Thabela Lentsoe la Molimo
HO THABA motho ‘ea thabelang molao oa Jehova.’ Motho ea joalo o bala Lentsoe la Molimo “ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.” (Pes. 1:1, 2) Na u latsoa thabo eo? U ka eketsa thabo eo Lentsoe la Molimo le u tlisetsang eona joang?
Mamela ha Jehova a Bua
U se ke ua bala mantsoe feela. Bona ka mahlo a kelello maemo ao u balang ka ’ona. Nahana ka mantsoe a bao ho buuoang ka bona. Ha u ntse u bala likhaolo tse qalang tsa Bibele, utloa ha Jehova a senola, mohato ka mohato, seo a se etsang ho etsa hore lefatše e be sebaka se loketseng motho. Mamela ha a ntse a bolella Mora oa hae, Mosebetsi ea Hloahloa, hore e se e le nako ea ho bōpa batho ba pele. Ak’u iketsetse setšoantšo sena ka kelellong: Adama le Eva ke bana baa rabela, Molimo oa ba ahlola ’me ka mor’a moo, o ba leleka Paradeiseng. (Genese, likhao. 1-3) Ikutloe u hlolloa ha u bala hore lentsoe le tsoang leholimong le tsebahatsa Jesu Kreste e le Mor’a Molimo, ea ratoang, ea romiloeng ke Molimo ho nehelana ka bophelo ba hae molemong oa batho. (Mat. 3:16, 17) Leka ho nahana kamoo moapostola Johanne a ileng a arabela kateng ha a utloa Jehova a phatlalatsa ho re: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšen. 21:5) Ka sebele, ho bala Lentsoe la Molimo ka tsela ena ke phihlelo e thabisang!
Tsoela pele u bala tlaleho e bululetsoeng ’me u tla tseba Jehova e le motho ea phahameng le ea hlollang. U tla ikutloa u huleloa ka matla ho Enoa ea re ratang, ea re tšoarang ka mosa, ea re thusang haeba ka boikokobetso re leka ho etsa thato ea hae ’me a re bontša kamoo re ka atlehang kateng ho sohle seo re se etsang.—Josh. 1:8; Pes. 8:1; Esa. 41:10.
Ha u sebelisa nako e ngata u bala Bibele, u tla ba le khotsofalo e khōlō ha u ntse u hōla tsebong ea thato ea Molimo ka uena. Empa thabo eo e tla ba khōlō le ho feta moo. Ha ’malo oa hao o u neha thuso eo u e hlokang bakeng sa ho sebetsana le mathata ka bohlale, u tla ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Likhopotso tsa hao lia hlolla. Ke ka lebaka leo moea oa ka o li bolokileng.” (Pes. 119:129) Le uena u tla thaba ha u ntse u lemoha melao-motheo ea Mangolo e u thusang ho bōpa monahano oa hao le litakatso tsa hao ka tsela ea bomolimo.—Esa. 55:8, 9.
Bibele e fana ka keletso e mabapi le boitšoaro e re sireletsang kotsing le e re bontšang tsela e lokileng. Ha re ntse re e bala, rea lemoha hore Jehova ke Ntate ea tsebang hore na ho tla hlaha mathata afe haeba re inehella litakatso tsa nama e sa phethahalang. Ha a batle hore re utloe liphello tse bohloko tse ke keng tsa qojoa tse tlisoang ke ho nyefola litekanyetso tsa hae tse phahameng tsa boitšoaro. Oa re tsotella ’me o batla hore re thabele tsela e molemohali ea bophelo. Ho bala Lentsoe la hae ho re thusa ho utloisisa ka botlalo hore na ke tlhohonolofatso e khōlō hakaakang hore ebe ke Molimo oa rōna le Ntate oa leholimo!
Bala Bibele Letsatsi le Leng le le Leng
Mopesaleme o ile a re ka motho ea balang Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pes. 1:3) E, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rōna, ho sa tsotellehe hore re phela tsamaisong ea lintho e khopo ea Satane, ho sa tsotellehe boiteko ba Diabolose ba ho re hlasela, ho bala se fuperoeng ke Lentsoe la Molimo kamehla le ho se sebelisa ho tla re thusa ho atleha nthong e ’ngoe le e ’ngoe e amang kamano ea rōna le Jehova.
