore ho ea ka Bibele, pōpo eohle e bonahalang e bōpuoe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tse 24 lilemong tse ka bang 10 000 tse fetileng.

      Empa Bibele ha e tšehetse maikutlo ana. Haeba e ne e a tšehetsa, joale lintho tse ngata tseo saense e li sibolotseng lilemong tse lekholo tse fetileng li ne li tla hlahisa lipelaelo tse itseng ka Bibele. Ho ithuta ka hloko se ngotsoeng ka Bibeleng ho bontša hore e lumellana le linnete tsa saense. Ka lebaka leo, Lipaki Tsa Jehova ha li lumellane le “Bakreste” ba Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe le ba bangata ba reng lintho li bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele a lihora tse 24. Lintlha tse latelang li bontša seo ha e le hantle Bibele e se rutang.

      “Tšimolohong” e ne e le Neng?

      Tlaleho ea Genese e qala ka mantsoe a bonolo, a nang le molaetsa o matla: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” (Genese 1:1) Litsebi tsa Bibele lia lumellana hore temana ena e hlalosa taba e etsahetseng ka nako e ’ngoe eseng nakong ea matsatsi a pōpo a tlalehiloeng temaneng ea boraro ho ea pele. Tlhaloso ena ke ea bohlokoa. Ho ea ka mantsoe a qalang a Bibele, bokahohle bo akarelletsang polanete ea rōna e leng Lefatše, bo bile teng nako e sa lekanyetsoang pele matsatsi a pōpo a qala.

      Litsebi tsa sebōpeho sa lefatše le lipolanete li hakanya hore lefatše le bile teng ka lilemo tse ka bang limilione tse likete li ’nè, ’me litsebi tsa linaleli li hakanya hore bokahohle bo bile teng ka lilemo tse ka bang limilione tse likete li 15. Na likhakanyo tsee—kapa kutloisiso eo litsebi li ka ’nang tsa e ntlafatsa nakong e tlang—e hanyetsa Genese 1:1? Che. Bibele ha e bolele ka ho toba hore na “maholimo le lefatše” a bile teng ka nako e kae. Saense ha e hanyetse se ngotsoeng ka Bibeleng.

      Matsatsi a Pōpo a Bile Malelele Hakae?

      Ho thoe’ng ka bolelele ba matsatsi a pōpo? Na a ne a le bolelele ba lihora tse 24? Ba bang ba re kaha Moshe—ea ngotseng Genese—hamorao o ile a re letsatsi le hlahlamang a tšeletseng a pōpo le tšoantšetsa Sabatha ea beke le beke, letsatsi ka leng la pōpo e tlameha ebe le ne le le bolelele ba lihora tse 24. (Exoda 20:11) Na tsela eo Genese e ngotsoeng ka eona e tšehetsa qeto ee?

      Che, ha e e tšehetse. ’Nete ke hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “letsatsi” le ka bolela nako ea bolelele bo sa tšoaneng, eseng feela nako ea lihora tse 24. Ka mohlala, Moshe ha a akaretsa mosebetsi oa Molimo oa pōpo, o bua ka matsatsi ’ohle a tšeletseng a pōpo e le letsatsi le le leng. (Genese 2:4) Ka sebele, ha ho letho ka Mangolong leo motho a ka itšoarellang ka lona ho tsitlella hore letsatsi ka leng la pōpo e ne e le lihora tse 24.

      Joale matsatsi a pōpo a ne a le malelele hakae? Mantsoe a sebelisitsoeng ho Genese khaolo ea pele le ea bobeli a bontša hore a bile malelele.

      Lintho li Bōptjoa Butle-butle

      Moshe o ngotse tlaleho ea hae ka Seheberu, ’me o e ngotse ka kutloisiso ea motho ea lefatšeng. Lintlha tsena tse peli hammoho le taba ea hore bokahohle bo bile teng pele nako ea pōpo kapa “matsatsi” a pōpo a qala, li thusa ho rarolla lintlha tse ngata tse bakang mathata ka tlaleho ea pōpo. Joang?