Kaha re tlas’a khatello ea tsamaiso ena ea khale ea lintho, ho amohela mehopolo ea ’Mōpi esita le ka metsotsoana e seng mekae feela ea bohlokoa letsatsi ka leng ho ka re matlafatsa. Ba bang ba ileng ba koalloa chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona ba ne ba e-na le litemana tse itseng feela tseo ba li fumaneng li qotsitsoe lihloohong tsa likoranta. Ba ile ba li tabola hantle, ba li tšoara ka hlooho ’me ba thuisa ka tsona. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona hobane ba entse seo maemo a bona a neng a ba lumella ho se etsa hore ba rue tsebo e tsoang Lentsoeng la Molimo. (Mat. 5:3) Empa, boholo ba rōna re na le tokoloho e fetang eo hōle. Ha rea lokela ho nahana hore ho bala temana e le ’ngoe ea Bibele ka potlako hanngoe ka letsatsi, ho tla tlisa liphello tse itseng tsa mohlolo. Leha ho le joalo, re tla fumana litlhohonolofatso haeba re ka fetola lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoahali e le hore re bale karolo e itseng ea Bibele letsatsi ka leng, re nahane ka eona le ho e sebelisa bophelong ba rōna.
Bonneteng, esita le litokisetso tsa rōna tse molemohali li ka sitiseha. Ha seo se etsahala, re fa lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoahali tlhokomelo ea pele. Ka mohlala, re ne re ke ke ra qeta letsatsi kapa a mabeli ka boomo re sa noe metsi. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi, re lokela ho ipha nako ea ho ikhatholla ka metsi a ’nete.—Lik. 17:11.
Bala Lentsoe la Molimo Kaofela
Na u balile Bibele kaofela? Ba bang ba ile ba ikutloa ba tšoha ha ba nahana ka taba ea ho bala ho tloha ho Genese ho ea ho Tšenolo. Kahoo, ba bangata ba neng ba batla ho bala Bibele kaofela ba ile ba qala ka ho bala Mangolo a Segerike a Bakreste. Hobane’ng? Mohlomong lebaka ke hobane ba ne ba nolofalloa ho bona kamoo libuka tseo tsa Bibele li sebetsang ho bona kateng joaloka batho ba batlang ho tsamaea mehatong ea Kreste. Kapa mohlomong ke hobane Mangolo a Segerike a Bakreste a ne a sa bonahale a le mangata haholo hore motho a ka a bala—a etsa kotara feela ea Bibele. Empa ha ba qetile ho bala libuka tseo tse 27, ba lebisa tlhokomelo ea bona libukeng tse 39 tsa Mangolo a Seheberu ’me ba qala ho li bala le ho li thabela. Ha ba se ba qetile Mangolo a Seheberu, ba ile ba fumana hore ba se ba tloaetse ho bala Bibele kamehla, kahoo, ba ’na ba tsoela pele ba bala Mangolo a Segerike a Bakreste ka lekhetlo la bobeli ’me ha ho mohla ba kileng ba khaotsa. E se eka le uena u ka etsa hore ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng e be tloaelo ea hao bophelong bohle ba hao.
Na ho na le e mong ka lelapeng la hao kapa ka phuthehong ea sa tsebeng ho bala? Ke hobane’ng ha u sa ithaopele ho balla motho eo Bibele kamehla? U tla rua molemo ’me le eena o tla rua molemo ha a ntse a thuisa ka seo a se utloang ’me a se sebelisa bophelong ba hae.—Tšen. 1:3.
Ka mor’a nako e itseng, mohlomong u ka rata ho etsa mesebetsi e meng e khethehileng e amanang le ’malo oa hao oa Bibele. E meng ea eona e tla hōlisa kananelo ea hao ka kamano e teng pakeng tsa likarolo tse sa tšoaneng tsa Bibele. Haeba Bibele ea hao e e-na le litšupiso tse bohareng ba leqephe, li ka u lebisa makolopetsong a histori le litlalehong tse tšoanang. Li ka u thusa ho lemoha maemo a ileng a lebisa ho ngoloeng ha lipesaleme tse sa tšoaneng hammoho le mangolo a ileng a ngoloa ke baapostola ba Jesu Kreste. Insight on the Scriptures e fana ka boitsebiso bo bongata ba bohlokoa mabapi le batho, libaka le litšobotsi tse boletsoeng ka Bibeleng. Lichate li lebisa tlhokomelo ho phethahaleng ha boprofeta ba Bibele, li bontša hore na ke marena afe le baprofeta bafe ba phetseng nakong e tšoanang ’me li fana ka matsatsi a hakanngoang a liketsahalo tse ngata tsa Bibele.
Ha u ntse u thuisa ka seo u ithutang sona, u tla utloisisa mabaka ao ka ’ona ho ileng ha hlaha maemo a itseng har’a batho ba Molimo. Hape u tla bona hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a sebetsana le batho ba hae ka tsela eo a entseng ka eona. U tla bona kamoo Jehova a hlahlobisisang liketso tsa mebuso, tsa lichaba le tsa batho ka bomong kateng. Sena se tla etsa hore u be le temohisiso e khōloanyane ka mohopolo oa hae.
U tla thahasella histori ea Bibele haholo ha u bona ka mahlo a kelello sebaka seo liketsahalo li etsahetseng ho sona. Limmapa tsa linaha tsa Bibele li bontša sebaka hammoho le hore na libaka li arohane hakae. Ka mohlala, ke sebaka sefe seo ho hakanngoang hore Baiseraele ba ile ba tšela Leoatle le Lefubelu ho sona? Naha e Tšepisitsoeng e ne e le boholo bo bokae? Jesu o ile a tsamaea ho isa bohōleng bofe ha a ntse a etsa tšebeletso ea hae ea lefatšeng? Moapostola Pauluse o ile a bona eng maetong a hae a boromuoa? Limmapa le litšoantšo tsa jeokrafi li fana ka lintlha tse ka phelisang ’malo oa hao. U ka fumana limmapa tsa linaha tsa Bibele hokae? Tse ling li hlaha ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Meqolo ea Insight e na le limmapa tse 70 ’me e na le index ea limmapa qetellong ea moqolo oa pele. Sebelisa Watch Tower Publications Index bakeng sa ho fumana limmapa tse ling. Haeba mehloli ena ea boitsebiso e le sieo, sebelisa limmapa tse hatisitsoeng ho Molula-Qhooa hore li u thuse ’malong oa hao oa Bibele.
Ka Mangolong a Seheberu, Morena Davida o ile a rorisa Jehova, a re: “Menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na! Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang!” (Pes. 139:17) Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, moapostola Pauluse o ile a rorisa Jehova hobane O “khantšelitse lipelo tsa rōna ho etsa hore li khanye ka tsebo e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste.” (2 Bakor. 4:6) Davida le Pauluse ba phetse makholong a arohaneng a lilemo; leha ho le joalo, bobeli ba bona ba ile ba thabela Lentsoe la Molimo. Le uena u ka le thabela haeba u ipha nako ea ho bala sohle seo Jehova a u fileng sona joalokaha se ngotsoe maqepheng a Lentsoe la hae le bululetsoeng.
[Lebokose le leqepheng la 11]
ATLEHISA ’MALO OA BIBELE OA LETSATSI LE LENG LE LE LENG
Karolo e khōlō ea thuto e fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e thehiloe lenaneong la ’malo oa Bibele. Re u khothalletsa hore u kopanele ho lona.
Beke le beke ho lokisetsoa karolo e nyenyane ea Bibele bakeng sa ’malo oa boinotšing le bakeng sa puisano ea sekolo. Sena se tla etsa hore u qete Bibele eohle mohato ka mohato.
E le hore u etse hore ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng e be karolo ea bophelo ba hao, ipehele nako ea ho etsa sena kamehla—mohlomong hoseng, motšehare, nakong ea lijo tsa mantsiboea, kapa pele u robala. Ho bala likarolo tse nyenyane feela tsa eona motšehare ha u tšoha u fumane nako ho ke ke ha tiisa hore u tla e bala kamehla.
Haeba u hlooho ea lelapa, bontša thahasello ea botho ka ho thusa litho tsa lelapa ho ba le kemiso e ntle. Ho bala Bibele le le lelapa ho ka khothalletsa litho tsa lelapa hore li batle ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng e le batho ka bomong.
Ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng ho hloka boitaeo. Ha u tsoaloe u e-na le takatso eo. U lokela ho ‘hlaolela tabatabelo’ bakeng sa Lentsoe la Molimo. (1 Pet. 2:2) Ha u ntse u hlaolela mokhoa oo, takatso ea hao ea moea e tla hōla. Joale mohlomong u ka fumana hore u batla ho atolosa ho ithuta ha hao ka ho etsa mesebetsi e khethehileng ea ho bala le ho ithuta Bibele bakeng sa ho tebisa kutloisiso le kananelo ea hao bakeng sa matlotlo a moea ao Jehova a re fileng ’ona.
Ha u bala Bibele, iphe nako ea ho thuisa ka moelelo oa seo u se balang—seo e u bolellang sona ka Jehova, kamoo se ka susumetsang bophelo ba hao ka mokhoa o molemo le kamoo u ka se sebelisang kateng ho thusa ba bang.