      Ho hlahlobisisa tlaleho ea Genese ho senola hore liketsahalo tse qalileng ‘letsatsing’ la pele li ile tsa tsoela pele ka matsatsi a latelang. Ka mohlala, pele “letsatsi” la pele la pōpo le qala, khanya ea letsatsi le neng le se le ntse le le teng e ne e sitoa ho fihla fatše, mohlomong e sitisoa ke maru a teteaneng. (Jobo 38:9) ‘Letsatsing’ la pele, mokoallo oo o ile oa qala oa phetleha, e le hore khanya e phunyeletse sepakapakeng.a

      Kamoo ho bonahalang kateng sepakapaka se ile sa ’na sa tsoela pele ho khanya ‘letsatsing’ la bobeli, ha hlaha sebaka pakeng tsa maru a teteaneng le leoatle. Ka “letsatsi” la bone leholimo le ne le se le phetlehile hoo letsatsi le khoeli li neng li se li bonahala “sepakapakeng sa maholimo.” (Genese 1:14-16) Ka mantsoe a mang, ho motho ea lefatšeng, letsatsi le khoeli li ile tsa qala ho bonahala. Lintho tsena li etsahetse butle-butle.

      Tlaleho ea Genese e boetse e re ha leholimo le ntse le phetleha, liphoofolo tse fofang—ho akarelletsa tse se nang litšiba le likokoanyana—li ile tsa qala ho ba teng ka “letsatsi” la bohlano. Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ka “letsatsi” la botšelela, Molimo o ne a ntse a “etsa ka mobu sebata se seng le se seng sa naha le sebōpuoa se seng le se seng se fofang sa maholimo.”—Genese 2:19.

      Ho hlakile hore tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona e fana ka monyetla oa hore lintho tse itseng tse khōlō tse bileng teng ka “letsatsi,” kapa nako e itseng ea pōpo, li bile teng butle-butle ho fapana le ho ba teng ka ho panya ha leihlo, mohlomong tse ling tsa tsona li bile li fetela le “matsatsing” a latelang a pōpo.

      Ho ea ka Mefuta ea Tsona

      Na taba ee ea hore limela le liphoofolo li bile teng butle-butle e bolela hore Molimo o ile a sebelisa ho iphetola ha lintho ho hlahisa lintho tse phelang tsa mefuta e sa tšoaneng? Che. Tlaleho e bontša ka ho hlaka hore Molimo o ile a bōpa “mefuta” eohle ea motheo ea limela le liphoofolo. (Genese 1:11, 12, 20-25) Na “mefuta” ee ea motheo ea limela le liphoofolo e ne e etselitsoe hore e khone ho ikamahanya le maemo a fetohang a tikoloho? Ke’ng e lekanyetsang moeli oa “mofuta” o itseng? Bibele ha e hlalose. Leha ho le joalo, e re libōpuoa tse phelang ‘li hlahisitsoe ka bongata ho ea ka mefuta ea tsona.’ (Genese 1:21) Mantsoe ana a fana ka maikutlo a hore “mofuta” o itseng o ka fetoha ho isa bohōleng bo itseng feela. Tlaleho ea mesaletsa ea lintho tsa khale le lipatlisiso tsa kajeno li tšehetsa taba ea hore limela le liphoofolo tsa mefuta e itseng li fetohile ho se hokae feela ka mor’a nako e telele haholo.

      Ho fapana le seo ba bang ba Tsitlellang Hore Bibele ha e Tolokoe ba se buang, Genese ha e rute hore bokahohle, ho akarelletsa lefatše le lintho tsohle tse phelang ho lona, li bōpiloe ka nako e khutšoanyane le hona eseng khale haholo. Ho e-na le hoo, tlhaloso ea Genese ea ho bōptjoa ha bokahohle le hore na bophelo bo bile teng joang lefatšeng e lumellana le lintlha tse ngata tseo saense e sa tsoa li sibolla.

      Bo-rasaense ba bangata ba hana seo Bibele e se buang ha e re Molimo o bōpile lintho tsohle, hobane ba lumela lifilosofi tse itseng. Empa ho thahasellisang ke hore bukeng ea Bibele ea Genese e ngotsoeng mehleng ea boholo-holo, Moshe o ile a ngola hore bokahohle bo na le qalo le hore lintho tse phelang li bile teng ka mekhahlelo, li bile teng butle-butle ha nako e ntse e feta. Ho tlile joang hore Moshe a tsebe boitsebiso boo bo nepahetseng ba saense lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng? Ho na le tlhaloso e le ’ngoe feela e utloahalang. Ka sebele ke Ea nang le matla le bohlale ba ho etsa maholimo le lefatše feela ea neng a ka fa Moshe boitsebiso boo bo tsoetseng pele. Bona ke bopaki ba seo Bibele e se buang ha e re e “bululetsoe ke Molimo.”—2 Timothea 3:16.

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng e le leseli ho hlalosa se etsahetseng “letsatsing” la pele ke ʼohr, e leng khanya ka kakaretso; empa mabapi le “letsatsi” la bone ho sebelisitsoe ma·ʼohrʹ, e bolelang mohloli oa leseli.

      NA U KILE UA IPOTSA?

      ◼ Molimo o bōpile bokahohle khale hakae?—Genese 1:1.

      ◼ Na lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a sebele a lihora tse 24?—Genese 2:4.

      ◼ Ho tlile joang hore seo Moshe a se ngotseng ka tšimoloho ea lefatše se nepahale litabeng tsa saense?—2 Timothea 3:16.

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

      Genese ha e rute hore bokahohle bo bōpiloe ka nako e khutšoanyane le hona eseng khale haholo

      [Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

      “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.”—Genese 1:1

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

      Universe: IAC/RGO/David Malin Images

      [Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

      NASA photo

  • Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?
    Tsoha!—2006 | September
    • Bacha Baa Botsa . . .

      Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?

      “Ha ho ne ho buuoa ka taba ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng, eo e ile ea e-ba taba e ’ngoe e fapaneng hōle le seo ke neng ke se rutiloe. Ho ne ho buuoa ka eona joalokaha eka ke ’nete, ’me seo se ile sa nkenya letsoalo.”—Ryan, 18.

      “Ha ke le lilemo tse ka bang 12, mosuoe oa ka o ne a buella ka matla khopolo ea ho iphetola ha lintho. O ne a bile a e-na le letšoao la Darwin koloing ea hae! Seo se ne se etsa hore ke be leqe ho bolela hore ke lumela hore lintho li bōpiloe.”—Tyler, 19.

      “Ke ile ka shashabana ha mosuoe ea re rutang thuto ea kahisano a re lekhetlong le latelang re tl’o ithuta ka khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ke ne ke tseba hore ke tla tlameha ho hlalosetsa tlelase boemo ba ka tabeng ena eo batho ba phehisanang khang ka eona.”—Raquel, 14.

      MOHLOMONG le uena, ho tšoana le Ryan, Tyler le Raquel, ha u phutholohe ha ho buuoa ka khopolo ea ho iphetola ha lintho ka tlelaseng. U lumela hore Molimo o “bōpile lintho tsohle.” (Tšenolo 4:11) Hohle ho u potoloha u bona bopaki ba hore lintho li entsoe ka bohlale. Empa libuka tsa sekolo tsona le mosuoe li re re bile teng ka ho iphetola ha lintho. Joale u mang uena ho phehisa “litsebi” khang? Hona liithuti-’moho le uena li tla re’ng ha u qala u bua ka . . . Molimo?

      Haeba u ntse u ipotsa lipotso tse kang tsena, u se ke ua tšoenyeha! Hase uena feela ea lumelang hore lintho li bōpiloe. ’Nete ke hore, esita le bo-rasaense ba bangata ha ba amohele khopolo ena ea ho iphetola ha lintho. Mesuoe e mengata le eona ha e lumellane le eona. Liithuti tse ’nè ho tse hlano United States li lumela hore ’Mōpi o teng—le hoja libuka tsa sekolo li re ha a eo!

      Empa u ka ’na ua botsa, ‘Ke tla re’ng haeba ke tlameha ho buella seo ke se lumelang ka pōpo?’ U ka kholiseha hore le haeba u motho ea lihlong, u ka khona ho itlhalosa. Empa u lokela ho ikatela esale nako.

      Hlahloba Seo U se Lumelang!

      Haeba u hōlisitsoe ke batsoali ba Bakreste, e ka ’na eaba u lumela hore lintho li bōpiloe hobane feela e le sona seo u se rutiloeng. Empa kaha hona joale u se u hōlile, u batla ho rapela Molimo ka ‘matla a hao a ho nahana,’ u e-na le motheo o tiileng oa seo u se lumelang. (Baroma 12:1) Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba ‘nepisise lintho tsohle.’ (1 Bathesalonika 5:21) U ka etsa see joang tabeng ea pōpo?

      Ntlha ea pele, nahana ka seo Pauluse a ileng a se ngola ka Molimo: “Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.” (Baroma 1:20) U ntse u nahanne ka mantsoe ao, nahana ka ’mele oa motho, lefatše, bokahohle bo pharaletseng le lintho tse bolibeng ba leoatle. Nahana ka tsela e hlollang eo likokoanyana li phelang ka eona, limela, liphoofolo—kapa ntho leha e le efe eo u e thahasellang. Joale u sebelisa ‘matla a ho nahana,’ ipotse, ‘Ke eng e nkholisang hore ’Mōpi o teng?’

      Sam ea lilemo li 14 o etsa mohlala ka ’mele oa motho ha a araba potso eo. O re: “O rarahane ka tsela e hlollang, ’me litho tsohle tsa oona lia sebelisana. E ke ke eaba ’mele oa motho o bile teng feela tjee ka ho iphetola ha lintho!” Holly ea lilemo li 16, o lumellana le eena. O re: “Esale ho fumanoa hore ke tšoeroe ke lefu la tsoekere, ke ithutile ho hongata ka tsela eo ’mele o sebetsang ka eona. Ka mohlala, ke ho makatsang hore ebe manyeme—setho se senyenyane se ka mor’a mala—a etsa mosebetsi o moholo oa hore mali le litho tse ling li lule li sebetsa.”

      Bacha ba bang ba sheba taba ena ka leihlo le leng. Jared ea lilemo li 19, o re: “’Na bopaki bo nkholisang ka ho fetisisa ke ba hore re na le takatso ea borapeli, ebile re ananela lintho tse ntle ’me re lakatsa ho ithuta. Litšobotsi tsena ha li hlokahale e le hore bophelo bo tsoele pele, joalokaha khopolo ea ho iphetola ha lintho e batla hore re lumele joalo. Tlhaloso feela eo ke e utloisisang ke ea hore re behiloe mona ke motho ea neng a batla hore re thabele bophelo.” Tyler, ea boletsoeng qalong, le eena o fihletse qeto e tšoanang. “Ha ke nahana ka karolo eo limela li e phethang ho ntšetseng pele bophelo le kamoo li entsoeng ka tsela e rarahaneng kateng, seo se etsa hore ke kholoe hore ’Mōpi o teng.”

      Ho batla ho le bonolo ho bua ka taba ea pōpo haeba u e nahanisisitse hantle ebile u e lumela. Kahoo, etsisa Sam, Holly, Jared le Tyler, ka hore u iphe nako ea ho nahanisisa ka lintho tse hlollang tseo Molimo a li entseng. Ebe u “ela hloko” seo lintho tsena li u “bolellang” sona. Ha ho pelaelo hore le uena u tla etsa qeto e tšoanang le eo moapostola Pauluse a ileng a e etsa—ea hore Molimo o teng le hore litšobotsi tsa hae “li lemohuoa [ka ho hlaka] ka lintho tse entsoeng.”a

      Tseba Seo ha e le Hantle Bibele e se Rutang

      Ntle le ho nahanisisa ka lintho tseo Molimo a li entseng, e le hore u buelle pōpo u boetse u lokela ho tseba seo ha e le hantle Bibele e se rutang ka taba ena. Ha ho hlokahale hore u phehe khang ka lintho tseo Bibele e sa bueng ka tsona ka ho toba. Nahana ka mehlala ena e seng mekae.

      ◼ Buka ea ka ea saense e re lefatše le lipolanete tse ling li bile teng ka lilemo tse libilione. Bibele ha e bolele hore na lefatše le lipolanete li bile teng nako e kae. Seo e se buang se lumellana le taba ea hore e ka ’na eaba bokahohle bo bile teng lilemo tse libilione pele “letsatsi” la pele la pōpo le qala.—Genese 1:1, 2.

      ◼ Mosuoe oa ka o re e ke ke eaba lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng feela. Bibele ha e re letsatsi ka leng la “matsatsi” a tšeletseng a pōpo e ne e le la lihora tse 24. Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona leqephe la 18-20 makasineng ena.

      ◼ Ka tlelaseng ho fanoe ka mehlala e ’maloa ea kamoo batho le liphoofolo ba fetohileng kateng ha nako e ntse e feta. Bibele e re Molimo o bōpile lintho tse phelang “ho ea ka mefuta ea tsona.” (Genese 1:20, 21) Ha e tšehetse maikutlo a hore bophelo bo tsoa nthong e sa pheleng kapa hona hore Molimo o ile a etsa hore lintho li iphetole ho tloha seleng e le ’ngoe. Leha ho le joalo, “mofuta” ka mong o na le monyetla oa hore o fetohe ka litsela tse sa tšoaneng. Ka hona, Bibele e fana ka monyetla oa hore ho be le phetoho e itseng ‘mofuteng’ ka mong.

      Kholiseha ka Seo U se Lumelang!

      Ha ho na lebaka la hore u ikutloe u sa phutholoha kapa u le lihlong hobane u lumela hore lintho li bōpiloe. Ha re hlahloba bopaki bo teng, ke ho utloahalang—ha e le hantle, ke ho lumellanang le saense—ho lumela hore re entsoe ka bohlale. Bonneteng ke khopolo ea ho iphetola ha lintho—eseng pōpo—e hlokang hore motho a be le tumelo e matla le e hlokang hore motho a lumele hore ho etsahala mehlolo empa ho se na motho ea e etsang. Ha e le hantle, ka mor’a ho hlahloba lihlooho tse ling makasineng ena ea Tsoha! ha ho pelaelo hore u tla kholiseha hore bopaki bo tšehetsa hore lintho li bōpiloe. Ha u se u nahanne hantle ka taba ena u sebelisa matla a hao a ho nahana, u tla ba le sebete sa ho buella seo u se lumelang ka tlelaseng.

      Ke seo Raquel, ea boletsoeng pejana a ileng a se fumana. O re: “Ho ile ha nkuka matsatsinyana hore ke elelloe hore ke lokela ho bua ka seo ke se lumelang. Ke ile ka fa mosuoe oa ka buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? ke tšoaile lintlha tse itseng tseo ke neng ke batla hore a li ele hloko. Hamorao o ile a mpolella hore buka eo e mo butse mahlo ka khopolo ea ho iphetola ha lintho le hore nakong e tlang o tla nahana ka boitsebiso boo pele a ruta thuto eo!”

      Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

      [Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

      a Bacha ba bangata ba ruile molemo ka ho hlahloba boitsebiso bo bukeng e kang e reng Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? le e reng Is There a Creator Who Cares About You? Libuka tseo ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

      SEO U KA NAHANANG KA SONA

      ◼ Ke litsela life tse ling tse bonolo tseo u ka li sebelisang sekolong ho buella hore lintho li bōpiloe?

      ◼ U ka bontša joang hore u ananela Ea bōpileng lintho tsohle?—Liketso 17:26, 27.

      [Lebokose le leqepheng la 27]

      “HO NA LE BOPAKI BO BONGATA”

      “U ne u ka re’ng ho mocha ea hōlisitsoeng a lumela hore ’Mōpi o teng empa a rutoa khopolo ea ho iphetola ha lintho sekolong?” Potso eo e ile ea botsoa Paki e ’ngoe ea Jehova eo e leng setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo. E ile ea re’ng ha e araba? E ile ea re: “U lokela ho nka oo e le monyetla oa ikholisa hore Molimo o teng—eseng feela hobane e le seo u se rutiloeng ke batsoali ba hao empa hobane u hlahlobile bopaki ’me u fihletse qeto eo. Ka linako tse ling, mesuoe ha e kōpuoa ho ‘fana ka bopaki bo tšehetsang’ khopolo ea ho iphetola ha lintho, ea thatafalloa, ’me ea hlokomela hore e mpa e amohetse khopolo eo feela hobane e le seo e se rutiloeng. Le uena u ka etsahalloa ke ntho e tšoanang ha ho tluoa tabeng ea ho lumela hore ’Mōpi o teng. Ke kahoo e leng habohlokoa hore u ikholise hore Molimo o fela a le teng. Ho na le bopaki bo bongata. Ha ho thata ho bo fumana.”

      [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

      U KHOLISOA KE ENG?

      Ka tlaase mona, thathamisa lintho tse tharo tse u kholisang hore ’Mōpi o teng:

      1. ․․․․․

      2. ․․․․․

      3. ․․․․․

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela